Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 15 Pudungwana 2017

Kabinete e Kopane ka Laboraro, la 15 Pudungwana 2017 Tuynhuys, Motse Kapa.

A. Dintlha tsa Hajwale

1. Matsete

1.1. Kabinete e amohela matsete a Khamphani ya Makoloi ya Ford a R3 bilione ka hara Polante ya Silverton, Pretoria, Gauteng. Matsete ana a tla baka hore ho boptjwe mesebetsi e otlolohileng le e meng ya tlatsetso ka lebaka la keketseho e lebeletsweng ya tlhahiso ya motlolo wa yona wa Ford Ranger.

1.2. Matsete ana a tiisetsa mosebetsi oo re tswelang pele ho o etsa jwaloka mmuso mabapi le ho hodisa moruo le ho sebetsana le diphephetso tsa tlhokeho ya mosebetsi. Ka sekema sa mmuso sa ditsiane tsa R7.8 bilione ka hara Tlhahiso ya Makoloi le Lenaneo la Ntshetsopele, ho buletswe matsete a poraefete a R28.5 bilione.

1.3. Tsena di kenyeletsa tsebiso ya Toyota ya ho etsa dimotlolo tsa yona tse ntjha tsa Toyota Hilux le Fortuner e le karolo ya matsete a etsang R6.1 bilione. Hape, BMW e rera ho aha lebenkele la maemo a hodimo a etsang R6 billone a ditopo tsa makoloi. Koporasi ya Matjhaba ya Makoloi ya Beijing e rera ho tsetela R11 bilione polanteng ya tlhahiso ya makoloi ka hara Aforika Borwa.

2. Sehla sa Lekgetho sa 2017

2.1. Kabinete e fetisetsa diteboho ho balefi bohle ba lekgetho ba seng ba kentse ditokomane tsa bona tsa lekgetho bakeng sa selemo sa lekgetho sa 2016/17.

2.2. Kuno e fehlilweng ke lekgetho la lekeno e netefatsa hore mmuso o na le bokgoni ba ho fana ka ditshebeletso tse batlehang haholo le tshehetso ya kahisano ho dimilione tse hlokang menyetla tsa maAforika Borwa.

2.3. Kabinete e hopotsa balefi ba lekgetho hore letsatsi la ho qetela la ho kenya ditokomane tsa lekgetho ke Labohlano la 24 Pudungwana 2017 le ho ba kgothaletsa ho kenya ditokomane tsa bona.

3. Pitso ya Naha ya ho Thakgolwa ha Ntshetsopele ya Moruo wa Lehae (LED)

3.1. Kabinete e thabile mabapi le diphetho tsa Pitso ya Naha ya LED e neng e tshwerwe haufinyana tjena. E ne e tshwerwe tlasa boetapele ba Letona la Puso e Kopanetsweng le Merero ya Botjhaba, Monghadi Des van Rooyen le Letona la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane, Mofumahadi Lindiwe Zulu.

3.2. E hlahisitse monyetla wa ho rala lenaneo le letjha la LED ya Aforika Borwa le tataiswang ke dintlha tse ka sehlohlolong tsa Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP). Diphetho tsa yona di kenyeleditse ho thakgolwa ha Lekgotla la Ntshetsopele ya Moruo la Aforika Borwa (EDCSA) la pele, le rerileng ho etsa hore lekala la ntshetsopele ya moruo e be la seporofeshenale.

3.3. Jwaloka setheo sa seporofeshenale, EDCSA e tla tsamaisa le ho beha leihlo boitshwaro ba seporofeshenale ba bankakarolo ba bangata ba teng maikitlaetsong a fapaneng a ntshetsopele.

3.4. Kabinete hape e ananetse ho thakgolwa ho etsang nalane ha Beke ya Lefatshe ya Boetapele ba Dikgwebo (GEW) nomorong ya 22 ho la Sloane, e leng khempase e ntjha ya qalo, ka la 10 Pudungwana 2017, moo Letona Zulu a neng a amohetse kwakwariri ya lefatshe ya baetapele ba dikgwebo, Monghadi Richard Branson. Khempase ena ke ya pele ya ho bulwa ke Marangrang a Boetapele ba Dikgwebo ba Lefatshe. E fana ka ditshebeletso tsa tshehetso ka kotloloho le ka inthanete ho phatlalla le Aforika hammoho le phumantsho ya matjhaba ya marangrang a batataisi, batsetedi le mekgatlo ya tshehetso ya baetapele ba dikgwebo.

3.5. Nakong ya GEW, batho ba ka etsang 10 milione ba nka karolo diketsahalong tse 35 000, mesebetsing le ditlhodisanong dinaheng tse fetang 165 ho phatlalla le lefatshe.

4. Tlaleho ya Khomishene ya Heher

4.1. Kabinete e ananetse ho lokollwa ka Mantaha, 13 Pudungwana 2017 ha Tlaleho ya Khomishene ya Dipatlisiso mabapi le Kgonahalo ya ho etsa hore Thuto e Phahameng le Thupello e be mahala ka hara Aforika Borwa. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho hlahloba tlaleho ena le ditlamorao tsa yona bakeng sa naha ha dikgothaletso tsa teng di ntse di sekwasekwa ke mmuso.

4.2.  Moporesidente o tla etsa tsebiso ka tlaleho ena ha nako e ntse e tsamaya kamora ho sekwasekwa ke Komiti e Kopanetsweng ya Matona ya Matlole a Ditjhelete tsa Thuto e Phahameng le Komiti ya Ditjhelete ya Boporesidente. Mmuso o dula o ikemiseditse ho rarolla ditshita tsa phumantsho ya thuto e phahameng, mme e shebetse pele ho phethela tharollo ya moshwelella bakeng sa thuso ya ditjhelete tsa thuto e phahameng.

5. Komello

5.1. Maemo a hajwale a matamo ka hara naha e dula e le matshwenyeho kaha ho na le moyafalo e ngata ho feta pula. Taba ya hore Aforika Borwa ha e so fumane pula e lekaneng ho tsosolosa mehlodi ya rona ya metsi ho fihlella maemong a nepahetseng ho bolela hore naha hae e so tswe ka hara boemo ba komello. Bolepi bo bonela pele hore naha e tla fumana feela pula e ngata ho tloha maqalong a Pherekgong 2018.

5.2. Kabinete e lakatsa ho netefaletsa setjhaba hore mmuso wa naha, mebuso ya diporofense le ya lehae e a thusana le ho sebetsa mmoho ho netefatsa hore Aforika Borwa ha e fellwe ke metsi. Kabinete e kgothaletsa mang le mang ho bapala karolo ya hae mabapi le ho baballa le ho sebedisa metsi ka bohlale le ka hloko.

6. Zimbabwe

6.1. Kabinete e tshehetsa boitshunyako ba Moporesidente Jacob Zuma, boemong ba hae jwaloka Modulasetulo wa Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC) ho arabela maemong a Zimbabwe. O rometse Baemedi ba Ikgethang, Letona la Tshireletso le Mekaubere ya Ntwa, Mofumahadi Nosiviwe Mapisa-Nqakula le Letona la Tshireletso ya Puso, Moatefokate Bongani Bongo. Ba tla kopana le Moporesidente Robert Mugabe le Sesole sa Tshireletso sa Zimbabwe. Kamora moo, ba tla tsebisa Moporesidente wa Angola João Lourenço boemong ba hae jwaloka Modulasetulo wa Lekala la Dipolotiki, Tshireletso le Polokeho la SADC. Kantoro ya Moporesidente e tla fana ka tse ntseng di etsahala mabapi le taba ena.

7.  Sekwere Kilomithara sa Array (SKA)

7.1. Kabinete e amohela diphihlello tsa ntshetsopele ya moruo le kahisano lebatoweng la SKA ya Aforika Borwa. Badudi ba dulang haufi le sebaka sa SKA ba tswela pele ho kgola molemo ka diporojeke tsa thuto le thupello e betere, matsete dikgwebong tse nyenyane le menyetla ya mesebetsi e eketsehileng.

7.2. Lefapha la Saense le Thekenoloji, tlasa boetapele ba Letona la Saense le Thekenoloji, Mofumahadi Naledi Pandor, o tla tshwara lenaneo la bonkakarolo ba setjhaba ho keteka diphihlello le badudi ba dibaka tse bapileng le Carnarvon, ho la Kapa Leboya ho tloha ka la 16 ho isa ka la 19 Pudungwana 2017.

B. Diqeto tsa Kabinete

8. Ditlaleho tsa Bobedi tsa Kgatelopele ya tshebetso ya kotara ka nngwe bakeng sa 2017/18

8.1. Kabinete e tsebisitswe ka Ditlaleho tsa Bobedi tsa Kgatelopele ya kotara ka nngwe bakeng sa 2017/18 (Phupu ho isa ka Loetse 2017) ke dikarolo kaofela tse hlano. Sena se bopa karolo ya lenaneo le pharaletseng la Kabinete la bodisa le tekolo ya Lenaneo la Tshebetso le itshetlehileng hodima Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF) la selemo sa 2014 ho isa ho sa 2019.

8.2. Lefapha la Merero, Bodisa le Tekolo ya Tshebetso le dikomiti tsa Karolo ya Matona di tla bitsa dikopano tsa boraditaba ho pahlolla kgatelopele ya ditlaleho tsena.

8.3. GCIS e tla hokahanya dikopano tsa boraditaba le ho phatlalatsa lenaneo la tsona ho www.gov.za ha nako e ntse e tsamaya.

9. Ho behwa sehlohlolong mabapi le maikitlaetso a ho kgwahlapisa diaterese le phano ya diaterese

9.1. Kabinete e tsebisitswe ka tlaleho ya kgatelopele mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo ya ho fana ka diaterese lenaneong la bakgethi. Kabinete e ananetse boimatahanyo ka botlalo le ditlaleho tsa kgatelopele ya dikgwedi kang tse tsheletseng tse iswang Lekgotleng la Molaotheo.

9.2. Ho fihlela lena Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC), ka ho sebedisana le makala a mang a puso, e fihlelletse katleho ya se ka fihlang ho 75% mabapi le ho bokella diaterese tsa batho ba ka nnang ba kenela dikgetho. Kabinete e tsebisitswe hape ka lenaneo le rerilweng ke Kantoro ya Poso ya Aforika Borwa (SAPO) ho thusa ba hlokang diaterese tsa bodulo.

9.3. Kabinete e thabisitswe ke kgatelopele le ketso ya tshebedisano e entsweng ke SAPO, IEC le makala a mang a puso mosebetsing wa porojeke ya diaterese.

9.4. Kabinete e boela e ipiletsa ho ba so kang ba lokisa diaterese tsa bona ho etsa jwalo nakong ya beke ya boingodiso bo tlang ba bakgethi ka Hlakubele 2018.

C. Diketsahalo tse tlang

10. Tulo ya bone ya Khomishene ya Dinaha tse pedi (BNC) ya Aforika Borwa-Botswana

10.1. Moporesidente Zuma o tla nka leeto la tshebetso bakeng sa ho nka karolo le ho ba modulasetulo mmoho ho Tulo ya Bone ya BNC ya Aforika Borwa-Botswana e tla tshwarelwa Gaborone, ho la Botswana ka Labohlano, 17 Pudungwana 2017.

10.2. Aforika Borwa le Botswana di kopana selemo ka seng boemong ba Dihlooho tsa Dipuso ka hara moralo wa BNC ho sheba botjha tshebedisano ya bobedi bona le ho tshohla dintlha tse amang dinaha ka bobedi.

10.3. Dinaha ka bobedi di na le dikamano tse kgahlisang tsa kutlwano tse bontshwang ke maqhama a botjhaba le bohaufi ba dinaha tsena. Di sebedisana mabakeng a mangata a kenyeletsang, dipalangwang, kgwebisano le matsete, bophelo bo botle, mabaka a tikoloho, jwalojwalo.

10.4. Aforika Borwa ke e nngwe ya balekane ba baholo ba kgwebisano le Botswana, ka dikhamphani tse batlang di ba ngata tsa Aforika Borwa tse sebetsang ka hara naha eo.

11. Leeto la Moporesidente wa Puso ya Angola

11.1. Moporesidente Zuma o tla amohela Motlotlehi, Moporesidente wa Riphabliki ya Angola, João Lourenço, bakeng sa Leeto la Puso le etsang nalane ka hara Aforika Borwa ho tloha ka la 23 Pudungwana 2017. Sena e tla be e le Leeto la hae la Puso la pele ka hara naha ya rona kamora hoba a hlomamiswe.

11.2. Dinaha ka bobedi di na le maqhama a nalane le a bomphato a ballwang dilemong tse fetileng tsa ntwa ya tokoloho ha Angola e ne e bolokile le ho tshehetsa balwanedi ba tokoloho ba Aforika Borwa dikampong tse fapafapaneng ka hara naha eo.

11.3. Kgwebisano le tshebedisano ho tsa moruo pakeng tsa dinaha ka bobedi e ho hotse haholo, ho fihlella moo Aforika Borwa e leng molekane wa mantlha wa Angola ka hara kontinente. Dikhamphani tse ngata tsa Aforika Borwa di tsamaisa kgwebo ka hara Angola makaleng a fapafapaneng a kenyeletsang, a kaho, merafo, matlo, mabenkele, dijo le dino, dihotele le boikgathollo, dibanka le ditshebeletso tsa bongaka.

Nakong ya leeto la hae, Moporesidente Lourenço hape o tla tshwara Kopano ya Thuto ka Labohlano, la 24 Pudungwana 2017 moahong wa OR Tambo ho la Pretoria.

12. Matsatsi a16 a Thibelo ya Diketso tsa Dikgoka

12.1. Kabinete e imatahanya le maAforika Borwa kaofela a emang kgahlanong le Diketso tsa dikgoka ho basadi le tlhekefetso ya bana.

12.2. Matsatsi a 16 a letsholo la Thibelo ya Diketso tsa Dikgoka kgahlanong le Basadi le Bana le tla etsahala pakeng tsa la 25 Pudungwana le la 10 Tshitwe 2017. Sena ke selemo sa bo-19 sa letsholo lena ka hara Aforika Borwa mme le tla tswela pele tlasa mookotaba: “Mpalleng le Nna: Mmoho re Ntshetsapele Aforika Borwa e Hlokang Dikgoka”.

12.3. Moporesidente Zuma o tla thakgola letsholo la Matsatsi a 16 a Thibelo ya Dikgoka ho la Kapa Botjhabela ka Moqebelo, wa la 25 Pudungwana 2017. Le tla tsepamisa maikutlo hodima phano e tswellang ya Dipuisano tsa Naha, tse kgothaletsang batho ho bua ka kgoba ya dikgoka tse itshetlehileng hodima bong. Sena se tla etellwa pele ke Letsatsi la Matjhaba la Banna ka Sontaha, sa la 19 Pudungwana 2017, le ipiletsang ho banna ho bapala karolo ya bona mabapi le ho aha setjhaba se bolokehileng le sa kahisano e momahaneng.

12.4. Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo le tla hlophisa letsholo la bobedi la diradio tsa badudi tlasa letoto la tsona la Let’s Talk Justice, le tlisang ditshebeletso tsa mmuso bathong ka ho neha bamamedi monyetla wa ho buisana le bahlanka ba mmuso ka ditaba tse ka sehloohong. Ho thakgolwa ha Lekgotla la Dinyewe la Ditlolo tsa Molao tsa Motabo nakong ya letsholo hape ho tla netefatsa phumantsho e betere ya tsamaiso ya toka.

12.5. Kabinete e na le tshepo ya hore ka ho sebetsa mmoho re ka qeta motsamao wa tlhekefetso. Ka mekutu ya rona e kopanetsweng re ka sebetsa ho thibela tlhekefetso ha ka nqa e nngwe re netefatsa setjhaba se bolokehileng bakeng sa basadi le bana.

12.6. Batho bohle ba Aforika Borwa ba kgothaletswa ho apara ribone tse tshweu e le letshwao la boitlamo bakeng sa ho fedisa kgoba ena ka hara setjhaba.

13. Boitokisetso ba Letsatsi la Lefatshe la AIDS

13.1. Kabinete e ipiletsa setjhabeng kaofela ho nka karolo ho qaleng ha mesebetsi ya Labohlano la Ribone e Kgubedu pele ho Letsatsi la Lefatshe la AIDS ka la 1 Tshitwe le ho fihla mafelong a kgwedi eo. Ho apara diribone tse kgubedu ke letshwao la bonngwe le boitlamo mabapi le ntwa kgahlanong le HIV le AIDS.

13.2. Letsatsi la Lefatshe la AIDS ke monyetla bakeng sa motse ka mong ho ikopanya ntweng e kgahlanong le HIV, ho bontsha tshehetso bakeng sa batho ba phelang ka HIV le ho hopola ba hlokahetseng. Ketsahalo ya selemong sena e tla tshwarwa tlasa mookotaba: “Tokelo ya ka ya ho Tseba Maemo a Ka, Thibelo ke Boikarabelo ba ka”, e hokahanang le mookotaba wa lefatshe: “Tokelo ya Bophelo bo Botle”.

13.3. Sena se matlafatsa ho kenngwa tshebetsong ha Lewa la Morero wa Naha la AIDS la Aforika Borwa, Lefuba le mahloko a Tshwaetsanang ka Motabo 2017 - 2022 (NSP), e leng tshiya ya bohlokwa kgatelopeleng ya Aforika Borwa e lebisitseng phihlellong ya tlhokomelo ya kalafo ya lefatshe jwaloka ha e hlahella ho NDP, e kgothaletsang setjhaba se itekanetseng, se matla le se nang le tekatekano.

14. Beke ya Naha ya Imbizo ya hoTsepamiso ya Maikutlo

14.1. Kabinete e ipiletsa ho badudi ho kenela ho nka karolo bekeng e tlang ya Beke ya Naha ya Tsepamiso ya Maikutlo ya bo-7, e lebeletsweng ho tshwarwa ho tloha ka la 27 Pudungwana ho isa ka la 3 Tshitwe 2017.

14.2. Tlasa boetapele ba GCIS, lepatlelo lena le kgothaletsa dipuisano tse kopanetsweng pakeng tsa ditho tsa Phethahatso le badudi. E etsahala ka hara mohopolo wa dilemo tse lekgolo tsa Oliver Reginald Tambo, ya neng a kgothaletsa tekatekano ya bong. Diketsahalo tsena di reretswe ho tshehetsa letsholo la Matsatsi a 16 a Ntwa kgahlanong le Dikgoka le Tlhekefetso ya Basadi le Bana.

14.3. Diketsahalo di tla manehwa khalendareng ya naha le ho arolelanwa websaeteng ya mmuso (www.gov.za).

D. Dibili

15. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya tsebiso ho ya ka karolo 74(5) ya Molaotheo wa Riphabliki ya Aforika Borwa wa selemo sa 1996. Morero ka sena ke ho qala tsamaiso ya ditherisano tsa naha le diporofense ka merero ya ho tlisa diphethoho meeding ya diporofense mabapi le Masepala wa Lehae wa Matatiele ho la Kapa Botjhabela le dibakeng tse itseng tsa Ba Ga Mothibi ho la Leboya Bophirima.
Maikemisetso ka ho ralwa botjha ha meedi ya diporofense ho hlahisitswe ke badudi ba dibaka tse boletsweng ba batlang ho kgutlisetswa diporofenseng tse mabapi.

E. Melaetsa

16. Kabinete e thoholetsa naha ya Fora jwalo ka thatohatsi e tla tshwara Mohope wa Lefatshe wa Rakbi wa selemo sa 2023 le ho leboha kemedi ya mmuso, e neng e eteletswe pele ke Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa, Letona la Dipapadi le Boithapollo Thulas Nxesi le Kopano ya Rakbi ya Aforika Borwa, bakeng sa mosebetsi wa ho kgothaletsa boiketo ba Aforika Borwa ba ho tshwara ketsahalo ena.

17. Kabinete e thoholetsa Letona Pandor, ya abetsweng Kgau ya Titjhere e ka Sehlohlolong. Kgau ena e ile ya nehwa Letona Pandor ke Motjhanselara wa Yunivesithi ya Aforika Borwa, Moporesidente wa mehleng Thabo Mbeki.

Kgau ya Titjhere e ka Sehlohlolong, e leng e nngwe ya mekgahlelo e mene, e ananela nyehelo ya titjhere leha e le efe e ipabotseng kapa e ntsheditseng pele ho ruta, ho ithuta, ntshetsopele ya maitsebelo le/kapa diphutso lekaleng la yona la botsebi.

18. Kabinete e babatsa mosebetsi o entsweng ke Seteishene sa Aforika Borwa sa Tsebo ya Dinaledi, e leng karolo ya moifo wa ditsomi tsa dipolanete wa Wide Angle Search for Planets o sibollotseng dipolanete tse tharo tse ntjha.

19. Kabinete e thoholetsa bankakarolo le bahlodi ba Dikgau tsa selemo sa 2017 tsa Govan Mbeki, tse tlotlang batho ba lekala la kaho ba ipabotseng ka phano ya matlo. Dikgau tsena di tla nakong eo naha e tswelang pele ho keteka phano le dithuso tsa matlo a fetang 4.6 milione ho tloha ka selemo sa 1994.

20. Kabinete e fetisetsa diteboho bakeng sa diketso tse bontshang sebete tsa ba ditshebeletso tsa tshohanyetso, ditima-mollo le baithaopi bohle ba thusitseng ka ho sebetsana le mello ya haufinyana tjena ho la Kapa Bophirima.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Motsamaisi-Kakaretso ya Tshwereng Mokobobo (GCIS)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore