Tlaleho ka Kopano ya Kabinete ya Laboraro la 23 Hlakola 2022

A.    Ditaba tse Itlhommeng Pele

1.    Puo ya Bajete ya Naha

1.1.    Kabinete e amohetse Bajete ya Naha ya selemo sa 2022, e tekilweng ke Letona la Ditjhelete Enoch Godongwana Palamenteng, Cape Town, ka Laboraro la 23 Hlakola 2022. 
1.2.    Bajete ena e bile tlatsetso ya dintlha tla boitlamo ba mmuso tse phatlaladitsweng ke Mopresidente Cyril Ramaphosa Puong ya hae ya Boemo ba Naha ya selemo sa 2022, eo a e entseng ka Labone la 10 Hlakola 2022. 
1.3.    Bajete ena e bontsha boitlamo ba mmuso tshebedisong e hlwahlwa ya leano la ditjhelete le taolong e tsitsitseng ya moruo, le sepheong sa ona se ratwang sa ho tshehetsa ka ditjhelete merero ya bohlokwa e ka sehloohong e fanang ka tshehetso ya ho thusa Maafrika Borwa a fokolang hore a tsebe ho iphedisa.
1.4.    Mehato ya bohlokwahlokwa e phatlaladitsweng Puong ya Bajete ya Naha ya selemo sa 2022 e reretswe ho theha maemo a dumellanang le kgolo e kenyeletsang bohle, esita le ntshetsopele e nang le mokoka.

2.    Dikopano tsa Dihlopha Tsa Mafapha a Mmuso le Boraditaba tse Hlahlamang SoNA

2.1.    Matona a Dihlopha tsa Mafapha a Mmuso mmoho le boraditaba a tshwara dikopano tse hlahlamang SoNA, moo ho hlakiswang Lenaneo la mmuso la Tshebetso bakeng sa selemo seo re se qadileng le ho ya pele, jwalo ka ha le lokodisitswe ke Mopresidente Ramaphosa puong ya hae ya SoNA e sa tswa feta.
2.2.    Dikopano tsena tsa boraditaba di totobatsa boitlamo ba mmuso ba ho phethahatsa merero e ka sehloohong e reretsweng ho ntlafatsa maphelo a batho, hara tse ding, ka ho theha maemo a lokelanang le ho thewa ha mesebetsi e hlokehang haholo.

3.    Tlaleho ka Lefu la Kokwanahloko ya Khorona (COVID-19)

3.1.    Kabinete e thoholeditse Maafrika Borwa ka boikitlaetso ba ona bo ntseng bo tswela pele ntweng ya COVID-19, empa ya boela ya tswela pele ho lemosa hore dikgahla tsa hona jwale tsa tshwaetso le tsa mafu tse bonahalang di le tlase ha di a tshwanela ho lahlehisa batho, e be jwale ha ba sa itlhokomela. Afrika Borwa e se e fane ka diente tse fetang dimilione tse 31, e leng ho entseng hore e batle e ba dimilione tse 17 tsa batho ba baholo ba seng ba entilwe ka botlalo.
3.2.    Kabinete e hatisitse ntlha e reng COVID-19 ha e so hlolwe, ebile, jwalo ka ha mariha a ntse a atamela, batho ba tlameha ho dula ba le sedi, mme, ka dinako tsohle, ba tswele pele ho phetha mehato ya thibelo e sa sebediseng meriana, e leng ya ho hlatswa matsoho kapa ho sebedisa sehatledi kgafetsa, ho kgwesa semonkwana se kwahelang nko le molomo ha ba le dibakeng tsa bohle, ho sielana sebaka se bolokehileng, le ho bula difestere bakeng sa phallo e ntle ya moya.
3.3.    Hodima tsohle, kentelo e ntse e le boitshireletso bo matla kgahlanong le COVID-19 le mafeto a nako tse tlang, jwalo ka ha e fokotsa ka matla kotsi ya ho kula haholo, ya ho robatswa sepetlele, esita le ya lefu.
3.4.    Kabinete e boetse ya amohela phatlalatso ya diphetoho tse ekeditsweng lenaneong la jwale la kentelo, tseo le tsona di reretsweng hore ho eketsehe menyetla ya hore batho ba fumane kentelo. Ho tloha ka Laboraro la 23 Hlakola selemong sa 2022, bolelele ba nako ya ho emela ho fumana kentelo ya bobedi bo theotswe ho tloha matsatsing a 42 ho ya ho a 21.
3.5.    Hape, batho jwale ba se ba tla kgona ho ka fumana ente ya sematlafatsi e fapaneng le ente eo ba ileng ba e fumana sethathong, kapa le hona ho sebedisa ente ya sematlafatsi e tshwanang le eo ba e fumantshitsweng sethathong.
3.6.    Ho kgutlela bophelong bo tlwaelehileng le seabong se phethahetseng diketsahalong tsa kahisano le tsa moruo ho itshetlehile haholo lenaneng la batho ba entilweng. Letsholo le sa tswa thakgolwa la #KeReady, le leka ho kgothaletsa batjha ba bangata ba pakeng tsa dilemo tse 18 le tse 35 hore ba iphumanele kentelo.

4.    Tlamahano ya Setjhaba le Kaho ya Setjhaba

4.1.    Kabinete e tshwetse ka mathe diketsahalo tsa morao tjena tse hlobaetsang tsa kgethollo ya merabe dikolong tse itseng tse ka hare ho naha ya rona, tse hanyetsanang le metheo ya setjhaba e fuperweng ke Molao wa Motheo wa rona wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa selemo sa 1996, o tummeng lefatsheng ka bophara.
4.2.    Kabinete e phatlaladitse hore bokgwahlapa ba merabe bo ke ke ba mamellwa setjhabeng sa rona sa demokrasi se ntseng se inyeka maqeba a bakilweng ke puso ya kgethollo ya nako e fetileng. Kabinete e kopile hore dikolo tsohle di sebetsane le kgethollo ya mmala ka ho e totobatsa ka mehla ha e qala e iponahatsa hore e tle e lwantshwe kapelepele.
4.3.    Kabinete e kopile batswadi le dititjhere ho natsa ditlhoko tsa baithuti pele ho dintho tsohle le ho sebetsa mmoho kahong ya setjhaba se sa kgetholleng batho ho latela lebala kapa bong ba bona.

5.    Tlatlapo e Nyopisitsweng ya Koloi e Tsamaisang Tjhelete Gauteng

5.1.    Kabinete e thoholeditse sehlopha se kopantsweng sa makala a phethahatso ya molao se eteletsweng pele ke Sepolesa sa Afrika Borwa le Lekala la Mautlwela Ditlolong tsa Molao se ileng sa kgaoletsa sehlopha sa babelaellwa ba neng ba hlometse haholo motseng wa Rosettenville, Johannesburg, ka Mantaha wa la 21 Hlakola 2022. Sehlopha sena se belaelletswe hore se ne se rerile ho ya etsa tlolo ya molao ya ho tlatlapa koloi e tsamaisang tjhelete.
5.2    Babelaellwa ba leshome ba ile ba tshwarwa, mme ba robedi bona ba ile ba bolawa ka ho thunngwa ka mora phapanyetsano ya bona le sepolesa ka dikulo. Babelaellwa bana ba fumanehile ba ena le dithunya tse se nang dilaksense mmoho le dikulo, diqhomane le dikoloi tse tlatlapilweng ho beng ba tsona. Dipatlisiso di ntse di tswela pele molemong wa ho fumana hore na dibetsa tsena di ne di tswa nkuwa kae.
5.3    Kabinete e lakaleditse lepolesa le ileng la kobeswa ho thunyaneng hona hore le hlaphohelwe kapele. E boetse ya etsa mohoo o mona wa bohlokwa wa hore setjhaba se tswele pele se sebedisana le makala a phethahatso ya molao ho netefatseng polokeho ya batho metseng ya rona.

6.    Bafalledi

6.1.    Kabinete e hopoditse batho bohle hore makala a phethahatso ya molao le bankakarolo ba bang ba amehang a fuwe matla a ho tshwarana le ditaba tsa bafalledi le tsa matswantle a hlokang ditokomane tse molaong.
6.2.    Ho ke ke ha dumellwa diketso le ha e le dife tsa tlolo ya molao tse kang ditshoso tse etsetswang batho ba bang, tshenyo ya thepa le tshebediso ya dikgoka. Re ipiletsa ho bohle ba nang le dipelaelo tsa nnete hore ba di tlalehe ho batshwari ba tshwanelang hore di tle di arabelwe ka mokgwa o ntshetsang pele kahisano.
6.3.    Ho netefatsa hore ditaba tsa bafalledi di tshwarwa ka mokgwa wa toka, mmuso o sa tswa ntsha moralo wa tokomane ya Leano la Naha la Basebetsi ba Matswantle bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Tokomane ena ke e fanang ka moralo le metheo ya molao taolong ya hore na bahiri ba ka hira matswantle a makae ditsheng tsa bona tsa mesebetsi, hape ho ntse ho tshireleditswe ditokelo tsa matswantle.

7.    Seboka se Kopantseng Dinaha tse Kopaneng tsa Afrika (AU) le Dinaha tse Kopaneng tsa Europe (EU)

7.1.    Mopresidente Cyril Ramaphosa o ile a ba teng Sebokeng sa botshelela sa AU le EU se neng se le motseng wa Brussels, Belgium, mohla la 17 le la 18 Hlakola selemong sa 2022, a menngwe ke Modulasetulo wa Khomishene ya AU, Mobabatsehi Moussa Faki Mahamat.
7.2.    Mopresidentse o bile le seabo dipuisanong tsa bomphato tsa diphetoho tsa maemo a lehodimo, diphetoho mokgweng wa phehlo ya motlakase, theknoloji ya digithale le dipalangwang. O boetse a okamela dipuisano tsa bomphato tsa disistimi tsa bophelo le tlhahiso ya diente.
7.3.    Kabinete e amohetse diphetho tsa seboka sena, tse ileng tsa etsa motheo wa bolekane bo ntjhafaditsweng, hape bo matla pakeng tsa AU le EU.

B.    Diqeto tsa Kabinete
1.    Moralo wa Tokomane ya Leano la Naha la Disiu tsa Metsi – Kgatiso ya Boraro (NWRS-3)


1.1.    Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha NWSR-3 bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Moralo ona wa tokomane ya leano o ile wa etellwa pele ke tekodiso ya dilemo tse tharo ya NWRS-2 e ileng ya ananelwa ke Kabinete ka selemo sa 2013. Tekodiso ena e ile ya supa dikarolo tse tswelelletseng le tseo e leng phephetso.
1.2.    Leano lena le sisinya taolo e ntlafaditsweng, hape e kopantsweng ya boleng ba metsi. E lokisetsa hore ho be le theknoloji e ikamahanyang le diphetoho, hape e loketseng tshebetso ya metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere. E hlahisa ditlhoko tse tlase ka ho fetisisa tsa tlhwekiso ya metsi a sebedisitsweng. Leano lena le boetse le arabela Leano la Naha la Diphetoho tsa Boemo ba Lehodimo.
1.3.    Metsi ke se seng sa disebediswa tsa mantlha tse atlehisang ntlafatso ya boiphediso ba setjhaba, hape a na le seabo sa bohlokwa lenaneong la mmuso la tsosoloso ya moruo.

2.    Seboka sa selemo sa 2005 sa Tshireletso le Kgothaletso ya ho Fapafapana ha Merabe Boiponahatsong ba Setso (CPPDCE) 

2.1.    Kabinete e ananetse ho romelwa ha Tlaleho ya Afrika Borwa ya bobedi ya Dilemo tse Nne ya Nako le Nako ya Mokgatlo wa Dinaha tse Kopaneng tsa Lefatshe wa Thuto, Saense le Setso (UNESCO). Mokgatlo ona o hlahloba phethahatso ya CPPDCE ya selemo sa 2005.
2.2.    Dinaha tseo e leng ditho di tshwanela ho romela ditlaleho tsa tsona nakong e nngwe le e nngwe ya dilemo tse nne. Ditlalehong tsena, dinaha di tshwanela ho tlaleha ka maano a tsona le mehato eo di e nkileng ho tshireletsa le ho hlokomela ho fapafapana ha merabe boiponahatsong ba setso ka hara tsona.
2.3.    Tlaleho ena e tla ba karolo ya Tlaleho ya UNESCO ya Lefatshe ka bophara e phatlalatswang ka mora dilemo tse ding le tse ding tse nne. Afrika Borwa e bile setho sa CPPDCE ka selemo sa 2006.

3.    Tlaleho ya Diphuputso tsa Kgonahalo ya Projekte ya Naha ya Folakga ya Sefika

3.1.    Kabinete e ananetse tlaleho ya diphuputso tsa kgonahalo tse etseditsweng ho hlahloba ho thewa ha Projekte ya Afrika Borwa ya Folakga ya Sefika sa Naha.
3.2.    Difolakga tsa sefika di hlongwa ke dinaha ho hlahisa boitsebiso ba tsona le motlotlo wa tsona. Ha e se e entswe e tla ba seemahale sa naha, hape e tla ba sebaka se hohelang bahahlaodi se tla etsa mosebetsi wa ho totobatsa letshwao la naha le bonahalang.
3.3.    Projekte ena e tla etellwa pele ke Lefapha la Dipapadi, Bonono le Setso e le karolo ya mosebetsi wa lona wa ho kgothaletsa kaho ya setjhaba le tlamahano ya setjhaba.

4.    Khampani ya Bofofisi ya Afrika Borwa (SAA)

4.1.    Kabinete e tlalehetswe hore katleho e kgolo e se e fihletswe thekisong ya dishere tse etsang 51% tsa SAA ho Takatso Consortium, eo e leng Molekane ya kgethilweng wa Leano la Tekatekano la SAA. E thehilwe ka Harieth General Partners, eo e leng motsetedi ya ka sehloohong metheong ya tshebetso ya moruo le dibakeng tsa boemakepe tsa Afrika, le khampani ya taolo ya difofane e bitswang Global Airways.
4.2.    Tshebetso ya Thekiso le Theko e se e phethilwe jwale, hape e se e bile e saennwe ke Lefapha la Dikgwebo tsa Mmuso le Takatso Consortium. Kgato e latelang ke ya ho ananelwa ha thekisetsano ena ke mekgatlo e fapafapaneng ya taolo. Setjhaba se tla nne se tlalehelwe ka kgatelopele ntlheng ena.

C.    Diketsahalo tse Tlang

1.    Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho

1.1.    Afrika Borwa e tla keteka Letsatsi la Ditokelo tsa Botho ka Mantaha wa 21 Tlhakubele selemong sa 2022, tlasa mokotaba ona: “Selemo sa kopano ya setjhaba le ntjhafatso: ho kgothaletsa le ho tshireletsa ditokelo tsa rona tsa botho”.
1.2.    Kabinete e ipileditse ho Maafrika Borwa ohle ho sebedisa Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho molemong wa ho bopa tlamahano e kgolo ya setjhaba, kaho ya setjhaba le boitsebiso bo kopanetsweng ba setjhaba. 
1.3.    Ke mosebetsi wa rona re le setjhaba ho netefatsa hore re fedisa bokgwahlapa ba merabe, kgethollo ya mmala, le lehloyo la melata le diketso tsohle tse amanang le tsona tsa ho hloka mamellano. Ka sebopeho sa rona sa ho fapafapana ha merabe, re ka tiisa bonngwe ba rona le ho aha setjhaba se tlamahaneng.
2.    Pitso ya Mopresidente
2.1.    Mopresidente Ramaphosa o tla tshwara Pitso ya Mopresidente provinseng ya Leboya Bophirima ka Moqebelo wa 12 Tlhakubele 2022. Ketsahalo ena e fa Mopresidente monyetla wa ho buisana le setjhaba le ho hlahloba lenaneo la phepelo ya ditshebeletso metseng ya bodulo.

D.    Melaetsa

1.    Matshediso

Kabinete e fane ka matshediso ho malapa le metswalle ya ba latelang:

  • Mme Nomakula “Kuli” Roberts (ya dilemo di 49), eo e neng e le raditaba ya tlotlwang le kgalala ya mmino wa pop mona naheng ya rona ya ileng a sebetsa e le sebohodi sa thelevishene le sa seyalemoya. O ne a boetse e le mongodi wa diathekele tse fanang ka lesedi le batsi la dintho tse itseng tse phatlatswang masedinyaneng le dimakasineng.
  • Ntate Ebrahim Patel (ya dilemo di 70), eo e bileng mopresidente wa pele wa Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Bolo ya Rugby.  Jwalo ka mmampodi wa boitseko ya neng a sebetsa ka thata hore ho fihlellwe papadi ya rugby e hlokang kgethollo ya mmala, o ile a ba setho sa Boto ya Rugby ya Matjhaba (e seng e bitswa World Rugby kajeno).
  • Morena Ngangomhlaba Matanzima (ya dilemo di 79), eo e bileng mothehi wa Ntlo ya Baetapele ba Setso ba Kapa Botjhabela, hape a ba modulasetulo wa yona ka dilemo tse ngata.
  • Ntate Rikhado Muziwendlovu Makhado, ya boetseng a tsejwa ka lebitso la Riky Rick (ya dilemo di 34), eo e bileng sebini sa mmino wa rap, sengodi sa dipina, sebini, seqapi, sebapadi sa kalaneng le moetsi wa diaparo tsa feshene. Dipina tsa hae tse tummeng haholo tsa hip-hop di kenyeletsa Amantombazane, Boss Zonke, Sidlukotini le Ungazincishi. 

Dipotso: Mme Phumla Williams – Sebuedi sa Kabinete
Selefouno: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore