Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya
Dintlha ka ho etsa kopo ya tumello ya mesebetsi kaofela e amanang le ho fetolwa ha tlhaho ha dintho tse phelang Aforika Borwa
Na o batla phemiti e tla o dumella hore o be le seabo mesebetsing e amanang le ho fetolwa ha dintho tse phelang Aforika Borwa? Etsa kopo ya phemiti ho Mongodisi wa Ho Fetola Tlhaho ya Dintho tse Phelang (GMO).
Phemiti e o dumella hore o:
- reke diGMO dinaheng tsa kantle mme o di tlise Aforika Borwa
- rekisetse dinaha tsa kantle diGMO
- boloka tshebediso ya diGMO ka hara laborateri, phaposi ya ho hodisa dimela
- hlahisa GMO tikolohong ya Aforika Borwa moo ho etswang diteko
- tswellisa diketsahalo tse dumelletsweng nakong e fetileng
- ho se fumane molato nthong e itseng (tumello ya ho sebedisa diGMO jwaloka dijo, phepelo kapa bakeng sa ho sebetswa)
- jala le ho sebedisa diGMO ho una tjhelete
- ngodisa dibaka tse sebedisetswang diketso tsa di GMOs
- boemo ba thepa e tlisitsweng ya GMO.
O lokela ho etsang
- Fumana hore o batla tumello ya mofuta wa ketso efe mme o tlatse foromo ya kopo e loketseng.
- Bakeng sa dikopo tse ding, ela hloko dintho tse latelang tse hlokehang pele:
- dikopo tsa ho lokollwa ka kakaretso di tlameha ho etellwa pele ke ho qetwa ha diketso tse tikolohong ya Aforika Borwa tse ka hodimo ho dihla tse tharo tsa ho jala
- dikopo tse tswellang ka ketso di tla amohelwa feela haeba ketso eo e ne e dumelletswe nakong e fetileng.
- Isa kopo le palo e boletsweng ya dikhopi ho Mongodisi wa diGMO.
- Isa khopi ya kopo ya tlatsetso, e se nang tsebiso ya kgwebo eo e leng sephiri, ho Mongodisi wa di GMO.
- Lefa tjhelete e behetsweng.
- Isa raporoto ya diketso tse entsweng nakong e fetileng (moo ho hlokehang).
- Isa bopaki ba ditsebiso tsa setjhaba (moo ho hlokehang).
- Bakopi ba lokela ho sebedisa ditataiso tse latelang:
- guideline document for work with genetically modified organisms (Tokomane ya tataiso bakeng sa ho sebetsa ka diphedi tse fetotsweng ho ya ka lefutso)
- guideline document for use by the Advisory Committee when considering proposals/applications for activities with genetically modified organisms (Tokomane ya tataiso ya ho sebediswa ke Komiti ya Boeletsi ha e hlahloba ditlhahiso / dikopo tsa ditshebetso ka diphedi tse fetotsweng ho ya ka lefutso)
- terms of reference for sub-committees to assist the Advisory Committee in terms of Section 11(2) of the Genetically Modified Organisms Act, 1997 (Act No. 15 of 1997) (Dipallo tsa malebela tsa dikomitinyana ho thusa Komiti ya Boeletsi ho ya ka dipallo tsa Karolo 11 ya Molao wa Diphedi tse Fetotsweng ho ya ka Lefutso, 1997 )
- guideline document for making a public notification in terms of Regulation 6 of the GMO Act (Tokomane ya tataiso ya ho etsa tsebiso ya bohle ho ya ka dipallo tsa Molawana 6 wa Molao wa GMO)
- GMO transit policy (Leano la tsamaiso la GMO).
Nako ya tshebetso
- Mongodisi wa GMO o fumana ho phethahala ha kopo ho ya ka ditlhoko tsa Molao wa Ho Fetola Tlhaho ya Dintho tse Phelang wa 1997.
- Komiti ya Boeletsi e hlahloba dintlha tsa saense tse isitsweng le kopo mme e etsa kgothalletso ka polokeho ya ketso e sisingwang ho Lekgotla la Phethahatso.
- Mongodisi o amohela diphehiso tsa setjhaba nakong e dumelletsweng.
- Lekgotla la Phethahatso le nka qeto ka kopo, le shebile kopo, kgothalletso ya Komiti ya Boeletsi, diphehiso tsa setjhaba le dikameho tse ka bang teng makaleng a jwaloka a temothuo, bophelo, tikoloho, mosebetsi, kgwebisano le ntshetsopele ya saense le thekenoloji.
- Ebang qeto ya Lekgotla la Phethahatso e le phosethifi, Mongodisi o dumelletswe ho fana ka phemiti.
- Diphemiti kaofela di felehetswa ke dipehelo tsa poloko.
Bahlahlobi ba tswang Lefapheng la Temothuo ba disa ho kenngwa tshebetsong ha dipehelo tsa phemiti.
Diforomo tse tlatswang
(Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.)
Diforomo [PDF]