Haeba o le titjhere e nang le boiphihlelo le mangolo mme o batla mosebetsi Aforika Borwa, o tlameha ho ingodisa le Khansele ya Aforika Borwa ya Matitjhere (SACE).
Lengolo la hao la thuto le tlameha la be le ananelwa bakeng sa khiro ho tsa thuto pele ho ingodisa le SACE. Haeba o na le mangolo a thuto a naha e kantle, a tlameha hore a lekolwe pele ke Bolaodi ba Mangolo a Thuto ba Aforika Borwa (SAQA).
Ha o batla ho tseba haholwanyane ka ho ingodiswa jwalo ka titjhere le:
- Khansele ya Aforika Borwa ya Matitjhere (SACE) kapa o letsetse 012 663 9517 / 086 1007 223.
- Lefapha la Thuto ya Motheo kapa o letsetse 012 357 3000.