Mopresidente Jacob Zuma: Puo ya Boemo ba Naha 2017

Puo ya Boemo ba Naha ka Jacob G Zuma, Mopresidente wa Rephaboliki ya Aforika Borwa moketjaneng wa Seboka sa Kopanelo sa Palamente, Motse Kapa

Motsamaisi wa Dipuisano wa Seboka sa Naha (NA),
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprofense (NCOP),
Motlatsi wa Motsamaisi wa Dipuisano wa NA le Motlatsi wa Modulasetulo wa NCOP, Motlatsi wa Mopresidente Cyril Ramaphosa,
Mopresidente wa Mehleng Thabo Mbeki, Moahlodi e Moholo Mogoeng Mogoeng esita le ditho tsohle tse kgabane tsa boahlodi,
Matona le Batlatsi ba Matona,Ditonakgolo le Batsamaisi ba Dipuisano ba Makgotla a Ketsamelao a Diprofense,
Modulasetulo wa Lekgotla la Mmuso wa Dibaka la Aforika Borwa (SALGA), dihlooho tsa ditheo tse tsheheditsweng molaotheo, Modulasetulo wa Ntlo ya Naha ya Marena,
Mopresidente wa Lekgotla la Boahlodi la Mamoseleme le baetapele ba mekgatlo yohle ya bodumedi,
Motsamaisi wa Dupuisano wa Mehleng wa NA, Dr Frene Ginwala,
Mekaubere ya Ntwa ya Tokoloho,
Ditho tsa Bodiplomate,
Maaforika Borwa a heso,

Dumelang, sanibonani, molweni, good evening, goeie naand, lotjhani, ri perile, ndimadekwana,

Ke a leboha Mme Motsamaisi wa Dipuisano le Mme Modulasetulo ka monyetla ona wa ho tshetleha puo sebokeng sa kopanelo sa Palamente.

Ngwana mobu ya qollehileng, Mopresidente Oliver Reginald Tambo, o ne a tla ba le dilemo tse 100 monongwaha, haeba a ne a ntse a phela.

Mointshasehlabelo enwa o ile a nyehela bophelo ba hae a hahamalla tokolohong ya naha ya rona le batho ba yona, ho tloha ha e ne e le mohlankana. O sietse maAforika Borwa lefa la moshwelella, e seng mokgatlo wa habo feela, wa ANC.

Ho mo tlotla, re phatlaladitse selemo sa 2017 ho ba Selemo sa Oliver Reginald Tambo. Ke selemo sa ho sebetsa re tshwarane re le maAforika Borwa kaofela jwalokaha re ntshetsa Aforika Borwa pele, re le mmoho.
Re motlotlo ho amohela ba lelapa la Tambo phirimaneng ena, Monghadi Dali Tambo le mofumahadi wa hae Rachel, esita le mora wa bona, Oliver Tambo Junior.

Re boetse re hlolohellwa Mama Africa, Mirriam Makeba, ya ileng a etsa nalane ha a ne a tshetleha puo Mokgatlong wa Matjhaba a Kopaneng ka 1963, a etsa boipiletso ba hore ho nkuwe dikgato kgahlanong le puso ya kgethollo.

Re amohela setloholo sa hae Zenzile Makeba Lee le setloholwana sa hae Lindelani, ka diatla tse mofuthu.

Baheso,

Selemong sena sa bo23 sa tokoloho ya rona, maikemisetso a rona a dula a ntse a na le tjhatjhehelo ya Aforika Borwa e kopaneng, ya demokrasi, e sa kgetholleng ka bong le borabe ebile e le e atlehileng.

Re tataiswa ke Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), re aha Aforika Borwa e tlamehang ho tswa ditlamong tsa bofuma, ho se lekane le leqeme la mesebetsi.

Leha boemo ba moruo bo ntse bo sa tsitsa lefatshe ka bophara, dikgakanyo di bontsha hore re kene nakong ya tsosoloso. Re lepa sekgahla sa kgolo ya moruo sa 1.3% ka 2017 kamora ho hakanngwa ha 0.5% ka 2016.

Leha ho le jwalo, moruo o ntse o sa hole ka potlako e ntle ya ho thea mesebetsi eo re e hlokang. Ho na le ba bang ba batho ba habo rona, ho akga le batjha, ba so kang ba sebetsa ka dilemolemo.

Ke ka lebaka lena re ileng ra qeta ka ho tsepamisa maikutlo dinthong tse mmalwa tsa bohlokwa tse hokahantsweng e le Morero o Ntlha-Robong, ho tsosolosa kgolo ho etsetsa hore moruo o thee mesebetsi ena e hlokehang.

Dintho tseo ho tsepamisitsweng maikutlo ho tsona di akga kaho ya diindasteri, merafo le ntlafatso ya dirafshwa, temothuo le tokiso ya dihlahiswa tsa yona, eneji, dikgwebo tse nyane, tse mahareng le kgolwanyane (di-SMME), taolo ya dikgohlano tsa mesebetsing, ho hohela matsete, ho hodisa moruo wa mawatleng le bohahlaudi.

Re boetse re ekeditse dintho tse ding tsa bohlokwa tse kang saense le theknoloji, meralo ya motheo ya metsi le tlhwekiso ya dikgwerekgwere, meralo ya motheo ya dipalangwang le kanetso ya maqhubu a kgaso.

Ke batla ho fana ka tlalehelo e mabapi le mosebetsi o entsweng nakong ya selemo se fetileng, ho tse ding tsa dintho tsena.

Dipontshano tseo re di qadileng ngwahola dipakeng tsa mmuso, kgwebo le basebetsi, tse tsejwang ka hore ke Kgato ya CEO, di thusitse haholo. Re kgonne ho rarolla tse ding tsa diphephetso tsa kwano lapeng, re le mmoho.

Re atlehile ho qoba ho nyobetswa sekgahleng sa mekitlane, e leng ntho e ne tla thefula moruo wa rona hampehadi.

Tikoloho ya rona ya basebetsi le yona e bontsha matshwao a botsitso, ka lebaka la tshebedisanommoho ya balekane. Mokgwa oo balekane ba itshwereng ka wona nakong ya ditherisano tsa meputso, haholoholo lekaleng la polatinamo, e tlameha ho thoholetswa.

Ho sebetsa ka kopano ho ile ha boela ha bonahala hape bekeng ena, ka ho phethelwa ha tumellano ya meputso e tlase naheng esita le matsapa a ho tsitsisa dikamano tsa basebetsi.

Sena se latela kgoeletso e entsweng Puong ya Boemo ba Naha ka la 14 Phuptjane 2014.

Re thoholetsa Motlatsi wa Mopresidente le moifo ho Ntshetsopele ya Moruo wa Naha le Lekgotla la tsa Basebetsi (NEDLAC) ka katleho ena mme re ba lakaletsa mahlohonolo mosebetsing o sa ntsane o tshwanela ho etswa.

Baheso,

Nanabetso ya ditshebeletso tsa mantlha setjhabeng e tswetsepele nakong ya selemo se fetileng jwalokaha re hahamalletse bophelong bo ntlafetseng ba bohle. Ho fihlela kajeno, ke malapa a ka bang dimilione tse supileng a hoketsweng marangrang mme jwale a na le motlakase.

Katleho ya ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a Eskom a Kaho le Tokiso e thusitse ho netefatsa boteng ba botsitso le ho fela ha phifalo ya motlakase.

Mosebetsi o tswelapele ho netefatsa boteng ba tshireletso ya eneji. Eneji e ntjhafatsehang e bopa karolo ya bohlokwa ya ho tswakwa ha eneji ya rona, ho boelang ho akga phehlo ya motlakase ka kgase, nyutlilere, matla a letsatsi, moya, metsi le mashala.

Mmuso o na le boikitlaetso kakaretsong ya Lenaneo le Ikemetseng la Tlhahiso ya Matla a Motlakase mme re atollela lenaneo lena mehloding e meng ya eneji e akgang mashala le kgase, ho eketsa kahodima eneji e ntjhafatsehang.

Eskom e tla tekena ditumellano tse setseng tsa theko ya matla a motlakase bakeng sa eneji e ntjhafatsehang, ho ya ka mekgahlelo e seng e fumanwe.

Mmuso o sebetsa ka thata ho netefatsa boteng ba phepelo e tshepahalang ya metsi a mangata dibakeng tse fapaneng tsa naha, ho tshehetsa kgolo ya moruo ha ho ntse ho eketswa phihlello ho ba tlokotsing esita le bomasepala ba mahaeng.

Matsapeng a ho kgina tahlehelo e kgolo ya metsi, eo e bang bomasepaleng ba bang e tlotse haholo tekanyetsong ya naha, eo e leng 37% hajwale; batjha ba ka bang 10 000 ba sa sebetseng ba a rupellwa ho ba dipolambara, diathisene le diakgente tsa metsi. Ba bang ba bangata ba tla kenngwa monongwaha, ho ya fihlella palong ya 15 000.

Re etsa kgoeletso ho bomasepala hore ba tshehetse lenaneo la Twantsho ya ho Dutla ha metsi.
Re tswelapele ho aha dikolo tsa sejwalejwale, re tlosa meaho ya mobu le meaho e meng e sa lokang, ka Kgato ya Phano e Potlakileng ya Meralo ya Motheo ya Dikolo (ASIDI). Sena se fa bana ba rona seriti.

Palo yohle ya meaho e 173 e sa lokang e heleditswe haesale ho tloha ka 2011. Ka kakaretso, dikolo tse ntjha tse 895 jwale di fana ka tikoloho e ntle ya ho ithuta bakeng sa bana ba rona.

Papatsong ya botsetedi, mmuso o theile InvestSA, sebaka seo ho fumanehang ntho tsohle tse amanang le botsetedi naha ka bophara mme e tla bula ditsi diprofenseng tsa KwaZulu-Natal, Gauteng le Kapa Bophirimela.

Molaetsa o totobetse mafapheng a mmuso a amehang. Ha ho a tlameha hore ho be le tieho kapa ditshita tse sa hlokeheng. Ho tloha ho ntshuweng ha dilaesense le divisa, re tshwanela ho nolofatsa maemo a ho etsa kgwebo Aforika Borwa.

Baheso,

Mopresidente Oliver Reginald Tambo e ne e le titjhere ya mmetse le saense. Ho mo hopola, mmuso o tla e bea ka sehloohong taba ya mmetse le saense monongwaha le ho feta pele.

Re kgothatswa ke diphetho tsa moraorao tsa matjhaba.

Diphetho tsa Ditlwaelo Thutong ya Matjhaba ya Mmetse le Saense esita le Sehlopha sa Borwa le Botjhabela ba Aforika sa ho Disa Boleng ba Thuto di bontsha hore mosebetsi wa baithuti ba Aforika Borwa o a ntlafala.

Hara dinaha tse nkang seabo, Aforika Borwa e bontshitse ntlafalo e kgolo ya dintlha tse 87 ho mmetse le dintlha tse 90 ho saense.

Sena se kgothatsa haholo, kaha re sa rate hore bana ba rona ba salle morao.

Botsetedi ba rona ho saense le theknoloji bo tla le diphetho tse ntle.

Haesale Aforika Borwa, e tsheheditswe ke balekane ba yona ba robedi ba Aforika, e hapa boiketo ba ho amohela thelesekoupu ya Pokello ya Sekwere sa Khilomithara (SKA), ho se ho entswe kgatelopele e ntle kahong ya projeke ena ya tonanahadi ya saense mme e fola melemo.

Mmoho le thelesekoupu ya MeerKat, e e sietseng sebaka, projeke ya SKA e tswelapele ho etsa dinyehelo tsa bohlokwa ntshetsopeleng ya moruo wa setjhaba Aforika Borwa.

Ka ho sebedisana le indasteri, Lefapha la Saense le Theknoloji le kenya tshebetsong lewa la ho bea theknoloji kahara dibaka. Sena se netefaditse hore thelesekoupu ya MeerKat ya R2 bilione e ahwa ka tshebediso ya 75% ya dihlahiswa tsa kwano lapeng.

Sena se lebisitse tlhahisong ya mesebetsi Kapa Leboya esita le ho kopanngwa ha merabe moruong ka ho thewa ha mesebetsi ya diathisene le ya tokiso, mmoho le papatso ya saense e le motjha wa mosebetsi o ka latelwang.

Meralong ya motheo ya mebila, SANRAL e se e qadile ka mokgahlelo wa ho rera kaho wa projeke ya R4.5 bilione ya ho ntlafatsa mmila wa Moloto.

Re aha mmila wa Moloto le seporo sa terene hore ho bolekehe maphelo a batho hobane dikotsi di se di nkile maphelo a mangata sebakeng seo.

Nakong ya 2016, Aforika Borwa e ile ya boela ya tekena tumellano ya tshebedisanommoho le Rephaboliki ya Batho ba China (PRC) ho aha Kgoro ya Ntshetsopele ya Seporo sa Moloto.
Ka 2014, re kgakotse Mokgwa wa Diphetho tse Kgolo tse Potlakang wa Operation Phakisa makaleng a moruo wa mawatleng, bophelo bo botle, thuto le merafo. Sepheo e ne e le ho fumana diprojeke tse mmalwa tsa bohlokwa moo re neng re ka utolla kgolo ho kenngweng tshebetsong ha NDP.

Diprojeke tsohle di tswelapele hantle.

Sesole sa Metsing sa Aforika Borwa se boetse se na le seabo projekeng ya Operation Phakisa mme se itlhophisetsa ho ba le karatjhe ya mmuso Simon’s Town bakeng sa dikepe tsohle tseo e leng tsa mmuso ho akga le tlhokomelo le tokiso ya dikepe tseo e leng tsa mmuso, ka selekane se setjha se theilweng sa Sesole sa Metsing sa Aforika Borwa, ARMSCOR le Denel.

Re hlwaile bohahlaudi e le ba bohlokwa ho ka hlahisa mesebetsi. Re motlotlo ka hore manane a bahahlaudi ba fihlileng nakong ya Pherekgong ho ya ho Pudungwana 2016 e eketsehile ho ya ho dimilione tse robong, e leng keketseho e kahodimonyana ho milione ya ba fihlileng papisong le 2015. Sena se bontsha kgolo ya 13% ya ho fihla ha bahahlaudi.

Mmuso o na le mananeo a sebetsang hantle a ho fedisa bofuma a kang Lenaneo le Atollotsweng la Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP). Ho feta moo, dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba jwale di fihlella bathong ba seng ba tla fihla ho dimilione tse 17, boholo ke metsofe le bana. Malapa a mangata a ne a ke ke a kgona ho iphepa ha e ne e se ka dithuso tsa ditjhelete tsa setjhaba.

Haesale ho tloha ka 2014, EPWP e theile menyetla ya mesebetsi e fetang dimilione tse pedi e le ho hahamalla phihlellong ya pehelo ya menyetla ya mesebetsi e dimilione tse tsheletseng mafelong a Tlhakubele 2019. Menyetleng e theilweng ya mesebetsi, e fetang milione e nkilwe ke batjha.

Nakong ya 2015/16, menyetla ya mesebetsi e kahodimo ho 61 000 e ile ya thewa ka mananeo a tikoloho a kang Mesebetsi e amanang le Metsi, Mesebetsi e amanang le Diphula tse nang le Metsi, Mesebetsi e amanang le ho tjha ha Mello le Mesebetsi e amanang le Tikoloho. Batho ba kahodimo ho 60% ba fotseng melemo e ne e le batjha.

Mmuso, o sebetsa le setjhaba, o lwantshana le dimpe tse setjhabeng tse tabolang setjhaba ka lehare, tse kang dithethefatsi le tshebediso e mpe ya tsona. Ho tloha Soshanguve ho ya Rosettenville kapa KwaMashu ho ya Cape Flats, dibaka tsena di mathateng ka lebaka la dithethefatsi.

Ntle le sepolesa, phano ya ditshebeletso tsa kalafo le thibelo ke ya bohlokwa le yona.

Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le aha ditsi tse ntjha tsa kalafo ya setjhaba diprofenseng tseo ho se nang disebediswa tse jwalo, Kapa Leboya, Leboya Bophirima, Limpopo, Freistata le Kapa Botjhabela.

Ha re sebetsa mmoho re tla pholosa batjha ba rona dithethefatsing.

Dinthong tse amanang le bophelo bo botle, Inshorense ya Bophelo bo Botle ya Naha (NHI) ke projeke ya rona e tswileng matsoho e reretsweng ho isa Aforika Borwa boemong ba Inshorense ya Bophelo bo Botle ya Lefatshe Lohle.

NHI e tla kenngwa tshebetsong ka nako ya dilemo tse 14 ka mekgahlelo e meraro.

Re kahara mokgahlelo wa pele, e leng mokgahlelo wa boitlhophiso, o qadileng ka 2012.

Baheso,

Re tshwenyehile haholo ke ho shwa ha bakudi ba kelello ba bangata hakana Gauteng.

Bakudi ba kulang ka kelello ke ba bang ba ditho tsa setjhaba ba tlokotsing ka ho fetisisa, ba hlokang tshireletso ya Mmuso ka bowona esita le setjhaba ka kakaretso. Ke laetse Letona la tsa Bophelo bo Botle ho netefatsa hore dikgothaletso tsa Monamodi wa tsa Bophelo bo Botle di kenngwa tshebetsong kahohlehohle ebile e le ka potlako ntle le qeaqeo.

Re amohela kgothaletso ya Monamodi wa tsa Bophelo bo Botle ya hore ho na le tlhokeho e potlakileng ya ho sheba botjha Molao wa Naha wa Bophelo bo Botle, 2003 (Molao wa 61 wa 2003) le Molao wa Tlhokomelo ya Bophelo bo Botle ba Kelello, 2002 (Molao wa 17 wa 2002) ka maikutlo a hore matla a mang le mesebetsi e meng di busetswe ho Letona la tsa Bophelo bo Botle.

Hape hape, re fetisa matshediso a rona a tswang botebong ba pelo ho malapa ohle le beng ka bafu.

Mmuso o tla fana ka tshehetso ho etsetsa hore malapa a se ke a imelwa ke morwalo ona a le mang. Tonakgolo ya Gauteng le Letona la Bophelo bo Botle ba se ba fane ka tiisetso ena.

Boholo ba mosebetsi bo se bo entswe nakong ya selemo se fetileng ho kenngweng tshebetsong ha Morero o Ntlha-Robong le mananeo ohle a rona. Matona a tla tlaleha haholwanyane ka mananeo ana nakong ya ho tekwa ha dibajete tsa mafapha.

Ditho tse Hlomphehang,

Ke batla ho bua ka dintlha tse ka sehloohong bakeng sa selemo seo re leng ho sona.

Tokoloho ya sepolotiki e le nngwe ha e a phethahala ntle le tokoloho ya moruo.

Oliver Tambo o ne a bue ka ho totobetseng ka taba ena kopaneng ya moketjana wa Mokga wa Bokomonisi wa Aforika Borwa (SACP) London ka 1981.

O ile a re:

“Sepheo sa ntwa ya rona Aforika Borwa, jwalokaha se hlakisitswe Tokomaneng ya Tokoloho, se akaretsa tokoloho ya moruo. Ha ho utlwisisehe hore tokoloho e be le moelelo ntle le pusetso ya moruo wa naha bathong ka kakaretso.

“Ho dumella maqulwana a renang jwale moruong ho fuama ditabatabelo tsa wona ke ho nontsha methapo ya ho okamela ha semorabe le tlatlapo, mme seo ha se a emela esita le moriti wa tokoloho.

“Kahoo, ke lekgetha la bohlokwa la leano la rona hore tlholo e tlameha ho phollaka haholwanyane ho feta demokrasi ya sepolotiki; mme sefutho sa rona sa tokoloho ya naha se tlameha ho kenyeletsa tokoloho ya moruo.”

Re bolelang ka phetoho e matla ya moruo wa setjhaba?

Re bolela phetoho ya bohlokwa sebopehong, tsamaisong, ditheong le mokgweng wa boithuelo, bookamedi le taolo ya moruo molemong wa maAforika Borwa ohle, haholoholo ba kojwana di mahetleng, bao boholo ba bona e leng maAforika ebile e le ba batshehadi, jwalokaha ho hlalositswe ke mokga o busang, o etsang maano a mmuso wa demokrasi.

Dilemong tse 22 tsa tokoloho ya rona le demokrasi, boholo ba batho ba batsho bo ntse bo sa matlafatswa moruong. Ha ba a kgotsofala ke tse fumanwang moruong ho tloha tokolohong.

Sekgeo dipakeng tsa meputso e tlase ya malapeng e kenang ka selemo malapeng a maAforika le a ba basweu ka ho le leng se dutse se le seholo ka ho nyarosang.

Malapa a ba basweu a fumana kahodimo ho malapa a ba batsho ka makgetlo a mahlano bonnyane, ho ya ka Dipalopalo tsa Aforika Borwa (Stats SA).

Maemo mabapi le boithuelo ba moruo a boela a bontsha ao a ditjhelete tse kenang malapeng.

Ke 10% feela eo e leng ya maAforika Borwa a matsho dikhamphaneng tse lekgolo tse kahodimodimo Phapanyetsanong ya Ditjhelete le Diabo ya Johannesburg (JSE), e ileng ya atleha, ka mananeo a matlafatso ya ba batsho, ho ya ka Letlole la Naha la Matlafatso.

Sekgahla sa phetoho mesebetsing, ho kenngwa tshebetsong ha maano a tekanyo ya menyetla jwalokaha ho hlokeha ho Molao wa Tekanyo Mesebetsing, 1998 (Molao wa 55 wa 1998) le sona se sisitheha haholo.

Ho ya ka lesedi la 2015/16 le kentsweng Khomisheneng ya Tekanyo Mesebetsing, boemedi ba basweu ditulong tse hodimo tsa bookamedi bo ne bo fihla ho 72% ha boemedi ba maAforika bo ne bo le ho 10%.

Boemedi ba batho ba mmala bo ne bo eme ho 4.5% mme ba maIndia ho 8.7%.

Tlaleho e boela e tswelapele ka hore maAforika Borwa a masweu, haholoholo banna, a fuwa menyetla ya boemo bo hodimo ya kgiro, ho nyollwa mesebetsing esita le thupello papisong le dihlopha tse qollotsweng.

Boemong ba bong ditulong tsa bookamedi bo boholo, ba batona ke bona ba bangata ka 67.6% athe ba batshehadi ba ho 32.4%.

Sebopeho se matswedintsweke sa mekgwa ya boithuelo le boetapele se hloka ho otlollwa. Ha ho ka ke ha ba teng botsitso moruong ofe kapa ofe haeba bongata bo kotetswe ka mokgwa ona. Dipuisanong tsa ka le ba kgwebo, ba dumellane le diphetoho tsena tsa bohlokwa.

Kajeno re phetla leqephe le letjha la phetoho e matla ya moruo wa setjhaba. Re re re tlameha hore re se ke ra bua feela ka molomo, empa re qale ho kenya mananeo tshebetsong.

Mmuso o tla ba le seabo moruong e le ho akofisa phetoho eo. Ntlheng ena, mmuso o tla sebedisa ka botlalo, disebedisuwa tsa mawa tse teng Mmusong.

Sena se akga ketso ya melao, melawana, ho ntshuwa ha dilaesense, bajete le phumantsho esita le ditokomane tsa Matlafatso ya Motheo o Batsi ya ba Batsho Moruong ho susumetsa boitshwaro ba lekala la poraefete le ho ntshetsapele diphetoho.

Mmuso o sebedisa R500 bilione ka selemo ho reka thepa le ditshebeletso. Hodimo ha yona ke bajete ya R900 bilione ya meralo ya motheo. Dibajete tseo di tlameha ho sebedisetswa ho fihlella diphetoho tsa moruo.

E le ho qala, melawana e metjha e etsang hore e be tlameho hore dikonteraka tse kgolo di theolele 30% ya mesebetsi ya tsona dikgwebong tseo e leng tsa batho ba batsho, e se e phethetswe mme e phatlaladitswe ka la 20 Pherekgong.

Ka melawana e jwalo le mananeo, mmuso o tla kgona ho sebedisa matla a ho reka a Naha ho matlafatsa dikgwebo tse nyane, dikgwebo tsa mahaeng le tsa makeisheneng, dihlopha tse qollotsweng esita le ho phahamisa ntshetsopele ya diindasteri tsa lapeng.

Diphephetso tse pedi tse ka sehloohong tseo re tobaneng le tsona ke tshubuhlellano e kgolo moruong esita le mmomori wa dikhamphane wa ho etsa selekane sa ditheko le boqitolo ba ho nyolla ditheko, e leng tsona tse qhelelang bahwebi ba fokolang thoko ebile di sithabetsa ho kena ha batjha ba bahwebi le boradiindasteri ba batsho.

Makgotla a ditlhodisano a entse mosebetsi o kgabane wa ho nyebokolla maqitolo esita le ho a fumantsha kotlo ka ho tlola molao.

Ngwahola ke tekenetse hore e be molao, karolo ya ho etsa hore e be tlolo ya molao boqitolo le mmomori mme e qadile ho sebetsa ka la 1 Motsheanong. E fupere kahlolo e fihlellang dilemong tse 10 tjhankaneng.

Jwale re mothating wa ho tiisa meqheleba dikgatong tsa rona tsa ho sebetsana le phephetso e nngwe, e leng tshubuhlellano moruong, moo sehlopha se senyane se laolang boholo ba mebaraka.

Monongwaha, Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo le tla fa Kabinete molao o entsweng o tla be o habile ho hlomathisa Molao wa Ditlhodisano, 1998 (Molao wa 89 wa 1998). Ho tse ding, o tla rarolla tlhokeho ya ho kenyelletswa ho tomanyana moruong esita le ho notla sekgahla se hodimo sa boithuelo le taolo seo re se bonang makaleng a mangata. Jwale re tla tekela Palamente molao oo o entsweng hore e o lekole.

Ka mokgwa ona, re habile ho bula moruo ho ba nang le thahasello, re fe maAforika Borwa a matsho menyetla moruong re be re etse moruo hore o be mahlahahlaha, o qothisane lehlokwa o be o kenyeletsa bohle. Ena ke tjhebelopele ya rona ya phetoho e matla ya moruo.

Baheso,

Mmuso o itahletse ka setotswana lekaleng la matlo, mme o se o fane ka matlo a fetang dimilione tse nne haesale ho tloha ka 1994.

Boleng ba lekala lena naheng ya rona bo ho R7 terilione, ha ba lekala le tlatseletswang ka ditjhelete bo le ho R1.5 terilione.

Leha ho le jwalo, beng ba karolo e katlase ho 5% ya lekala lena kapa bolaodi ke batho ba batsho mme ke maAforika haholoholo. Bili ya nakwana ya Barekisi ba Matlo le Meaho e tla phatlalatswa ke Lefapha la Bodulo ba Batho bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba ka sepheo sa ho thea lekala le kenyeletsang bohle, le nang le boemedi ha tomanyana, ho habilwe phetohong e matla ya moruo.

Ho tse ding tsa dintho tse ka sehloohong monongwaha, mmuso o tla boela o rarolla taba ya ditieho le ditshallomorao tse eketsehang ngodisong le ho ntshuweng ha mangolo a ho ba monga thepa ka botlalo ho bafola molemo ba diprojeke tsa matlo a lefelletsweng ka tjhelete ya tlatseletso.

Baheso,

Re thasisetsa hape hore phetoho e matla moruong e tshwanela ho bolela hore ho hahamallwa ka nqane ho dikema tsa boithuelo ba diabo feela.
Re lakatsa ho bona batho ba batsho ba itahletse ka setotswana ka kotloloho dikgwebong, e le beng ba difeme. Kahoo, ntshetsopele ya Lenaneo la Boradiindasteri ba Batsho le bohlokwa.

Haesale la na la thewa, lenaneo lena le tsheheditse bahwebi ba kahodimo ho 22.

Mmuso o na le menyetla e meng diprojekeng tsa tlhokomelo ya matlo ya Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba.

Lefapha le tla tsetela R100 milione monongwaha mananeong a bohlokwa a ditjhelete tsa ho qala kgwebo le tlhokomelo ya thepa, ho ntlafatsa dibaka tsa boemakepe. Ba tla boela ba tswelapele ho bokella tjhelete e kenang ka ho hirisa dibaka tsa boemakepe boo e leng ba mmuso le meaho e ka lebopong la lewatle, e tla thusa di-SMME tseo e leng tsa batho ba batsho.

Mmuso o tla boela o tswelapele ho sututsa maano a habileng ho batsisa seabo sa batho ba batsho le di-SMME, ho akga le tseo e leng tsa basadi le batjha, lekaleng la lesedi le theknoloji ya dikgokahanyo.

Re tiisetsa batjha hore ho theolwa ha ditjeo tsa data ke ntho ya bohlokwa maanong le mererong ya rona.

Baheso,

Haesale merafo e ntse e le tshiya ya moruo wa rona ebile e le baamohedi ba bohlokwa ba diphapanyetsano tsa bolata.
Re amohela tsosoloso dithekong tsa dihlahiswa, e bakileng hore dintho di ye tsullung tlhahisong ya merafo. Sena se thophothela hamonate diindastering.

Tokomane ya Merafo e ntse e shejwabotjha hajwale. Tokomane e habile ho ananela tokelo e amohelehileng matjhabeng ya Mmuso ya ho nka taolo ya mehlodi yohle ya dirafshwa le peteroliamo kahare ho rephaboliki.

E boetse e reretswe ho thusa naha ho fedisa semorabe boithuelong ba indasteri ya merafo. Sena se tla thusa ho netefatsa boteng ba botsitso indastering ena.

Re tshepa hore dipuisano tse dipakeng tsa mmuso le kgwebo ka tokomane ena di tla bea ditholwana ho etsetsa hore mosebetsi o phethelwe.

Re tla tswelapele ho sututsa taba ya ho kenakena ha mmuso ka kotloloho ho tsa merafo. Bili ya Dikhamphane tsa Merafo tsa Aforika Borwa e tla tekelwa Kabinete le Palamente ha selemo se ntse se rwalellana.

Bili ya Sehlomathiso ya Ntshetsopele ya Mehlodi ya Dirafshwa le Peteroliamo e ile ya busetswa Palamenteng ho etsetsa hore dintho tse amanang le mosebetsi wa ho buisana le setjhaba tse entsweng ke makgotla a ketsamelao a diprofense di rarollwe.

Re a tshepa hore e tla sebetswa e be e kgutliswe hore e ilo phethelwa ntle le tiehiso e kgolo, ho etsetsa hore dingongoreho tse amanang le qeaqeo tse hlahisitsweng ke ba kgwebo di rarollwe.

Mmuso o tswelapele ho sebetsa le ba bang ba amehang ho lwantsha merafo e seng molaong, ho pholosa maphelo le ho thibela ho kgukguniswa ha mahakwe a bohlokwa le ditaemane.

Re boetse re tswelapele ho tsepamisa maikutlo ho bophelo bo botle le polokeho ya basebetsi ba merafong, e leng ntho ya bohlokwa ka hofetisisa boitjarong ba nako e telele lekaleng la merafo. Ha re sebetsa mmoho le dikhamphane tsa merafo re ka netefatsa hore maphelo a sireletswa ka dinako tsohle.

Koduwa e etsahetseng Morafong wa Lily Mpumalanga pejana ka 2016, ke ya pele ya mofuta wa yona eo re e boneng haesale ho ne ho fihle demokrasi.

Malapa a mahlonokong a maholo mme a thefulehile.

Baheso,

Ho tla ba boima haeba ho sa tlo kgoneha ho hang, ho fihlella poelano ya nnete ho fihlela taba ya mobu e rarollwa.

Ke dihekthare tse dimilione tse robedi feela tsa mobu o ka lengwang o fetiseditsweng bathong ba batsho, e leng 9.8% feela ya dihekthare tse 82 milione tsa mobu o ka lengwang Aforika Borwa.

Ho boetse ho bile le phokotseho ya 19% malapeng a neng a lema ho tloha ho 2.9 milione ka 2011 ho ya ho 2.3 milione ka 2016.

Re ile ra hlakisa maikemisetso a rona a ho sebedisa Molao wa Kamoho ya Mobu, 1975 (Molao wa 63 wa 1975) ho sututsa tlhabollo ya mobu le kabobotjha ya mobu, ho ya ka Molaotheo. Jwale ke qetile ka ho busetsa Bili ena Palamenteng hore e ilo lekolwa botjha ka lebaka la hore e ka nna ya se ke ya atleha bookameding ba molaotheo. Sena, ke ka lebaka la seabo se sa lekanang sa setjhaba nakong ya ha e ne e etswa.

Re a tshepa hore Palamente e tla kgona ho akofa ho kgahlanyetsaneng le ditlhoko tsena, ho etsetsa hore molao o phethelwe mme ho kenngwe diphetoho.

Pulobotjha ya ditseko tsa mobu e sa ntse e emisitswe hobane Molao wa Sehlomathiso wa Ditlhapiso tsa Ditokelo tsa Mobu, 2014 (Molao wa 15 wa 2014) o ile wa tsebiswa o se molaong ke Lekgotla la Molaotheo.

Lekgotla la Molaotheo le fumane hore mosebetsi wa ho buisana le setjhaba o hlophisitsweng ke NCOP le makgotla a ketsamelao a diprofense tse ding, ha o a ka wa fihlella maemo a beilweng ke Molaotheo.

Ha re tswela pele, mmuso o tla tswelapele ka ho kenya tshebetsong mananeo a mang a kang lenaneo la Matlafatso ya Ditokelo tsa Bohlokwa tsa Batho ba Sebetsanang le Mobu, le boelang le tsejwa ka hore ke lenaneo la 50-50.

Lenaneong lena, basebetsi ba mapolasing ba ipopa ho ba setheo sa molao mme ha ba le mmoho le monga polasi, khamphane e ntjha e a thewa mme basebetsi le monga polasi e ba beng ba polasi ka kopanelo.

Ho fihlela kajeno, ditshisinyo tse 13 di se di ananetswe, e leng se folang molemo malapa a badudi ba mapolasing a 921 ka boleng ba R631 milione. Re thoholetsa borapolasi le basebetsi ba mapolasing ka kgato ena.

Ya bohlokwahlokwa, re ipiletsa ho batseki ba mobu hore ba amohele mobu ho e na le ditlhapiso tsa ditjhelete. Ha jwale ke ditseko tse kahodimo ho 90% tse lokiswang ka ditlhapiso tsa ditjhelete, e leng ntho e sa thuseng ho hang mosebetsing ona. E kgothaletsa taba ya ho hloka mobu. E boela e hatikela matlafatso moruong.

Mmuso o ikitlaeditse ho tshehetsa borapolasi ba ntseng ba hola ba batsho.

Ke amohetse memorandamo o tswang Mokgatlong wa Aforika Borwa wa Borapolasi ba maAforika, o reng selemo sa 2017 se tlameha ho ba selemo sa ho kenngwa kgwebong ha borapolasi ba batsho ba ntseng ba hola.

Ka sebele, mmuso o tla kenya tshebetsong lenaneo la tshehetso ya ho kenngwa kgwebong ha borapolasi ba batsho ba ntseng ba hola ba 450.

Re kgothaletsa basadi ba bangata ho nahana ka ho kena temong. Ke na Rapolasi wa Selemo sa 2016 ya Motshehadi, e le moeti wa ka ya kgethehileng kajeno, Vanecia Janse wa masepaleng wa Koukamma Kapa Botjhabela.

Baheso,

Borapolasi ba rona ba fetile mathateng nakong ya selemo se fetileng ka lebaka la komello.

Ho fihlela kajeno, tjhelete e lekanyetswang ho R2.5 bilione e ile ya ntshuwa bakeng sa phano ya furu ya diphoofolo, meralo ya motheo ya metsi, ho tjheka, phano ya disebedisuwa le ntjhafatso ya didiba tse tjhekilweng, fantisi le mehato e meng ya bokenadipakeng.

Ho feta moo, Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri (IDC) le Banka ya tsa Mobu di neelane ka tjhelete e kaalo ka R500 milione ho borapolasi ba thefulehileng, ho tsitsisa dikoloto tsa bona esita le tshehetso ya dikadimo tse fokolang tsa ditjhelete.

Baheso,

Mopresidente Oliver Reginald Tambo e ne e le molwanedi wa ditokelo tsa basadi.

Re tla tswelapele ho bea ka sehloohong matlafatso ya basadi mananeong ohle a mmuso.

Mmuso o tla tswelapele ho bea ka sehloohong phihlello ya basadi menyetleng ya moruo, haholoholo tjheleteng ya ho etsa kgwebo esita le ho fumana sekoloto.

Ena ke tokoloho eo bahale ba Ntwa ba kang mofu Dora Tamana wa Gugulethu, kwano Motse Kapa, ba e lwanetseng. Ke motlotlo ho ba le mora wa hae, Mongezi Tamana, e le moeti kajeno.

Baheso,

Ka Tshitwe 2015, baithuti ba diyunivesithi ba ile ba hlahisa dingongoreho tsa bona ka ditjeo tsa thuto e phahameng.

Ba bontshitse ka nepo hore dikoloto tseo ba seng ba na le tsona esita le ditefello tsa thuto tse nyolohang ka potlako di thatafatsa maemo haholo bakeng sa bao ba tswang malapeng a kojwana di mahetleng hore ba kene ba be ba tsepame kahara thuto ho fihlela ba phethela dithuto tsa bona.

Ke ka lebaka lena e leng hore ha baithuti ba diyunivesithi ba hlahisa dingongoreho tsa bonnete ka ho qhelelwa ka thoko diyunivesithing, mmuso wa rona o tsotellang o ile wa arabela ka bokgabane ka hore o nke boikarabelo ba ho lefa tjhelete e nyollotsweng bakeng sa selemo sa dithuto sa 2016.

Mmuso o boetse wa lefa dikoloto tsohle tse kolotwang ke baithuti ba Lekgotla la Naha la Dithuso tsa Ditjhelete tsa Baithuti (NSFAS) mme wa nanabetsa phumano lenaneng la baithuti le hodimo le ho feta pele.

Nakong ya ho tekwa ha Leanong la Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng (MTBPS) la 2016, mmuso wa rona o tsebisitse ka mehato e ekeditsweng e reretsweng ho etsa hore thuto e fihlellehe baithuting ba bangata ba tswang malapeng a basebetsi.

Mmuso o se o fane ka ditjhelete tsa ho netefatsa hore ha ho moithuti eo e bang tjhelete yohle e kenang lapeng labo ha e fete R600 000 ka selemo, ya tla tobana le nyollo ya ditefello diyunivesithing le dikholetjhe tsa Thuto le Thupello ya Mosebetsi wa Setegeniki (TVET) ka 2017.

Baithuti bohle ba lokelwang ke NSFAS ba seng ba amohetswe diyunivesithi le dikholejeng, ba tla thuswa ka tjhelete. Dikoloto tsa diyunivesithi tsa baithuti ba lokelwang ke NSFAS bakeng sa dilemo tsa dithuto tsa 2013, 2014 le 2015 di se di rarollotswe. Ka kakaretso, mmuso o boetse o beile ka sehloohong R32 bilione kahara manane a mmuso ho tshehetsa thuto e phahameng.

Re a netefatsa hore baithuti ba rona ba lokelwang, ba ka ithuta ntle le tshabo ya hore dikoloto tsa nako e fetileng di tla ba thibela ho phethela dithuto tsa bona.

Dilemong tse setseng tsa botsamaisi bona, maano a rona a tla arabela ka kotloloho dingongorehong tse latelang tseo baithuti ba re teketseng tsona:

Ya pele, baithuti ba hlahisitse ngongoreho ya hore sekepele sa NSFAS sa R122 000 se tlase haholo. Re tlameha ho shebisisa taba ena ka mohopolo wa ho nyolla sekepele ka mekgahlelo nakong e tlang.

Ya bobedi, baithuti ba bontshitse hore ditjeo tsa dithuto tsohle diyunivesithing tse ding e kahodimo ho tlatseletso eo NSFAS e fanang ka yona.

Ka lebaka leo, baithuti ba NSFAS ba ithutang diyunivesithing tse ding tse lefisang ditefiso tse hodimo, ba qetela ba na le sekoloto. Matsholo a thakgotsweng ke mmuso wa rona le wona a se a ntse a e shebisisa taba ena.

Ditho tse Hlomphehang le maAforika Borwa a heso, baithuti le batswadi ba bona ba tshwanela ho utlwisisa hore ditlhoko tsa ditshebeletso tse kang tsa metsi, tlhwekiso ya dikgwerekgwere, kgodiso ya bana ba banyane (ECD) le dipalangwang tse ntle tsa setjhaba le tsona di tshwanela ho rarollwa, hammoho le phihlello ya thuto e phahameng le thupelo tsa boleng.

Empa boikitlaetso ba rona ba ho fumana ditharollo tsa nako e telele tsa ho kenya tjhelete mathateng a setjhaba ka kakaretso, le thutong, haholoholo, ha bo sisinngwe.
Jwalokaha matsholo ao re a thakgotseng a le mathuleng a ho fela, jwaloka Khomishene ya Heher, Sehlopha sa Tshebetso sa Matona, dipuisano tse batsi le baithuti, boetapele ba diyunivesithi le Thuto le Thupelo ya Mesebetsi ya Matsoho ya Setekgeniki le setjhaba, re tla fumana mehlodi ya ho fa maano a rona meelelo.

Ke ipiletsa ho bohle ba amehang ho ba le seabo matsholong a seng a le motjheng, ho etsetsa hore ho se ke ha eba le maikutlo a sa sekehelweng tsebe.

Ha ho maikutlo a matle a tshwanelang ho kotelwa. Hang ha dikarolo tse kgolo tsa setjhaba di dumellana ka hore na ho etswe eng, mmuso wa rona o tla nka dikgato tsa ho boela o bea ka sehloohong mehlodi ya ho di kenya tshebetsong ka mekgahlelo.

Ha re buisaneng re tsebe ho hlwaya ditlhoko tseo e leng tsona tsa bohlokwahlokwa mme re anetse mehlodi ya rona e fokolang ka nepo. Ha re aheng boitshepo ba rona mme re hahamalle pele ka moya wa kopano.

Baheso,

Twantsho ya ditlolo tsa molao ke ntho ya bohlokwa e ka sehloohong. Sepolesa se tla eketsa lenane la mapolesa a bonahalang ditseleng, ho sehelwa thebe hodima mokgwa wa katleho ya ho bewa dibakeng tse fapaneng e sebedisitsweng nakong ya Letsholo la Monyaka wa Mafelo a Selemo a Bolokehileng.

Ba tla boela ba sebedisa bokgoni bo bong bo kgethehileng, bo kang ba dihlopha tse phahamelang mapoqo le diyuniti tsa naha tsa bokenadipakeng, ho thusa ho rarolla mathata a dibaka tse nang le ditlolo tse hodimo tsa molao.

Re fumane molaetsa o tswang Soshanguve bekeng e fetileng, wa hore ditlolo tsa molao di jele setsi tulong ya Block L le hore ho kwetela le ditlatlapo di hodimo. Ke dibaka tse jwalo tse hlokang ho aha dilekane tse matla le sepolesa, ho netefatsa hore batlodi ba molao ha ba ithuisa ka baahi.

Mehato e meng ya ho lwantsha ditlolo tsa molao naha ka bophara e akga ho thewa ha diyuniti tse kgethehileng, ho tsepamisitswe maikutlo ditlolong tsa molao tse amanang le dithethefatsi, merusu ya ditekesing le dithunya esita le tshebediso e ntlafaditsweng ya dithusetsi tsa ho batlisisa tse kang lesedi la forensiki.

Sepolesa se tla boela se ntlafatsa tshebediso ya databeisi ya DNA tlhwayong ya babelaellwa.

Re kopa setjhaba hore se sebedisane le sepolesa ho netefatsa hore dibaka di a bolokeha.

Baheso,

Re amohela phokotseho ya diketsahalo tsa ho utsuwa ha ditshukudu haesale ho tloha ka Mphalane 2015, e leng kgetlo la pele nakong ya dilemoshome. Sena se etsahetse ka lebaka la ditshebetso tse matla tsa kopanelo tsa diakgente tsa molao.

Baheso,

A mang a mawa a ho lwantsha ditlolo tsa molao ke ho netefatsa hore bao ba lokollwang tjhankaneng ha ba etse ditlolo tsa molao hape.

Lefapha la Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa le sebetsa ka thata ho fetola ditjhankana hore e be ditsi tsa tshokollo ka ho fana ka ditshebeletso tse fapaneng. Kahoo, maemo a boikamahanyo le parola esita le maemo a ho bewa tekong di ntlafetse ho ya fihla matshwaong a etsang nalane a 98%.

Naha e boetse ya etsa kgatelopele e ntle ho fokotseng manane a bana ba ditsing tsa tshokollo.

Baheso,

Ho phahamiswa ha phihlello tokeng ho ile ha fuwa moelelo o ekeditsweng ngwahola ha Karolo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Limpopo le ne le bulwa ka Pudungwana.

Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Mpumalanga le tla phethelwa nakong ya selemo sena sa ditjhelete. Ho sebetsa ha Makgotla ana a mabedi a phahameng a dinyewe ho bolela hore jwale re hlokometse sepheo sa lekgotla le phahameng la dinyewe profenseng e nngwe le e nngwe naheng ena.

Baheso,

Twantsho ya bonyofonyofo e tswelapele. Kahare ho Lekgotla la Botjhutjhisi ba Naha, Yuniti ya Kgapo ya Thepa e phethetse dinyewe tsa kgapo tse 389 tsa boleng ba R349 milione.

Ba fumane ditumello tsa ho hakuretsa thepa tse 326 tsa boleng ba R779 milione.

Palo yohle ya R13 milione e ile ya kgutliswa dinyeweng tseo ho tsona bahlanka ba mmuso ba neng ba ameha bonyofonyofong le ditlolong tse ding nakong ya selemo se fetileng.

Baheso,

Oliver Tambo o ile a etsa mohlala o motle wa leano la naha la bolata kgale kwana ka 1977 ha a ne a tshetleha puo Sebokeng sa pele sa mokga o busang wa Angola MPLA ka ho re:

“Re batla ho phela ka kgotso le baahisane ba rona le batho ba lefatshe lohle maemong a tekano, tlhomphano le menyetla e lekanang”.

Aforika Borwa e tlotlehile ka bodulasetulo ba Ntshetsopele ya Dibaka tsa Borwa ba Aforika (SADC) ho tloha ka Phato ya 2017. Re tla sebedisa sehla sa rona ho akofisa ho kenngwa tshebetsong ha Lewa la Diindasteri la SADC.

Re potlakisa lenanetsamaiso la momahanyo ka ho kenngwa tshebetsong ha SADC-COMESA-Sebaka sa Kgwebisano e Lokolohileng Setjhabeng sa Botjhabela ba Aforika.

Re tla tswelapele ka ho kena ha rona matsapeng a bonamodi, ditshebetso tsa ho boloka kgotso, le dikgato tsa ho tlisa kgotso Lesotho, Democratic Republic of Congo, Burundi, Mozambique, Sudan Borwa, Somalia le Libya. Lebotho la Sesole sa Naha la Aforika Borwa le emetse naha ka bokgabane matsholong a ho boloka kgotso.

Ho feta moo, kgwebisano le balekane ba rona ba tlwaelehileng ka bophirimela e dula e le monyehedi wa bohlokwa moruong wa rona.

Re tla tswelapele ka bolekane le Amerika mme re sebetse mmoho dinthong tse thusang mahlakoreng ohle tse kang ntjhafatso e tletseng ya Molao wa Kgolo le Menyetla ya Aforika (AGOA).

Re se nkela hloohong selekane sa rona le China. China ke e nngwe ya balekane ba bohlokwahlokwa ebile e le ba lewa la bohlokwa ba Aforika Borwa. Re ananela China e le ona feela mmuso le lekgotla le emetseng China ka kakaretso ’.

Aforika Borwa e boela e tiisa boemo ba yona le boikitlaetso ba yona ho ‘Sebetsa le Naha ya China jwaloka Moetapele wa Dinaha tsa China’ mme re nka Taiwan e le karolo ya bohlokwa ya China.

Boemong ba bolekane ba dikontinente, Lewa la Kopanelo la Kopano ya Aforika-Yuropa (EU) le dula e le moralo wa bohlokwa wa nako e telele bakeng sa tshebedisanommoho e tswelang pele.

Tumellano ya Selekane sa Moruo le EU e qadile ho sebetsa ka Loetse 2016, yaba e fana ka menyetla e metjha ya phihlello mebarakeng bakeng sa dihlahiswa tsa Aforika Borwa.
E batla e le dihlahiswa tsohle tsa Aforika Borwa, tse ka bang 99% di tla ba le phihlello e qollotsweng mebarakeng ya EU.

Tse ka bang 96% tsa dihlahiswa di tla mebarakeng ya EU ntle le hore di ye ditefellong tsa lekgetho kapa moqeqekong wa dithibelo.

Tumellano ya Kgwebisano ya Kopano ya Ditefello tsa Lekgetho ya Borwa ba Aforika e Qollotsweng ya Mercusor le yona e kene tshebetsong, e fana ka phihlello e qollotsweng dikepeleng tse fetang 1 000. Ena ke tumellano e phahamisang kgwebisano ya Borwa-Borwa.

Selekane sa rona sa tshebedisanommoho le mabatowa a mang se bea ditholwana. Banka e Ntjha ya Ntshetsopele ya BRICS e ngodisitswe kgatelopele e kgothatsang.

Re amohela Dihlooho tsa Naha tsa Goa BRICS le qeto ya mmuso ya ho thea Akgente e Sekasekang Maemo ya BRICS, ho etsetsa hore re tle re thusane ka ho hlahloba metjha ya rona ya moruo.

Re boetse re motlotlo ka ditumellano le balekane ba rona ba BRICS lekaleng la temothuo. Re tla kenya tshebetsong ditumellano tsa ho thakgoha ho diyantle tsa dierekisi tsa pulse, dimango le nama ya kolobe ho ya India.

Re tla boela re isa kantle ditone tse 20 000 tsa nama ya kgomo ho ya China ka selemo ka nako ya dilemo tse 10.
Re tla tswelapele ho sututsa tlhabollo ya mekgwatsamaiso ya Matjhaba hobane maemo a renang jwale a hatikela bokgoni ba dinaha tse thuthuang hore di kenye letsoho di be di fole molemo ka mokgwa o utlwahalang.

Monongwaha re tshwaya sehopotso sa bo50 sa ho dulwa ka sheshe ha Palestine.

Katoloso ya bodulo ba Isiraele e hatikela matsapa a lefatshe lohle a reretsweng ho fumana tharollo ya dinaha tsena tse pedi esita le tumellano ya Oslo. Re batla ho thasisetsa tshehetso ya rona ya malebaleba a Palestina.

Ka ho tshwanang, re tshepa hore kamohelobotjha ya Morocco Kopanong ya Aforika (AU) e tshwanela ho sebetsa jwaloka sesebediswa sa ho rarolla taba ya bophirimela ba Sahara.

E re ke eketse ka hore Aforika Borwa e tla sebedisa Letsatsi la Mabotho a Hlometseng ka la 21 Hlakola 2017 ho tshwaya meketjana ya dilemokgolo tsa koduwa ya ho teba ha sekepe sa SS Mendi, se siileng masole a 646 a shwele ka 1917.

Baheso,
Molaotheo o fana ka ditokelo tse lekanang le seriti ho maAforika Borwa ohle. Matjhaba a kopaneng (UN) a tsebisitse mohla la 13 Phuptjane e le Letsatsi la Matjhaba la Tlhokomediso ya Boalbino. Re tshwanela ho sebedisa letsatsi lena ho etsa tlhokomediso le ho fedisa kgethollo kapa kotsi eo baheso ba nang le boalbino ba teanang le yona dibakeng tse ding.

Re thasisetsa hore maalbino ke batho, ba tshwana le batho bohle naheng ena. Ha e fele ntho ya ho ba hlekefetsa. Ha di fele le dikgolo tse siyo ka bona.

Ke motlotlo ka ho le tsebisa Mofumahatsana Nomasonto Mazibuko, molaodi wa phethahatso wa Mokgatlo wa Boalbino wa Aforika Borwa, e leng e mong wa baeti ba ka ba kgethehileng.

Lekala la tsa dipapadi le lahlehetswe ke e mong wa bara ba dithatohatsi, Joost van der Westhuizen pejana bekeng ena. Indasteri ya mmino e sa tswa lahlehelwa ke dibini tse tummeng tsa mmino wa gospel, Sifiso Ncwane le Lundi Tyamara, esita le sebini sa mmino wa maskandi, Nganeziyamfisa.

Re fetisa matshediso a rona tahlehelong ena ya dikgalala tsa setjhaba tse kentseng letsoho dipapading le bononong ba naha.

Baheso,

Ha re kopaneng mme re sututse phetoho e matla ya moruo bakeng sa botle ba naha ya rona.

Ka mantswe a Mopresidente Tambo;

“Ha re sebetsa mmoho re le maAforika Borwa, ho matleng a rona ho fetola naha ena hore e be naha ya tse ngata tsa bohle, moo maima a mmuso wa kgethollo e tla ba ntho ya kgale eo re e hopolelang leroothong.”

Ke leboha haholo ka monyetla ona.

Share this page

Similar categories to explore