Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya
Dintlha ka thuso ya ditjhelete tsa mekaubere ya ntwa
Haebe o le lesole la mehleng le lwanneng Ntweng ya Pele ya Lefatshe (1904-1918), Ntweng ya Bobedi ya Lefatshe (1939-1945), merusu ya Zulu (1906) kapa Ntweng ya Makoreya mme o sa kgone ho itshehetsa, o ka etsa kopo ya thuso ya ditjhelete tsa mekaubere ya ntwa.
O tseba jwang hore o tshwanela ho fumana thuso?
O tlamehile ho:
- ba moahi wa Aforika Borwa kapa moahi wa dinako tsohle
- dula Aforika Borwa
- ba dilemo tse 60 kapa ho feta kapa o be seqhwala.
- o be o lwanne Ntweng ya Bobedi ya Lefatshe kapa Ntweng ya Korea
- se amohele thuso efe kapa efe e nngwe ya setjhaba e tlang ho wena
- o se be tlasa tlhokomelo ya mokgatlo wa mmuso
- o se be le lekeno le fetang R 86 280 ka selemo kapa letlotlo la hao le se fete R172 560 haebe o sa nyala.
- Haebe o nyetse, lekeno la lona le kopanetsweng le se fete R 1 227 600 ka selemo mme wena le molekane wa hao ha le a tlameha ho ba le letlotlo le fetang R 2 455 200.
Ela hloko: Haebe o dula ka ntlong eo e leng ya hao le molekane wa hao, ha ho lekolwe boleng ba yona bakeng sa teko ya boiphediso.
O tla fumana bokae?
Tjhelete e hodimo eo o tla e fumana ke R 2 330 ka kgwedi.
O tla lefuwa jwang?
Boemedi ba Tshireletso ya Setjhaba ba Aforika Borwa (SASSA) bo tla o lefa thuso ya ditjhelete ka mokgwa o mong wa e latelang:
- tjhelete letsohong setsing sa ditefello ka letsatsi le hlwauweng
- ho kenya tjhelete bankeng ya hao ka eleketeroniki kapa akhaontong ya banka posong (banka e ka o lefisa bakeng sa tshebeletso)
- mokgatlo o sebetseng jwaloka bolaodi ba dithuso, mohlala, mokgatlo wa thekolohelo.
Ela hloko: Haebe o sa kgone ho itatela tjhelete eo ka bowena, o ka thonya moemedi ofising ya SASSA kapa wa fa motho e mong matla a boqwetha hore a late thuso boemong ba hao.
Na thuso ya hao ya ditjhelete e ka lekolwa botjha neng?
SASSA e tla etsa qeto haebe thuso ya hao ya tjhelete e tlamehile ho lekolwa botjha. Lekeno la hao le o le hlahisitseng ha o ne o etsa kopo ya thuso le tla sebediswa e le motheo wa qeto. O tla tsebiswa dikgweding tse tharo tse pele ka letsatsi la ho lekola botjha kapa mohla setefikeite sa bophelo se lokelang ho romelwa. Haebe o fumanela tjhelete ya hao bankeng, mokgatlong kapa boemeding ba hao, o lokela ho tlatsa setefikeite sa bophelo diofising tsa SASSA selemo se seng le se seng.
Na thuso ya hao ya tjhelete e ka fanyehwa neng?
Dintlha tse latelang di ka baka hore thuso ya hao e fanyehwe:
- ha maemo a hao a fetoha
- sephetho sa ho lekolwa botjha
- haebe o hloleha ho sebedisana le ofisi ha ho lekolwa botjha thuso ya hao
- ha o kenela bothetsi kapa o fana ka dintlha tse fosahetseng ka wena
- haebe ho entswe phoso ha ho ne ho amohelwa kopo ya hao ya thuso.
Na thuso ya hao ya tjhelete e tla emiswa neng?
Thuso e emiswa ha:
- o hlokahetse
- o amohetswe mokgatlong wa mmuso
- haebe o sa late tjhelete ya thuso bakeng sa dikgwedi tse tharo tse latelanang
- ha o le siyo naheng.
Ha motho ya amohelang thuso a ka amohelwa institjhusheneng e nang le konteraka le mmuso bakeng sa tlhokomelo le ho fetjwa, thuso ya setjhaba e tla fokotswa ho ya ho 25% ya boholo ba palo ya thuso ya setjhaba ho tloha kgweding ya bo-4 ka mora ho ba motho eo ya amohelang thuso a kene institjhusheneng eo. Thuso eo e fokoditsweng e tla boela palong e felletseng hape ka potlako ho tloha letsatsing leo motho eo ya amohelang thuso a ntshwa institjhusheneng.
O lokela ho etsang
- Leba Boemedi ba Tshireletso ya Setjhaba Aforika Borwa (SASSA) bo haufinyana le moo o dulang mme o tle le tse latelang:
- Tokomane ya boitsebiso (ID) ya dinomoro tse 13. Haebe o hloka ID:
- o tlamehile ho tlatsa afidafiti ka mokgwa o hlakisitsweng ke SASSA pontsheng ya Khomishenara ya Dikano eo e seng mohlanka wa SASSA
- o tlamehile ho tla le seteitemente sa kano se saenetsweng ke motho ya nang le boikarabelo (jwaloka mokhanselara, moetapele wa setho, moruti kapa mosuwehloho wa sekolo) ya ka netefatsang hore e fela e le lebitso le dilemo tsa hao
- bopaki ba hore o entse kopo ya ID kapa setefikeite sa tlhaho Lefapheng la Ditaba tsa ka Hara Naha
- ID ya nakwana e ntshitsweng ke Lefapha la Ditaba tsa Ka Hara Naha (haebe e le teng)
- bopaki ba tshebeletso eo o faneng ka yona ntweng, mohlala, setefikeite sa tshebeletso
- haebe o le ka tlase ho dilemo tse 60, dihlahlobo tsa bongaka kapa peho e hlalosang hore ha o kgone ho sebetsa
- Popaki ba maemo a hao a lenyalo. Haebe:
- ha o a nyala, afidafiti e hlalosang hore ha o a nyala
- o nyetse, setefikeite sa hao sa lenyalo le tokomane ya boitsebiso ya molekane wa hao
- o hladile, taelo ya tlhalano ya hao
- o molekane wa hao a hlokahetse, setefikeite sa lefu la molekane wa hao.
- haebe wena kapa molekane wa hao o a sebetsa, ditlankana tsa moputso
- haebe ha o sebetse, Letlole la Inshorense ya ba sa Sebetseng ‘bukana e bolou’ kapa setefikeite sa ho lokollwa mosebetsing ho hlaha ho ramosebetsi wa hao wa mehleng
- haebe o na le akhaonto ya banka, setatemente sa bankeng sa dikgwedi tse tharo tse fetileng
- haebe o na le matsete, ditsebiso tsa phaello le dikarolelano tseo o di amohelang.
- Tokomane ya boitsebiso (ID) ya dinomoro tse 13. Haebe o hloka ID:
Ela hloko: Haebe o tsofetse haholo kapa o kula haholo ho itlisa ofising ho etsa kopo, setho sa lelapa kapa motswalle a ka etsa kopo boemong ba hao. Motho eo o lokela ho tla le lengolo le hlahang ho wena le/kapa lengolo la ngaka le hlakisang hore hobaneng o sa kgone ho etela ofising.
- Tlatsa foromo ya kopo pontsheng ya mohlanka wa SASSA (hlokomela hore ke wena fela jwaloka motho ya etsang kopo kapa mohlanka wa SASSA ya lokelang ho tlatsa foromo ya kopo).
- O tla fuwa setlankana sa bopaki. Se behe hobane ke bona bopaki ba hore o kentse kopo.
- Haebe o batla ho ingodisa bakeng sa ditefo tsa tjhelete letsohong, mohlanka wa SASSA o tla o fa letsatsi leo o hlokang ho kgotla ka lona le seo o hlokang ho tla le sona.
Ho etsahalang haebe kopo ya hao ha e amohelwe?
Haebe kopo ya hao ha e amohelwe, SASSA e tla o tsebisa ka ho o ngolla hore hobaneng kopo ya hao e sa atleha.
Haebe ha o dumellwane le qeto eo, o ka ipelaetsa Letoneng la Ntshetsopele ya Setjhaba ofising ya naha ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba. O tlamehile ho ipelaetsa matsatsing a 90 kamora hore o tsebiswe hore kopo ya hao ha e a atleha.
Nako ya tshebetso
- Ho ka nka nako e fihlang dikgweding tse tharo ho sebetsanwa le kopo ya hao.
- Haebe kopo ya hao e amohetswe, o tla lefuwa ho tloha mohla o neng o kenya kopo.
Ditjeo ke bokae
Tshebeletso ena ke mahala.
Diforomo tse tlatswang
Foromo ya ho etsa kopo ha e fumanehe webosaeteng, empa o ka e fumana ofising e haufinyane ya tshireletso ya setjhaba (SASSA).
Dintlha tsa ho iteanya
SASSA Toll free: 0800 60 10 11
Email: GrantEnquiries@sassa.gov.za