Tlaleho ya Kopano Kabinete ka Kgokahano ya Vidiyo ya ka Labone la la 7 Phupu 2022

A.    Maemo a Renang ha Jwale
1.    Tsa Moraorao Mabapi le Kokwanahloko ya Khorona (COVID-19)


1.1.    Kabinete e leboha batho bohle ba Afrika Borwa ba ileng ba kgetha ho enta le ho ikobela dipehelo tsohle tse mabapi le COVID-19, e leng se entseng hore lenane la batho ba tshwaetsehang le se ke la phahama haholo leqhubung la bohlano la sewa sena naheng ena. 
1.2.    Leha ho le jwalo, re ntse re tlameha ho ba hlokolosi jwalo ka ha COVID-19 e ntse e so fele. Leha mmuso o sa tswa phumula molao o qobellang batho ho apara dimonkwana setjhabeng, empa batho ba nang le mafu a sa phekoleheng, le ba kulang, ba ntse ba tlameha ho tswela pele le ho di apara. Re ntse re tlameha ho tswela pele le ho hlapa matsoho a rona kgafetsa kapa ho a hlwekisa ka sebolaya dikokwanahloko, ho iqaqolohanya le ba bang mmoho le ho ba sebakeng se kenang moya hantle. 
1.3.    Ente e ntse e le yona feela mokgwa o nang le bopaki ba saense ba hore e thibela COVID-19, mme Kabinete e kgothaletsa batho bohle ba so kang ba enta ho etsa jwalo ka potlako le ba entileng ho fumana ente ya tlatsetso mahala ditsing tse haufi tsa ho entela. 

2.    Monkeypox

2.1.    Kabinete e ile ya behwa sehlohlolong sa ditaba tsa moraorao mabapi le Monkeypox le ho tshwaetsa ha yona naheng ena ho latela ho fumaneha ha motho wa bobedi ya nang le bohloko bona naheng ena. Bakudi bana ka bobedi ba ipolokile ka bonngwe malapeng mme ho ntse ho tsongwa batho bao ba kileng ba kopana le bona, bao ho ka etsahalang hore ba bile kotsing ya ho tshwaetseha. 
2.2.    Ka bobedi Lefapha la Bophelo bo Botle le Mokgatlo wa Naha wa Mahloko a Tshwaetsanang, ba sebedisana mmoho le Mokgatlo wa Matjhaba wa Bophelo bo Botle ho hlahloba kotsi ya tshwaetsano bohlokong bona naheng ena ba ipapisitse le dipehelo tsa Matjhaba tsa Bophelo bo Botle. 
2.3.    Kokwanahloko ya monkeypox ha e tshwaetsane ha bonolo ntle le ha o thetsane le motho ya nang le yona jwalo ka ho sunana, ho mo sika kapa ho thetsa dikarolo tsa mmele tse nang le yona. Batho ba se nang matshwao a kokwanahloko ena ba ke ke ba tshwetsa ba bang. 
2.4.    Kabinete e eletsa batho ba bang le matshwao a feberu, a mokgohlane o tlwaelehileng a tsamaisanang le matjhatjhetsi a kang lekgopho hore ba etele ditsi tsa bophelo bo botle ho ka fumana ho hlahlojwa le ho alafuwa e sa le nako. 

3.    Koduwa ya Tameneng ya East London 

3.1.    Koduwa e hlahileng Tameneng ya Enyobeni, East London mane Kapa Botjhabela, ka la 26 Phuptjane 2022, eo ho yona ho ileng ha hlokahala batjha ba 21, e ile ya tshosa naha ka bophara. Re ipotsa hore e be malapa a bona a ikutlwa jwang ka ho lahlehelwa ke bana ba ona koduweng e kang eo. 
3.2.    Kabinete e fetisetsa matshidiso a yona ho malapa ohle a lahlehetsweng ke beng ka bona mmoho le ho leboha bohle ba ileng ba bontsha moya wa botho ka ho tshehetsa malapa ao nakong eo ya tlokotsi. 
3.3.    Ke ntho e ngongorehisang hore bana ba dilemong tsa bo 13 ba dumellwe ho kena dibakeng tseo ho nowang jwala ho tsona. Re ipiletsa ho setjhaba hore le sona se nke karolo ho netefatsa hore bana ba rona ba bolokehile ka dinako tsohle. 
3.4.    Bana ba dilemo tse ka tlase ho tse 18 ha ba a dumellwa ho kena ditameneng, dishibining, dibakeng tseo ho nwellwang ho tsona le tse rekisang jwala. Ke tlolo ya molao ho batho bohle ba hwebang ka jwala ho se ikobele melao ena, mme hape ba tlameha le ho amohuwa dilaesense tsa bona tsa ho rekisa jwala. 

4.    Sephetho sa Kopano ya Baetapele ba Dinaha tse Supileng (G7) 

4.1.    Mopresidente Cyril Ramaphosa o ile a nka karolo Kopanong ya Baetapele ba G7 e neng e tshwaretswe Bavaria, Jeremane, ka Mantaha wa la 27 Phuptjane 2022. Mopresidente o ne a menngwe kopanong ena ke Moetapele wa naha eo ho neng ho tshwaretswe kopano ena ho yona e leng Motjhanselara Olaf Scholz. Kopanong ena, ho ne ho sekasekwa ditaba tse amang maemo a lehodimo, motlakase, tsa bophelo bo botle, tlhahiso ya dijo boemong ba matjhaba le tekatekano ya bonng. 
4.2.    G7 ke tshebedisano ya mebuso le diforamo tsa dipolotiki dinaheng tse kang Khanada, Fora, Jeremane, Ithali, Japane, United Kingdom le Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika. 

B.    Diqeto tsa Kabinete
1.    Moralo wa Tshebetso wa Lekala la tsa Molao (LSC)


1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Moralo wa LSC bakeng sa maikutlo a setjhaba. Maikemisetso a dipehelo tsena ke ho potlakisetsa ho etswa ha diphetolo lekaleng lena ho etsa hore kemedi ho lona e be e nepahetseng ho ya ka maemo a setjhaba ka ho fapana. Dipehelo tsena di tla thusa ho theha mokgatlo o tla netefatsa hore lekala lena le ba le batho ba rupeletsweng ka botlalo ho fana ka ditshebeletso tsa molao. 
1.2.    Ho ngolwa ha moralo ona wa LSC ho ne ho okametswe ke Mokgatlo wa Basebeletsi ba Molao, e leng mokgatlo o thehilweng ho latela Karolo ya 4 ya molao wa Legal Practice Act, 2014 (Molao wa bo 28 wa 2014) ka tlasa tataiso ya Leano la molao wa Tshehetso ya ba Batsho Moruong (B-BBEE) wa 2013 (Molao wa bo 46 wa 2013).
1.3.    Molao wa B-BBEE wa 2013, o neha Letona la Dikgwebo le Ditlhodisano matla a ho etsa dipehelo mabapi le tshebetso e nepahetseng ho tsa tshehetso ya ba batsho moruong makaleng a itseng. Ha jwale, ba ditshebeletso tsa molao ha ba na dipehelo tseo ba sebeletsang hodima tsona ho tobana le mathata a ho se lekalekane lekaleng lena la tsa molao. 
1.4.    Moralo ona wa LSC o tla phatlalatswa Bukeng ya Diphatlalatso tsa Mmuso matsatsi a 60 hore setjhaba se ntshe maikutlo ka ona. 

2.    Tlaleho ya Tshebetso ya Habedi ka Selemo 

2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana tlaleho ya tshebetso e tswang habedi ka selemo ya ho tloha ka Mphalane 2021 ho isa ho Tlhakubele 2022. Ditlaleho tsena ke karolo ya Leano la Meralo ya Nako ya Bohareng (MTSF) ho tloha ka selemo sa 2019 ho isa ho sa 2024. Leano lena la MTSF 2019-2024, ke moralo wa tshebetso oo ka ona ho boetseng ho ikemiseditsweng ho fihlela Leano la Naha la Ntshetsopele: Leano la Tjhebelo pele la selemo sa 2030, e tla beng e le nako ya puso ya botshelela. 
2.2.    Ditlaleho tsena di shebile haholo maikemisetso ao mmuso o a behileng pele, e leng (1) Diphetoho moruong le thehong ya menyetla ya mesebetsi; (2) Tsa thuto, thupello, le tsa bophelo bo botle; (3) Leano la tshehetso ya setjhaba ka ho fana ka ditshebeletso tsa boleng ka tsela e otlolohileng; (4) Tsa bodulo ba setjhaba le tsa bommasepala; (5) Tshebedisano ya setjhaba mmoho le polokeho ya sona; (6) Theho ya mmuso o nang le bokgoni le puso e nang le toka; le (7) Ho theha maemo a betere Afrika le matjhabeng mmoho le ho kenella ha puso ya botshelela. 
2.3.    Kabinete e amohetse kgatelo pele dikarolong tse neng di hlwahilwe nakong ena ya ho lekola botjha. Kabinete e boetse e elelletswe le dikarolo tseo ho sa ntsa neng ho hlokahala ho kenellwa ho tsona ka lebaka la tieho e bileng teng ka lebaka la sewa sa COVID-19. 
2.4.    Matona a tla tshwara diboka tsa boraditaba dibekeng tse mmalwa tse tlang ho hlalosa ha batsi ka ditlaleho tsa ona le ho hlalosa dikarolong tseo ho hlokahalang hore ho sebetswe ka thatanyana ho tsona. 

C.    Diketsahalo tse Tlang
1.    Seboka sa Boradiindasteri ba Batsho le Barekisi Dinaheng tsa Matjhaba (BIEC)


1.1.    Seboka sa pele sa BIEC se tla tshwarelwa Sandton International Convention Centre, Lejweleputswa ka Laboraro la la 20 Phupu 2022. 
1.2.    Seboka sena se tla ka mora tlhomamiso ya Marangrang a Thekiso Matjhabeng ke mmuso bakeng sa Boradiindasteri ba Batsho ka maikemisetso a ho ba thusa ho kena mmarakeng e meng, le ho fumana ditsela tsa ho fumana ditshehetso tsa ditjhelete le mekgwa ya ho bapatsa. 

D.    Melaetsa
1.    Diteboho

Kabinete e lebisa diteboho le ditakaletso tse ntle ho: 

  • Sehlopha sa Springboks, ka tlholo ya sona papading ya sona le naha ya Wales papading ya sona ya pele ya tse tharo tsa diteko Lebaleng la Loftus Versveld, Tshwane, ka Moqebelo wa la 2 Phupu 2022. 
  • Banyana Banyana, ka tlholo ya bona ya 2-1 ka Montaha wa la 4 Phupu 2022 kgahlano le naha ya Nigeria papading ya bona ya pele Tonamenteng ya Basadi ya Dinaha tsa Afrika e tshwaretsweng naheng ya Morokho. 

E.    Khiro
    Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1.    Ngaka Nyameko Barney Pityana o kgethetswe ho ba Modulasetulo wa Komeshene ya Naha ya Diloto. 
2.    Moatevokate Rory Voller o kgethetswe ho ba Mokomeshenara wa Komeshene ya Ngodiso ya Dikhamphani le Dihlahiswa tsa Mahlale. 

Ditlhakisetso: Mme Phumla Williams – Sebuelli sa Kabinete
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore