Tlaleho ya Kopano ya Kabinete, ya Laboraro la 01 Pudungwana 2023

 

1. Maemo a Renang 2023 Bommampodi ba Mohope wa Lefatshe wa Rugby

1.1. Kabinete e ile ya lebohisa di-Springboks ka tlholo ya tsona ya Mohope wa Lefatshe wa Rugby wa 2023 e ileng ya etsa hore Afrika Borwa e be yona feela naha e hapileng Mohope wa Lefatshe wa Rugby ka makgetlo a mane le ya bobedi ho hapa mohope oo ka ho latellana.

1.2. Historing ya rugby Afrika Borwa, sehlopha sena sa di-Springboks ke sona se nang le merabe e fapaneng ka ho fetisisa ho latela boemedi ba palo ya batho ya Afrika Borwa. Sebopeho sena sa sehlopha sa merabe e fapaneng hase ketso e iketsahalletseng feela, empa ke boiteko bo rerilweng ke basebetsi ba tsamaiso le ba kwetlisang ba di-Springboks ho kgetha sehlopha se kenyelletsang bohle. Qeto eo e bontshang sebete sa mokwetlisi Rassie Erasmus le sehlopa sa hae e tswela pele ho bontsha Maafrika Borwa le lefatshe lohle, hore motho e mong le e mong ya nang le bokgoni, haeba a fuwa monyetla le tshehetso, a ka hlahella – le bopaki ba hore re Matla Mmoho.

1.3. Sa bohlokwa le ho feta, mamello le boikemisetso ba di-Springboks lebaleng la dipapadi, ho phethahatsa moelelo wa nnete wa se bolelwang ke ho ba Moafrika Borwa, e leng se etsang hore naha ena e kgolo e eme kgahlanong le ditshitiso tsohle le mathata e le hore e hlahe e le mohlodi. Tse ding tsa dibapadi tse hlwahlwa tsa sehlopha sena sa di-Springboks di ile tsa lokela ho hlola mathata tseleng ya tsona e lebisang katlehong e kgolo.

1.4. Kabinete e ile ya lebohisa Siyamthanda “Siya” Kolisi, mokapotene wa di-Springboks tse hapileng ka makgetlo a mabedi Mohope wa Lefatshe bakeng sa ho etella pele sehlopha ho se lebisa boemong ba Greatest of All Time (GOAT) mme ho keteka ho lokela ho tswela pele.

2. Foramo ya AGOA

2.1. Kabinete e thabetse tiisetso ya botsamaisi ba Amerika le seboka ka boikemisetso ba tsona ba ho atollosa AGOA, e leng se tlisang bonnete ho setjhaba sa matsete sa dinaha tse tshwanelehang bakeng sa AGOA.

2.2. Kabinete e boetse ya amohela ho tshwarelwa ha Foramo ya AGOA ya 2023, lekgetlo la pele Johannesburg ho tloha ka la 2 – 4 Pudungwana 2023 moo ho bileng le bankakarolo ba emetseng dinaha tsa Afrika tse 32 ba tswang mmusong, kgwebong, mekgatlong ya setjhaba le mekgatlong ya basebetsi hammoho le baemedi ba mmuso wa Amerika.

2.3. Kabinete kamehla e tiisa hore AGOA e fana ka monyetla wa hore Amerika e matlafatse maqhama a moruo le Afrika mme kahoo e lokela ho ekeletswa nako ya ho ba tshebetsong ka nako e bonahalang, e nang le moelelo, ho etsa hore e be le mosola le tshusumetso.

3. Seboka sa Matona a Bohahlaodi a BRICS

3.1. Kabinete e thabetse sephetho se atlehileng sa Seboka sa Matona a Bohahlaodi a BRICS sa 2023 se neng se tshwaretswe Cape Town, se ileng sa etsa hore dinaha tseo e leng ditho di sebedisane ka ho felletseng ho ntshetsa pele bohahlaodi ba ka hare ho BRICS, ho ntlafatsa ditsela bakeng sa motsamao o betere wa bohahlaudi le kgokahanyo hara dinaha tseo e leng ditho.

3.2. Sena se tla matlafatsa le ho feta lefapha la Afrika Borwa la bohahlaodi le seng le ntse le bontsha matshwao a ho ntlafala. Bakeng sa dikgwedi tsa pele tse 8 tsa 2023, naha e ile ya ba le baeti ba dimilione tse 5.5 e leng se ileng sa bontsha keketseho ya dipersente tse 63.4 ho tloha ho nako e tshwanang ka 2022.

4. Ngodiso ya Dikgetho

4.1. IEC e phatlaladitse la 18 le la 19 Pudungwana 2023 e le mafelobeke a pele a ho ingodisetsa ho kgetha bakeng sa Dikgetho tsa Kakaretso tsa 2024.

4.2. Kabinete e ipiletsa ho bohle ba tshwanelehang ho kgetha ho ingodisetsa ho kgetha bakeng sa Dikgetho tsa Kakaretso tsa 2024 diteisheneng tsa hao tsa ho kgetha tse haufinyane.

4.3. Ngodiso ya ho kgetha ya inthanete e butswe ho tloha ka Hlakola 2023 mme baahi ba koptjwa ho sebedisa setsi sena ho ingodisa kapa ho ntlafatsa dintlha tsa bona.

4.4. Maafrika Borwa a kentseng dikopo tsa di-ID a kgothalletswa ho etela ofisi ya Meroro ya Lehae ya sebakeng sa habo bona bakeng sa ho ya di nka. Ho na le dikarete tsa di-smart ID tse fetang 500 000 tse lokelang ho latwa diofising tsa Merero ya Lehae naha ka bophara.

5. Motlakase

5.1. Letona ofising ya Mopresidente le ikarabellang bakeng sa Motlakase le fane ka dintlha tse hlakileng ka boemo ba motlakase naheng.

Kabinete e ile ya thoholetsa boiteko ba Mmuso wa Profinse ya Gauteng o sebetsang le Eskom ho tsosollosa motlakase dibakeng tsa Gauteng tse nnileng tsa ba lefifing ka lebaka la boshodu kapa ho senyeha ha di-transformer.

5.2. Bosiung bo fetileng, di-transformer tse tsheletseng tse ntjha tsa motlakase di ile tsa kenngwa Kagiso, sebakeng sa West Rand ka mora hore baahi ba sale ba se na motlakase ka dilemo tse fetang tse tharo.

5.3. Kabinete e ipiletsa ho baahi bana hore ba sirelletse disebediswa tsena tsa bohlokwa boshodung, le tshenyong tse bakwang ke dikgokelo tse seng molaong.

6. Tjhefo ya Dijo

6.1. Kabinete e tshwenyehile ka ho ata ha bana ba kudiswang ke tjhefo ya dijo eo ba e fumaneng ha ba ja dijo tse felletsweng ke nako le tse silafetseng tseo ba di rekileng mabenkeleng a spaza le ho barekisi ba seterateng.

6.2. Kabinete e kgothaditswe ke boiteko ba tshebetso ya molao ba ho tiisa hore ho latelwa melao ya polokeho ya dijo.  

7. Seboka sa Matjhaba se Buang ka Diketso tsa ho Falla se Kwetlisang Boramotse le Marena

7.1. Kabinete e ile ya tsebiswa ka Seboka sa Matjhaba se Buang ka Diketso tsa ho Falla se Kwetlisang Boramotse le Marena se neng se tshwerwe ke Lefapha la Merero ya Lehae ka bonkakarolo ba Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyanane, Lefapha la Puso ya Kopanelo le Ditaba tsa Borena Lefapha la Bodulo ba Batho le marena le boramotse ho tswa bomasepaleng ba ditoropo le ba ditereke, se neng se tsepamisitswe ho ditlamorao tse bakwang ke ho falla ho seng molaong, ho kenyelletsa tsamaiso ya mabenkele a spaza.

7.2. Sephetho se ka sehloohong se akaralletsa ho kenyelletswa ha melawana ya dintho tse fapaneng bakeng sa ho lokisa mathata a amanang le phethahatso ya melawana ya kgwebo ke bomasepala le balaodi ba setso. Ho tla ba le ditlhahlobo tsa hanghang tse kopanetsweng tsa dikgwebo, ka ho kgetheha tsa mabenkele a spaza ke mafapha a mosebetsi, a bophelo bo botle, a ntshetso pele ya dikgwebo tse nyenyane le dihlopha tsa tlhahlobo ya ho falla tsa Merero ya Lehae, bakeng sa ho qobella boikamahanyo le melao e sebetsang.

7.3. Tlhahlobo ho mabenkele a spaza metseng le makeisheneng, le mekgwa ya ho a ngodisa e tla sebediswa ke baetapele ba setso le bomasepala. Ho boetse ho na le boiteko ba ho tshehetsa balaodi ba setso ho boloka tlaleho ya batho ba tswang kantle ho naha metseng ya bona.

7.4. Molao wa laesense ya kgwebo o fetotswe bakeng sa ho tshehetsa bohle ba lakatsang ho hweba mafapheng a sa laolweng ke mmuso.

8. Ntwa ya Kopanelo Kgahlanong le Botlokotsebe

8.1. Kabinete e babatsa SAPS ka kotlo e kgolo ho mekgatlo ya matjhaba ya dithethefatsi ka mora ho fumana khokheine ya boleng ba dimilione tse R80 tse ileng tsa tshwarwa ka la 20 Mphalane 2023 ntlong ya polokelo Boemakepeng ba Dube Trade ka hare ho Boemafofane ba Matjhaba ba King Shaka. Matsatsi a mabedi pele ho kgapo eo, khokheine e nngwe ya boleng ba dimilione tse R70 le yona e ile ya fumanwa ka khontheinareng Boemakepeng ba Durban.

8.2. Kabinete e thoholetsa SAPS bakeng sa mosebetsi wa bona wa ho sitisa le ho senya tlolo ya molao e hlophisitsweng ya matjhabeng e leng tshokelo e kgolo ho setjhaba sa habo rona le ho naha.

8.3. Letsholo la Tshireletseho Nakong ya Matsatsi a Phomolo le se ntse le beha ditholwana ka ho tshwara ha mapolesa babelaellwa ba fetang 140, ho kenyelletsa le eo ho thweng ke nkokonono ya morafo o seng molaong, le ho hapuwa ha dithunya tse se nang laesense.

9. Ketelo ya ho Hlahloba ya Mopresidente

9.1. Kabinete e thabetse Ketelo ya ho Hlahloba ya Mopresidente Masepaleng wa Emfuleni, e ileng ya latelwa ke dikopano le setjhaba nakong ya ketelo ya Mohlala wa Ntshetsopele ya Ditereke ya 2022.

9.2. Ketelo ya 2022 Emfuleni e qoollotse mathata a tlhokomelo e mpe ya ditshebeletso ke masepala.

9.3. Ka ho kenella ha Lefapha la Metsi le Bohlweki, ho bile le tswelopele e bonahalang tabeng ya ho rarolla mathata a ditshebeletso tsa metsi le bohlweki tse felletseng ka ho putlama ha tsamaiso ya Metsi a Ditshila Vaal.

9.4. Mosebetsi o entswe bakeng sa ho ntlafatsa phano ya metsi, tshebetso e nepahetseng ya tsamaiso ya metsi a ditshila mme kahoo ha fediswa bothata ba metsi a dikgwerekgwere tse ditshila a mathang diterateng le dijareteng tsa batho.

9.5. Tswelopele e hlokomelehang nakong ya ketelo ena e kenyelletsa ntlafatso diphaepheng tse ngata tsa bohlokwa le diteisheneng tsa ho pompa metsi, ho ntjhafatswa le ho tiiswa ha ditsela, hammoho le tlhahiso e kgolo ya mabone a seterateng bakeng sa ho ntlafatsa kganya le polokeho.

10. Leano Bakeng sa Tsamaiso ya Thepa Afrika Borwa

10.1. Lefapha la Dipalangwang le tswetsepele ho qala dipuisno ka Leano le mabapi le Tsamaiso ya Thepa Afrika Borwa, e le karolo ya mehato ya ho rarolla mathata ao lefapha la tsamaiso ya thepha le tobanang le ona le ho matlafatsa boiteko ba ho ntlafatsa moruo wa Afrika Borwa.

11. Ntshetsopele ya Mehaho le Tlhokomelo

11.1. Kabinete e thabetse tswelopele e entsweng ho ntshetsopele ya mehaho le tlhokomelo ka ho phethwa ha kaho ya marokgo a mahaeng a 36 tlasa Welisizwe Rural Bridges, le kaho e ntseng e tswelapele diprojekeng tse 20 dibakeng tsa bodulo ba batho, ditseleng le metsi.

12. Ho Thakgolwa Botjha ha Ditsela tsa Matjhaba tsa South African Airways (SAA)

12.1. Kabinete e thabetse ho thakgolwa botjha ha ditsela tsa matjhaba tsa SAA ka ho kenyelletsa botjha maeto a sefofane dikhonthinenteng tse ding a yang São Paulo, Brazil, e leng se boetseng sa tshwaya ho kgutla ha tshebeletso ya nako e telele ka ntle ho Cape Town le Johannesburg.

12.2. Ho kgutla ha SAA ditseleng tsa matjhaba ho tla tlatsetsa ka ho toba kgolong ya ketelo ya matjhabeng naheng ya rona, le ho kgolo lefapheng la bohahlaodi ka mora tshenyo e bakilweng ke sewa sa COVID-19.

13. Afrika Borwa e Thakgotse Drone e Kgolo ka ho Fetisa Afrika

13.1. Kabinete e lebohisitse ba Sesole le khampani ya difofane ya Milkor ka katleho ya yona ya ho thakgola sefofane se sa hlokeng ho palangwa hore se fofiswe (UAV) sa Milkor 380, e leng se behang Afrika Borwa hara dinaha tse tswelang pele ho etsa kgatelo pele theknolojing ya di-drone.

13.2. Milkor 380 ke drone e kgolo ka ho fetisisa e entsweng Afrika mme e tla sebediswa ke masole ha ho na le dintwa, ha ba disa moedi, ha ba disa dimela le diphoofolo tse hlaha, ho kenyelletsang twantso ya ho tsoma ho seng molaong.

14. Ditlhahlobo tsa Metriki le tsa Sekolo tsa Qetellong ya Selemo

14.1. Kabinete e thabetse qalo e tsamaileng ka thello ya ditlhahlobo tsa 2023 tsa National Senior Certificate (metriki), tse qadileng ka la 30 Mphalane 2023. Batswadi le bahlokomedi ba kgothalletswa ho tswela pele ba tshehetsa baithuti nakong ena ya bohlokwa.

14.2. Kabinete e boetse ya romela ditakaletso tse molemo ho baithuto bohle ba tla beng ba dutse bakeng sa ditlhahlobo tsa bona tsa qetellong ya selemo.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Boemo Palestina

1.1. Kabinete e swabisitswe ke ho hana ha mmuso wa Iseraele ho hlompha molao wa matjhaba le ho tswela pele ho nyenyefatsa diqeto tsa Matjhaba a Kopaneng bakeg sa ho kenya tshebetsong ho emisa ntwa ntle ho kotlo.

1.2. Ditsela tsa ho baleha bakeng sa batho ba Palestina di ntse di thibetswe ka phello ya ditlamorao tse bohloko bakeng sa bana, basadi le baahi ba se nang molato.

1.3. Ditlhaselo tsa batho ba Palestina ka difofane tsa mmuso wa Iseraele, di tswelapele mme palo ya batho ba shwang e a eketseha mo e kenyelletsang basadi le bana. Matsatsing a mabedi a fetileng, lefatshe le ile la sheba ho se letho leo le ka se etsang le shebelletse ha tlhaselo ya difofane e ba matla ho Gaza le ho West Bank moo dikolo, dipetlele, diambulense le mahae a baahi hammoho le ditsela tseo ho thweng di sireletsehile tse yang ka Borwa ho Gaza di thuntshwa.

1.4. Bakeng sa dintlha tsena, Kabinete e entse qeto ya ho bitsa bodiplomate bohle ba Afrika Borwa ho tswa Tel Aviv ho tla hlalosa hore hantlehantle ke eng se etsahalang mono.

1.5 Kabinete e boetse e hlokometse dipuo tse nyenyefatsang tse tswelang pele tsa lenqosa la Iseraele ho Afrika Borwa, Monghadi Eliav Belotsercovsky, kgahlahonong la Maafrika Borwa, boetapele ba Afrika Borwa ka hare le ka ntle ho mmuso ho kenyelletsa le setjhaba se buang kgahlanong le polao e sehlooho e etswang ke mmuso wa Iseraele kgahlanong le Mapalestina.

1.6. Dipuo tse nyenyefatsang tsa Lenqosa Belotsercovsky di fapane le dipolelo tsa manqosa a mehleng a mabedi a Iseraele ho Afrika Borwa (Illan Baruch le Dr. Alon Liel) a nnileng a dula a tsitsitse ha a hlalosa diketso tsa mmuso wa bona kgahlanong le Palestinians e le Kgethollo le Lehloyo la Morabe o mong.

1.7. Dipuo tsa nyenyefatsang kgahlanong le ba buang kgahlanong le tlhekefetso le baetapele ba naha di etsa hore boemo ba lenqosa Belotsercovsky e be bo sa hlokomelweng le ho feta. Kahoo Kabinete e laetse Lefapha la Dikamano tsa Matjhaba le Tshebedisano hore le fetisetse molao wa mmuso ka molao wa metjha ya bodiplomate wa ho se thabele se etswang ke lenqosa lena la bodiplomate.

2. Polelo ya Leano la Bajete ya Tekanyetso ya Nako e Mahareng

2.1. Kabinete e thabetse Bajete ya Tekanyetso ya Nako e Mahareng ya 2023 (MTBPS), e faneng ka tekanyo e tshepahalang ya boemo ba moruo ba hona jwale mme ya bontsha ho tshwarella ka tiyo ha mmuso ditjheleteng tsa naha hara dikgaello tse boima tsa tjhelete.

2.2. Diqeto tsa MTBPS di ntlafatsa moralo wa ditjhelete wa rona; di ntlafatsa kgolo ya moruo ha ka nako e tshwanang di lekalekanya boitlamo ba rona setjhabeng bo tshehetsang mafutsana naheng ya rona.

2.3. Leano la Ntlafatso le Kahobotjha ya Moruo di bile le seabo ho ditholwana tse ngata tse ntle ho moralo wa ditjhelete moruong wa rona.

3. Ho Ahuwa ha Seporo sa Terene ya Lebelo le Phahameng

3.1. Kabinete e tjhaetse monwana Ho Ahuwa ha Seporo sa Terene e Tsamayang ka Lebelo le Phahameng mme Letona la Dipalangwang le la Ditjhelete ba tla tshohla taba ya ditjhelete tse tla hlokahalang bakeng sa ho kenya monahano ona tshebetsong.Kabinete e tjhaetse monwana ho potlakiswa ha marangrang a diphaseje tsa Johannesburg ho ya Durban bakeng sa boithuto bo felletseng ba kgonahalo e jwalo, le ho tloha Johannesburg ho ya Polokwane ho isa Musina, le Johannesburg ho ya Mbombela di tla behwa mmarakeng.

4. Moralo wa Tokomane ya Leano la Mmuso ho Boahi, Ho Falla le Tshireletso ya Baphaphathehi

4.1. Kabinete e tjhaetse monwana kgatiso ya Tokomane ya Leano la Mmuso ho Boahi, ho Falla le Tshireletso ya Baphaphathehi bakeng sa maikutlo a setjhaba.

4.2. Moralo wa Leano lena o reretswe ho fana ka motheo bakeng sa tataiso ya ho fana ka bodulo le boahi ho batho ba tswang kantle ho naha, hammoho le tshireletso ya baphaphathehi le ya phaphathehi ba dipolotiki ka hare ho Afrika Borwa, ka ho lemoha dithahasello tsa tshireletso ya naha tsa Rephabliki le ho ikobela tumellano ya matjhaba le melao ya ho falla eo Afrika Borwa e leng karolo ya yona.

5. Tlaleho ya Selemo sa bo6 ya Kgatelopele ya Tokomane ya Leano ho Ditokelo tsa Batho ba Holofofetseng

5.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa koranteng ya mmuso ha Tlaleho ya Selemo sa bo6 ya Kgatelopele ya Tokomane ya Leano ho Ditokelo tsa Batho ba Holofofetseng ho kenngwa tshebetsong.

5.2. Phatlalatso ya tlaleho ena e tla tsamaisana le sehopotso sa matjhaba sa Kgwedi ya Tlhokomediso ya Ditokelo tsa Batho ba Holofetseng ho tloha ka la 3 Pudungwana ho isa ho la 3 Tshitwe.

5.3. Tlaleho ya tswelopele e boetse e bontsha kgolo morerong wa tekatekano ya khiro ho tloha ho bonyenyane ba dipersente tse 2 ho isa ho tse 3 bakeng sa batho ba holofetseng ho tloha selemong sa ditjhelete sa 2024/2025, ho isa ho bonyenyane ba dipersente tse 7 tsa morero wa tekatekano ya khiro bakeng sa batho ba holofotseng ka 2030.

C. Dibili

1. Moralo wa Bili ya Tsosoloso ya Afrika le Letlole la Tshebedisano ya Matjhaba (ARF)

1.1. Kabinete e tjhaetse monwana tlhahiso ya Phetoho ya Bili ya ARF Palamenteng.

1.2. Bili ena e reretswe ho fetola Molao wa ARF (Molao wa bo51 wa 2000) le ho theha Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Maqhama ya Afrika Borwa, o tla sebetsa jwalo ka thuluse bakeng sa ho tshehetsa ntshetsopele ya Afrika Borwa le tshebedisano le dinaha tse mabapi ka ho kgothalletsa demokrasi, bookamedi bo molemo, thibelo le tharollo ya dikgohlano, ntshetsopele ya moruo setjhabeng le kopanyo.

D. Ho Thonngwa

Pele batho bohle ba thonngwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.

1. Ho thonngwa ha Monghadi Ebrahim Rasool jwalo ka Modulasetulo wa Ntshetsopele ya Banka ya Afrika Borwa.

2. Ho thonngwa ha Mme Margaret Mosibudi Phiri jwalo ka setho sa Boto ya Taolo ya Nuclear ya Naha.

E. Diketsahalo tse Tlang

1. Puisano ya Ntwa Kgahlanong le Bobodu

1.1. Puisano ya Ntwa Kgahlanong le Bobodu e tla tshwarwa ka la 8 le la 9 Pudungwana 2023 Birchwood Hotel e Ekurhuleni bakeng sa ho hlomella setjhaba twantshong ya bobodu tumellanong le Leano la Naha la Ntwa Kgahlanong le Bobodu la naha ya rona.

1.2. Kabinine, ka Pudungwana 2020, e tjhaetse monwana Leano la Naha la National Anti-Corruption Strategy (NACS 2020-2030). Lena ke leano la naha le reretsweng ho theha setjhaba se lokokohileng bobodung ha ka nako e tshwanang le kgothalletsang baahi hore ba se ke ba mamella bobodu mme ba ikobele ditaelo tsa molao.

2. Letsholo la Matsatsi a 16 la 2023 la Thibelo ya Tlhekefetso ya Basadi le Bana

2.1. Selemo sena se tshwaya sehopotso sa bo25 sa ho nka karolo ha Afrika Borwa ho Letsholo la Matsatsi a 16 bakeng sa Thibelo ya Tlhekefetso ya Basadi le Bana, se tla ketekwa tlasa sehlooho se reng: “Ho tiisa mehato ya ho fedisa Tlhekefetso ya Bong le Polao ya Basadi (GBVF): Ho se siye mang kapa mang morao”.

2.2. Letsholo lena la lefatsheng ka bophara le ba teng ho tloha ka la 25 Pudungwana, Letsatsi la Matjhaba bakeng sa ho Fedisa Tlhekefetso kgahlanong le Basadi ho isa ho la 10 Tshitwe, Letsatsi la Matjhaba la Ditokelo tsa Botho. Le reretswe ho fedisa tlhekefetso kgahlanong le basadi ha ka nako e tshwanang le tshehetsa ditokelo tsa botho.

3. Foramo ya bo14 ya Dipuisano tsa Maano

3.1. Afrika Borwa e tla ba moamohedi mmoho ho Foramo ya bo14 ya Dipuisano tsa Maano e sebedisana mmoho le UNESCO International Teacher Task Force bakeng sa Thuto (TTF) ka Pherekgong 2024 tlasa sehlooho se reng “Ho rarollo bothata ba kgaello ya matitjhere le ho etsa hore mosebetsi ona o kgahle”.

3.2. Foramo ena e tla kopanya basebetsi ba mmuso, di-NGO, matitjhere le ditsebi tsa thuto bakeng sa ho tshohla ditaba tsa bohlokwa tse mabapi le maemo a tshebetso bakeng sa matitjhere, ditaba tsa boikemelo le boikarabelo ba matitjhere hammo le kamoo ho ka etswang hore botitjhere e be mosebetsi o kgahlang.

F. Melaetsa

1. Ditebohiso

Kabinete e ile ya fetisetsa ditebohiso le ditakaletso tse molemo ho:

  • Di-Proteas bakeng sa ho sirelletsa sebaka sa tsona ho di-semi-final tsa Mohope wa Lefatshe wa 2023 wa ICC India. Ho sa tsotellehe ditshitiso papading ya tsona kgahlanong le India maobane, naha e dula e tshehetsa ka tiyo sehlopha me e kgodisehile hore se tla tswelapele ho ikaha le ho etsa hore re be motlotlo.
  • Naledi ya lebelo la Moto GP Brad Binder eo hona jwale a tshwereng rekoto ya maemo a hodimo a primiyamo bakeng sa Afrika Borwa ka mora ho ba ya itlhommeng pele hara bahlodi ba bararo ba qetileng lebelo la Thailand Grand Prix.
  • Mampodi wa pele ya phahamisang ditshepe ya tsamayang ka wheelchair wa Afrika Borwa Macethandile Kulati bakeng sa ho sirelletsa sekola sa hae ho 2023 International Federation of Body Builders and Fitness World Championship Slovenia.
  • Di-chartered Accountant tsa Afrika Borwa bakeng sa ho fumana maemo a phahameng ho tlhahlobo ya lefatshe ya ditsebi tse tsheptjoang ya Edelman.
  • Ngaka Claude Mashego bakeng sa ho hapa ka lekgetlo la pele Miss World South Africa mme jwale o tla emela Afrika Borwa tlhodisanong ya Miss World New Delhi, India ka Tshitwe selemong sena.
  • Mmuelli Kholeka Gcaleka ho latela ho kgethwa ha hae jwalo ka Mosireletsi wa Setjhaba e motjha bakeng sa nako ya dilemo tse supileng tse tla qala ka la 1 Pudungwana 2023.

2. Matshediso

Kabinete e fetisetsa matshidiso le kutlwelo bohloko ho malapa le metswalle ya:

  • Mohapi wa medale ya kgauta dipapading tsa batho ba holofetseng Zanele Situ eo e neng e le moatlelete wa pele wa mosadi wa Moafrika Borwa wa motho e motsho ho hapa medale ya kgauta Dipapading tsa Batho ba Holofetseng Sydney ka 2000.
  • Mothusi wa mehleng wa mokwetlisi wa Bafana-Bafana le sebapadi se hlwahlwa sa bolo Phil “Mr Jones” Setshedi.
  • Warrant Officer Sthembiso Mazibuko wa National Intervention Unit ya ileng a bolawa nakong ya ho thunyana le ditlokotseng Ntuzuma, KwaZulu-Natal.

Ditlhakisetso:

Mofumahadi Nomonde Mnukwa – Sebuelli sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485
E phatlaladitswe ke: Tsamaiso ya Mmuso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding (GCIS)
Letsatsi: Mantaha, 6 Pudungwana 2023
www.gcis.gov.za; www.gov.za

Share this page

Similar categories to explore