Etsa kopo ya Phemiti ya ho sebetsa ka Sebaka sa ho kenya Dikhemikhale Ditlhaping

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho etsa kopo ya phemiti ya ho sebetsa ka Sebaka sa ho kenya Dikhemikhale Ditlhaping

Ho sebetsa Sebakeng sa ho kenya Dikhemikhale Ditlhaping Fish Processing Establishment (FPE), o tlameha ho ba le phemiti ya FPE. O ka etsa kopo ya phemiti ya FPE ha o na le tokelo ha ho ntshitswe memo Lesedinyaneng la diphatlalatso tsa Mmuso. Leha ho le jwalo, ha jwale Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi le amohela dikopo bakeng sa mekgelo ya ho sebetsa ka FPE.

FPE ke koloi, sekepe, sebaka moo ntho kapa athikele e hlahiswang ho tswa tlhaping. Ntho e ka hlahiswa ka mokgwa ofe kapa ofe, o jwaloka ho seha, ho arola dikarolo, ho hlwekisa, ho hlopha le ho boloka/hlokomela tlhapi. Hape sebaka se kenyeletsa sebaka seo ho sona tlhapi e kenngwang makotikoting, e pakelwang, e omiswang, e buuwang, e nokwang letswai, e etswang lehlwa, e hatsetswang, e hwamiswang kapa e kenngwang dikhemikhale bakeng sa ho rekiswa ka hare kapa kantle ho Aforika Borwa.

Tshebetso ya tlhahlobo e tla qala kamora letsatsi la ho kgaolwa ha dikopo. Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi le tla bolela diphetho. Haeba o filwe tokelo ya FPE, o tlameha ho etsa kopo ya phemiti ya ho sebetsa ka FPE mme o kgotsofatse ditlhoko ho fumana phemiti.

Letona le tla dumella mokgelo wa FPE tlasa maemo a ke keng a qojwa. Ha ho fanwe ka mokgelo wa FPE o tlameha ho etsa kopo ya phemiti ya ho sebetsa ka FPE.

Ela Hloko: O tlameha ho ntjhafatsa phemiti selemo le selemo. Ho hloleha ho phethahatsa ho ya ka dipehelo tsa phemiti ho ka baka hore e kgaolwe nakwana, e fediswe kapa phemiti e phatlalatswe semmuso hore ha e hlole e le molaong.

O lokela ho etsang

Tsamaiso ya Kopo ya Tokelo:

  • Haeba ho phatlaladitswe memo Lesedinyaneng la diphatlalatso tsa Mmuso, o tlameha ho leba setsing sa kabo se tla bolelwa le memo lesedinyaneng la diphatlalatso.
  • Bala ka hloko o utlwisise, mme o netefatse hore o kgotsofaditswe ke ditlhoko le dipehelo.
  • Lefa tjhelete e behetsweng e sa kgutlisweng e tla bolelwa lesedinyaneng la diphatlalatso.

Tsamaiso ya Kopo ya Mokgelo:

  • Mokopi o tlameha ho etsa kopo ya mokgelo ka ho ngola mabaka ka botlalo.
  • Mabaka a tlameha ho posetswa Lefapheng, Posong ya poraevete ya X2, Roggebaai, 8012.

Tsamaiso ya Kopo ya Phemiti:

  • Tlatsa, o saene mme o ise foromo ya kopo ya phemiti le ditokomane tse latelang
    • Khopi e netefaditsweng ya ID
    • Lengolo la tumello le tswang ho motho ya nang le tokelo le o kgethang hore o etse kopo lebitsong la moreki /motho ya nang le tokelo
    • Setefekeiti sa sethato se molaong sa SARS sa ho se fumane molato tefellong ya lekgetho
    • Bopaki ba thuo kapa tumellano ya ho hirisa FPE (moo ho hlokehang, mohl. e heilweng naheng)
    • Khopi e netefaditsweng ya (di)tumellano ya phepelo le mofepedi wa dihlahiswa tse lokelwang ho kenngwa dikhemikhale
    • Moo ho hlokehang, netefaletso ka Molaodi wa Naha wa Ditotobatso tse Tlamang ‘National Regulator for Compulsory Specifications (NRCS)
    • Ebang maikemisetso ka tlhapi e le ho jewa ke batho, setefekeiti sa kamohelo ya dibaka tsa dijo ho tswa bolaoding bo haufi ba lehae/porovense, se tlameha ho fumanwa mme khopi e netefaditsweng ya sethato e hlomathiswe (haeba feela ho hlokeha)

Nako ya tshebetso

Kopo ya phemiti le mokgelo wa FPE e ka nka kgwedi e le 1 ho isa ho tse 3 ho itshetlehile ka ho kenngwa ka tshwanelo ha lengolo la mabaka le kopo ya phemiti le ditokomane tsa tshehetso.

Ditjeo ke bokae

Ditefiso

Diforomo tse tlatswang

Leba lefapheng la Temothuo, Meru le Ditlhapi le Motse Kapa: Setsi sa Tshebeletso ya Bareki, Mokatong o ka tlase, Moahong wa Foretrust, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Motse Kapa bakeng sa tlhahisoleseding kapa ho fumana kopo ya phemiti ya ho sebetsa ka FPE kapa leba sebakeng sa kabo se tla bolelwa ke lefapha ha memo ya ho etsa kopo ya tokelo e tla phatlalatswa Lesedinyaneng la diphatlalatso tsa Mmuso.
 

Dintlha tsa ho iteanya

 

Fisheries Customer Service Centre:
Tel 086 000 3474 / 021 402 3443
E-mail: cscenquries@environment.gov.za

Physical address: Ground Floor, Foretrust Building, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Cape Town 8000
Postal address: Department of Agriculture, Forestry, and Fisheries, Private Bag X2, Roggebaai, Cape Town, 8012

Share this page