Kopo ya ho ngodiswa o le motshwai

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho ngodiswa o le motshwai

Ha o batla ho tshwaya diphoofolo bakeng sa ho etsa tjhelete, o tlameha ho etsa kopo ho ba Lefapha la Temothuo, Meru le Botshwasi (Mongodisi: Tshebahatso ya Diphoofolo) hore o ngodiswe jwaloka motshwai.
Hore o ngodiswe o tlameha ho phetha dithuto tse latelang:

  • Dibuka le mekgwa ya tshebetso:
    • ho tshwaya ka tshepe e tjhesang
    • ho sebedisa mohatsela
    • ho taka
    • ho thibela le ho tshwaya diphoofolo
  • Molawana o mabapi le tsebahatso le tlhokomelo ya diphoofolo.

Jwaloka motshwai, o lebelletswe ho boloka lenane la diphoofolo tsohle tseo o ditshwahileng.

O lokela ho etsang

  1. Letsetsa Mongodisi wa Tshebahatso ya Diruwa ya Pitoria nomorong ena ya mohala (012) 319 6000 bakeng sa lenane la ditheo tsa thuto moo o ka phethelang dithuto teng.
  2. Ha o atlehile ho phethela dithuto tsa hao, setheo sa thuto se tla o fa foromo eo o tlamehang ho e tlatsa.
  3. Setheo sa thuto se tla tsebisa Mongodisi hore o atlehile phethelong ya dithuto tsa hao le hore o ka ngodiswa jwaloka ka motshwai.
  4. Mongodisi o tla o ngodisa Registareng ya Naha ya Batshwai.

Nako ya tshebetso

O tla ngodiswa o le motshwai hafela o phethetse dithuto.

Ditjeo ke bokae

R 200
 

Diforomo tse tlatswang

Setheo sa thuto se fana ka diforomo ha o phethetse dithuto.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Tel: 012 319 6000
Fax: 012 319 7551
E-mail:
makokom@daff.gov.za

Physical address: Delpen Building, Cnr Annie Botha Avenue and Union Street, Riviera, Pretoria
Postal address: Registrar: Animal Identification, Private Bag X138, Pretoria 0001

Share this page