Tlaleho ka Seboka sa Kabinete sa Laboraro la la 15 Tlhakubele 2023

Kopanong ya yona ka Laboraro la la 15 Tlhakubele 2023, Kabinete e amohetse ditho tse sa tswa thonngwa mme ya di lakaletsa tse molemo mesebetsing ya tsona e metjha, hape e totobaditse tlhokeho ya hore Kabinete ka kakaretso e kenye tshebetsong dintho tse ka sehloohong tsa mmuso ka potlako.

A.    Maemo a Renang

1.    Motlakase
1.1.    Kabinete e ananetse ho thakgolwa ha Letlole la Tlhokomelo ya Mehlodi (RMF) ke Letona la Motlakase Kantorong ya Mopresidente, Ngaka Kgosientsho Ramokgopa. Tshebedisano-mmoho ena pakeng tsa mmuso le Business Unity South Africa e batla ho fana ka disebediswa le boitsebelo ho thusa mmuso ho kenya tshebetsong ka nepo Leano la Tshebetso ya Motlakase le neng le phatlalatswe ke Mopresidente Cyril Ramaphosa ka Phupu 2022, le Puong ya Maemo a Naha (SoNA) ya 2023 e le mohlala wa tshebedisano e ntle ya setjhaba se sebetsang hantle le ho tiisa boitshepo ba Afrika Borwa.
1.2.    RMF e tla matlafatsa mosebetsi wa Komiti ya Naha ya Mathata a Motlakase ho fihlella maikemisetso a yona a ho fedisa ho tingwa ha motlakase ka maikemisetso a ho o baballa Afrika Borwa. Kabinete e ipileditse ho bankakarolo bohle ho kenya letsoho ho kengweng tshebetsong ha Leano la Tshebetso ya Motlakase bakeng sa ho sebetsana le mathata a bakwang ke ho kgaolwa hona ha motlakase moruong.
1.3.    Kabinete e lemohile dingongoreho tse sa tswa hlahiswa ke S&P Global Ratings tsa hore kgolo ya moruo wa Afrika Borwa e tobane le kgatello e ntseng e eketseha e bakang mathata a meralo ya motheo, haholoholo kgaello e matla ya motlakase. Ho sebetsana le phephetso ena, mmuso o tlile le mehato e fapafapaneng, e kenyeletsang ho matlafatsa matlotlo a mmuso, diphetoho tse potlakileng tsa moruo le mehato e potlakileng ya nako e kgutshwane ya ho fokotsa ho tingwa hona ha motlakase le ho fetola lekala lena ka ho tlisa diphetoho mebarakeng ka sepheo sa ho fihlela tharollo ya nako e telele ya motlakase.
1.4.    Kabinete hape e amohetse ho bulwa ha nako ya dikopo tsa boiketo ba tlhahiso ya motlakase dimekawate tse 513 (MW) o ka kgonang ho bolokwang ho dibetri jwalo ka karolo ya ho matlafatsa karabello ya rona ho phephetso ya motlakase. Letsatsi la ho qetela la ho kenya dikopo ke la 5 Phupu 2023 ka 17:00 mme bohle ba nang le thahasello ba ka tlatsa foromo ya ngodiso ya elektroniki e fumanehang ho: www.ipp-storage.co.za .
1.5.    Kabinete hape e amohetse qeto ya Letona la Meru, Ditlhapi le Tikoloho, Barbara Creecy, ya ho dumella Eskom ho fetisa tekanyetso e dumeletsweng ho Laesene ya yona ya mosi o tswang metjhining ya yona e fehlang motlakase. Ho ya ka Eskom, tumello ena e tla e thusa ho kenya tshebetsong tharollo ya nakwana ya ho lokisa Seteishene sa Motlakase sa Kusile ka Pudungwana 2023 mme sena se tla thusa hore seteishene sena se fehle dimekawate tse 2 100 (MW) tse tla fokotsa ho tingwa hona ha motlakase ka dikgato tse pedi.

2.    National Education, Health and Allied Workers' Union (NEHAWU).
2.1.    Ka seteraeke sa NEHAWU, Kabinete e amohetse ho tekenwa ha Tumellano ya Tharollo Lekgotleng la Ditherisano tsa Basebeletsi ba Mmuso (PSCBC) le rarollang ditherisano tsa meputso tsa selemo sa 2022/23 le ho fedisa seteraeke ha mmoho le ho kgutlisetsa mekga kaofela Lekgotleng la Ditherisano bakeng sa ditherisano tsa meputso tsa selemo sa 2023/24.
2.2.    Kabinete e tswetse pele ho leboha mekga e ileng ya tswelapele le ditherisano ho PSCBC. Sena se bontsha boitlamo ba mmuso tshebetsong ya ditherisano, le ho sebetsa le balekane bohle ba amehang ho netefatsa hore boholo ba ditherisano tse kopanetsweng bo a sireletswa le ho hlomphuwa.
2.3.    Re rata ho netefatsa hore molao o reng HA O SA SEBETSA HA O LEFUWE o tla sebetsa hang-hang mme tjhelete e tla hulwa ka dikgwedi tse nne tse tlang jwalo ka ha ho dumellano. Lefapha la Basebeletsi ba Mmuso le Tsamaiso le tla beha leihlo ho kenngwa tshebetsong ka botlalo ha tumellano tsena.
2.4.    Ho feta moo, makala a qobello ya molao a tla sala morao diketso tsa botlokotsebe tse entsweng nakong ya seteraeke, mme baokamedi ka ho fapana ba tla shebana le diketso tsena tsa tlolo ya molao ho latela Melao ya Boitshwaro ya Basebeletsi ba Mmuso.

3.    Ho Kwalwa ha Naha
3.1.    Kabinete e hlahisitse matshwenyeho ka boipiletso ba mohwanto o reretsweng Mantaha wa la 20 Tlhakubele 2023 mme e nka sena e le ketso ya ho hloka boikarabelo le e bohlaswa.
3.2.    Sehlopha sa Toka, Thibelo ya Botlokotsebe le Tshireletseho (JCPS) se sebetsana le mosebetsi wa ho netefatsa hore bohle ba ikobela molao.
3.3.    Ditletlebo tseo ba llang ka tsona e leng ho fedisa ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa, ditjeho tse phahameng tsa ho reka ntho tse batho ba iphedisang ka tsona, le leqeme la mesebetsi ke tseo Mopresidente Ramaphosa a boletseng ka tsona ho SoNA ka la 9 Hlakola 2023. Mabapi le ho fedisa ho tingwa ha motlakase, Mopresidente o hirile Letona la Motlakase Ngaka Ramokgopa ya e shebaneng feela le ho fedisa ho tingwa hona ha motlakase. Ho kenngwa tshebetsong ha Leano la Tshebetso la Dintlha tse Hlano ho ntse ho tswelapele ka matla mme Letona la Motlakase dibekeng tse tlang le tla phatlalatsa mekgwa eo Eskom e tla e latela mabapi le ho fedisa ho tingwa hona ha motlakase. 
3.4.    Ka ho le leng hape, Mopresidente ho SoNA ya hae ya 2023 o buile ka mehato e behilweng bakeng sa ho sebetsana le maemo a hodimo a tlhokeho ya mesebetsi ya batjha le ditjheo tse hodimo tsa bophelo. Ka hona, seo ba se hwantelang feela ke ho tlosa Mopresidente Ramaphosa setulong ka tsela e kgahlano le molaotheo. Re batla ho tsebisa bohle hore HO FETOLA PUSO KA TSELA E SA DUMELLANENG LE MOLAOTHEO E KA SE ETSAHALE AFRIKA BORWA. Mang kapa mang ya nang le ditabatabelo tsa ho busa naha ena o tlameha ho emela dikhetho tsa naha kaofela tsa 2024. Boiteko ba ho hlokisa naha botsitso bo ke se dumellwe. Re boetse hape re tlameha ho hlakisa hore ha re no dumella mokgwa ofe kapa ofe wa ho fetola maikutlo a setjhaba ho tsa dipolotiki ka kgang Afrika Borwa.
3.5.    Kabinete e boetse e lemohile ditaba tseo e seng nnete tsa dihlopha tse ipolelang hore di nehile Kabinete matsatsi a supileng ho kwala dikolo. Khalendara ya dikolo  tsohle tsa Afrika Borwa tsa mmuso le tsa poraefete, e neng e phatlaladitswe bukeng ya diphatlalatso tsa mmuso ka Tlhakubele 2022, e se e ntse e hlwaya letsatsi la la 20 Tlhakubele 2023 jwalo ka letsatsi le ikgethang la phomolo la dikolo. Ho ile ha hlaka hore ho na le boiteko ba ho leka ho iphumanela tlotla e siyo. Ho etswa se tshwanang matsatsing ohle a pakeng tsa mafelo a beke le letsatsi la phomolo.

4.    Lenaneo la Mopresidente la Boetapele ba Batjha 
4.1.    Kabinete e amohetse ho thankgololwa ha Lenaneo la Mopresidente la Boetapele ba batjha ke Mopresidente Ramaphosa ka la 10 Tlhakubele 2023, mane Yunivesiting ya Walter Sisulu, mane Mthatha, le ho thehwa ha lenaneo la kopanelo Afrika Borwa.
4.2.    Sena se thehile karolo ya kopano ya ho qala ya Dipuisano tsa Batjha ba Nelson Mandela tlasa mookotaba: “Boetapele bo nang le maitshwaro le meloko e fapaneng bakeng sa Afrika e betere”. Lepatlelo lena la boetapele ba meloko e fapaneng le matlafatsa meralo le ditumellano tse seng di le teng tsa kontinente ka bophara tse jwalo ka Lenaneo la Kopano ya Afrika la 2063, Tjhatha ya Batjha ba Afrika le Tumellano ya Sebaka sa Kgwebisano e Senang Ditshita ya Kontinente ya Afrika.

5.    Tumellano ya Moralo wa ho aha Dikoloi Afrika Borwa
5.1.    Kabinete e amohetse ditaba tsa hore khamphani ya dikoloi ya Stellantis Afrika Borwa e tekenne tumellano ya tshebedisano le Koporasi ya Tlhabollo ya Diintasteri le Lefapha la Kgwebisano, Diindasteri le Tlhodisano ho bula sebaka sa tlhahiso ya dikoloi Afrika Borwa. Stellantis e rekisa mefuta ya dikoloi tse kang Jeep, Alfa Romeo, Fiat, Citroën, Opel le Peugeot Afrika Borwa.

6.    Dikamano tsa Afrika Borwa le Tanzania
6.1.    Kabinete e amohetse ketelo ya Mopresidente Samia Suluhu Hassan wa Tanzania Afrika Borwa ka Labone, la la 16 Tlhakubele 2023 a arabela memo ya mphato wa hae Mopresidente Ramaphosa. Ketelo ena e latela Khomishene ya Matjhaba a Kopaneng ya Matona a Afrika Borwa le a Tanzania (BNC) e neng e tshwaretswe Tshwane ka Laboraro la 15 Tlhakubele 2023. Yona e tla boela e ba letshwao la kopano ya bobedi ya BNC ya Afrika Borwa le Tanzania, e nang le dikomiti tse nne: ya tsa Dipolotiki le tsa Bodiplomate; Paballo le Tshireletso; Ditaba tsa Moruo, tsa Sechaba le Setso.
6.2.    Ntle le kabelo ya yona ntweng ya Afrika Borwa ya tokoloho, Tanzania ke e e nngwe ya dinaha tseo naha ena e hwebisanang le tsona mme ka kakaretso matsetse a kgwebisano a dinaha tsena a tlohile ho dibillione tse R6.89 ka 2021 ho ya ho tse R8.71 ka 2022. Ho na le dikhamphane tse tswang naheng ya Afrika Borwa tse fetang 250 makaleng a fapaneng tse naheng ya Tanzania.

7.    Ho Kopana ha Heineken le Distell
7.1.    Kabinete e amohetse tumello ya Lekgotlana la Ditlhodisano ya ho dumella ho kopana ha khamphane ya Yuropa ya jwala Heineken le ya Afrika Borwa ya Distell Group Holdings.
7.2.    Kopanyo ena, e tla theha moetsi e moholo ka ho fetisisa wa majwala a nang le tshukiri ka hara naha, e itshetlehile ka letoto la maemo a kgahleho ya setjhaba, a kenyeletsang kgodiso ya ntshetsopele ya baabi, paballo ya ditheko tsa lehae, kgothaletso ya matsete ho dipatlisiso le ntshetsopele le ho eketsa bokgoni ba tlhahiso ka naheng.
7.3.    Ho kopana hona ha dikhamphani tsena ho tla boela ho tswela basebetsi molemo ka hore le bona e be beng ba diabo khamphaneng, e leng se tla etsa hore ba be le kemedi botong ya khamphani. 

8.    Kgatelopele Tlhokomelong ya Tshenyo ya Dikgohola tsa 2022
8.1.    Kabinete e amohetse kgatelo pele mosebetsing o entsweng ke Letona la ho Dudiswa ha Setjhaba, Mme Mmamoloko Kubayi le bomphato ba hae mosebetsing wa ho dudiswa ha setjhaba ya ho phallela ba malapa a anngweng ke dikgohola tsa 2022 KwaZulu-Natal jwalo naha e itokiseletsa ho hlwaya sehopotso sa pele sa tshenyo ena ya dikhohola tsa 2022.

9.    Ditlhaloso tse Fosahetseng Mabapi le Melemo ya Matona le Batlatsi ba Matona
9.1.    Kabinete e hlahisa matshwenyeho a yona mabapi le tlhahiso e fosahetseng e tswelang pele ya Melemo ya Matona le Batlatsi ba Matona jwalo ka ha e ngotswe Bukaneng ya Ditlhaloso tsa Melemo ya Ditho tsa Kabinete e hlalosang megolo eo ba e fumanang, disebediswa tsa ho etsa mosebetsi wa bona le merokotso ya bona ha ba entse mosebetsi wa bona ka bokgabane.
9.2.    Taba ya matlo a bodulo ba matona haesale e ne e thehwe ka 1910 nakong eo ho neng ho qalwa mmuso wa Union of South Africa mme matlo a taolo ya puso a arolwa hararo, Dikantoro tsa Puso tsa ba Tshwane, tsa Boahlodi tsa ba Bloemfontein mme Palamente yona ya ba Motse Kapa. Matlo ana a madulo kaofela ke a pele ho 1994 mme mmuso o latetseng o eteletsweng pele ke African National Congress o netefatsa hore matlo ana a fumana tlhokomela e hlokahalang bakeng sa ho a boloka hore e se be dithako.
9.3.    Matona le Batlatsi ba Matona ba dulang matlong a mmuso, le bona ba lefa rente jwalo ka ditho tsohle tsa Palamente. E tla be e le ho hloka toka ho lebella hore Matona le Batlatsi ba Matona ba se nang mosebetsi wa moshwelella hore ba ipatlele bodulo empa ba sebeletsa setjhaba.
9.4.    Dikoloi tse sebediswang ke Matona le Batlatsi ba bona di tsamaellana le Bukana ya Ditlhaloso tsa Melemo mme tekanyetso ya boleng ba tsona e behilwe ke Letona la Matlotlo ka therisano le Letona la Sepolesa mabapi le dikarolo tsa tshireletso. Dikarolo tsa tshireletso ke ntlha ya bohlokwa e leng ona o laolang ditheko mme sena hape se bakwa le ke diketsahalo tse sa thabiseng tsa moraorao tjena tsa matona a lahlehelwang ke maphelo ka lebaka la ho ameha dikotsing tse mpe. Ena ke taba ya bohlokwa haholo, e seng ya ho bapala dipapadi tsa dipolotiki.
9.5.    Ditho tsohle tsa Palamente di na le tokelo ya ho ba le basebetsi ba ba thusang ho phetha mosebetsi wa bona. Palo ya basebeletsi ba Letona ka leng e laolwa ke nako eo le kgethilweng ka lona, mme hape re tlameha ho hopola hore nako ya kgiro ya basebeletsi bana e a lekana le ya Letona leo. Sena se bontsha hore Bukana ena e a sebediswa mme e dula e hlahlojwa kgafetsa. 
9.6.    Mopresidente o fetiseditse Bukana ena ya Melemo ya Matona ho Khomishene e Ikemetseng ya Meputso ya Ditho tsa Palamente ho e lekola, komishene ena ke yona e sebetsanang le meputso ya basebetsi bohle ba mmuso maemong a phahameng.

B.    Diqeto tsa Kabinete

1.    Moralo wa Leano la Basadi ba Dipapading
1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho kenngwa ha Moralo wa Leano la Basadi ba Dipapading bukaneng ya diphatlalatso tsa mmuso bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Leano lena le hlakisa letoto la mehato e tla ntshetsapele le ho tshehetsa basadi dipapading le ho netefatsa hore mananeo a teng bakeng sa ho rarolla phapang ya bong mefuteng le mekgatlong ya dipapadi.
1.2.    Leano lena le boetse le sebetsana le ditshitiso tsa ho kena ha basadi dipapading tse kang kgaello ya ditjhelete, tshehetso ya ditjhelete le meputso e sa lekaneng. Leano le sisintsweng le rerile ho kgothaletsa bonkakarolo bo mahlahahlaha bo eketsehileng ba basadi dipapading le mesebetsing ya boetapele e kang ya ho kwetlisa le ho okamela.
1.3.    Leano lena le shebile ho theha bonkakarolo bo eketsehileng ba basadi dipapading le maemong a boetapele bo tla fokotsa haholo mme qetellong bo fedisitse ho se lekane ha bong le mefuta e fapaneng ya kgethollo kgahlano le basadi. Le boetse le batla ho phahamisa tekatekano le ho netefatsa hore basadi ba fumana tlhompho kapa kananelo maemong a profeshenale, ho kenyeletswa le meputso e lekanang le bomphato ba bona ba banna. 

2.    Ho tshwara Seboka sa Matjhaba sa Bophelo bo Botle ba Baimana le Masea sa 2023
2.1.    Kabinete e amohetse ho tshwarelwa ha Seboka sa Matjhaba sa Bophelo bo Botle ho Baimana le Masea mane Kapa ho tloha ka la 8 ho isa ka la 11 Motshehanong 2023 moo ho tla kopana teng bankakarolo ba fetang 1 000 ho tswa lefatsheng ka bophara ho tla le ditharollo mathateng a boimana le ho thibela ho hlokahala ha masea le ho thibela ho ho tsholoha ha mpa.
2.2.    Aforika Borwa e entse kgatelopele e kgolo mabapi le ho fihlella dipehelo tsa Mokgatlo wa Dinaha tse Kopaneng (UN) bakeng sa bophelo bo botle ba baimana le mo ho thibeleng ho tsholoha ha mpa. Naha le yona e tla una molemo o moholo ha baemedi ba dikopano ba tla arolelana hara tse ding, maano a bona a hlwahlwa mabapi le ditaba tsa bophelo bo botle ba baimana le masea. 

3.    Morero wa Resistance and Liberation Heritage Route (RLHR).
3.1.    Kabinete e amohetse tlaleho e felletseng ya kgatelopele mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha morero wa RLHR. Kabinete hape e tjhaetse monwana hore Letona la Dikamano le Tshebedisano ya Matjhaba le la tsa Toka le Tlhabollo ya Batshwaruwa e be karolo ya Komiti ya Matona (IMC) a RLHR.
3.2.    RLHR ke projeke ya sehopotso ya naha e reretsweng ho ikgopotsa le ho keteka tsela ya Afrika Borwa e isang tokolohong. Kabinete e thehile IMC ho okamela morero ona le ho fana ka boetapele ba dipolotiki.
3.3.    Morero ona o habile ho kenyelletsa mekgwa e fapaneng ya sehopotso sa boitelo boo balwanedi ba tokoloho ba bo entseng hore Afrika Borwa e lokolohe e fumane le demokrasi. E boetse e dumella kaho ya dimusiamo, difika, dilaeborari le dipolokelo, mme e ikemiseditse ho ananela moya wa kopano le tshebedisano-mmoho hara Maafrika. E amohetsoe ke Matjhaba a Kopaneng mme e na le monyetla wa ho matlafatsa tshebedisanommoho pakeng tsa batho ka ho sebedisa setso le lefa ho phatlalla le kontinente.
3.4.    Mesebetsi e mengata e etsahetseng ka 2022 e kenyeletsa maeto a Matona ho leba Botswana le Zimbabwe ha mmoho le ho rera dikopano le Angola le Tanzania.
3.5.    Diketso tse mabapi le morero ona di ikemiseditse ho hokahanya dinaha tsohle tsa Afrika e ka Borwa le ho ruta batjha ka ntwa kgahlano le bokoloniale le kgethollo ya morabe. Leano lena le lona le fana ka tumello ya ho kgutlisa masalla a balwanedi ba tokoloho ba Afrika Borwa ba patilweng dinaheng tsa kantle. Mabitla a ka bang 11 a tsebahalang e le a Maafrika Borwa a fumanwe Zambia, ho kenyeletswa le la mohale wa ntwa Monghadi Duma Nokwe.

4.    Leano la Naha la Dijithale ho tsa Bonono, Setso le Botjhaba
4.1.    Kabinete e amogetse Leano la Naha la Dijithale ho tsa Bonono, Setso le Botjhaba ho ka kengwa tshebetsong. Leano lena le fana ka phaello e eketsehileng Leanong la Naha la phetolelo ho tsa Dijithale ha Disebediswa tsa Bonono ho ntlafaditsweng ke Lefapha la Bonono le Setso ka 2011. Leano lena le tsepamisitse maikutlo hodima ho kenya mehlodi ya lefa la dijithale ka sepheo sa ho boloka, phihlello le taolo ya beng.
4.2.    Le hoja phetolelo ena ya dijithale e le mokgwa wa ho fetolela ditaba tsa analogue hore e be tsa dijithale, mona ho kenyeletswa direkoto tsa pampiri, di-microfiche le direkoto tsa theipi tseo e seng tsa dijithale, leano le atolositse le tlhaloso ena ho mehlodi e meng ya dijithale jwalo ka tlhahisoleseding e hlahiswang ka mokgwa wa dijithale, e kannang ya se ke ya fetolwa sebopeho sa boyona.
4.3.    Ho etsa dijithale ho tla ba le melemo e meholo bakeng sa naha ka ha ho tla fana ka phihlello e bonolo ho mehlodi ya tlhahisoleseding, haholoholo e tshwerweng ke dipolokelo, dilaeborari le dimusiamo. Leano lena le tla kenngwa tshebetsong ho phatlalla le mmuso le setjhaba.

C.    Tshisinyo ya molao

1.    Tshisinyo ya Molao wa Tokiso ya Ditaba tsa Boahlodi ya 2023
1.1.    Kabinete e amohetse ho phatlalatswa ha Tshisinyo ya Molao wa Tokiso ya Ditaba tsa Boahlodi wa 2023 Palamenteng. Tshisinyo ena ya Molao ho ikemiseditswe ho ntlafatsa Melao e fapafapaneng e okametsweng ke Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo ka ho sekaseka diketso tse tobaneng le ho kengwa tshebetsong ha melao eo.
1.2.    Tshisinyo ena e na le dikarolo tse 37 tse lokisang mathata a molaotheo melaong e fapafapaneng.

D.    Diketsahalo tse Tlang

1.    Letsatsi la Litokelo tsa Botho
1.1.    Mopresidente Ramaphosa o tla fana ka puo ya sehlooho ketsahalong ya naha ya Letsatsi la Ditokelo tsa Botho la 2023 ka Labobedi la la 21 Tlhakubele 2023 Lebaleng la Dipapadi la De Aar West, Kapa Leboya.
1.2.    Mookotaba wa selemo sena ke: “Ho Kopanya le ho Tshwara Setso sa Ditokelo tsa Botho ho Isa Bokamosong”, ha re ntse re hopola dipolao tsa Sharpeville le Langa, le mehwanto e meng e etsahetseng ka la 21 Tlhakubele 1960 naheng ka bophara.
1.3.    Jwalo ka mmuso, re dula re itlamme boikarabelong ba molaotheo ba ho sireletsa ditokelo tsa botho tsa batho bohle naheng. Ha re sebetseng mmoho ho netefatsa hore ha re siele motho morao mabapi le ho etsa dipehelo tsa Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1996 le Bili ya Ditokelo tsa Botho ho phethahala ho bohle.

2.    Letsatsi la Lefatše la Metsi
2.1.    Afrika Borwa e tla tshwaya Beke ya Naha ya Metsi ho tloha ka la 20 ho isa la 26 Tlhakubele 2023 tlasa mokotaba: “Re Potlakisa Phetoho”.
2.2.    Beke ena e tsamaisana le Letsatsi la Lefatshe la Metsi ka la 22 Tlhakubele 2023, le totobatsang bohlokwa ba metsi a hlwekileng. Ho sa tsotellehe dipula tse matla tsa moraorao tjena dikarolong tsa naha, Afrika Borwa e ntse e le naha e hlokang metsi mme e maemong a bo 30 a dinaha tse omeletseng ka ho fetisisa lefatsheng.
2.3.    Kabinete e ipiletsa ho setjhaba ho sireletsa mehlodi ya rona ya metsi e bohlokwa haholo paballong ya metsi. Kaofela re na le karolo eo re lokelang ho e bapala ho baballeng metsi le ho netefatsa hore phepelo ya ona ha e fele.

3.    Letsatsi la Matjha la Lefuba (TB).
3.1.    Motlatsi wa Mopresidente Paul Mashatile o tla fana ka puo ya sehlooho nakong ya sehopotso sa semmuso sa Letsatsi la Matjhaba la Lefuba ka la 24 Tlhakubele 2023 tlasa mokotaba: “E! Nna le wena re ka fedisa TB”.
3.2.    Ketsahalo ya semmuso e tla ba Lebaleng la Dipapadi la Tlhabane ho la Leboya Bophirima mme Lekgotla la Naha la AIDS la Afrika Borwa le Lefapha la Bophelo bo Botle ba tla thakgola Moralo wa Lewa la Naha bakeng sa TB, HIV le Mahloko a Tshwaetso ka Thobalano bakeng sa 2023 ho isa ho 2028. Sena se ahella hodima kgatelopele e kgolo e fihlelletsweng ka tjantjello e ntjhafaditsweng hodima thibelo, kalafo, ho amohela, ho latela melao, le ho fedisa kgethollo le sekgobo.

D.    Melaetsa

1.    Diteboho 
Kabinete e fetiseditse ditebohiso le ditakaletso tse molemo ho:

  • Proteas bao ha jwale ba amohelang West Indies bakeng sa leeto la mefuta e mengata. Kabinete e ipiletsa ho Maafrika Borwa ho tshehetsa Proteas jwalo ka ha ba tswelapele le ho phahamisa folakga ya naha ya habo rona. 

2.    Matshidiso
Kabinete e lebisitse matshediso ho ba lelapa le metswalle ya:

  • Letona la Thuto la Foreisetata Tate Makgoe (60), ya kentseng letsoho haholo lekaleng la thuto mme a etella pele Foreisetata ka katleho ho fihlela sekgahla se phahameng ka ho fetisisa sa ho pasa ha baithuti ba materiki dilemong tse nne tse latellanang.
  • Mme Maurencia Gillion, ya neng a emetse Kapa Bophirima Lekgotleng la Naha la Diprofensi, mme a sebetsa Komiting e Ikgethileng ya Ditshebeletso tsa Bophelo bo Botle le Setjhaba. E ne e le moitseki ya tsebahalang mme a sebeletsa batho ba Kapa Bophirima, haholo dibakeng tsa mahaeng profensing eo, ka dilemo tse ngata.
  • Ntate John Wills (66), mmuelli ya tummeng wa ditokelo tsa botho le molwanedi ya neng a emela baeteledipele ba sepolotiki ba kenyeletsang Mopresidente wa mehleng Nelson Mandela.
  • Ntate Mark Pilgrim (54), raditaba ya tummeng ya bileng le tshusumetso e kgolo indastering ya boraditaba.
  • Mme Gloria Bosman (50), sebini le moqapi wa mmino wa jazz wa Afrika Borwa ya hapileng dikgau tse ngata.

E.    Khiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.

1.     Ditho tsa Lekgotla la Keletso la Tsamaiso ya Merero ya Dithaetlele tsa ho ba le Matlo:
(a)    Moatevokate Boyce Mkhize (Modulasetulo);
(b)    Hosi Pheni Cypraim Ngove (Motlatsi wa Modulasetulo);
(c)    Mme Kagisho Mmaseleke Choenyana;
(d)    Ntate Pieter Jacobus De Beer;
(e)    Moatevokate Nomonde Nokuthula January;
(f)    Ntate Iqbal Mohamed Motala; le
(g)    Ngaka Vuyisani Moss.

2.     Ditho tsa Khomishene ya Maseterata: 
(i)    Mme Nomzamo Zondo;
(ii)    Ntate Hanif Vally;
(iii)    Ngaka Cornelia September;
(iv)    Ntate Makgabhana Mokoena (o thontswe hape); le
(v)    Moprofesa Estelle Hurter (o thontswe hape).

Dipotso: Monghadi Michael Currin
Mmuelli wa Mmuso ya Tshwereng Mokobobo 
Mohala: 082 462 7896
 

Share this page

Similar categories to explore