Tlaleho ho Latela Kopano ya Kabinete ka Mokgwa wa Vidiyo ka Laboraro la la 29 Loetse 2021

A.    Maemo a Renang 

1.    Letsholo la ho Entela Kokwanahloko ya Khorona (COVID-19) 
1.1.    Kabinete e kgothaditswe ke dimilione tsa batho ba Afrika Borwa ba kgethileng ho entela COVID-19, mme ho fihlela kajeno ho se ho sebedisitswe dibotlolwana tse fetang dimilione tse 17. 
1.2.    Kabinete e leboha mekgatlo ya dikereke mmoho le ba dipapadi le bonono ka ho kgothaletsa batho ho enta.
1.3.    Ha re ka potlaka ra enta ka bongata, le dipehelo tsena tsa Boemo ba Bobedi ba ho kginwa ha ditshebeletso di ka nyehliswa. Sena se tla etsa le hore moruo o bulwe ka botlalo mme ho fumanehe le mesebetsi eo re e hlokang e le ka nnete.  
1.4.    Kabinete e ntse e tsitlalletse tabeng ya hore re fokotse tshwaetso tse ntjha ka hore re tswele pele le ho apara dimonkwana ha re le setjhabeng, re hlape matsoho kgafetsa ka metsi kapa sebolaya dikokwanahloko se nang le alekhohole ya persente tse 70 mmoho le ho qaqolohana le ba bang. 

2.    Letsholo la Vooma Vaccination Weekend ka la 1 le la 2 Mphalane 2021
2.1.    Kabinete e ipiletsa ho Maafrika Borwa le batho bohle ba dulang naheng ena ba so kang ba enta hore ba sebedise monyetla ona wa letsholo la Vooma Vaccination Weekend le tla beng le tswela pele naheng ka bophara ka Labohlano la la 1 le Moqebelo wa la 2 Mphalane 2021. 
2.2.    Vooma Vaccination Weekend ke letsholo la naha le kopantseng mahlahana a rona ho kenyeletsa dikereke, marena, mekgatlo ya basebetsi le dikgwebo. Maikemisetso a lona ke ho enta bonyane batho ba ka bang halofo ya milione mafelong ana a beke. 
2.3.    Ona ke monyetla wa hore batho bohle ba baholo ba ente mahala ntle le hore ba ipeheletse sebaka ditsing tsa mmuso le tse ikemetseng le ditsing tsa nakwana. 
2.4.    Ha ho hlokahale hore o be le medical aid hore o ente. Baetapele ba mmuso, borakgwebo, mekgatlo ya basebetsi le mekgatlo yohle ya setjhaba e tla thusa ho kgothaletsa setjhaba ho enta hore se sireletsehe.  
2.5.    Letsholo la Vooma Vaccination Weekend le tla re thusa ho hlola kokwanahloko ena e seng e re kgathaditse nako e fetang selemo jwale. Se fetwe ke monyetla ona. Bohle ha re Bolokeheng. 

3.    Ketelo ya Mopresidente Borokgong ba Msikaba
3.1.    Mopresidente Cyril Ramaphosa o ile a ya hlahloba kgatelopele e seng e fihletswe kahong ya Borokgo ba Msikaba, Lusikisiki mane Kapa Botjhabela ka Labone la la 23 Loetse 2021. Projeke ena ya dibopeho tsa motheo e bitsang dibilione tse R1,65 ke karolo ya projeke ya Mmila wa N2 o iphaphathileng ka lewatle le ka profensing ya Kapa Botjhabela. Ntle le ho thusa ho hokela dibaka tsa mahaeng le tsa ditoropong naheng ena, borokgo bona bo tla boela hape bo bapala karolo e kgolong ya moruo le matsete. 
3.2.    Projekete ena ya mmila wa N2 Wild Coast, ke e nngwe ya Diprojeke tse Pele tsa mmuso tsa ntlafatso ya moruo maemong a naha, a profensi le a lehae. Kabinete e boetse e thabisitswe ke kgatelopele letsholong la mmuso la Tsoseletso le Kaho Botjha ya Moruo (ERRP) eo ha jwale e nang le projeke tse hlophisitsweng tse fetang tse 88 tse bitsang tjhelete e fetang trilione tse R2.3. 

4.    Dikamano tsa Matjhabeng bakeng sa kgwebisano le bohahlaudi
4.1.    Kabinete e thabetse mohato wa naha ya Jeremane wa ho tlosa Afrika Borwa lenaneng la dinaha tseo ho leng kotsi ho etela ho tsona mmoho le ho qala ho amohelwa ha baeti ba entileng ka botlalo ba tswang naheng ena ke naha ya Amerika. 
4.2.    Ka ho le leng Kabinete e swabisitswe ke taba ya hore naha ya United Kingdom (UK) e sa behile Afrika Borwa lenaneng la dinaha tseo ho leng kotsi ho ka etela ho tsona. Ha re bone lebaka la hore ba nne ba boloke naha ya rona lenaneng leo ho latela kgatelo pele eo re seng re e fihletse letsholong la ho lwantsha COVID-19, ho fokotseha ha ditshwaetso mmoho le ho matlafatswa ha matsholo a ho enta. 
4.3.    Kabinete e sa tswa fumana tlaleha ho tswa Lefapheng la Dikamano tsa Matjhabeng ka kgatelo pele ya dipuisano le naha ya UK bakeng sa ho tlosa Afrika Borwa lenaneng leo. Re a tshepa hore Mmuso wa UK o tla lekodisisa taba ena botjha hobane mohato ona ha o ame lekala la bohahlaudi feela, empa o ama le kgwebisano pakeng tsa dinaha tsena tse pedi, malapa le makala a mang a tsa kgwebo. 

5.    Kaho Botjha ya Moruo 
5.1.    Kabinete e amohetse ho thehwa ha Tshebeletso ya Boingodiso ba Dikgwebo tse bileng le Tshenyehelo ka lebaka la ho ameha ke meruso e neng e etsahale Gauteng le KwaZulu-Natal le dibakeng tse ding ho tloha ka la 9 ho isa ho la 19 Phupu. 
5.2.    Letlole lena la boingodiso le tla bokeletsa dintlha ho tswa dikgwebong tseo tse amehileng ka maikemisetso a ho potlakisa mehato ya ho di thusa ha jwale le nakong e tlang. Ona ke ona motjha oo dikgwebo tsena di ka o sebedisang ho tsebisa mmuso ka boholo ba tshenyehelo eo di bileng le yona. 
5.3.    Kabinete e etsa kgoeletso ho dikgwebo tsohle tse amehileng hore di ingodise tshebeletsong ena ho www.relief4sa.co.za. Ho seng jwalo, o ka letsetsa mohaleng wa thuso o reng 080 006 00850 pakeng tsa 08:00 le 17:00 hara beke.
5.4.    Ho fihlela ha jwale, Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane le se le fumane dikopo tse 192 ho tswa dikgwebong tse nyane le tse mahareng tse amehileng. Kabinete e thabetse taba ya hore ho se ho behelletswe tjhelete e kalo ka dimilione tse R54,2 ka thoko bakeng sa ho thusa borakgwebo bana. 

6.    Ho Qala ho Sebetsa hape ha Difofane tsa Mmuso (SAA) 
6.1.    Kabinete e thabetse ho qala ho sebetsa hape ha difofane tsa SAA, tse qadileng ka difofane tse mmalwa pakeng tsa Johannesburg le Kapa. Difofane tsena tsa mmuso di tla boela di fofela le ditoropong tsa Afrika tse kang Accra (Ghana), Kinshasa (Democratic Republic of the Congo), Harare (Zimbabwe), Lusaka (Zambia) le Maputo (Mozambique), mme dibaka tse ding di tla eketswa ha maemo a ntse a ntlafala. 
6.2.    Kabinete e kopa Maafrika Borwa ho tshehetsa SAA jwalo kaha e ntjhafaditswe e leng se tlisang diphetoho ho tsa bofofise Afrika Borwa. 

7.    Mokgatlo o Lwantshang Bobodu le Bosebeletsi bo sa Hlwekang Makaleng a Mmuso (PA-EID-TAU)
7.1.    Kabinete e thabetse ho thehwa ha PA-EID-TAU, e leng mohato o tla thusa mmuso ho lwantsha bobodu Ditshebeletsong tsa Setjhaba. 
7.2.    PA-EID-TAU e tla laola ho kengwa tshebetsong ha maano a ho lwantsha bobodu kgwebisanong le mmuso, ho ntlafatsa maemo a ditshebeletso tsa setjhaba le ho kengwa tshebetsong ha leano la tekolo ya maemo a bophelo a matona le basebeletsi ba maemong a hodimo ba mmuso.  
7.3.    Kabinete e etsa kgoeletso ho basebeletsi bohle ba mmuso hore ba lwantshe bobodu. Ba ka etsa sena ka ho tlaleha diketso tsa bobodu ditsing tsa mmuso e le ho teha mohlala o motle bakeng sa leloko la kamoso. 

8.    Dikgetho tsa Bommasepala tsa 2021 
8.1.    Kabinete e leboha Maafrika Borwa a dimilione di 1,7 a neng a qala ho ingodisetsa ho kgetha mafelong a beke a boingodiso a la 18 le la 19 Loetse. Ona ke ona mokgwa oo batjha ba ka o sebedisang ho nka karolo ho kgetheng ketapele eo ba e hlokang ho bommasepala ba bona.  
8.2.    Re thabetse mohato ona wa batjha ba rona jwalo ka ha e le bona ba etsang palo e kgolo ya setjhaba sa naha ena.  
8.3.    Dikgetho tsena tsa bommasepala di tla ba ka la 1 Pudungwana mme Maafrika Borwa a tla fumana monyetla wa ho sebedisa tokelo ya ona e ho molaotheo ya ho ikgethela baemedi ba bona mmusong. 
8.4.    Bohle ba se nang ho kgona ho ya ditsing tsa ho kgethela ka Letsatsi la Dikgetho ka tlasa mabaka a ho se itekanele, ba ka kenya dikopo tsa ho kgethisetswa malapeng a bona matsatsing a mabedi pele ho dikgetho mme dikopo tsa teng di butswe ho tloha ka la 20 Loetse ho isa ka la 4 Mphalane ka hora ya bohlano mantsiboya. 

9.    Tlhekefetso le Dipolao tsa Basadi (GBVF)
9.1.    Kabinete e thabetse ho fumantshwa ha kahlolo tse pedi tsa ho hlola bophelo tjhankaneng ha Ntate Sbusiso Nkosi (36) ke Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Mpumalanga ka Mantaha wa la 13 Loetse ka molato wa peto le polao ya Mofumahatsana Nomcebo Simelane (23) ka la 5 Loetse 2020. 
9.2.    Lekgotla le ahlotse mmolai le bobeti enwa kahlolo tse pedi tsa ho hlola bophelo tjhankaneng mmoho le dilemo tse ding tse tharo ka molato wa boshodu mme kahlolo tsena kaofela o tla di hula ka nako e le nngwe. 
9.3.    Ona ke molaetsa wa temoso ho babolai le bahlekefetsi ba basadi hore molao o tla ba fumana mme o ba ahlole ka thata. Ha re ka sebedisana mmoho le sepolesa le mekgatlo e qobellang melao, re ka etsa dibaka tsa rona hore di bolokehe. 
9.4.    Tlaleha diketso tsohle tsa Tlhekefetso le Dipolao tsa Basadi sepoleseng kapa Mohaleng wa teng wa Thuso: 0800 428 428 kapa Sitsi se Lwantshang Ketso tsena ho: 0800 150 150 kapa o tobetse *120*7867# selefounung ya hao.

10.    Ho ngodiswa ha manyalo a setso 
10.1.    Kabinete e amohetse qeto ya Lekgotla le Phahameng la KwaZulu-Natal nyeweng e neng e le pakeng tsa Phumza Ethel Mankayi le Letona la Ditaba tsa Lehae, Mofumahatsana Ntombizakhe Portia Miya le Mookamedi wa Makgotla a Phahameng a dinyewe Afrika Borwa. Lekgotla le netefaditse hore banyalani bohle ba nyalaneng ka tsela ya setso le bona ba na le ditokelo ho latela Molao wa Manyalo a Setso wa bo 120 wa 1998. 
10.2.    Kabinete e kopa banyalani bohle ba manyalo a setso hore ba ngodise manyalo a bona Lefapheng la Ditaba tsa Lehae pele ho fela dikgwedi tse tharo ba nyalane. Letona la Ditaba tsa Lehae le ekeditse nako ya ho ngodisa manyalo ao ho fihlela ka la 30 Phupjane 2024. Ona ke monyetla o fuwang ba sa kang ba kgona ho ngodisa manyalo a bona dikgweding tseo tse tharo. Ho ka ingodisa, batho ba hloka ho tlisa bopaki ba hore ba ntshetsane mahadi kapa lengolo la kano la banyalani le dipaki tsa bona. 
10.3.    Ho fihlela kajeno, ho se ho ngodisitswe manyalo a 99 491 feela ho tloha molao ona o kene tshebetsong ho tloha ka Pudungwana 2000. 

B.    Diqeto tsa Kabinete

1.    Kopano ya Matsete ya Afrika Borwa (SAIC)
1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho behwa ha nako ya ho tshwarwa ha SAIC hore e be Tlhakubele 2022. E tla be e le selemo sa boraro jwale ho tshwarwa kopano ena mme ka yona ho ikemiseditswe ho una matsete a ballwang ho trilione tse R1,2 nakong ya dilemo tse hlano. Letsholo lena le tlo tswela pele hodima motheo wa katleho ya dikopano tse pedi tse fetileng. Dintlha ka kopano ena di tla phatlalatswa ha morao. 
 
2.    Ho Tjhentjhelwa Mokgweng wa Kgaso wa Dijithale (BDM) 
2.1.    Kabinete e thoholeditse lenaneo lena la naha la BDM. Tema e se e le kgolo e seng e kgathilwe dikarolong tse ding tsa naha tsa ho fetolela tsela ya kgaso ho e ntjha ya Dijithale. 
2.2.    Kabinete e amohetse moralo ona wa ho fediswa ha tsela ya kgale ya kgaso ya analoko e tlang ho kwalwa ka Tlhakubele 2022. Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tse ikemiseditseng hore di fetole tsela ya kgaso eo e ikemiseditseng hore e be kwetswe ka botlalo ka 2022. 
2.3.    Kabinete e thabetse ho potlakiswa ha lenaneo lena la ho fetolelwa ha kgaso ho Dijithale naheng ka bophara. 

3.    Leano la Naha la ho Thibela ho Ima ha Baithuti Dikolong le ho Hlokomela ba Immeng 
3.1.    Kabinete e tjhaetse monwana Leano la Naha la ho Thibela ho Ima ha Baithuti Dikolong le ho Hlokomela ba Immeng. Leano lena le tla ka mora kahlolo ya 2012 ya Lekgotla la Dinyewe e neng e hanyetsana le leano la Lefapha la Thuto ya Motheo la ho laela baithuti hore ba dule hae nako e ka etsang dilemo tse pedi ka mora ho beleha. 
3.2.    Leano lena, le tlisa dikamano tse ntle hara baithuti hore ba se kgese ba immeng. Le boetse hape le fana le ka lesedi mabapi le ho thibela ho ima; ho thojwa maikutlo le tataiso ho tsa tlhokomelo mmoho le ho theha mekgatlo ya tshehetso. 
3.3.    Leano lena le kenyeletsa bohle ba amehang mme hape le ikamahantse le molao. 

4.    Tumellano ya 2003 ya Mokgatlo wa Dinaha tse Kopaneng o Shebaneng le tsa Thuto, Saense le tsa Setso (UNESCO) Tumellano ya ho Baballa Makgabane a Setso (ICH)
4.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho ikamahanya ha Afrika Borwa le Tumellano ena ya 2003 ya UNESCO bakeng sa tlhokomelo ya ICH. Tumellano ena e mabapi le polokeho, ho baballa le ho bapatswa ha ICH ke dinaha tseo e leng ditho tsa yona. 
4.2.    ICH e kenyeletsa dibaka tsa setso tsa setjhaba, tsebo esitana le mesebetsi ya matsoho ya setso. 
4.3.    Tumellano ena, e neha dinaha tseo e leng ditho tsa yona monyetla wa ho hlwaya, ho hlakisa le ho elellwa mekgwa le ditsela tse nepahetseng tsa ho boloka makgabane ana. E boetse hape e kgothaletsa ditho hore di sebetse di ikamahantse le molao, di boele di sebedise tjhelete ka nepo e le ho baballa le ho bapatsa ICH. Tumellano ena e tla hlahiswa ka pele ho palemente hore e etse diphetoho ho yona. 

5.    Kopano ya Matjhaba a Kopaneng ya ho lwantsha Bobodu (UNCAC)
5.1.    Kabinete e thabetse ho phatlalatswa ha Tlaleho e Lekotsweng Botjha ka ho kenya tumellano ena tshebetsong. 
5.2.    Afrika Borwa e ne e qale ho lekolwa lekgetlo la pele ka 2012 hore na e a kgona ho nka bobodu e le tlolo ya molao esitana le ho sebedisa mekgatlo e qobellang molao ho bo lwantsha le ho lekolwa hape hore na e a kgona na ho sebedisana le dinaha tse ding mmoho le ho ikamahanya le dipehelo tsa ho ba setho. 
5.3.    Ho lekolwa hona ho boetse hape ke tsela ya ho ntlafatsa tshebedisano mmoho le ho thusana ha dinaha tseo e leng ditho. 

6.    Ho Busetswa Morao ha ho Tshwarelwa Afrika Borwa ha Mokete wa Letsatsi la Matjhaba la Mawatle (WMDPE)
6.1.    Mokgatlo wa Matjhaba wa Mawatle o dumelletse Afrika Borwa hore e ka busetsa morao kopano ya WMDPE ka lebaka la COVID-19. Kopano ena e ne e tlameha ho ba ka Mphalane 2021, mme jwale e se e tjhetjhiseditswe ho Mphalane wa 2022. Peleng kopano ena e ne e tlameha ho tshwarwa ka 2020 mme ya tjhetjhiswa ka lona lebaka la koduwa ena. 

C.    Tshisinyo tsa Melao

1.    Tshisinyo ya 2021 ya Molao ho tswa ho Moifo wa Naha o shebaneng le ho Lwantshwa ha Tlhekefetso le Dipolao tsa Basadi (GBVF) 
1.1.    Kabinete e amohetse ho kengwa dibukeng tsa mmuso ha Tshisinyo ena ya 2021 ya Molao ho tswa ho Moifo wa Naha o Lwantshang Tlhekefetso le Dipolao tsa Basadi. Ho lebelletswe hore setjhaba se hlahise maikutlo a sona ka tshisinyo ena. 
1.2.    Tshisinyo ena ya molao e tla ka mora dikgothaletso tsa Leano la Naha la Twantsho ya Tlhekefetso tsena (NSP) le neng le tjhaelwe monwana ke Kabinete ka Tlhakubele 2020. Tshisinyo ena ya molao e sisinya taba ya ho thehwa ha moifo o ikemetseng o tla laola leano lena.

2.    Tshisinyo ya 2021 ya Molao wa Naha o Lwantshang ho Tjheswa ha Mello ya Hlaha (NVFFA)
2.1.    Kabinete e amohetse ho tliswa ha Tshisinyo ena ya 2021 ya Molao wa Naha o Lwantshang ho Tjheswa ha Mello ya Hlaha Palamenteng. Tshisinyo ena ya molao, e ne e tliswi Palamenteng kgetlo la pele ka 2017 mme ha tlameha hore e busetswe morao hore setjhaba se hlahise maikutlo a sona ka yona. 
2.2.    Dikarolong tse teng Tshisinyong ena, ho na le e buang ka ho thehwa ha makala a setjhaba a tla shebana le kotsi ya mello ya hlaha, le ho netefatsa hore setjhaba se ikobela melao e behilweng mabapi le kotsi ena. 
2.3.    Mello ya hlaha e senya tikoloho, e bake tahleho ya mesebetsi, e ripitle metse ya batho, e senye dibopeho tsa motheo, leruo le tikoloho ka kakaretso. 

D.    Diketsahalo tse Tlang 

1.    Kopano ya Ntshetsopele ya Dibopeho tsa Motheo Afrika Borwa (SIDSSA)
1.1.    Mmuso o tlo tshwara kopano ya SIDSSA 2021 ka Laboraro la la 6 le Labone la la 7 Mphalane 2021. Kopanong ena, ho tla buisanwa le banka karolo bohle ka tsela ya ho tsoseletsa dibopeho tsa motheo. 
1.2.    Diprojeke tsa SIDSSA, ka tsona ho ikemiseditswe ho nyolla menyetla ya dikgwebo mmoho le ho theha mesebetsi ho ya ka leano la Tsoseletso ya Moruo le la Ntlafatso ya Diindasteri. Ka kopano ena, ho ikemiseditswe ho nyolla tlhokeho ya tshebediso ya dibopeho tsena tsa motheo mmoho le ho sebedisana ha banka karolo diprojekeng tsena. Ka projeke tsena, ho ikemiseditswe ho nyolla maemo a moruo le ho potlakiswa ho ahwa ha dibopeho tsena tsa motheo. Kopano ya SIDSSA ya 2021 e tshwaretswe tlasa lepetjo le reng: “Tsoseletso le ntshetsopele ya dibopeho tsa motheo tsa boleng mmoho le moruo o kenyeletsang bohle”. 

2.    Kgwedi ya Dipalangwang ya 2021 
2.1.    Mphalane ke kgwedi eo ka yona naha ena e shebanang le ditaba tsa dipalangwang ka yona. Ke selemo sa bo 16 ho ketekwa Kgwedi ya Dipalangwang. Mokotaba wa Kabinete wa selemo sena ke o reng: “Ha re lokiseng dipalangwang mmoho”. Lepetjo la teng lona ke le reng “Brika Bova”: Re thella re ntse re lokisa dipalangwang tsa ka moso.”
2.2.    Lekala la dipalangwang ke la bohlokwa moruong le setjhabeng sa Afrika Borwa. Selemong sena letsholo lena le tla nka dipalangwang e le tsona tsa bohlokwa tsoseletsong ya moruo; ho hlokomediswa le ho rutwa ka polokeho, mefuta ya tsona mmoho le ntlafatso ya tsona.
2.3.    Lefapha la Dipalangwang le tla fana ka lesedi mabapi le diketsahalo tsa kgwedi ena, o ka boela wa fumana lesedi le leng ho www.transport.gov.za.

E.   Melaetsa 

1.    Re lebohisa
Kabinete e lebohisa le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho:

  • Sehlopha sa Afrika Borwa sa Dipharalimpiki ka ho beha Afrika Borwa maemong ka ho hapa dimetale tse supileng kaofela – tse nne tsa kgauta, ya silivera le tse pedi tsa bronze. Ba fumaneng dimetale tsena mane Tokyo ke Ntando Mahlangu (tse pedi tsa kgauta), Pieter du Preez (ya kgauta e le nngwe), Anrune Weyers (ya kgauta e le nngwe), Louzanne Coetzee (ya silivera le ya bronze) le Sheryl James (ka e le nngwe ya bronze). 
  • Mofumahatsana Verity Price, sebui sa profeshenale le mokgothaletsi ka ho hapa Kgau ya ho ba Sebui se Pele sa Profeshanale Boemong ba Matjhaba sa 2021. Ke mosadi wa botshelela wa ho hapa Kgau ena ya Matjhaba dilemong tse 80 mme ke mohlodi wa pele ho tswa Afrika. 
  • Sehlopha sa Springbok Sevens, ka ho hapa Mohope wa Lefatshe wa Rugby wa Sevens Series wa HSBC lekgetlo la bone ha ba ne ba hapa tonamente ena mane Amerika Leboya naheng ya Canada toropong ya Edmond. 

2.    Matshidiso
Kabinete e lebisa matshidiso le kutlwelobohloko malapeng le metswalleng ya: 

  • Moprofesara Hlengiwe Buhle Mkhize (69), Motlatsa Letona la Ditaba tsa Basadi, Batjha le Batho ba sa Itekanelang Kantorong ya Mopresidente. Bophelong bohle ba hae haesale e le moitseki wa ditokelo tsa botho, a lwantsha kgethollo ya mmala mme e lwanela le tekatekano ya bonng. 
  • Monghadi Karabo Gungubele (32), mora wa Letona Kantorong ya Mopresidente, Ntate Mondli Gungubele. 
  • Mme Zanele kaMagwaza-Msibi (59), Moetapele wa mehleng wa National Freedom Party le motlatsi wa mehleng wa Letona la Saense le Mahlale, ke motho ya neng a inehetse haholo dikarolong tse ngata tsa setjhaba ho ntshetsa demokrasi ya rona pele. 
  • Ntate Jolidee Matongo (46), eo e neng e le Ramotse wa Johannesburg ya neng a ikemiseditse ho ntlafatsa maemo le maphelo a baahi ba Johannesburg mmoho le ho nyolla moruo wa yona. 

F.    Kgiro

Kabinete e tjhaetse monwana ho thonngwa ha Mokomeshenara wa Boto e Laolang Meedi mmoho le Motlatsi wa hae;
1.    Ngaka Nakampe Michael Masiapato Ke Mokomeshenara wa Boto ena e Laolang Meedi (BMA).
2.    Morena David Chilembe yena ke Motlatsi wa Mokomeshenara ya shebane le Tshebetso ho BMA. 
Leha Kabinete e amohetse ho kgethwa ha ditho tsena tsa Boto, empa ho ntse ho tlameha ho netefatswa maholo a ditho tsena a thuto le a mang a hlokahalang. 
3.    Boto ya Balaodi ba Dirapa tsa Naha tsa Diphoofolo: 
(i)    Mme Pamela Bulelwa Yako;
(ii)    Mme Gertrude Bulelwa Koyana;
(iii)    Mme Nandi Nyameka Mayathula-Khoza;
(iv)    Mme Yolan Friedmann;
(v)    Mme Zukisa Millicent Ramasia;
(vi)    Ntate Jeoffrey Godfrey Mashele;
(vii)    Morena Livhuwani Lyborn Matsila;
(viii)    Ntate Lourence Bernad Mogakane;
(ix)    Ntate Fulufhelo Edgar Neluchalani;
(x)    Ntate Ntsako Brian Ngobeni; le
(xi)    Mme Hulisani Helen Mushiane.
4.    Boto ya balaodi ya Mokgatlo o Shebaneng le Dimela le Diphoofolo:  
(i)    Mme Joanne Yawitch; 
(ii)    Mme Beryl Delores Ferguson;
(iii)    Ngaka Pulane Elsie Molokwane;
(iv)    Ngaka Lesley Thulani Luthuli;
(v)    Ntate Paul Graeme Daphne;
(vi)    Moprofesara Azwihangwisi Edward Nesamvuni;
(vii)    Ngaka Mmaphaka Ephraim Tau; le
(viii)    Ngaka Reginald Sethole Legoabe.

5.    Molaodi Kakaretso: Lefapheng la Thuto e Phahameng le Thupello Ngaka Nkosinathi Sishi
6.    Motlatsa Molaodi Kakaretso: ya shebaneng le Dikepe, Lefapheng la Dipalangwang, Ntate Mthunzi Edmund Madiya
7.    Motlatsa Molaodi Kakaretso: ya shebaneng le Diterene Lefapheng la Dipalangwang, Ntate  Ngwako Wilson Makaepaea

Ditlhakisetso: Mme Phumla WilliaMme – Sebuelli sa Kabinete 
Mohala: 083 501 0139
 

Share this page

Similar categories to explore