Fumana taelo ya lekgotla ya tlhokomelo ya ngwana

Tlhokomelo ke tshwanelo ya ho fa motho e mong, ka mohlala ngwana, bodulo, dijo, diaparo, thuto le tlhokomelo ya bongaka, kapa a fane ka tse hlokehang hore motho eo a fumane dintho tsena tsa bohlokwa. Tshwanelo ena ya semolao e bitswa ‘tshwanelo ya ho hlokomela’ kapa ‘tshwanelo ya tshehetso’.

Ngwana o tlameha ho tshehetswa kapa ho hlokomelwa ke batswadi kapa nkgono kapa ntatemoholo mme taelo ya tlhokomelo e ka etswa ho ba qobella ho etsa jwalo.

Ha o batla ho tseba haholwanyane ka ho fumana taelo ya tlhokomelo ya ngwana e tswang lekgotleng, iteanye le Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ho 012 315 1512.

 

Share this page