Fetola tjhelete ya tlhokomelo ya ngwana

Haeba o fumana tjhelete ya tlhokomelo mme o dumela hore tjhelete eo o e lefuwang ha ya lekana, o ka kopa hore tjhelete eo e lefuwang e eketswe.

Haeba o ntse o lefa tjhelete ya tlhokomelo mme o se o sa kgone ho lefa tjhelete eo e batlwang, o ka kopa hore e fokotswe.

Ha o batla ho tseba haholwanyane ka ho eketsa kapa ho fokotsa tjhelete ya tlhokomelo ya ngwana o ka iteanya le Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ho 012 357 8205.

 

 

Share this page