Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 10 Motsheanong 2017

Kabinete e kopane ka Laboraro, la 10 Motsheanong 2017, Tuynhuys, Motse Kapa.

Foramo ya Moruo wa Lefatshe (WEF) ya Aforika

Kabinete e amohela ho tshwarwa ka katleho ha WEF ya Aforika ya bo-27 mooMoporesidente Jacob Zuma a neng a eteletse pele Moifo wa Aforika Borwa, Dihlooho tsa Dipuso le Mebuso ho tswa kontinenteng ya Aforika, baetapele ba lefatshe ba diindaseteri le dikgwebo le ketapele ya setjhaba ka kakaretso. Pitso e ne e tshwerwe tlasa mookotaba:“Re fihlella kgolo e kenyeletsang: boetapele bo arabelang le ho ikarabella”.

Ho dula habo-27 ha WEF ya Aforika ho tiiseditse lefatshe botjha hore Aforika Borwa e dula e le karolo ya sebaka se nang le bokgoni ba matsete ka hara kontinente ya Aforika. Bahlophisi ba tiisitse hore baemedi ba fetang 1000 ba ne ba kenetse ketsahalo eo, e leng palo e neng e sa lebellwa ha ho bapiswa leWEF ya Aforika e fetileng.

Moya o matla wa bolekane pakeng tsa mmuso le boradikgwebo nakong ya WEF ya Aforika o ne o le kgabane haholo. Puisano e matla e nehile Aforika Borwa monyetla wa ho bontsha kgatelopele eo o e etsang e lebisang kgolong ya moruo e kenyeletsang le ho bontsha hore Aforika Borwa e bulehile bakeng sa kgwebo. Aforika Borwa e tla dula e itlametse ho dula motjheng wa ho kenya tshebetsong Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) ho fokotsa maemo a bofuma, ho se lekalekane le tlhokeho ya mesebetsi.

2. Dipalangwang

2.1. Hothakgolwa ha diterene tse ntjha le tshebeletso ya Lekala la Bapalami ba Diterene la Aforika Borwa(PRASA), ke Moporesidente Jacob Zuma ka la 9 Motsheanong 2017 Seteisheneng sa Pretoria ke karolo ya boitlamo ba mmuso bo tswelang pele ba ho netefatsa dipalangwang tsa setjhaba tse kgonehang le ho tshepahala, le ho matlafatsa meralo ya motheo ya moruo wa naha.

2.2. Diterene tse ntjha tsa Metrorail (tse palangwang ke Batho) ke karolo ya diterene tse ntjha tse tla fanwa ke mmuso nakong ya dilemo tse10 ho isa ho tse15 tse tlang e le karolo ya Lenaneo la Sejwalejwale la PRASA. Boikitlaetso bona bo tla bopa dikete tsa mesebetsi ya moshwelella le menyetla ya mosebetsi, ka polante e motjheng e tla hlahisa diterene tse ntjha e Nigel, Ekurhuleni.Ke qalo ya ho kenngwa tshebetsong ha Tumellano ya Fora le Brazil e saennweng pakeng tsa PRASA le Alstom.

2.3. Diterene tse ntjha tsa maemo tsa Metrorail (tse palangwang ke Batho) di fana ka maemo a se nang thaka a boiketlo le tshebeletso, mme di tla fetola boiphihlelo ba maeto a terene a bapalami. Ke karolo ya mmuso ya ntshetsopele ya moruo ka ntshetsopele e matla ya meralo ya motheo mme diterene tsena di lokile bakeng sa batho ba qhwadileng.

2.4. Kabinete e ipileditse ho maAforika Borwa kaofela ho ba motlotlo le ho tshireletsa diterene tse ntjha kgahlanong le diketso tsa bosenyi.

3. Boipelaetso ba VuwaniI

3.1. Kabinete e amohela boitshunyako bo atlehileng ba Moporesident Zuma, Vuwani, ho la Limpopo. Moporesidente okopane le Motlotlehi Morena Toni Mphephu Ramabulana wa Vha-Venda, le bankakarolo ba bang ba badudi mabapi le ho fihlella ditharollo tsa kutlwano tsa dintlha tse hlahisitsweng.

3.2. Kopano e amohetse tshisinyo ya Motlotlehi ya hore Masepala wa Setereke wa Vhembe o tshwanetse ho fana ka ditshebeletso ho batho ba Vuwani ha ho ntse ho batlanwa le tharollo ya moshwelella ya ntlha ya tsheho ya meedi. Tharollo e sisintsweng e tsamaelana le molao o sebetsang wa hajwale o tsamaisang bomasepala.

3.3. Hape ho ile ha qetwa ka hore mafapha a amehang a naha le a porofense a tshwanela ho tshehetsa masepala wa setereke hore o phethahatse thomo ya ona e ntjha. Kopano leha ho le jwalo, e tobokeditse hore qeto eo ha e bolele hore masepala e motjha (LIM 345) o a fediswa. Qeto ena ke karolo ya boitlamo ba mmuso ba ho fumana tharollo e kenyeletsang.

3.4. Dipuisano tsa Moporesidente le bankakarolo bohle di bakile hore dikolo le dikgwebo di sebetse ka tlwaelo.Kabinete e thoholetsa bankakarolo bakeng sa ho qobella ho kenngwa tshebetsong ha ditumellano tse hokahantsweng ke Morena. Moporesidente o itlamme ho kgutlela ho badudi ba Vuwani bakeng sa ho ikopanya le bona ka letsatsi le sa ntsaneng le tla behwa ke Motlotlehi Morena Toni Mphephu Ramabulana le bankakarolo bohle ka hara sebaka seo.

3.5. Kabinete e ipiletsa ho batswadi le badudi ho tshehetsa maitshunyako a mafapha ho netefatsa hore bana ba kgutlela dikolong le ho tsepamisa maikutlo le ho kgahlametsa nako e senyehileng ka maitshunyako a sebediswang dikolong.

4. Boipelaetso bo tletseng merusu

4.1. Kabinete e kgothaletsabadudi ho nyahlatsa merusu, ditshoso le ho utswa thepa ha ba hlahisa dingongoreho tsa bona. Merusu le diketso tsa ho utswa thepa le tshenyo ya thepa ya dikgwebotse etsahetseng haufinyana tjena Coligny,Eldorado Park le Ennerdale di tshwelwa ka mathe ka matla ke Kabinete.

4.2. Kabinete e ipiletsa ho badudi ho hlahisa matshwenyeho a bona ka mokgwa o batlang ditharollo ntle le ho senya thepa ya setjhaba kapa ho hatikela ditokelo tsa ditho tse ding tsa setjhaba.

4.3. Moporesidente o entse kgoeletso ka selemo sa 2015 Nakong ya Puo ya Maemo a Naha, a ipiletsa ho Moifo wa Toka, Thibelo ya Botlokotsebe le Tshireletso (JCPS) ho sebetsana ka matla le boipelaetso bo tletseng merusu le tshenyo. Kabinete e boeletsa kgoeletso ena ya hore ba tlolang molao ba tla tobana le letsoho le matla la molao.

4.4. Kabinete e kgothaletsa bankakarolo bohle ho buisana ka morero wa ho rarolla ka potlako dikgang Ennerdale, Eldorado Park le Coligny.

5. Sehlomathiso sa Bili ya Setsi sa Mautlwela a Ditjhelete

5.1. Kabinete e amohela ho sennwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Setsi sa Mautlwela a Ditjhelete (FICA) hore e be molao keMoporesidenteZuma. Aforika Bowa jwaloka karolo ya badudi ba lefatshe e imatahantseng le ho lwantsha diketso tse seng molaong tsa ditjhelete, e tla imatahanya le boitshunyako ba matjhaba bo batlang ho lwantsha ho pata mohlodi wa tjhelete le ho thusa boferakanyi ka ditjhelete.

5.2. Bili ena hape e tla nyehela mabapi le ho matlafatsa ponaletso le seriti tsa tsamaiso ya ditjhelete ya Aforika Borwa le ho etsa hore ho be thata bakeng sa ditlokotsebe ho baleha ho lefa lekgetho, ho pata mohlodi wa tjhelete le ho pata phallo e seng molaong ya ditjhelete ba sebedisa mekgwa ya tsamaiso ya ditjhelete ya Aforika Borwa. E bopa se seng sa disebediswa tse ngata tseo re nang le tsona jwaloka naha bakeng sa ho lwantsha botlokotsebe ba maemo a hodimo makaleng ka bobedi a poraefete le a mmuso.

5.3. Kabinete e ile ya tsebiswa ke Letona la Ditjhelete hore ditherisano di ntse di tswela pele mme di tla phethelwa haufinyana ho netefatsamotjha wa phatlalatso ya melawana e tla kenya tshebetsong Molao wa FICA.

6. Diqeto tsa Kabinete

Letona la Ditjhelete le tsebisitse Kabinete ka dikopano tsa haufinyana tjena tsa Selemo tsa Letlole laLefatshe la Ditjhelete (IMF)/ tsa Banka ya Lefatshe, dikopano tsa Leeto la Dipontsho le Batsetedi le tsa WEF ya Aforika. Hape le tsebisitse ka ditshisinyo tsa Aforika ho G20 Compact le matshwenyeho a batsetedi le makala a Balekodi ba mekitlane. Ho bile le dipuisano tse matla mabapi le tjhebahalo ya moruo wa lefatshe le wa lebatowa le seo re lokelang ho se etsa ho etsolla ho theolwa ha maemo a moruo.

Kabinete e boeleditse hore e dula e itlamme bakeng sa boemo ba leano la ditjhelete tsa mmuso le tekilweng Puong ya Ditekanyetso ya selemo sa 2017, ho kenngwa tshebetsong ha diphethoho bakeng sa ho ntlafatsa taolo ya dikhamphani tsa mmuso; ho baballa sekepele se amohelehang sa ditshenyehelo le ho netefatsa botsitso ba mekitlane ya mmuso. Lenaneo la Mmuso la ho akofisa ho kenngwa tshebetsong ha diphethoho tsa dibopeho tse reretsweng ho matlafatsa kgolo ya moruo jwaloka ha di tekilwe ho Moralo wa Dintlha tse Robong le dula le nepahetse bakeng sa ho tobana le dintlha tse ding tse hlahisitsweng ke batsetedi.

Kabinete e amohela tlaleho e lokolotsweng haufinyana ke feme ya boeletsi ya EY Consultancy mabapi le Matsete a Otlolohileng ka hara Aforika. Tlaleho e supa Aforika Borwa jwaloka setsi se seholo ka ho fetisisa sa moruo le ho behwa maemong a bobedi ho Lenane la Kgohedi la Aforika la selemo sa 2017.

Kabinete hape e tsebisitswe ka leeto le tlang la Makala a Bolekodi ba mekitlane ho buisana le mekgatlo e mengata le bahlomphehi ba phethahatso ba mmuso.

Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo wa Lewa le Shebilweng Botjha la Dipalangwang tsa Metse ya Mahae. Lewa lena le arabela ho dintlha tse ka sehlohlolong tsa bomasepala ba setereke le diporofense, ka ho tobana le phano e sa lokang ya Meralo ya Motheo ya Dipalangwang tsa Metse ya Mahae le ditshebeletso e fokotsang ntshetsopele ya moruo wa kahisano.

Ho kenngwa tshebetsong ha lewa lena ho tla nyehela bakeng sa ntshetsopele ya moruo wa lehae le wa porofense ka ho ntlafatsa phumantsho ya dipalangwang tsa setjhaba. Sena se tla eketsa kgokahanyo pakeng tsa dibaka tsa ditoropo le tsa mahae, ka morero wa ho kenyeletsa tikoloho tsa mahaeng ka hara moruo o bataletseng.

Kabinete e tjhaelletse monwana Leano le Pharaletseng la Dipalangwang tsa Mawatleng. Sena se supa boitlamo ba mmuso bakeng sa kgolo, ntshetsopele le diphethoho tsa lekala la dipalangwang tsa mawatleng tsa Aforika Borwa, mabapi le ho tshehetsa ntshetsopele ya moruo wa kahisano ha ka nqa e nngwe le nyehela kgwebisanong ya matjhaba.

Sena se tsamaelana le dintlha tse ka sehlohlolong tsa mmuso tse amanang le Operation Phakisa mabapi leho hodisa Moruo wa Mawatle. Hape se tsamaelana le merero e bataletseng ya ho hodisa kgolo ya moruo le ho matlafatsa tlhahiso ya mesebetsi, jwaloka ha ho tekilwe ho NDP le Moralo wa Naha wa Meralo ya Motheo.

Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Moralo wa Lewa la Dipalangwang tse Hlwekileng bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Dipalangwang di bapala karolo ya bohlokwa mabapi le ho kgontsha kgwebisano ya matjhaba ka mokgwa o tla bang wa moshwelella ho tsa moruo, kahisano le tikoloho. Mekgwa ya Dipalangwang e bopa mokokotlo wa mesebetsi ya moruo wa kahisano ka ho thusa ka ho tsamaiswa ha batho le dithoto. Leha ho le jwalo, mesi e tswang lekaleng la dipalangwang e nyehela ho palo kaofela ya ho ntshuwa ha dikgase tse kotsi (GHG), moo makoloi e leng ona a nyehelang haholo. Lewa lena le rerile ho sisinya maitshunyako a tla fokotsa mesi ya GHG ka hara dipehelo tsa ntshetsopele ya moshwelella.

Kabinete e tjhaelletse monwana hore Aforika Borwa e kenele Smart Africa Alliance.

Sena ke tshebedisano e etelletsweng pele ke Aforika mabapi le ho hlahisa le ho abelana mehlodi ya ho tobana le diphephetso tsa ntshetsopele tse shebaneng le kontinente. E beha Dithekenoloji tsa Tlhahisoleseding le Dikgokahanyo bohareng ba lenaneo la ntshetsopele la selemo sa 2063 la dinaha tsa Aforika.

Aforika Borwa e tla kgola molemo ka bobedi ho tsa moruo le sepolotiki ka bonkakarolo ba yona ho Smart Africa.

Ka ho beha diindaseteri tsa Aforika Borwa bohareng ba lenaneo la ntshetsopele la Smart Africa, Aforika Borwa e tla nyehela kgolong ya kgwebo ya lehae ka hara lebatowa.

Kabinete e tjhaelletse monwanaphatlalatso ya Leano la Naha la Lefapha la Thuto ya Motheo ya (HIV), Ditshwaetso tse Fetiswang ka Thobalano (di-STI) le Lefuba (TB).

Leano lena la selemo sa1999 le tsepamisitse maikutlo hodima ditemoso tse tlwaelehileng le dintlha tsa bophelo tsa bongaka tsa thibelo, le hanyenyane hodima mekgwa ya boitshwaro ya dibopeho le ya kahisano e hlohleletsang HIV.

Leano lena le sisinya tsela ya ho swaela lehakoreng la ho bona HIV jwaloka taba e bohareng ya bolaodi ho sebediswa katamelo ya bophelo bo botle ba setjhaba, hammoho le ho kenyeletswa ha TB jwaloka ntlha e ka sehlohlolong ka hara dikolo, hara tse ding. Ho phatlalla ha tshebediso ho pharaleditswe ho ya baneng, matitjhereng le ho bahlanka, dikolong tsa mmuso le tsa poraefete.

7. Dibili

Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa haSehlomathiso sa Bili ya Khamphani ya Maemafofane, ya selemo sa 2017 le Sehlomathiso sa Bili ya Ditshebeletso tsa Sephethephethe sa Moyeng le Tsamaiso ya Difofane Palamenteng.

Diphetoho dibiling tsena tse pedi di reretswe bakeng sa ho fana ka Sebopeho sa Taolo sa moshwelella. Hape diphethoho di fana ka monyetla wa ho theha dikomiti tsa mekgwa ya maipiletso, tse tla sebetsa mabapi le ho rarolla dikgang dife kapa dife.

8. Diketsahalo tse tlang

Moporesidente Jacob Zuma o tla fana ka puo ya pulo ya Indaba ya Bohahlaudi ya selemo sa2017 e tla tshwarelwa Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Inkosi Albert Luthuli Durban pakeng tsa la 16 le la 18 Motsheanong 2017.

Ena ke indaba ya matjhaba eo hape e tla pepesa dihlahiswa le ditshebeletso tsa Aforika Borwa ka hara lekala la bohahlaudi le bodulo ba baeti. Indaba ya Bohahlaudi ya 2017 hape e tla hodisa le ho tshehetsa diphethoho tse ntseng di tswela pele le ntshetsopele ya indaseteri ya bohahlaudi ya Aforika Borwa ka ho qolleha karolo e bapalwang ke baetapele ba dikgwebo le beng ba dikgwebo tse nyenyane.

Ka haraAforika Borwa ho fihlile bahahlaudi ba matjhabeng ba fetang 10 milione ka selemo sa 2016, 13% ho feta selemong sa 2015. Sena se ka hodimo ho feta palohare ya sekgahla sa kgolo ya lefatshe sa 3 % bakeng sa nako eo. Nakong ya indaba ena ya Bohahlaudi, Aforika Borwa e tla kgola molemo ho tswa palong ya baemedi ba tla kena naheng ya bo rona.

Letona la Eneji Mmamoloko Kubayi kgweding ena o tla etella peleletsholo la Kgwedi ya Eneji tlasa mookotaba,“Re kgothaletsa motswako wa eneji e kgonehang le ya moshwelella mabapi le ho tshehetsa diphethoho tse matla tsa moruo wa kahisano”. Letsholo le tla ruta, le bope temoso le ho buisana le setjhaba mabapi le bokgabane ba eneji, polokeho ya eneji, dintlha tsa eneji e nngwe e fapaneng le kamoo e leng tsa bohlokwa bakeng sa tshebediso ya malapa, dikgwebo le diindaseteri.

Dingangisano tsa Ditekanyetso tsa Mafapha tsa selemo sa2017ka Motsheanong2017 di hlahisa monyetla wa mafapha a ho hlahisa Palamenteng le setjhabeng ka kakaretso kamoo a tla sebedisang Ditekanyetso tseo a di abetsweng tsa selemo sa 2017. A tla sebedisa dintlha tsena hape hore a abelane le setjhaba hore ke eng seo mananeo a ona a se fupereng bakeng sa selemo sa hajwale sa ditjhelete. Kabinete e ipiletsa ho setjhaba ho itahlela ka setotswana ditlhakisetsong tsena kaha di hlahiswa ka motjha wa Palamente.

Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le tla tshwara Beke ya Dikgwerekgwere pakeng tsa la 16 le la 22 Motsheanong 2017 tlasa mookotaba: “Tsamaiso ya Dikgwerekgwere bakeng sa Bophelo bo botle le Seriti”.Mmuso o itlamme ho tlisa seriti ho maAforika Borwa ka phano ya ditshebeletso tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere. Ntlha e ka sehloohong e tla tsepamisetswa maikutlo bekeng ena e tla ba taba e ka sehlohlolong ya Lenaneo la Phediso ya Mabakete. Sena se tla bonahala ka phano ya dintlwana tse sebedisang metsi Masepala wa Lehae waNketoana, ho la Freistata le Masepaleng wa Lehae wa Dawid Kruiper, ho la Kapa Leboya jwaloka karolo ya ho akofisa ditshebeletso bakeng sa ho fedisa matlwana a mabakete.

Aforika Borwa e keteka Kgwedi ya Aforika tlasa mookotaba: Aforika e Betere le Lefatshe le Betere. Diketsahalo tse ngata di ntse di tswela pele tse eteletsweng pele ke Lefapha la Bonono le Botjhabatse reretsweng ho kgothaletsa bonngwe ba Aforika.Diketsahalo tsena di tla fihla sehlohlolong ka la 25 Motsheanong 2017 moo Moporesidente Zuma a tla hlophisang dijo tsa motsheare ntlong ya baeti ya Boporesidente ya Sefako Makgatho. Ba memetsweng dijong e tla ba baetapele ba mekgatlo ya melata ba dulang ka hara Aforika Borwa bao Moporesidente a kopaneng le bona ka selemo sa 2015.

9. Tshebediso ya Lebotho la Naha la Tshireletso (SANDF)

9.1. Kabinete e amohela qeto ya Moporesidente Jacob Zuma ya hoatolosa ho sebediswa ha ditho tsa SANDF ho la Rephabliki ya Demokerasi ya Congo (DRC).Sena ke mohato wa ho nyehela bakeng sa kgotso le botsitso kontinenteng ya Aforika mme ka ho qolleha lebatoweng la rona ho imatahantswe le maitlamo a rona a matjhaba le leano la rona la matjhaba la ho nyehela bakeng sa Aforika e betere le lefatshe le betere.

9.2. Palo e etsang 1371 ya ditho tsa SANDF di sebediswa ka hara DRC ho tshehetsa Morero wa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) wa Botsitso. Ho sebediswa ha bona ho atolositswe ho tloha ka la 01 Mmesa 2017 ho isa ho la 31 Hlakubele 2018.

9.3. Tshebediso ya rona ya sesole kontinentengbakeng sa tshehetso e tswelang pele ya metjha ya lebatowa le kontinente bakeng sa ho arabela le ho rarolla dikoduwa, ho kgothaletsa kgotso le polokeho, ho matlafatsa momahano ya lebatowa, e eketsa ka bokgabane ba kgwebisano ya ka hara Aforika le ho sebeletsa ntshetsopele ya moshwelella ka hara Aforika.

10. Ditlotlo tsa naha

10.1. Kabinete e thoholetsa bohle baamohedi ba Ditlotlo tsa Naha tsa selemo sa 2017. Selemong sena sa OR Tambo ba re bontshitse matla a ho sebeletsa ho lebisang ho Aforika Borwa e betere le setjhaba se betere. Re fumana kgothatso ho tswa ho diphihlello tsa bona, boitelo ba bona, lerato le maikemisetso a bona a ho ntshetsapele botho.Tlotlo ya Ikhamanga ya Gauta (1),Tlotlo ya Ikhamanga ya Silifera (7),Tloto ya Ikhamanga ya Boronse (1),Tlotlo ya Baobab ya Gauta(1),Tlotlo ya Baobab ya Silifera (2),Tlotlo ya Baobab ya Boronse(2),Tlotlo ya Luthuli ya Silifera (29),Tlotlo ya Luthuli ya Boronse (1),Tlotlo ya Mapungubwe ya Silifera (2),Tlotlo ya Metswalle ya OR Tambo ya Gauta (1).

10.2. Ho lokollwa ha Tlaleho yabo-17th ya Khomishene ya Tekatekano Mesebetsing ke Letona la Mesebetsi, Mofumahadi Mildred Oliphant e bontsha monyebe o tletseng manganga wa diphethoho dibakeng tsa mosebetsi tse fapafapaneng ka hara mmaraka wa basebetsi wa Aforika Borwa.Tlaleho e bontsha hore re sa le hole le ho fihlella lebotho la basebetsi le emelang ka nnete setjhaba sa bo rona. Batho ba batsho, Basadi le Batho ba Phelang ka Boqhwala ba dula ba ntse ba hlahella hanyenyane mekgahlelong kaofela ya Tekatekano Mesebetsing.

10.3. Tlaleho e bontshitse hore makgowa a tshwere 68% ya mesebetsi e ka hodimo ya botsamaisi ya nahamakaleng a mmuso le a poraefete, e leng makgetlo a tsheletseng ho feta sehlopha se ntseng se le dilemong tsa ho sebetsa. Batho ba batsho ba etsa feela 14.4%ya mesebetsi e ka hodimo ya botsamaisi.

10.4. Ha re sheba hore ho na le tlhokeho e potlakileng ya ho fetola moruo le ho netefatsa kgolo e kenyeletsang batho kaofela, sena ha se a lekana hohang. Kabinete e amohela phatlalatso ya Letona la Mesebetsi ya hore lefapha le lohotha ho nka mehato e matla bakeng sa ho se imatahanye.

11. Melaetsa ya thoholetso le ya matshediso

11.1. Kabinete e ipapisa le Moporesidente Jacob Zuma mabapi le ho thoholetsa Monghadi Emmanuel Macron, Moporesidente ya tla nka marapo a Rephabliki ya Fora, ho latela tlholo ya hae ka la 7 Motsheanong 2017 ya dikgetho tsa boporesidente tsa Fora.

Aforika Borwa e lebeletse ho sebetsa mmoho le mmuso wa Fora tlasa boetapele ba Monghadi Macron ho matlafatsa maqhama a ntseng a le matla a sepolotiki, a moruo le kgwebisano pakeng tsa Aforika Borwa le Fora.

11.2. Kabinete e thoholetsa ramotse wa mehleng wa Johannesburg, le modulasetulo wa Mokgatlo wa Mebuso ya Lehae wa Aforika Borwa (SALGA), Parks Tau ka ho thonngwa jwaloka modulasetulo-mmoho wa Phanele ya Boemo bo Hodimo e Ikemetseng ya UN ho disa bohlwahlwa ba Habitat III.

Lenaneo lena le ile la amohelwa ke UN ho tsoseletsa boitlamo ba lefatshe mabapi le kgodiso ya moshwelella ya dibaka tsa ditoropo.

11.3. Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri (dti) le hapilekgau ya mopepesi ya hlwahlwa ka ho fetisisa wa molata ho Dipontsho tsa Kgwebisano ya Matjhaba ya Zimbabwe (ZITF) yabo-58.

Sena se ananela mekutu e babatsehang ya Sehlopha sa Aforika Borwa mabapi le ho netefatsa boitlamo ba naha ba ho aha bolekane le Zimbabwe mme sena se hlahisitse dikuno tsa moruo tse neng di labalabelwa.

11.4. Kabinete e fetiseditse matshediso ho mmuso le batho ba Riphabliki ya Tanzania mabapi le kotsi ya bese e nyarosang e bakileng mafu a batho ba 36, moo ba 33 e leng bana.

12. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumellano e amehang.

12.1. Ditho tsa Boto ho Boto e Ikemetseng ya Taolo ya Bahlakisi ba Ditjhelete:

Mofumahadi Amanda L Mazibuko (o thontswe hape);
Monghadi Abel Dlamini (o thontswe hape);
Monghadi Thiru Pillay (o thontswe hape);
Mofumahadi Nkabaneng T Mashile;
Mofumahadi Zuziwe Ntsalaze;
Monghadi Mohamad I Motala;
Monghadi Madoda A Petros; le
Mofumahadi Martie J Janse van Rensburg

12.2. Ho thonngwa hape ha Monghadi Cedric Monwabisi Masondo jwaloka Motsamaisi le Motsamaisi wa Phethahatso wa Mokgatlo wa Inshorense ya Dikotsi tse Ikgethang (SASRIA) tsa

Dikgwebo tsa Mmuso.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
Mohala: 083501 0139

Share this page

Similar categories to explore