Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 26 Phupjane 2019

Kabinete e kopane ka Laboraro, 26 Phupjane 2019 Tuynhuys, Motse Kapa.

A. Dintlha tsa Maemo a renang jwale

1. Puo ya Boemo ba Naha (SoNA)

1.1. SoNA ya pele ya Moporesidente Cyril Ramaphosa botsamaising ba botshelela ba demokerasi bekeng e fetileng, e kgothaditse ya ba ya tsosa maAforika Borwa oohle molota hore a sebeletse bokamoso ba bohle, ebile e le bo atlehileng. SoNA ya 2019 e betla tsela ya ho kenngwa tshebetsong ha thomo ya bakgethi eo mokga o busang o e fumaneng ho batho ba habo rona.

1.2. Sena se bontsha hore ha re sebetsa mmoho, re tla ntlafatsa maphelo a maAforika Borwa re be re hodise moruo wa naha ya rona, ka ho rarolla mathata a tswelang pele a leqeme la mesebetsi, bofuma le ho se lekanelekane. Kgoeletso ya Moporesidente Ramaphosa ya momahano e ntjha ya setjhaba e hloka hore maAforika Borwa oohle a kenye letsoho, a sebedisane mmoho ho hlola diqholotso tsa rona le ho beha naha ya rona motjheng wa kgolo e ntle.

1.3. Sena se akga ho atolosa  lekala la diindaseteri, ho matlafatsa diindaseteri tsa merafo, ho tshehetsa lekala la temo, ho ntlafatsa boqhetseke ba mantlha ba batjha ba rona, le ho nolofaletsa bahahlaudi hore ba etele naha ena. Re le maAforika Borwa, re tlameha ho tswela pele ho kgothatsa le ho tshehetsa diindaseteri tsa kwano lapeng re be re reke le dihlahiswa tsa lehae.

1.4. Mosebetsi o boima oo mmuso o tla o etsa o tsepamisitswe dintlheng tse supileng tse ka sehloohong tseo o tla di ntshetsa pele nakong ya dilemo tse hlano  tse tlang, o be o matlafatse Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) le  tjhesehelo ya rona ya ho fihlella Tjhebelopele ya 2030.

1.5. Ngangisano ya SoNA e hlakisitse bohlokwa ba hore re lokisa moruo re be re lokise disebediswa tsa mmuso wa rona, ha ho kenngwa tshebetsong thomo ya bakgethi. Sena se tla re tataisetsa hore re ilo fihlella ho Aforika Borwa eo re e batlang, ebile e le Aforika Borwa ya ditabatabelo tsa rona jwaloka ha di fuperwe ke Tjhebelopele ya 2030 ya NDP.

1.6. Kabinete e etsa kgoeletso ho balekane bohle ba yona kahisanong, dikgwebong, ho tsa mesebetsi, mekgatlong ya setjhaba le mapatlelong a dipolotiki, ho matlafatsa matsapa a bona a kopanetsweng a ho etsa naha ya rona hore e be sebaka se betere sa bohle, ba be ba abelane ka boikarabelo ba ho potlakisa motjha wa kgolo wa naha ena.

1.7. Ka lehlakoreng la rona re le mmuso, re tla tiisa meqheleba ho menahane jwaloka ha re laetswe ke Moporesidente ho tlosa ditshita tse tseleng ya kgolo ya moruo wa rona, re be re ahe bokgoni ba ditheo tsa naha ya rona hore di tsebe ho fana ka ditshebeletso bathong ba habo rona. Ka Phupu, matona a fapaneng a tla teka dipolelo tsa ona tsa Divoutu tsa Ditekanyetso tsa Ditjhelete, moo merero e tshwarehang e tla apolwa haholwanyane e le ho fihlella tjhebelopele eo Moporesidente a e teketseng setjhaba.   

2. Kgwedi ya Batjha

2.1. Kgwedi ya Batjha ya Phupjane, ke sehopotso sa sebele sa seabo seo batjha ba rona ba ileng ba se nka ha ba ne ba theha maemo a ileng a lebisa tokolohong ya rona. SoNA ya Moporesidente e beha kgodiso ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi ya batjha ba rona bohareng ba mosebetsi wa botsamaisi bona ba Botshelela. Moporesidente o ile a bontshana  le makala a mangatanyana a batjha pele ho SoNA ya hae, ho akga le  ba qhwadileng, batjha ba dikgwebong, ba tikolohong ya bonono le ba ditheong tsa thuto e phahameng, mme ditlhophiso tsena di entswe ke Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Batjha (NYDA) tlasa mookotaba o reng: “Dilemo tse 25 tsa demokrasi – ho keteka boitseki ba batjha”. Puisano ena ya Maikutlo ya Batjha le Moporesidente, e thasiseleditse taba ya mathata le diqholotso tse tswelang pele tseo batjha ba tobaneng le tsona, tse hlokang hore mmuso wa rona o kene dipakeng ka potlako.

2.2. Ntlheng ena, re batla ho tiisa hore mananeo a fapaneng a mmuso, ho akga le kgato ya Lefapha la Thuto ya Motheo ya Lenaneo la Monyetla wa Bobedi, Tshebeletso ya Batjha ya Naha le Tshebeletso ya Kgiro ya Batjha, hore a thuse haholo ho lokisetseng batjha ba rona setshwantsho sa tikoloho ya mesebetsing.

2.3. Leha ho le jwalo, re le naha re tshwanela ho menahanya matsapa a rona a ho thea mesebetsi ena e hlokehang haholo bakeng sa batjha ba rona. Hore re kgone ho etsa jwalo, ho bohlokwa haholo ho rona hore re hotetse tlhase ya kgolo ya moruo wa rona jwaloka ha Moporesidente a laetse. Re a tseba hore  ho  keke ha eba bobebe, re a tseba hore ha ho ditharollo tse ka fetolang maemo a moruo ka potlako, empa re a tseba le hore ho tlameha hore ho sebetswe ka thatanyana molemong wa naha ya rona hammoho le batjha ba rona.

2.4. Kabinete e etsa kgoeletso makaleng oohle hore a nke malebela ho Moporesidente a be a bontshane le batjha ka mekgwa ya tshebedisano mmoho, hore ho fumanwe ditharollo tse tshwarehang tsa diqholotso tseo ba tobanang le tsona. Le rona re tla etsa seabo sa rona ho ntlafatseng tshebetso ya moruo le ho thea mesebetsi bakeng sa batjha ba rona.

3. Tlhophobotjha ya mmuso

3.1. MaAforika Borwa a file botsamaisi bona ba botshelela thomo e totobetseng ya ho potlakisa kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle, ho sebetsa ka potlako e kgolo twantshong ya bofuma, ntlafatsong ya ditshebeletso tsa mmuso, twantshong ya bobodu le phedisong ya tshusumetso e bolotsana diqetong tsa mmuso.

3.2. Mmuso o tiisa hore tlhophobotjha e kgolo ya mmuso e tla tjhorisa e be e ntlafatse phano ya ditshebeletso bathong ba habo rona ka mmuso o kopaneng, o sedi ka ditjeo o bile o sebetsa ka bokgabane, ebile e le o arabelang haholwanyane ditlhokong tsa maAforika Borwa.

4. Ditumellano tsa Kgwebisano

4.1 Kabinete e amohetse ho saenwa ha ditumellano tse 93 dipakeng tsa bafepedi ba dihlahiswa ba Aforika Borwa le dikhamphani tsa Tjhaena, hore ho rekwe dihlahiswa tsa kwano lapeng e le diyantle tse yang Tjhaena, ka selekane sa boleng bo ballwang ho R27 bilione, e leng ntho e tla matlafatsa kgolo le tlhahiso ya mesebetsi.

Ho feta moo, e nngwe ya ditumellano tse saennweng e ne e le tumellano ya botsetedi e akaretsang botsetedi ba Beijing Auto Industrial Cooperation, e setsing sa tlhahiso ya makoloi se lebatoweng la ntshetsopele ya diindaseteri la Coega. Botsetedi bona ke ba ho aha makoloi Aforika Borwa bakeng sa mebaraka ya Aforika Borwa, empa le bakeng sa mebaraka ya dinaha tse ding. Ditumellano tsena ke karolo ya boikitlaetso bo ropohileng tumellanong e seng e le teng ya 2010 ya selekane sa lewa le phethahetseng, le dintlha tse ding tse robedi tsa boikitlaetso bo boholo tse entsweng Foramong ya Tshebedisanommoho ya Tjhaena-Aforika.

5. Dipalopalo tsa mesebetsi ya kotara le kotara

5.1. Nakong ya beke e fetileng, Lefapha la Dipalopalo Aforika Borwa le ntshitse tlaleho ya Phuputso e amanang le Mesebetsi ya Kotara le Kotara, bakeng sa kotara ya pele ya 2019.

5.2. Diphetho di bontsha keketseho ya mesebetsi e 22 000 (+0.2%) ho tloha ho 10 152 000 ho ya ho 10 174 000 lekaleng la dikgwebo tseo e seng tsa temot. Sena se susumeditswe haholo ke keketseho diindasetering tse latelang: ditshebeletso tsa setjhaba, tsa merafo le dikwari, ditshebeletso tsa tlhahiso le tsa dikgwebo.

5.3. Lenane lohle la mesebetsi le eketsehile ka 76 000 kapa 0,8% selemo le selemo dipakeng tsa Tlhakubele 2018 le Tlhakubele 2019.  

5.4. Kabinete e elelletswe ka tswelopele ena e ntle empa e dula e kgodisehile hore ho sa le hojana kapele hore ho ntlafatswe tshebetso ya Makala oohle a moruo wa rona, ho be ho thehwe le mesebetsi e hlokehang ka ho fetisisa naheng ya rona.  Ho fihlela mona, Kabinete e ikitlaeletsa ho sebetsa le Makala oohle a setjhaba sa habo rona sa Aforika Borwa, ho akga le lekala la poraefete.

6. Sehla sa tsa lekgetho

6.1. Tjhelete ya lekgetho e bokelletsweng ho tswa lekgethong la lekeno, e netefatsa hore mmuso o ba le bokgoni ba ho fana ka ditshebeletso tse hlokehang haholo le yona tshehetso ya setjhaba e yang ho matshweletshwele a bahloki.

6.2. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho itlhophisetsa ho kenya ditokomane tsa lekgetho bakeng sa sehla sa lekgetho sa 2018/19. Pokello ya lekgetho e nepahetseng ebile e sebetsa ka bokgabane, e thusa mmuso ka ho netefatsa hore o ba le boikemelo ho tsa ditjhelete.

6.3. Balefi ba lekgetho ba ingodiseditseng eFiling kapa MobiApp e ntjha ya Tshebeletso ya Pokello ya Lekgetho ya Aforika Borwa (SARS), ba ka kenya ditokomane tsa bona tsa lekgetho la lekeno ho tlohaka la 1 Phupu. Ha ho tlhokeho ya hore maAforika Borwa a amohelang moputso o ka tlase ho R500 000 ka selemo ebile e le hore dintho tse ding tsa ona di motjheng, a kenye ditokomane tsa lekgetho.

7.  Twantsho ya ditlolo tsa molao

7.1. Kabinete e elelletswe ebile e ngongorehile ka sekgahla se hodimo sa ho bolawa ha mapolesa. Ka Loetse 2018, ditho tsa sepolesa tse 28 di tlalehilwe di bolailwe. Haesale ho tloha maqalong a 2019, mapolesa a 26 a se a bolailwe.  

7.2. Dipolao tsa moraorao ke tsa Sajene Zephania Dladla, Lekonstabole Nomasonto Mhlanga le Lekonstabole Nhlamulo Vuyeka. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho ba malapa a bona, metswalle le basebetsimmoho.

7.3. Kabinete e tshwela ditlhaselo le dipolao tsena ka mathe. Mapolesa a beha maphelo a ona tlokotsing e le ho tshireletsa setjhaba sa habo rona. Bohle re tlameha ho sebetsa mmoho le mekgatlo e qobellang molao, ho netefatsa hore baetsi ba ditlolo tsena tse soto tsa molao ba a tshwarwa ba be ba sebetswe ho ya ka molao.

7.4. Kabinete e thoholetsa tsamaiso ya toka monongwaha feela, e entseng hore baetsi ba ditlolo tsena tsa molao ba robong ba fuwe dikahlolo tsa ho hlola tjhankaneng bophelo bohle ba bona.

8. Ketsahalo ya ho thunyana moeding wa Mozambique

8.1. Kabinete e elelletswe hore mmuso wa Aforika Borwa o rometse moifo wa bahlanka ba baholo kwana Mozambique, kamora ketsahalo ya ho thunyana moo mapolesa a mabedi a Mozambique a ileng a shwella moeding wa KwaZulu-Natal.  

8.2. Moifo ona  o kenyeletsa  ditho tsa Lebotho la Sesole la Naha la Aforika Borwa (SANDF) le wa Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS), mme ba tla teana le bomphato ba bona ba Mozambique. Ba etelletswe pele ke Hlooho ya Ditshebetso tse Kopanetsweng tsa SANDF, Moleftenente-Mokgenerale Barney Hlatshwayo le Motlatsi wa Mokomishenara wa Naha wa SAPS, Moleftenete-Mokgenerale Sehlahle Masemola.

8.3. Moifo ona o ile ka sepheo sa ho ya fumana sesosa sa ketsahalo ena ya ho thunyana. Ho tse ding, ba lebelletswe hore ba bontshane ka ho theha sehlopha sa dipatlisiso se kopanetsweng dipakeng tsa Mozambique le Aforika Borwa.

8.4. Kabinete e kopa maAforika Borwa oohle hore a emele ho phethelwa le sephetho sa dipatlisiso tsena tse kopanetsweng. Re dula re ikitlaelleditse ho sebetsa le mmuso wa Mozambique jwaloka moahisane ya lokileng, ho ntlafatseng boiketlo ba baahi bohle ba rona.

9. Seboka sa Mokgatlo wa Matjhaba wa tsa Mesebetsi (ILO)

9.1. Kabinete e amohela seabo sa Moporesidente Ramaphosa Kopanong ya bo-108 (Dilemo tse lekgolo) ya seboka sa ILO se neng se tshwerwe dipakeng tsa  la 10 le la 21 Phupjane 2019. Moporesidente o ile a tekela seboka sena semmuso tlaleho ya Khomishene ya Lefatshe lohle ka Bokamoso ba Mesebetsi, eo a neng a kopanetse bodulasetulo ba yona le Tonakgolo ya Sweden, H.E. Stephan Lofven.

9.2. Letona la Kgiro le Mesebetsi, Monghadi Thulas Nxesi, o ne a feleheditse Moporesidente a bile a etelletse pele kemedi ya mekga e meraro , e ileng ya ba le seabo dikomiting tse fapaneng tsa seboka esita le dipuisanong tsa kopano e neng e tshohla tlaleho ya Motsamaisi-Kakaretso wa ILO.

9.3. Diphetho tsa bohlokwa tsa seboka sena di ne di akga Polelo ya Dilemo tse lekgolo e kopanetsweng ke mekga. Ho feta moo, seboka se ananetse Tumellano e ntjha mabapi le Tlhekefetso le Tlhoriso Mesebetsing, e ralletsweng ho ntlafatsa tshireletso ya basebetsi ba tlokotsing. Diqeto tsena di bohlokwa ho raleng mehlala ya boithuto le ditataiso tsa matjhaba, e le ho hlahisa le ho tshireletsa ditokelo le maemo a a basebetsi.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Seboka se Qollehileng sa bo-12

1.1. Kabinete e hlabilwe malotsana ka Seboka se Qollehileng sa bo-12 sa ho kgakola mokgahlelo wa tshebetso wa Tikoloho ya Kgwebisano e Lokolohileng ya Kontinente ya Aforika (AfCFTA), le Kopano ya Pele ya Tlhophiso ya Mahareng a Selemo ya Kopano ya dinaha tsa Aforika (AU) le Dibaka tsa Moruo wa Lebatowa (di-REC).

1.2. Moporesidente Ramaphosa o lebelletswe ho etella moifo wa Aforika Borwa pele, ha Seboka se Qollehileng sa bo-12 se tshwarwa ka la 7 Phupu 2019 Niamey, Niger.  

1.3. Aforika Borwa e tla nka Bodulasetulo ba AU mothating wa bohlokwa moo khontinente e tla be e kenya AfCFTA tshebetsong, mme yona e tla etsa hore Aforika e be mmaraka o moholoholo wa kopanelo lefatsheng. AfCFTA e tla ntlafatsa kgwebisano ya dinaha tsa kahare ho Aforika, e tsosolose kaho ya diindaseteri, e be e betle tsela ya momahanngo e itseng tjha! ya Aforika dikgwebisanong tsa lefatshe lohle, esita le moruong wa lefatshe ka kakaretso.

1.4. Aforika Borwa e dula e ikitlaeditse ka Lenanetsamaiso la Aforika ebile e tshehetsa momahanngo ya lebatowa ho tsa moruo le tsa sepolotiki. Sena se akga matlafatso ya tataiso dipakeng tsa Khomishene ya AU le di-REC, hore ho fihlellwe ntshetsopele ya nako e telele ho Aforika e nang le kgotso le botsitso jwalokaha di fuperwe ke Lenanetsamaiso la 2063.

1.5. Aforika Borwa e ikitlaeditse ka botlalo mosebetsing o tswelang pele wa AfCFTA, ka lebaka la bohlokwa ba lewa la yona lenanetsamaisong la momahanngo ya moruo wa kontinente ya Aforika, le lenanetsamaiso la tswelopele ya Aforika Borwa.

2. Dikgetho tsa Bomasepala tsa 2021

2.1. Ho itlhophisetseng Dikgetho tsa Bomasepala tsa 2021, Kabinete e ananetse ho thewa ha Komiti ya Matona a Kopaneng (IMC) mabapi le Dikgetho tsa Bomasepala, esita le foramo ya mokgwatsamaiso e tla e tshehetsa.

2.2. Dikgetho tsa Bomasepala tsa 2021 e tla ba dikgetho tsa bohlano tsa mofuta oo haesale ho tloha tshimolohong ya demokrasi. IMC e tla sebetsa le Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC) le makgotla a mang a tshwanelehileng mabapi le ho netefatsa hore mosebetsi o tswelang pele o lebisang dikgethong tsa mebuso ya dibaka, o tsamaya ha bobebe.  

2.3. Ditho tsa IMC di tla akga Matona a latelang: Puso ya Kopanelo le Merero ya Setso (Modulasetulo); Merero ya Lehae; Toka le Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa;  Ditjhelete, Polokeho ya Mmuso le Letona Kantorong ya Moporesidente. Setlamo sa Tshehetso ya Mokgwatsamaiso se tla akga Batsamaisi-Kakaretso ba tswang mafapheng a Matona ona ao.

C. Diketsahalo tse tlang

1. Seboka sa Sehlopha sa Baetapele ba Mashome a Mabedi (G20)

1.1. Moporesidente Ramaphosa o etella moifo wa Aforika Borwa pele – o nang le Letona la Dikamano le Tshebedisanommoho ya Matjhaba, Ngaka Naledi Pandor; Letona la  Ditjhelete, Monghadi Tito Mboweni, le Letona la Kgwebisano le Diindaseteri, Monghadi Ebrahim Patel – ba tla ba le seabo Sebokeng sa Baetapele ba G20 sa 2019.

1.2. Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla boela a etella pele moifo wa bahlanka esita le ba phethahatso ba kgwebo ba Aforika Borwa, moo ho tla be ho dutswe majwana ho kgokgahanngwa puo le ba phethahatso ba kgwebo ba Japane. Ho dula majwana ho tla be ho habile ho bapatsa tlhokomediso ya menyetla bakeng sa kgwebisano le botsetedi Aforika Borwa, ho batalatsa dingongoreho tsa bao e ka bang balekane ba kgwebo ba Japane, le ho hlwaya le ho ntshetsa pele kgonahalo ya menyetla ya kgwebisano le botsetedi.

1.3. Ho dula majwana hona ho etsuwa ka selekane le Lekgotla la Dikgwebo la Kutlwisisano ya Matjhaba (BCIU), mokgatlo wa dikgwebo tsa matjhaba o itlhommeng pele Amerika, le Mokgatlo wa Japane wa Kgwebisano ya Kantle (Jetro).

1.4. Ho dula majwana hona ho bonahala ho salane morao le ketsahalo ya bokamosong, e tla etsahala mathokong a Seboka sa Matjhaba sa Tokyo ka Ntshetsopele ya Aforika (TICAD), se tla tshwarelwa Yokohama ho tloha ka la 28 ho ya ho la 30 Phato 2019. Japane ke molekane wa bohlano ka boholo wa diyantle wa Aforika Borwa, hape ke molekane wa borong ka boholo wa ditswantle.

1.5. Seabo sa Aforika Borwa se tataiswa ke ditshiya tse latelang tse ka sehloohong: Ho ntshetsapele tabatabelo ya naha e le ho fihlella dipheo tsa lapeng; Ho ntlafatsa Lenanetsamaiso la Aforika esita le ho phahamisa ntshetsopele ya moshwelella ya Aforika; Ho susumetsa meralo ya kaho ya dinaha tse ngata lefatsheng; le ho Ntshetsapele lenanetsamaiso la ka Borwa ka ho matlafatsa Tshebedisanommoho ya tsa Borwa le tsa Borwa esita le  Tshebedisano ho tsa Leboya le tsa Borwa.

2. Kgwedi ya Mandela

2.1. Jwalokaha re atamela sehopotsong sa bo-10 sa Letsatsi la Matjhaba la Nelson Mandela ka Phupu, Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa oohle hore a sebedise kgwedi ena ho kakatlela lefa la Madiba, tlasa mookotaba o reng: “Nka Dikgato, Susumetsa diphetoho, Etsa letsatsi le leng le le leng hore e be Letsatsi la Mandela”, ka ho nka dikgato tse kopanetsweng kgahlanong le bofuma.

2.2. MaAforika Borwa a ka kenya letsoho boinehelong ba boahi ka ho ikamahanya le dibaka tsa bona le mekgatlo e fapaneng e tla thakgola dikgato tsa ho fedisa tlala le  ho hloka bodulo, ho aha dibaka tse bolokehileng haholwanyane le ho netefatsa hore bana kena dikolo.

2.3. Bohle ha re kenyeng letsoho kgatong ena ya lefatshe lohle e rehelletsweng ka e mong wa bahale ba baetapele ba rona, mme re ahe mananeo a nako e telele a tla tshwarella a be a fetele ka nqane ho kgwedi ya Phupu. Ha re nkeng dikgato, re susumetseng diphetoho re be re etse letsatsi le leng le le leng hore e be Letsatsi la Mandela.

D. Melaetsa

1. Matshediso

1.1. Kabinete e romela matshediso a yona malapeng oohle le metswalleng e lahlehetsweng ke baratuwa ba bona ka lebaka la dikotsi tsa  mebileng. Ho tloha kotsing ya mmileng wa R81 Maphalle, Limpopo, moo batho ba bangata ba hlokahetseng teng, ho ya ho dikotsi tsa mebileng tse dulang di etsahala mme di bonwa ke maAforika Borwa naha ka bophara. Kabinete e ipiletsa ho basebedisi bohle ba mebila hore ba hlomphe melao ya tsela, e kgothaletsang bosedi le kutlwelano bohloko ho basebedisi ba bang ba mebila.
 
2. Dithoholetso

Kabinete e rorisitse ba latelang:

2.1. Sehlopha sa naha sa basadi, Banyana Banyana, ka ho fofisetsa folakga ya rona hodimo ka ho kena ha bona lekgetlo la pele Mohopeng wa Lefatshe wa Basadi wa FIFA.

2.2. Monghadi Botha Msila, molatedi wa dipapadi wa Aforika Borwa, ya fihlileng Egepeta ka nako pele ho thakgolwa mosebetsi wa pulo ya Mohope wa Dinaha tsa Aforika wa 2019. Monghadi Msila, ya ileng a supa monwana a haeka ho tloha Motse Kapa, o ile a thuswa ke sebohodi sa tsa dipapadi, Monghadi Robert Marawa, hore a fumane sefofane se tlohang Kenya ho ya Cairo moo a ilo tshehetsa Bafana Bafana teng.

2.3. Sebini ebile e le sengodi sa dipina sa Aforika Borwa, Mofumahatsana Sho Madjozi, ya hapileng Kgau ya Setlabotjha se Hlwahlwa ka ho Fetisisa sa Mmino wa Matjhaba Dikgaung tsa BET tsa 2019 Los Angeles, USA.

2.4. Sehlopha sa baithuti ba tsheletseng ba Aforika Borwa ba dithuto tse tlase tsa yunivesithi (ba tswang Yunivesithing ya Motse Kapa le Yunivesithing ya Witwatersrand) ba hapileng moputso wa pele kgahlanong le dihlopha tse 13 Sebokeng sa Matjhaba sa Supercomputing se neng se le Frankfurt, Jeremane. Sehlopha sena se ne se le tlasa botataisi ba Lekgotla la Diphuputso tsa Saense le Diindasteri  bakeng sa Dikhomphyutha tsa Maemo a Hodimo, e leng kgato ya Lefapha la Thuto e Phahameng, Saense le Thekenoloji, ebile ke e nngwe ya ditshiya tse tharo tsa tsamaiso ya meralo ya motheo ya inthanete ya Aforika Borwa.

2.5. Junior Springboks, bao boitelo ba bona bo thusitseng hore ba fumane tlotlo ya bronse Rakbing ya Bompodi ba Lefatshe ya ba ka tlase ho dilemo tse 20.

Kabinete e lakaleditse ba latelang mahlohonolo:

2.6. Sehlopha sa naha sa banna, Bafana Bafana, Mohopeng wa Dinaha tsa Aforika wa 2019 Egepeta.

2.7. Sehlopha sa naha sa netebolo sa di-Protea, jwalokaha se tla hlodisana Mohopeng wa Lefatshe wa Netebolo o tla tshwarelwa Liverpool, England, ho tloha ka la 12 ho ya ho la 21 Phupu 2019. Sehlopha sa Naha sa netebolo ha jwale se boemong bo ka hodimodimo Aforika hape se boemong ba bohlano ho ya ka maemo a lefatshe. Letona la tsa Dipapadi, Bonono le Botjhaba, Monghadi Nathi Mthethwa, o feleheditse di-Protea ho ilo tshehetsa sehlopha esita le ho amohela lesokwana kaha Aforika Borwae itlhophisetsa ho tshwara Mohope wa Lefatshe wa Netebolo wa bo-16 ka 2023.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Sebueledi sa  Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 501 0139

 

Share this page

Similar categories to explore