Pohelo ya kopano ya Kabinete ya la 07 Phato 2013

1. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa bohlokwa maemong a ha jwale

1.1. Kabinete e thoholeditse batho ba Zimbabwe le mekga ya dipolotiki ka ho tshwara dikgetho tse hlophisitsweng hantle tsa palamente le tsa dibaka.

Kabinete e rorisitse matsapa a Mopresidente Jacob Zuma e le Monamodi ya emetseng Selekane sa Ntshetsopele ya Dinaha tsa Borwa ba Aforika Ditherisanong tsa Zimbabwe, ho netefatseng hore mekga yohle ya dipolotiki e ikitlaelleditse dikgetho tse nang le kgotso.

1.2.  Kabinete e seollotse tlhaselo ya qhomane moahong o sebediswang ke basebetsi ba Boqosa ba Turkey mane Mogadishu, Somalia, ya ba ya fetisa melaetsa ya matshediso Mebusong ya Somalia le Turkey.

1.3.  Selemong se etellang pele phethelo ya Dilemo tse 20 tsa Tokoloho, kabinete e ikamahanya le setjhaba ho ketekeng Kgwedi ya Basadi tlasa mookotaba o reng “Dilemokgolo tsa ho Sebetsa Mmoho Matlafatsong ya Basadi ya Nako e Telele le Tekano ya Bong.”

Dilemokgolo di tlotla dintwa tsa tokoloho tse lwannweng ke basadi haesale ho tloha ha moitseki ya qollehang, Charlotte Maxeke, a ile a etella pele sehlopha sa basadi mohwantong wa Bloemfontein o neng o hanana le melao ya dipasa ka 1913.

Seabo se entsweng ke basadi twantshong ya melao ya dipasa esita le dikarolong tse ding tsa ntwa ya tokoloho ke ntho ya bohlokwa ya kgothatso Kareteng ya Boitsebiso e sa tswa thakgolwa.

Jwaloka ha setjhaba se keteka basadi, Kabinete e boela e ipiletsa ho maAforika Borwa ohle ho satalla kgahlanong le tlhekefetso efe kapa efe ya basadi le bana esita le ho hlompha ditokelo tsa basadi jwaloka ha di fuperwe ke Molaotheo.

1.4.   Kabinete e ile ya pheta teboho ya pejana ya Mopresidente Jacob Zuma setjhabeng esita le matjhabeng ka ho etsa Letsatsi la Matjhaba la Nelson Mandela hore e be letsatsi le leholohadi ho fihlela jwale la keteko ya matswalo a Madiba. Mohla la 18 Phupu, diketekete tsa batho Aforika Borwa ka bophara le lefatsheng di ile tsa ipha nako ya ho ya thusa batho ba sotlehang.

Kabinete e ipileditse ho maAforika Borwa ho tshehetsa tlhomamiso ya Letsatsi la Dipapadi le Botjhaba la Nelson Mandela Lebaleng la FNB, Johannesburg, mohla la 17 Phato. Di-Springbok di tla bapala le Argentina, Bafana Bafana yona e tla thulana le Burkina Faso athe sehlopha sa bolo ya maoto sa Mekaubere sa Aforika Borwa se tla bapala le sa Italy, ho tla latela khonsarete ya mmino e tletseng dikgalala tsa dibini ka phirimana.

Tjhelete yohle e bokelletsweng moo e tla iswa projekeng ya kaho ya sepetlele sa Bana sa Nelson Mandela.

Kabinete e ile ya boela ya pheta kgoeletso ho maAforika Borwa ho “Nka Kgato; ho Kgothalletsa Phetoho (le) ho Etsa hore Letsatsi le leng le le leng e be Letsatsi la Mandela”.

Kabinete e tswelapele ho ipiletsa ho maAforika Borwa ohle hore a tswelepele ho bea Mopresidente wa mehleng Nelson Mandela menahanong le merapelong ya wona jwaloka ha  a ntse a hlaphohelwa tshebedisong ya meriana ya kalafo.

1.5. Kabinete e mahlonokong ka ho hlokahala ha Moahlodi e Moholo wa mehleng Pius Langa, ya bolokilweng ka la 3 Phato nakong ya Lepato le Kgethehileng la Semmuso. Kabinete e fetisetsa matshediso ho lelapa la hae, metswalle le basebetsimmoho.

Moahlodi e Moholo wa mehleng Pius Langa o tla hopolwa ka seabo sa hae Ntweng ya tokoloho, tshireletso ya hae ya demokrasi ya rona e tataiswang ke molaotheo, athe morao tjena, le ka mosebetsi wa hae Khomisheneng ya Bolokolohi ba Ditaba.

1.6. Kabinete e hlokomela boteng ba dikgatelopele tse ntle lekaleng la thuto, haholoholo matlafatsong ya Setatemente sa Leano la Kharikhulamo le Tekanyetso esita le tshehetso e ntseng e tswelapele ya matitjhere ho kenngweng tshebetsong ha sona. Kabinete e amohetse ho thewa ha Setlamo sa Tshebetso se filweng mosebetsi wa ho tsamaisa ho kenngwa tshebetsong ha kharikhulamo ya Puo ya Matsoho ya Aforika Borwa ka 2013 ho tloha Kereiting ya R ho isa ho ya 12, ho ya ka kgoeletso ya Mopresidente ya hore puo ya matsoho e ananelwe e le ya semmuso. Kharikhulamo e ntjha e tla fana ka phihlello e
tomanyana menyetleng ya thuto bakeng sa bohle.

1.7. Kabinete e ipiletsa ho ba qetileng materiki ka 2013 ho ingodisa hona jwale ditheong tsa thuto e phahameng bakeng sa 2014 ho ya ka Letsholo la Khetha la Etsa Kopo Hona Jwale! la Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupelo.

Baithuti ba kgothalletswa ho ba sedi ha ba kgetha seo ba batlang ho ithutela sona, ba be ba sekaseke ditlhoko tsa bona tsa ditjhelete. Baithuti ba hopotswa ka Sekema sa Setjhaba sa Thuso ya Baithuti ka Ditjhelete, se fanang ka thuso ya ditjhelete ho ba tshwanelehileng ho ya ka mesebetsi ya bona e metle dithutong esita le baithuti ba hlokang ditjhelete.

1.8. Kabinete e thoholetsa thakgolo ya kanale ya ditaba tsa thelevishene tsa ka nako tsohle ya Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa e rarollang tlhokeho e dulang e eketseha ya kgaso ya ditaba tsa moraorao diketsahalong tsa bohlokwa tsa naha le tsa matjhaba ebile e fa maAforika Borwa ohle lepatlelo la ho hlahisa maikutlo.

1.9. Kabinete e thoholetsa Cameron van der Burgh, Chad le Clos le Giulio Zorzi; disesi tse entseng hore naha e be motlotlo ka ho hapa dikgau Ditlhodisanong tsa Lefatshe tsa 15 tsa Mokgatlo wa Matjhabatjhaba wa ho Sesa Barcelona.

1.10. Kabinete e lakaleditse Mamoseleme a Aforika Borwa mahlohonolo jwaloka ha a keteka Eid. Kabinete e boela e lakaletsa Setjhaba sa Majuda a Aforika Borwa hore se natefelwe ke kgwedi ya Elul.

2. Dipuisano le diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete
2.1.  Kabinete e ananetse ho thakgolwa ha mosebetsi wa dipuisano wa Lefapha la Merero ya Metsi bakeng sa Maemo a Maano a Naha a Metsi.

Sepheo sa tjhebolobotjha ya leano lena ke ho fumana le ho lokisa ditlamorao dife kapa dife tse sa rerwang esita le dikgeo maanong a jwale a metsi.

Sena se reretswe ho fihlella sepheo sa Mmuso sa phihlello e lekanang ya metsi ebile e le ya nako e telele.

Maemo a lekotsweng botjha a maano a tla thusa ho ajweng botjha ha metsi ho basebedisi ba metsi ba neng ba kotetswe nakong e fetileng. A tla boela a netefatsa hore ha ho meralo ya motheo ya metsi e tla kwekwetla setjhaba, haholoholo setjhaba sa mahaeng se hlokang mehlodi metsi.

2.2. Kabinete e ananetse phatlalatso ya Leano la Naha la Boithuelo ba Thepa, bakeng sa tshwaelo ya setjhaba ka nako ya matsatsi a 30.

Leano le habile ho amanya le ho rarolla kahohlehohle dintlha tse fapafapaneng tse amanang le boithuelo ba thepa, bo phopholetsang hohle dinthong tse fapafapaneng, ho akga: kgwebisano, saense, temo le bophelo bo botle. Kahoo ho na le tlhokeho ya mokgwatshebetso o le mong wa leano boemong ba naha le ba matjhaba ho tswa Mmusong.

2.3. Kabinete e ananetse moralo wa leano bakeng sa tiso eo motheo wa yona e leng baahi ka sehlooho se reng “Moralo wa ho Matlafatsa dilekane tsa Baahi le Mmuso bakeng sa Tiso Phanong ya Ditshebeletso tsa Mantlha”.
Mafapha a mmuso a amehang phanong ya ditshebeletso setjhabeng, a lebelletswe ho fetofetola tiso ya wona le meralo ya tlhahlobo ho kenyelletsa mekgwa ya ho kopanya maikutlo le malebela a baahi phanong ya ditshebeletso. Sena se rala motheo wa ho kopanya tiso eo motheo wa yona e leng baahi le mokgwa wa tiso wa mmuso. Sena se rala motheo bakeng sa ho kopanya tiso eo motheo wa yona e leng setjhaba mokgweng wa tiso wa mmuso.
Moralong ona, tiso eo motheo wa yona e leng baahi o hlalosa mokgwa wa tiso tshebetsong ya mmuso e tsepamisang maikutlo malebeleng a baahi ho matlafatsa boikarabelo ba setjhaba le ho sututsa dintlafatso phanong ya ditshebeletso.
2.4.  Kabinete e ananetse Mekgwatsamaiso ya Tsamaiso ya Setjhaba le Dithomo tsa Bolaodi ba Ditjhelete.
Mekgwatshebetso e fana ka tataiso ya kamoo matla a Tshusumetso ya Phethahatso a neanwang ka teng ho Mohlanka ya Ikarabellang esita le ho ya boemong bo tlasenyana jwaloka ha ho hlakisitswe Molaong wa Tshebeletso ya Setjhaba le Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba.
Mekgwatshebetso e nolofatsa mosebetsi wa neano ya matla, o tla kgothalletsa phano ya ditshebeletso e sebetsang haholwanyane.
Letona la Tshebeletso le Tsamaiso ya Setjhaba le tla tswelapele ho manolla Mekgwatshebetso le dipelaelo tsa yona hamorao.
2.5.  Kabinete e se e ananetse ditumellano tse latelang hore di amohelwa Palamenteng ho ya ka Karolo ya 231 ya Molaotheo wa Aforika Borwa: Ya pele, phihlello ya Aforika Borwa Tumellanong ya ho thewa ha Khomishene ya Tjhuna Lewatleng la India (IOTC), Ya bobedi ke Seboka se Seholo sa Poloko ya Tuna ya Bluefin ka Borwa (CCSBT) le; Ya boraro, e leng Mokgatlo wa Dijo le Temo (FAO) wa Matjhaba a Kopaneng Tumellanong ya Mekgwatsamaiso ya Lediboho la Naha ho Thibela, ho se Kgothalletse le ho Fedisa Botshwasi ba Ditlhapi bo seng Molaong, bo sa Tlalehwang bo bile bo sa Laolwe (IUU).

Letona la Temothuo, Meru le tsa Ditlhapi le lona le se le ikamahantse le kopano ena e le ho thatoloha ka boleng bo tla tliswa ke sena indastering ya botshwasi ba ditlhapi le seabo sa yona ho hodiseng moruo wa rona.
2.6. Kabinete e ananetse hore Aforika Borwa e tla tshwara Seboka sa 11 sa Mekgatlo (COP) se hlahlamang Seboka se seholo sa Abidjan Cape Town ho tloha mohla la 24-28 Hlakubele 2014.
Seboka se seholo sa Abidjan ke se seng sa tse 18 tsa Diboka tse Kgolo tsa Mabatowa a Mawatleng moo merero ya Tshebetso e ileng ya thewa ke Lenaneo la Tikoloho la Matjhaba a Kopaneng e le karolo ya ho kenngwa tshebetsong ha Lenanetsamaiso la Stockholm la 1972.
Seboka se Seholo se fana ka moralo wa molao bakeng sa tshebedisano mmoho ya mabatowa Dinaheng tse amehang ho ikatlaelletsa tshebetso e kopanetsweng mabapi le ho rarolla mathata a nyalanang a tikoloho ya mabopo le mawatle ao di abelanang ka wona.
Setheo se hodimodimo sa Seboka se Seholo sa Abidjan se etsang diqeto, ke COP, e leng kopano ya ka morao a dilemo tse pedi e kgobokanyang Matona a Tikoloho le ditsebi tsa dintho tse sa utlwisiseheng habobebe tse tswang mekgatlong e  Dumellanang, esita le dinaha tsa bolemohi, dieijensi tse ding tsa Matjhaba a Kopaneng le mekgatlo eo e seng ya mmuso.
2.7. Kabinete e ile ya kumelwa ka tlaleho ya seabo sa borumuwa ba Aforika Borwa Mmokeng wa 57 wa Khomishene ya Matjhaba a Kopaneng ho tsa Maemo a Basadi, o neng o tshwerwe ho tloha ka la 4 ho isa ho la 15 Hlakubele 2013.
Mmoka wa 57 o ne o tshwaretswe Ntlokgolo ya Matjhaba a Kopaneng New York, mme mookotaba o ka sehloohong e ne e le “Phediso ya Dikgoka kgahlanong le Basadi le Banana.”
Boitlamo bo tomanyana bo ile ba etswa ba ba ba ananelwa ke ba neng ba nka seabo phedisong ya dikgoka kgahlanong le basadi le banana. Kabinete e entse kgoeletso mafapheng ohle ho kenya letsoho ho kenngweng tshebetsong ha boitlamo bona.
2.8. Kabinete e ananetse ho tekwa ha tlaleho ya Nakong e Bohareng ya Aforika Borwa ya kgatelopele Seemeng se Akaretsang sa Matjhaba a Kopaneng ka Tjhebobotjha ya AIDS Lefatsheng. Tlaleho e arabela Ditlhahisong tsa Sepolotiki dipehelong tse 10 tsa HIV/AIDS tse monyollotsweng matshwaong a ka sehloohong. Kabinete e rorisitse Lefapha la Bophelo bo Botle ka tlaleho e bontshang hore Aforika Borwa e motjheng wa ho fihlella bongata ba matshwao ka nako e sehilweng ya 2015.
2.9 Kabinete e ile ya kumelwa ka ho kenngwa tshebetsong ha Karolo ya 100 (1) (b) ya ho thusetsa Profenseng ya Limpopo. Ba ile ba hlokomediswa ka diphumano tse ka sehloohong tse tlalehong ya tlhahlobo, mehato ya thusetso e sisintsweng le kgatelopele e seng e entswe ho fihlela jwale. Ba ile ba boela ba hlokomediswa ka dintho tse ntseng di salletse tse ntseng di tshwanela ho phethelwa.
  Ho fihlela ka la 31 Phupu 2013 palo ya tjhelete ya mokitlane e ne e le R3.3 bilione papisong le sekepele sa kadimo sa R1.7 bilione ha Limpopo e ne e kena tlasa botsamaisi ka Tshitwe 2011.
Kamora ho kgotsofalla mehato ya tokiso e sebedisitsweng mafapheng a mahlano a tlasa botsamaisi, Kabinete e ananetse hore Komiti ya Matona e ka tswelapele ka mosebetsi wa dikgwedi tse tsheletseng wa phetoho o dipakeng wa ho neelana ka botsamaisi ba Limpopo ho Tonakgolo le Phethahatso ya hae e ntjha.
Kabinete e dumetse hore dipatlisiso tse tomanyana di tshwanela ho tswelapele dinthong tse tobaneng le ho utolla mesebetsi e mebe mme moo batho ba fumanwang ba ile ba sitisa mekgwatsamaiso ya phumantsho, dikgato tse tshwanelehileng tsa kgalemo di tla nkuwa. Komiti ya Matona e tla fana ka ditaba tse phethahetseng ka nako e nepahetseng.

3. Dibili
3.1. Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya tsa Molao ya Meteroloji Palamenteng.

Bili e reretswe ho tataisa ho metha ho entsweng ke indasteri ha ho hwebisanwa ho sebediswa dikala, dimithara le disebediswa tse ding tsa ho metha ho botsekeng. Sepheo sa Bili ke ho kgothalletsa kgwebisano e hlokang leeme, le ho tshireletsa bophelo bo botle le polokeho le tikoloho setjhabeng. Bili ena e tla boela e rarolla pherekano e Molaong wa jwale wa Meteroloji ya Kgwebisano (1973).

Bili ena ke ntho ya bohlokwa tshebedisong e ntlehadi ya meralo ya motheo ya setekgeniki e fupereng Maemo, Tiiso ya Boleng, Kamohelo le Mekgwatshebediso ya meteroloji (SQAM) Aforika Borwa.

3.2. Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya Sehlomathiso ya Meriana le Dithethefatsi tse Amanang le yona, 2012 Palamenteng.

Bili e hlomathisa Molao wa Meriana le Dithethefatsi tse Amanang le yona, 1965 (Molao wa 101 wa 1965) jwaloka ha o hlomathisit swe ke Molao wa 72 wa 2008. Bili e habile ho thea setheo sa taolo ya meriana se matla, se setle se bile se sebetsa ka bokgabane.

4. Dithonyo
Kabinete e ananetse dithonyo tse latelang:
4.1. Moprofesara Edith Veronica Vries o hirilwe e le Motsamaisi e Moholo Lefapheng la Temo, Meru le tsa Ditlhapi.
4.2. Mme Duduzile Charity Baby Mbongwa o hirilwe e le Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo: Mawa le Tshebetso Bopresidenteng.
4.3. Mme Loraine Elzabe Rossouw o hirilwe e le Mohlanka e Moholo wa tsa Ditjhelete  Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo.
4.4. Kabinete e dumellana le tshisinyo e isitsweng ho Mopresidente ya ho thonya Moprofesara Fiona Tregenna e le setho sa nakwana sa Lekgotla la Ditlhodisano nakong ya dilemo tse hlano  ho tloha mohla la 1 Phupu 2013.
4.5. Kabinete e tsebi le ka dithonyo tse latelang tsa ho sebetsa Botong ya Eijensi ya Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane (seda) nakong ya dilemo tse tharo ho tloha mohla la 1 Lwetse 2013 ho isa ho la 31 Phato 2016.
a) Ngaka Ivor Zwane (o thontswe hape)
b) Ngaka Marius Venter (o thontswe hape)
c) Ntate Mojalefa Mohoto (moemedi wa dti).
4.6. Kabinete e tsebile ka thonyo ya Mme Thabang Sophie (Peppy) Kekana e le setho sa Boto Lothari ya Naha nakong ya dilemo tse hlano ho tloha mohla la 1 Lwetse 2013 ho isa ho la 30 Phato 2018.

E hlahisitswe ke ba Dikgokahanyo tsa Mmuso (GCIS)
Dipatlisiso: Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Molepo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore