Ho ingodisa jwale ka mosebeletsi wa bophelo bo botle wa profeshinale

Ho ingodisa le Lekgotla la Diporofeshine tsa Bophelo bo Botle la Aforika Borwa (HPCSA) ke bohato ba pele bakeng sa ho sebetsa jwale ka motho wa porofeshine, hape ke bohato bo molaong ho boloka dintlha tsa hao tsa seqo di le motjheng ka dinako tsohle.

O tlameha ho lefa ditefello tsa selemo le selemo bakeng sa boingodiso bona, mme ha o hloleha, o ka kgaolwa lekgotleng bukeng ya boingodiso. Ha o kgaotswe bukeng ya boingodiso ka mabaka a itseng, ho busetswa o lokela ho etsa kopo ya ho busetswa mme o tla lefa tefello tsa ho busetswa.

Ha o batla ho itlhakola ka bukeng ya boingodiso ka boikgethelo ba hao ho a kgonahala haeba o sa batle ho sebetsa ka hara naha ya Aforika Borwa bakeng sa nako e itseng. Fana ka kopo e ngotsweng pele ho la 31 Hlakubele bakeng sa ho hlakolwa ka boikgethelo.

Ho na le mekgahlelo e tsheletseng ya boingodiso (ha se mekgahlelo ena kaofela e amang diporofeshinale kaofela), yona ke:

  • Boingodiso ba Baithuti
  • Boingodiso ba Basebetsi ba ithutang mosebetsi
  • Tshebeletso ya Setjhaba
  • Basebetsi ba Ikemetseng (ho kenyelletsa Baingodisi ba ikwetlisang makaleng a ikgethileng).

Mekgahlelo e meng bakeng sa boingodiso ba nakwana kapa bo sehetsweng moedi bo kenyelletsa:

  • Thuto
  • Dithuto tse Hodimo ho Thuto e Phahameng
  • Boithaopi

Ditataiso tsa boingodiso di fapana ho tswa ho Lekgotla le itseng la Porofeshine ho isa ho le leng. Tataiso ya lehlodi  e a fumaneha bakeng sa ditlhoko tsa boingodiso bakeng sa Makgotla ana a 12 a Porofeshinale:

Diforomo tsa kopo le tlhahisoleseding e fetang mona ho porofeshine enngwe le enngwe di ka fumaneha ho marangrang a HPCSA.

 

Share this page