Kopo ya kenela ho tshwasa ditlhapi ka sepheo sa kgwebo (tokelo ya ho tshwasa ditlhapi)

Dintlha ka | O lokela ho etsang | Nako ya tshebetso | Ditjeo ke bokae | Diforomo tse tlatswang | Dintlha tsa ho iteanya

Dintlha ka mabapi le tokelo ya ho tshwasa ditlhapi mabakeng a kgwebo

Ho kotula tlhapi kapa ho kena mesebetsing e tsamaelanang le ho tshwasa ditlhapi mabakeng a kgwebo, o tshwanela pele hore o be le tokelo ya ho tshwasa ditlhapi bakeng sa kgwebo. O ka etsa kopo ya ho tshwasa ditlhapi bakeng sa kgwebo ha feela ho entswe sememo koranteng ya melao ya puso. Sememo sa ho qetela e ne e le sa 2005 mme sememo se latelang se tla bulwa ka 2013.

Mafapha a kgethilweng a itshetlehileng ho se bitswang Maiteko kapa Ditekanyetso tse Dumelletsweng tsa Botshwasa Ditlhapi (TAC/E) a ka fuwa ditokelo tsa ho tshwasa ditlhapi bakeng sa kgwebo.

Hang ha se o na le tokelo ya ho tshwasa, etsa kopo ya tumello ya ho tshwasa ho Lefapha la Temothuo, Meru le tsa Ditlhapi ho la Motse Kapa.

Temoso: Ha ho motho ya ka kenang mererong ya ho tshwasa ditlhapi bakeng sa kgwebo a hloka tumello. Ho tlatseletsa tabeng ya tumello, o boela o lokela ho ba le tumello ya ho tsamaisa tlhapi ka sepalangwang.

O tshwanela ho ntjhafatsa tumello selemo le selemo. Ho hloleha ho imatahanya le dipehelo tsa tumello ho ka baka ho fanyehwa, ho nyahlatswa kapa ho hulwa ha tokelo.

O lokela ho etsang

  1. Sememo se phatlaladitsweng koranteng ya melao ya puso se tla ba le tlhahisoleseding mabapi le setsha sa kgasanyo moo o ka latang foromo ya kopo.
  2. Bala foromo ya kopo ka hloko le ho etsa bonnete ba hore o kgotsofatsa ditlhoko le dipehelo.
  3. Phethela, tekena le ho fana ka foromo ya kopo ya tokelo ya ho tshwasa mmoho le ditokomane tse batlehang tse netefaditsweng tsa tshehetso tse tla kenngwa lenaneng la sememo koranteng ya melao ya puso.
  4. Lefa tjhelete e sa kgutleng e behilweng tulong e boletsweng ke Lefapha la Temothuo, Meru le tsa Ditlhapi koranteng ya melao ya puso.

Nako ya tshebetso

Tokelo ya ho tshwasa:

Tsela ya ho etsa kopo e ka nka kgwedi ho isa ho tse tharo kapa ho feta ho ya ka bongata ba dikopo tse amohetsweng. Tsela ya tekolo e tla qala ka mora letsatsi le behilweng la ho qetela la ho kenya dikopo mme Lefapha la Temothuo, Meru le tsa Ditlhapi le tla phatlalatsa sephetho.

Tumello ya ho tshwasa:

Tsela ya ho etsa kopo ya tumello ya ho tshwasa e ka nka matsatsi a supileng kapa ho feta ho ya ka bongata ba dikopo le ho kenya kopo ka nepo.

Ditjeo ke bokae

Tlhahisoleseding ka ditjeho ho tla fanwa ka yona feela ha sememo se phatlaladitswe koranteng ya melao ya puso.

Diforomo tse tlatswang

Diforomo tsa kopo di tla fumaneha setsheng sa kgasanyo se phatlaladitsweng sememong sa ho etsa kopo ya tokelo ya ho tshwasa ditlhapi bakeng sa kgwebo se tla kenngwa koranteng ya melao ya puso ha ditokelo tsa ha jwale di fellwa ke nako.

Dintlha tsa ho iteanya

Setsi sa Tshebeletso ya Bareki
Mohala: 021 402 3911
Fekse: 021 402 3367
City/town: Cape Town
Province: Western Cape
Physical address: Customer Service Centre, Department of Agriculture, Forestry and Fisheries, Ground Floor, Foretrust Building, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Cape Town, 8000.
Postal address: Department of Agriculture, Forestry and Fisheries, Private Bag X2, Roggebaai, Cape Town, 8012

 

Share this page