Ngodiso ya letshwao le supang phoofolo

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho etsa kopo ya ho ngodisa letshwao la tsebahatso ya diphoofolo

Ebang o ena le dikgomo, dinku, dipudu kapa dikolobe, o tlamehile ho tshwaya leruo la hao. O tlameha ho etsa kopo ya letshwao le ngodisitsweng Lefapheng la Temothuo, Meru le Botshwasi.

Letshwao la tsebahatso la diphoofolo le bontsha hore phoofolo ke ya mang. Ha phoofolo e nyametse kapa e utswitswe mme e be e fumaneha, ho kgonahala hore mong wa yona a fumanehe. Letshwao la tsebahatso le ba le palo/mengolo e meraro kapa matshwaonyana a mararo.

Letshwao le sa tloweng le ka bewa diphoofolo ka tshebidiso ya tshepe e tjhesang, ka mohatsela kapa ka ho taka.

Ha o reka diphoofolo kapa o di abelwa e le mpho, o tlameha ho di tshwaya bekeng tse pedi. Diphoofolo tseo o di rekisang di tlameha ho ba le letshwao la hao.

Letshwao la hao le bolokwa lenaneng la molao mme ha ho motho ya tla le sebedisa kapa ya tla tshwayang phoofolo ya hao kantle le tumello.

Hlokomela: Ha o a tshwanela ho tshwaya diphoofolo tsa hao ebang o sa ngodisa letshwao la tshebahatso.

O lokela ho etsang

  • Hula kapa o fumane foromo diofisiring tse behilweng, diofising tsa dimakgesetara, uniting ya ho utswuwa ha diphoofolo Ditshebeletsong tsa Seponesa tsa Aforika Borwa kapa ho Mongodisi: Tshebahatso ya Diphoofolo Pitoria.
  • Reka ditempe tse bitsang R120 Posong ho lefella ngodiso mme o di manamise foromong jwaloka ha ho bontshitsweng.
  • Posetsa selipi sa dephositi le foromo ya ho etsa kopo ho:
    The Registrar of Animal Identification
    Private Bag X 138
    Pretoria
    0001
  • kapa o ise foromo ya ho etsa kopo moahong wa Delpen, hukung ya Annie Botha Avenue le Union Street, Riviera, Pitoria.

Ba ngodisitsweng ba bolokwa Lenaneng la Naha la Tshebeletso ya Tshebahatso ya Diphoofolo (AIS).

Nako ya tshebetso

Ho ka nka dibeke tse pedi hore letshwao la tshebehatso le ngodiswe.

Ditjeo ke bokae

R 200

Diforomo tse tlatswang

Application for registration of an identification mark

Foromo e boetse e ka fumaneha diofisiring tse behilweng, diofising tsa dimakgesetara, uniting ya ho utswuwa ha diphoofolo Ditshebeletsong tsa Seponesa tsa Aforika Borwa kapa ho Mongodisi: Tshebahatso ya Diphoofolo Pitoria.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Tel: 012 319 7637
Fax: 012 319 7551
Email: animalid@dalrrd.gov.za

Physical address: Delpen Building, Cnr Annie Botha Avenue and Union Street, Riviera, Pretoria
Postal address: Registrar: Animal Identification, Private Bag X138, Pretoria, 0001

Share this page