Tlaleho ho latela Kopano ya Kabinete ka Laboraro, 30 Phuptjane 2021

A.    Maemo a Renang ha Jwale
1. Maemo a Bone a Lekotsweng Botjha a ho Kginwa ha Ditshebeletso


1.1.    Kabinete e dumellana le taba ya ho theolelwa ha ho Kginwa ha Ditshebeletso Maemong a Bone a Lekotsweng Botjha jwalo ka ha Motlotlehi Mopresidente Cyril Ramaphosa a phatlaladitse ka Sontaha sa la 27 Phuptjane 2021 jwalo ka mohato wa bohlokwa ntweng kgahlano le leqhubu la boraro la koduwa ya COVID-19 Afrika Borwa. 
1.2.    Ho tiisa dipehelo tsa ho kginwa ha ditshebeletso ho tla re thusa ho lwantsha ditshwaetso tse ntjha, e leng se tla imolla lefapha la tsa bophelo bo botle le hulang ka falese e le hona jwale. 
1.3.    Dipehelo tsena tse ekeditsweng di tla boela di lekolwa botjha ka mora matsatsi a 14 e le ho sheba hore e be di thefutse moruo ho le ho kae, hobane leha re batla ho pholosa maphelo, maemo ao re phelang ho ona le ona re ntse re a hlokometse. 
1.4.    Kabinete le yona e hatella taba ya hore mofuta ona wa Delta o tshwaetsa ha bobebe ho feta mefuta e meng e tlileng pele. Sena se etsa hore re be hlokolosi haholo metsamaong ya rona ya kamehla hobane batho ba bangata ba tshwaetsehileng ha ba bontshe matshwao. 
1.5.    Dipehelo tsa Molao wa Paballo le Tshireletso Mosebetsing tsa Letona la Mesebetsi le Kgiro, di netefatsa hore dikgwebo di kgona ho tswela pele le ho sebetsa di ntse di netefatsa hore motho ohle o bolokehile mosebetsing. 
1.6.    Nakong ena e kotsi, re eletswa hore motho a qobe ho ba setjhabeng ka moo a ka kgonang ka ho ikobela Dipehelo tsa Taolo ya Maemo a Koduwa a COVID-19 mmoho le tseo e seng tsa bongaka tse kang ho apara semonkwana ha o le setjhabeng, ho hlapa kapa hona ho hlwekisa matsoho kgafesa ka metsi kapa sebolaya dikokwanahloko se nang le tekanyetso ya persente tse 70 tsa alekhohole mmoho le ho qaqolohana le ba bang bonyane ka mitara le halofo.

2.    Letsholo la ho entela COVID-19 
2.1.    Afrika Borwa e tswela pele ho matlafatsa Lenaneo la ho Entela COVID-19 leo ka lona ho sireletswang setjhaba ho kokwanahloko ena e kotsi. Ho fihlela ka la 30 Phuptjane 2021, ho ne ho se ho entilwe batho ba 3 026 636 ba kenyeletsang basebeletsi ba tsa bophelo bo botle, batho ba dilemo di 60 le ho feta mmoho le matitjhere. Palo ya matitjhere a seng a entilwe yona ke 238 315.
2.2.    Kabinete e rorisa mohato o nkilweng ke Lefapha la Thuto ya Motheo wa ho tobana le ditlhoko tsa matitjhere le basebeletsi ba lefapha ka ho ba kenya lenanehong la ho entwa. 
2.3.    Ho entwa ha basebeletsi ba lekala la tshireletso teng ho tla qala ka Mantaha wa la 5 Phupu 2021 ho qalwa ka mapolesa mme e re ka Labone la la 8 Phupu teng ho entwe Sesole sa naha. 
2.4.    Boingodiso ba ho entwa ka mokgwa wa EVDS bakeng sa batho ba dilemo di 50 le ho feta bo qadile mme ho entwa ha bona ho tla qala ka Labone la la 15 July 2021. Batho bohle ba dilemong tsena ba kgothaletswa ho ingodisa websaeteng e reng https://vaccine.enroll.health.gov.za kapa ka WhatsApp: nomorong ya 0600 123456.
2.5.    Matsatsi a ho entwa ha basebetsi ba makala a bohlokwa moruong, a kang merafo, basebeletsi ba mabenkeleng a maholo le a mang, a tla phatlalatswa ke Komiti ya Matona e shebaneng le Diente e eteletsweng pele ke Motlatsa Mopresidente. 

3.    Letsatsi la Batjha 
3.1.    Kabinete e leboha Maafrika Borwa ohle a ileng a nka karolo ho ketekweng ha Letsatsi la Batjha ka Laboraro la la 16 Phuptjane 2021 tlasa lepetjo le reng: “Selemo sa Charlotte Mannya Maxeke: Kgodiso ya menyetla ya kgiro ya batjha e kenyeleditseng bohle le ho fetola setjhaba.”
3.2.    Mopresidente Ramaphosa o sa tswa thakgola leano la batjha la ho ithuta le la menyetla ya mesebetsi ka mokgwa wa inthanete, e leng, SA Youth and mPowa, e ratang ho theha letlole le menyetla ya mosebetsi ka ho ba kopanya le dikhamphane tse itseng. Batjha ba ka bokeletsa dintlha tsa bona, ba iphumanele dintlha bakeng sa ho ithuta le mesebetsi mmoho le ho fumana tshehetso metjheng e mengata hona mokgweng ona.
3.3.    Kena ho http://SAYouth.mobi kapa o letsetse nomorong ena ya mahala e reng: 0800 72 72 72 ho ka fumana tshehetso le menyetla e mengata ya mesebetsi ka Lenaneo la Kenello la Batjha la Mopresidente. 

B.    Diqeto tsa Kabinete

1.    Tlaleho ka Maemo a Mmuso wa Lehae
1.1.    Kabinete e qoqile ka maemo a mmuso wa lehae ho latela tlaleho ya Lefapha la Mmuso wa Kopanelo le Ditaba tsa Marena (CoGTA), Kantoro ya Naha ya Matlotlo mmoho le Mohlahlobi e Moholo wa Dibuka wa Afrika Borwa. 
1.2.    Kabinete e hlokometse maemo a mabe a ba bang ba bomasepala moo ka nako e nngwe mmuso wa naha o tlamehang ho kenella ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso ho latela Karolo ya bo 139(7) ya Molaotheo wa Afrika Borwa wa 1996. 
1.3.    Ho feta moo, mmuso wa naha o eteletswe pele ke CoGTA, Kantoro ya Naha ya Matlotlo le mafapha a fanang ka ditshebeletso, kaofela ba tla matlafatsa tshehetso ya bona ho bomasepala ho latela Leano la Ntlafatso ya Ditereke mmoho le boikarabelo jwalo ka ha ho ngotswe Karolong ya bo 154 ya Molaotheo. 

2.    Ho Kenella ha Mokgatlo wa Dinaha tse ka Borwa ho Afrika (SADC) naheng ya Mozambique
2.1.    Kabinete e amohetse qeto ya Kopano e Ikgethileng ya Dihlooho tsa Mebuso Dinaheng tsa SADC e neng e tshwaretswe Maputo, Mozambique ka Laboraro la la 23 Phuptjane 2021.
2.2.    Kopano ena e tjhaetse monwana ho kenella ha dinaha tseo e leng ditho tsa mokgatlo ona ho busetsa maemo setlwaeding Mozambique. Afrika Borwa jwalo ka setho sa SADC le yona e tla nka karolo ho busetseng maemo setlwaeding sedikeng seo. 

3.    Ho Tshwarwa ha Kopano ya bo 21 ya Matjhaba Mabapi le AIDS le Mahloko a Tshwaetsanang ka Thobalano mona Afrika (ICASA)
3.1.    Kabinete e tjhaetse monawana taba ya hore kopano ena ya ICASA ya bo 21 e tshwarelwe Afrika Borwa mme e tla tshwarelwa Thekong ho tloha ka la 6 ho ya ho la 11 Tshitwe 2021. 
3.2.    Ho tshwarelwa ha kopano ena ya ICASA kwano ho tla bontsha maikemisetso a Afrika Borwa kgoeletsong ya Dinaha tse Kopaneng tsa Matjhaba (UN) ya leano la kalafo ya bohloko ba koduwa ya AIDS. Afrika Borwa yona e se e hatetse pele ntweng kgahlano le HIV le AIDS, leha ho le jwalo, mosebetsi o sa le mongata wa ho fokotsa tshwaetso tse ntjha.
3.3.    Kopano ena e tla fana ka monyetsa wa ho buisana ka mekgwa e metjha ya ho thibela HIV le mahloko a tshwaetsanang ka thobalano ho latela koduwa ena ya COVID-19. 

4.    Matshidiso ho Batho ba Zambia 
4.1.    Kabinete e lebisa matshidiso a yona ho lelapa le setjhaba sa Zambia ka lefu la Mopresidente wa pele wa naha ya Zambia, Nkgaka Kenneth “KK” Kaunda (97), ka Labone la la 17 Phuptjane 2021. Ngaka Kaunda o ne a tswa pele ka molaetsa wa bonngwe ba Afrika le ho lokoloha ha yona mmusong wa bokoloniale. 
4.2.    Ho mo fa tlotla e mo tshwanelang, Mopresidente Ramaphosa o phatlaladitse matsatsi a leshome a ho ila ho tloha ka Labohlano la la 18 Phuptjane ho isa ho Sontaha sa la la 27 Phuptjane 2021 ho kenyeletsa le ho fofisetsa fatshe difolakga tsohle tsa naha. 
4.3.    Ngaka Kaunda o qetile bophelo bohle ba hae a sebeletsa katleho ya Afrika ho tsa moruo, dipolotiki le bodulo mmoho le ho lwantsha bokoloneale le kgethollo ya mmala. O ne a tswa pele ho aheng moya wa botho Afrika mme a nka karolo e kgolo ho thehweng ha Mokgatlo wa Dinaha tse Kopaneng tsa Afrika oo kajeno o seng o bitswa (Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika.) 
4.4.    Kabinete e tjhaetse monwana lenaneo le eteletsweng pele ke Lefapha la Dipapadi, Bonono le Setso ka ho hlompha yena Ngaka Kaunda mabapi le tokoloho ya naha le kontinete ya habo, haholoholo Afrika e ka Borwa. Mopresidente Ramaphosa o tla ya patong ya hae Lusaka ka Labohlano la la 02 Phupu 2021. 

C.    Tshisinyo ya Melao
1.    Deeds Registration Amendment Bill 

1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Tshisinyo ya Diphetoho Molaong wa ho Ngodiswa ha Matlo bakeng sa maikutlo a setjhaba. Tshisinyo ena ya molao e tlisa diphetoho ho molao o bitswang Deeds Registries Act, 1937 (Molao wa bo 47 wa selemo sa 1937), oo ho sebetsa ha ona ho seng ho se na molemo. 
1.2.    Ntle le ho ntlafatsa tsela eo Kantoro ya ho Ngodisa Matlo e sebetsang ka yona, molao ona o tlisa tsela e ntjha ya inthanete ya ho thusa maqwetha a ngodisang matlo mmoho le setjhaba ka kakaretso. O boetse hape o sisinya le hore ho hirwe batlatsi ba babedi ba Mohlanka ya ka Sehloohong wa ho Ngodiswa ha Matlo.

2.    Tshisinyo ya Molao o Laolang Lekgotla la Kgaso la Afrika Borwa (SABC) wa 2020 
2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Tsisinyo ya Molao o Laolang SABC bakeng sa maikutlo a setjhaba. Ha tshisinyo ena e ka pasa, e tla be e hlakola Molao o sebetsang ha jwale e leng wa 1999 (Molao wa bo 4 wa 1999). Molao ona o batla ho matlafatsa tsela eo kgaso ena ya setjhaba e sebetsang ka yona. 
2.2.    Tshisinyo ena ya Molao e boetse hape e sisinya ho fetola tsela eo kgaso ena e sebetsang ka teng ho netefatsa hore e sebetsa ka boikarabelo le boinehelo. O boetse hape o tla le mokgwa o motjha wa ho tshehetsa kgaso ena ka ditjhelete mmoho le tsela e ntjha ya ho lefella dilaesense tsa theleveshene.

D.    Diketsahalo tse Tlang
1.    Kgwedi ya Nelson Mandela 

1.1.    Selemo le selemo ka la 18 Phupu, Maafrika Borwa kaofela mmoho le dinaha tsa matjhaba kaofela di lebisa tlotla ho mohale wa mtjhaba e leng Mopresidente wa rona wa mehleng – Ngaka Nelson Rolihlahla Mandela – ka ho keteka Letsatsi la Matjhaba la Nelson Mandela. 
1.2.    Nakong ena e boima re hloka ho bopahana re le naha jwalo ka ha Madiba a ne a lakatsa. Ho hopola Madiba, kabinete e kgothaletsa Maafrika Borwa ohle ho tshehetsa bohle ba anngweng ke koduwa ena ya COVID-19. Re tlameha ho ba le botho bo tshwanang le ba madiba ka hore le rona re etse jwalo ka yena ho tshehetsa bohle ba hateletsweng ke kokwanahloko ena. 

2.    Sehla sa Lekgetho
2.1.    Sehla sa lekgetho sa selemo sa 2021 se tla bula ka Labone la la 1 Phupu 2021 ho fihlela Labobedi la la 23 Pudungwana 2021. Balefi bohle ba lekgetho ba kgothaletswa ho sebedisa websaete ya (www.sars.gov.za) kapa Mobi-App ya Kantoro ya Pokello ya Lekgetho ya Afrika Borwa ho kgutlisa ditokomane tsa bona tsa lekgetho. 
2.2.    Selemong sena ho tla potlakiswa mosebetsi ona ka ho hlahloba dintlha tsa balefi ba lekgetho ntle le hore ba romele ntlha tsa bona. Ho tlisa ditokomane tsa hao tsa lekgetho ka nako, ke ho ikobela molao, athe hape bo thusa mmuso hore o kgone ho tlisa ditshebeletso setjhabeng. 

E.    Melaetsa
1.    Re lebohisa

Kabinete e lebohisa le hona ho lakaletsa mahlohonolo: 

  • Ntate Nicholas Dlamini, eo e tlang ho ba motho wa pele e motsho wa Afrika Borwa ho behisa lebelong la Tour de France.
  • Sehlopha sa Kaizer Chiefs FC se ipehileng ho makgaolakgang a Mohope wa Bompodi ba Afrika a tlang ho bapallwa Morocco ka Moqebelo wa la 17 Phupu 2021, mmoho le Mokwetlisi Pitso ka ho fihlisa sehlopha sa Ahl Aly FC sa Ekgepeta ho makgaolakgang a mohope o tshwanang wa Bompodi ba Afrika. 
  • Ntate Lesetja Kganyago, Mookamedi wa Banka ya Resefe ya Afrika Borwa (SARB), ya fumaneng kgau ya Mookamedi ya Pele wa Banka e Kgolo wa selemo sa 2021 Dikgaung tsa Dibanka tsa Afrika. Bokgoni ba hae bo bonahetse tseleng eo SARB e sebeditseng ka yona maemong a moruo ka labaka la COVID-19.
  • Ngaka Ngwako Stephen Sebopetsa, Mosuwehlooho wa Sekolo sa Poraimari sa Rathaga Sedikeng sa Rakwadu 1, Seterekeng sa Mopani Botjhabela, Limpopo, ka ho fumana kgau ya boetapele ba hae bo botle le mosebetsi wa hae o tswileng matsoho ho tsa thuto Dikgaung tsa Matjhaba tsa Basuwehlooho. 
  • SARB, ka ho keteka dilemo tse lekgolo ka Laboraro la la 30 Phuptjane 2021. Banka ena e ne e bulwe ka la 30 Phuptjane 1921 mme ke yona banka ya kgale ho di feta Afrika. Molaotheo wa naha o neha SARB mosebetsi o moholo wa ho boloka sekgahla sa tswala se le maemong a lekaneng mmoho le ho ntlafatsa maemo a moruo. Ho keteka dilemo tsena tse lekgolo, banka ena e hlahisitse tjhelete e ntjha ya tshepe ya R5. 
     

2.    Matshidiso 
Kabinite e lebisa matshidiso a yona ho lelapa le metswalle ya: 

  • Ngaka Jabu Mabuza (63), rakgwebo ya pele wa Afrika Borwa eo e bileng Motshwari e Moholo (CEO) wa Tsogo Sun Holdings, Modulasetulo wa Boto ya Eskom mmoho le Mopresidente wa Business Unity South Africa. 
  • Moprofesara Mzilikazi Khumalo (89) le mohatsae Mme Rose Khumalo (88). Moprofesara Khumalo e ne e le qhoku ya Afrika Borwa ho tsa thuto, setso le boemo ba tikoloho. O ne a boetse a tumme ka boqapi le bolaodi mminong wa dikhwayara. Ke yena ya neng a thuse ho hlahisa pina ya pele ya ophera ya Sezulu ya Princess Magogo kaDinuzulu. Mosebetsi o moholo oo Moprofesara Khumalo a tla hopoleha ka ona ke wa ho kopanya Nkosi Sikelel’ iAfrika le pina ya mehleng ya naha ya kgethollo ya mmala Die Stem, ho ba Pina ya Naha ya Afrika Borwa. 
     

F.    Kgiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1.    Mme Tirhane Alinah Fosi Motshwari e Moholo wa Kantoro ya Mmuso ya Kgatiso dilemo tse hlano. 

Ditlhakisetso:
Mme Phumla WilliaMme – Sebuelli sa Kabinete
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore