Pehelo ya Kopano ya Kabinete e neng e Tshwerwe ka Tshebediso ya Marangrang ka Laboraro, mohla la 27 Motsheanong 2020

Pehelo ya Kopano ya Kabinete e neng e Tshwerwe ka Tshebediso ya Marangrang ka Laboraro, mohla la 27 Motsheanong 2020

1. Bohloko ba Kokwanahloko ya Corona ya 2019 (COVID-19) Afrika Borwa

1.1. Kabinete e ile ya hlajwa malotsana ka sephetho sa dipontshano tse entsweng ke Moporesidente Ramaphosa le mekgatlo e mengatanyana ya setjhaba, e le ho netefatsa hore kgatelopele ya naha ya ho tloha boemong ba bone ho ya ho ba boraro ba ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara, e na le tshehetso le ditlhahiso tse tswang ho balekane bohle kahisanong
1.2. A feleheditswe ke Matona a fapaneng, Moporesidente o ile a kopana le setjhaba, le makala a bosebetsi le a dikgwebo, Lekgotla la Dikereke la Afrika Borwa (SACC); Boetapele ba ditumelo tse fapaneng setjhabeng; Boramotse; Ditonakgolo, Lekgotla la Mmuso wa Dibaka la Afrika Borwa (SALGA), boetapele ba setso le mekga ya dipolotiki e nang le boemedi Palamenteng.
1.3. Kabinete e ile ya se amohela sephetho sa dipontshano tsena, tseo ka bobatsi di neng di aha di bile di matlafatsa morero wa ho nyehliswa butlebutle ha dithibelo ha ho uwa boemong ba boraro bo tla thakgoha ka la 1 Phuptjane 2020. Boemo bona bo tla fupara katoloso enngwe e batsi ya diketsahalo tsa moruo esita le ho tloswa ha dithibelo metsamaong ya batho. Bo tla boela bo thusa Maafrika Borwa a ka bang dimilione tse robedi hore a kgutlele mesebetsing.
1.4. Ho tla tsepamiswa maikutlo dibakeng tseo ‘ditshwaetso di jeleng setsi ka ho fetisisa ho tsona’ tse ekeditseng sekgahla sa ditshwaetso tsa kokwanahloko ya corona. Mafapha a bophelo bo botle a diprovense a tla nanabetsa bokenadipakeng bo botle dibakeng tseo e jeleng setsi ka ho fetisisa ho tsona ka mokgwa wa tlhahlobisiso, ho etsa diteko, tshekeho le mehato ya thibelo. 
1.5. Kabinete e thasiseditse tshehetso ya yona ya dipontshano tse kenyeletsang bohle tse entsweng ke Moporesidente Ramaphosa haesale ho ne ho qale boemo ba koduwa ya naha ka la 15 Tlhakubele 2020. Dipontshano tsena di thusitse makala ohle a setjhaba hore a be le seabo twantshong ya sewa sa COVID-19, moo ho pholoswang maphelo ho bile ho tshireletswa mesebetsi.
1.6. Botsamaisi ba ditshebetso le disebedisuwa tsa bokenadipakeng ba COVID-19 bo etelletswe pele ke Lekgotla la Naha la Kopanelo ya Ditshebetso le Boutlwela (NATJOINTS) hammoho le Lefapha la Bophelo bo Botle. NATJOINTS ke lekgotla la mmuso la tlhophiso ya dintho tse ngatanyana le thakgoletsweng hore le tsamaise diprojeke tse kgolo. 
1.7. COVID-19 NATJOINTS e bopelletswe methating e fupereng borasaense; ditsebi tsa maemo a hodimo tsa bophelo bo botle; diinjinere, baemedi ba ditsi tsa Bolaodi ba Dikoduwa tsa Naha, baeletsi ba tsa molao; boetapele ba diakgente tsa naha tsa tshireletso le qobello ya molao, le dihlopha tse tswang mafapheng a bopang dihlopha tsa Foramo ya Balaodi-Kakaretso ba Afrika Borwa.
1.8. NATJOINTS e amohela ditlaleho tse tswang mafapheng a fapaneng mme e isa ditshisinyo ho Balaodi-Kakaretso (di-DG) hore ba bope dikgothaletso tse tla tekelwa Lekgotla la Naha la Twantsho ya Kokwanahloko ya Corona (NCCC).
1.9. NCCC e tshetshetha dikgothaletso tsa di-DG ebile e etsa dikgothaletso tsa yona tse yang Kabineteng moo ditshisinyo, ho akga le melawana, di ananelwang teng. Mosebetsi ona o netefatsa hore ba Phethahatso ba etsa diqeto tsa kopanelo tseo ho dumellanweng ka tsona tse kenyeletsa bohle. Kahoo, Kabinete e di tshwela ka mathe kahohlehohle ditshisinyo tsa mafosisa tse reng ditho tsa Phethahatso ka bomong ke tsona tse ikarabelang ka dikgothaletso tse tswang ho NCCC kapa diqeto tse nkilweng ke Kabinete.
1.10.  Kabinete e a ipiletsa hore makala ohle a setjhaba a be ngatana nngwe kgahlanong le sera se le seng se kotsi, e leng sewa sa COVID-19.
1.11. Kabinete e leboha Maafrika Borwa ohle ka boitelo le kutlwisiso ya bona nakong ya maikemisetso a ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha. Phatlalatso ya Moporesidente Ramaphosa ya boemo ba koduwa ya naha ho ya ka Molao wa Taolo ya Dikoduwa wa 2002 (Molao wa 57 wa 2002), e ile ya thusa haholo ho pholosweng ha maphelo. 
1.12. Mehato ena e matla ya thibelo e thusitse haholo ka ho sisithehisa le ho fokotsa sekgahla sa ditshwaetso. Ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha, ho file Afrika Borwa nako le sebaka sa ho kenya mehato makaleng a bophelo bo botle a setjhaba le a poraefete hore a sebetsane le keketseho e ke keng ya qojwa ya ditshwaetso.
1.13. Kabinete e tswelapele ho ipiletsa ho Maafrika Borwa ohle hore a nke boikarabelo bo tomanyana ba ho itshireletsa bobona le ba bang, e le ho fokotsa ho ata ha kokwanahloko ena.
1.14. Matona a ditshebetsong tse fapaneng a tla manolla dintlha tse tebileng dibokeng tsa ditaba tse tla tshwarwa kajeno, ka Labone mohla la 28 Motsheanong 2020 le hosane, ka Labohlano mohla la 29 Motsheanong 2020.

Diqeto tsa Kabinete
2. Ho Ahwa ha Seteishene sa Fatshe se tla Disa Bohodimodimo ba Sepakapaka ka Disathalaete

2.1. Kabinete e ananetse hore Akgente ya Sepakapaka sa Naha ya Afrika Borwa (SANSA) e kene selekaneng le Botsamaisi ba Naha ya Amerika ba Difofane tsa Sepakapaka hore e sikare kaho ya Seteishene sa Fatshe se tla Disa Bohodimodimo ba Sepakapaka ka Disathalaete. Seteishene sena, se tla tsepama Matjiesfontein Kapa Bophirimela, mme se tla tshehetsa merero ya batho ya ho fofela sepakapakeng ho ya kgweding, ho ya ho Mars le ka nqane ho tsona. 
2.2. Se tla kopanngwa le marangrang a seng a le teng a ditsha tse tharo tse Dinaheng tse Kopaneng tsa Amerika, Spain le Australia. E le setsha sa bone, se tla thusetsa ditsha tse ding tse tharo se be se fane ka bobatsi le tshebetso e fetang tekanyo e ntlafaditsweng bakeng sa tshehetso ya maikemisetso a bohlokwa. SANSA ke yona e tla etsa tshebetso, e boloke maemo a le matle e be e laole seteishene sena.
2.3. Seteishene sena se tla thusa Afrika Borwa, ho tse ding, ka ntshetsopele ya makgabane a haellang le kgolo lekaleng la saense, injiniereng, theknoloji le bosibolli. Se tla boela se fana ka menyetla ya ho fepela tsebo ya moruo se be se eketse sephetho sa diphuputso tsa naha ho tsa saense le theknoloji ya sepakapakeng. 

3. Moralo wa Tokomane ya Tataiso ya Ditshebeletsong tsa Mello

3.1. Kabinete e ananetse Moralo wa Tokomane ya Tataiso ya Ditshebeletsong tsa Mello. Tokomane ena ya Tataiso e manolla ditshisinyo tsa bohlokwa tsa leano le tla bopa motheo wa ketso ya molao wa ditshebeletso tsa mello, o tla nka sebaka sa Molao wa ha jwale wa Ditshebeletso tsa Ditimamollo wa 1987 (Molao wa 99 wa 1987).  
3.2. E manolla mesebetsi le maikarabelo a makala a mebuso ya naha le diprovense ho tshehetseng bomasepala. Ho netefatsa hore tshebeletso ena e dula e ipapisitse le mekgwa ya sejwalejwale ya taolo ya dikoduwa tsa mello, e sisinya hore ho be teng bokgoni ba diphuputso le pokello ya lesedi. 
3.3. Ka kakaretso, e boetse e habile ho e nyalanya le melao e meng e amanang le mmuso wa dibaka, e fetisitsweng kamorao ho 1994. Dipontshano tse batsi di se di entswe le bohle ba amehang ba tshwanelehileng esita le setjhaba ka kakaretso.

4. Mesebetsi ya Phethahatso Nakong ya Boemo ba Boraro

4.1. Kabinete e ananetse hore katlasa boemo ba boraro bo qalang ka Mantaha wa la 1 Phuptjane 2020, e tla sebedisa mokgwa o tswakantsweng o akgang dikopano tsa Kabinete tsa batho ka bobona le tsa tshebediso ya marangrang.
4.2. Kabinete e boetse e ananetse dihlopha tsa bodisa tse bopilweng ka Matona le Batlatsi ba Matona. Di rometswe seterekeng ka seng le toropong ka nngwe e kgolo ho tse 52 hore di ilo disa mekgwa e kentsweng ya ho thibela ho ata ha COVID-19.

Dithonyo

Dithonyo tsohle di emetse ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang ya tlhatlhobisiso.
1. Boto ya Lekgotla la Theknoloji ya Diminerale (MINTEK): 

  • Ngaka Vanguard Mbuyiseli Mkosana (Modulasetulo);
  • Mme Ntokozo Faith Ngcwabe – Lefapha la Dirafshwa le Eneji (DMRE);
  • Ntate Rantsadi Andries Moatshe (wa Phapanyetsano);
  • Ngaka Maropeng Walter Ngobeni;
  • Moporofesara Lindiwe Zungu;
  • Ntate Philippus Rudolf Heydenrich;
  • Mme Pontsho Maruping;
  • Ntate Harold Motaung;
  • Mme Phydelis Ntombifuthi Zikalala-Mvelase;
  • Mme Margaret Mosibudi Phiri;
  • Ntate Lefadi Lucas Makibinyane; le
  • Ngaka M Motuku.
     

2.    Boto ya Lekgotla la Geoscience:

  • Ngaka Humphrey Lawrence Mbendeni Mathe (Modulasetulo);
  • Ntate Andries Moatshe (DMRE);
  • Ngaka Thuli Khumalo (Lefapha la tsa Tikoloho, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi);
  • Ntate Sanelo Malaza (wa phapanyetsano);
  • Mme Rosalind Mdubeki (Lefapha la Ntshetsopele ya Mahae le Tlhabollo ya Mobu);
  • Mme Pontsho Tsotetsi (wa phapanyetsano);
  • Mme Deborah Mochotlhi (Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere);
  • Ntate Paul Nel (wa phapanyetsano);
  • Ngaka Jennifer Mirembe;
  • Ntate Smunda Mokoena;
  • Ntate Xolisa Mvinjelwa (lekala la merafo);
  • Moadvokheiti Ntika Maake;
  • Mme Adila Chowan (lekana la bohwebi);
  • Ntate B Gerryts (Lefapha la Saense le Bosibolli);
  • Ntate Lebogang Madiba (Lefapha la Matlotlo a Naha); le
  • Ntate Moses Mabuza – Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO).
     

3.    Baokamedi bao e seng ba phethahatso ba Boto ya Taolo ya Madiboho ya Afrika Borwa: 

  • Ntate Zolani Kgosietsile Matthews (Modulasetulo);
  • Mme Siphokazi Matolengwe;
  • Ntate Asraf Mohamed Adam;
  • Mme Leanda-Marsha Vilakazi;
  • Mme Kenosi Selane; 
  • Ntate Zola Fihlani;
  • Ngaka Tshisikawe Victor Munyama; le
  • Mme Zandile Kabini.

4.    Ntate Abel Moffat SithoIe e le CEO ya Koporasi ya Matsete a Setjhaba (PIC). 
5.    Mofumahadi Phumla Williams e le Molaodi-Kakaretso (DG) wa Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS).

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Radiphatlalatso wa Kabinete 
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore