Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 9 Mphalane 2013

10 Oct 2013

1. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa bohlokwa maemong a ha jwale

1.1. Kabinete e amohela ho tekenwa ha Bili ya Tlhomathiso ya Melao ya Dipalangwang le Dintho tse Amanang le Yona hore e be molaong, esita le ho qhalwa ha maipiletso a e-toll (tefiso ya tshebediso ya mebila) a Setlamo se Hanyetsanang le Tefiso ya Tshebediso ya Mebila Ditoropong (Outa) kgahlanong le Eijensi ya Mebila ya Naha ya Aforika Borwa (Sanral) ho entsweng ke Lekgotla le Phahameng la Maipiletso.

Kabinete e kgolwa hore jwale dikgatelopele tsena di dumella batho ba Gauteng le maAforika Borwa ka kakaretso ho tsepamiso maikutlo melemong eo re seng re e fumane – esita le eo re leng boemong ba ho e fumana – dintlafalong tsa mebila e meholo kgubung ya moruo wa Aforika Borwa le Aforika e ka Borwa.

Mokgwa wa tefiso mebileng ke ntho e le nngwe ya Projeke ya Ntlafatso ya Mebila e Meholo Gauteng e nolofaditseng ho tsamaya ha batho le thepa mme e tla etsa hore moruo wa porofense le wa naha o sebetse hantle kamoso.

Ditefiso tsa mebileng di fokoditswe ka lebaka la ditshwaelo tse entsweng ke setjhaba; bapalami bao e leng bafutsana ba nketswe hloohong ka hore beng ba dipalangwang tsa setjhaba ba teelwe ka thoko ditefisong tsa mebileng; sekepele sa tefiso ya kgwedi le kgwedi se se se entswe, mme ho teng mokgwa wa phokoletso bakeng sa dikhamphane tsa dipalangwang.

Kabinete e ipiletsa ho basebedisi ba mebila e meholo ya Gauteng ho ikamahanya le molao, ho bontsha moya o motle wa boahi le ho kenya letsoho ntlafatsong ya Aforika Borwa ka ho ingodisetsa ditekete tsa boitsebahatso mme ba lefelle tshebediso ya mebila ena ya maemo a hodimo.

Kabinete e kopa maAforika Borwa ho hulela hlakoreng le le leng esita le ho sebetsa mmoho ho etsa hore Projeke ya Ntlafatso ya Mebila e Meholo Gauteng e be katleho, mme ba tsebe ho leboha kgolo e babatsehang ya kaho ya meralo ya motheo ya sejwalejwale naheng.

Letona la Dipalangwang le tla etsa tsebiso ka letsatsi leo tefiso ya mebileng e tla qala ka lona. Kabinete e kopa beng ba makoloi bohle ba sebedisang mebila e meholo ya Gauteng kgafetsa ho ingodisa tsamaisong esita le ho reka ditekete tsa boitsebahatso ho etsetsa hore ba be boemong bo botle ba ho fumana ditheolelo.

1.2. Kabinete e rorisa phano e ntseng e tswelapele ya ditshebeletso tlasa boetapele ba Mopresidente Jacob Zuma, ya lenaneo la meralo ya motheo ya setjhaba ya diterilioneterilione tsa diranta, e akgang le ho kgakolwa ha moraorao ha mebila ya R71 le R81 e kopanyang Polokwane le toropo ya Giyani esita le ho bulwa ha projeke ya Borokgo bo Boholo le Seporo sa Lehokela e KwaZulu-Natal ka la 19 Mphalane 2013. Marangrang a kopantsweng a mebila ke ntho ya bohlokwa ho hoheleng matsete naheng le kontinenteng.

Jwaloka ha re ntlafatsa mebila naha ka bophara, Kabinete e etsa kgoeletso ho basebedisi bohle ho ba sedi ha ba sebedisa mebila. Kabinete e ngongorehile ka keketseho ya diketsahalo tse amanang le ditaaso mebileng. Ditaaso di etsa 46% ya batho ba shwellang mebileng. Beng ba makoloi le ditaaso ba na le boikarabelo ba ho hlomphana mebileng. Kabinete e kopa maAforika Borwa ohle ho ba karolo ya Selemoshome sa Matjhaba a Kopaneng sa ho nka Kgato bakeng sa Polokeho ya Mebileng (2011-2020) e etelletsweng pele ke Lefapha la Dipalangwang.

1.3. Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle ho ba le seabo Bekeng ya Tsepamiso ya Maikutlo ya Imbizo eo ha jwale e tswelang pele, ho fihlela ka la 13 Mphalane 2013. Sena se fa setjhaba monyetla wa ho buisana le ba Phethahatso ka dintho tse sa se tshwarang hantle esita le ka hore mmuso o tsebise setjhaba ka mosebetsi wa wona.

1.4. Bohatong ba batho ba Aforika Borwa, Kabinete e leboha Letlole la Lefatshe Lohle bakeng sa tshehetso ya lona ho Aforika Borwa nakong eo ho neng ho e na le tlhokeho e kgolo ya keketso ya ditjhelete. Ena ke thuso ya ditjhelete e kgolo ka ho fetisisa e tsamayang e le nngwe bakeng sa HIV le TB e tswang mofaning wa ntho tse ngata nalaneng ya dithuso tsa AIDS.

Kahodimonyana ho halofo (52%) ya R3 biliyone e tla abelwa Lefapha la Naha la Bophelo bo Botle. Ho a mang mananeo, ditjhelete tsena di tla sebedisetswa tse latelang: phumantsho ya meriana ya antiretrovaerale bakeng sa bakudi ba 350 000, ditjhelete tsa pulamadiboho phanong ya meriana ya antiretrovaerale ka khoriya ho ya malapeng a bakudi kapa dibakeng tseo ba ka e amohelang ho tsona setjhabeng, ditshebeletso tsa ho shebisisa boteng ba TB ho batshwaruwa bohle ditjhankaneng tsohle Aforika Borwa, le ho shebisisa TB le HIV bakeng sa basebetsi ba merafong ba 100 000 merafong e menyane e se nang ditshebeletso tsa yona tsa bophelo bo botle.

1.5. Kabinete e rorisa dikatleho tse ntseng di tswelapele tsa Selekane se kgahlanong le HIV le AIDS, se ketekileng sehopotso sa bo 15 ka la 9 Mphalane 2013.

Ha jwale Aforika Borwa e kenya tshebetsong lenaneo le leholohadi lefatsheng la kalafo ya diantiretrovaerale. Selekane se ile sa boela sa eba le seabo se seholo ntshetsopeleng ya Morero wa Lewa la Naha (NSP) 2012-2016.

1.6. Kabinete e thoholetsa moya oo ditherisano tsa meputso di neng di tshwerwe tsa ba tsa phethelwa ka wona makaleng ao a amehileng, moo ditharollo tsa kutlwisisano ebile e le tsa ka potlako di ileng tsa fihlellwa.

Dipuisano tsa setjhaba moralong wa ketso ya melao ya tsa basebetsi di dula di le bohlokwa thibelong ya merusu e amanang le boipelaetso.

Jwaloka ha basebetsi ba kgutlela mosebetsing, Kabinete e kopa bahiri le bahiruwa ho sebetsa mmoho, haholoholo jwaloka ha moruo wa lefatshe o dula o le tebetebeng, ho etsa hore moruo wa Aforika Borwa o sebetse hantle, o be le tlhahiso o be o boloke mesebetsi e metle ka nako tsohle.

1.7. Kabinete e ananela Seboka sa Naha sa Thibelo ya ho ipolaya Tshebeletsong ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS) se tla tshwarwa ka la 16 ho ya ho la 18 Mphalane. Mosebetsi ona o reretswe ho ntshetsa pele Morero wa Naha wa Thibelo ya ho ipolaya bakeng sa SAPS.

1.8. Mopresidente Jacob Zuma o tla amohela Mopresidente Francois Hollande wa Rephaboliki ya France bakeng sa Ketelo ya Naha Meahong ya Kopanong ho tloha ka la 14 ho ya ho la 15 Mphalane 2013.

Ketelo ya Naha e tla tebisa dikamano tsa rona le France tsa sepolotiki le moruo; e matlafatse tshebedisanommoho ya Leboya-Borwa esita le ho ntshetsa pele maikemisetso a rona a seAforika.

2. Dipuisano le diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1 Kabinete e ananetse Melawana ya Setekhinikale ya ho Fuputsa le ho Honya Peteroliamo e tla phatlalatswa koranteng ya Mmuso bakeng sa ditshwaelo.

2.2 Kabinete e ananetse ho tshwarwa ha Wekshopo ya Setlamo sa Neanotaba ya Tlhodisano ya Matjhaba (ICN) ke Khomishene ya Tlhodisano ya Aforika Borwa ho tloha ka la 16 ho ya ho la 18 Mphalane, Motsekapa.

Wekshopo ya Setlamo ya ICN e thusa ka phapanyetsano ya maikutlo le neanotaba dinthong tse amanang le ditlamo hara ditho tsa yona tse nkang seabo le Dieijensi tseo e Seng tsa Mmuso lefatshe ka bophara.

2.3 Kabinete e ile ya bewa sehlohlolong sa ditaba ka kgatelopele e entsweng kotareng ya pele ya 2013/14 ka Selekane sa Kgiro ya Batjha se tekennweng ka la 18 Mmesa 2013.

Dintho tse tsheletseng tse ka sehloohong tsa Selekane sena ke (1) thuto le thupelo, (2) malebela a mosebetsi, (3) mekgatlo ya batjha, (4) pehelo ya batjha e teetsweng ka thoko, (5) bohwebi le dikoporasi tsa batjha esita le (6) dikgato tse nkwang ke lekala la poraefete.

Katleho e kgolokgolo bakeng sa kotare ya pele e fupere tlhahlobo ya sethathong ya dibuka tsa ditjhelete ya diketsahalo le dikgato tsa batjha tse nkilweng ho phunyeletsa le naha yohle esita le kgato enngwe e nkuwang lekaleng la poraefete.

3. Dibili

3.1 Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha Moralo wa Bili ya Tlhomathiso ya wa Katoloso ya Netefaletso ya Bodudi bakeng sa hore setjhaba se tshwaele.

Bili ya Tlhomathiso e fetola Molao wa Katoloso ya Netefaletso ya Bodudi, 1997, (Molao wa 62 wa 1997) ho matlafatsa, ho hlakisa le ho tshireletsa ditokelo tsa bodudi tsa ba dulang sebakeng seo (badudi ba mapolasing).

Sepheo sa Bili ke ho fumana tharollo ya nako e telele ditlhokehong tsa tshireletso ya bodudi ka ho kopanya mekgwa ya kabobotjha ya mobu le tshireletso ya molao, esita le mekgwa ya tharollo ya dikgohlano. Bili e habile ho ntlafatsa ditokelo tsa basebetsi le badudi ba mapolasing. Badudi ba mapolasing bao e seng basebetsi e atisa ho ba basadi le bana.

3.2 Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha Moralo wa Bili ya Tlhomathiso ya Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, 2013, Koranteng ya Mmuso bakeng sa hore setjhaba se tshwaele.

Bili e habile ho fetola Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong wa 29 wa 1996 e le ho sheba botjha mekgwa ya qobello, mokgwa wa kahlolo ka tefiso le ho matlafatsa dikotlo.

Ho ntlafatseng bophelo bo botle le polokeho ho basebetsi ba merafong, Bili ya Nakwana ya Phetolo e boetse e habile ho boloka bophelo bo botle le polokeho tikolohong ya merafong ka sekgahla se setle botsitsong ba nako e telele ba tikoloho ho ya ka Morero wa Ntshetsopele ya Naha.

4. Dithonyo

4.1 Kabinete e ananetse dikgiro tse latelang Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba:

a) Ntate Thokozani William Magwaza boemong ba Motlatsi wa Molaodikakaretso: Tshireletso e Momahaneng ya Setjhaba
b) Mme Nelisiwe Ignatia Vilakazi boemong ba Motlatsi wa Molaodikakaretso: Phetoho ya Mawa le Ditlhophiso.

4.2 Kabinete e ananetse kgiro ya Ntate Caiphus Ramushau boemong ba Mohlanka e Moholo wa tsa Ditjhelete/Hlooho ya Ditshebeletso tsa Kgwebisano Lefapheng la Dikamano le Tshebedisano ya Matjhaba.

4.3 Kabinete e ananetse dithonyo tse latelang Botong ya Banka ya Mobu:

a) Mme Duma Motau
b) Mme Thembekile Thelma Ngcobo

4.4 Kabinete e hlokometse dithonyo tse latelang Lekgotleng la Dipalopalo la Aforika Borwa:

BOEMONG BA NAHA

a) Ntate Ian Assam (o thontswe hape)
b) Ntate Faldie Esau (o thontswe hape)
c) Moprofesara Jacky Galpin (o thontswe hape)
d) Ngaka Maseka Lesaoana (o thontswe hape)
e) Ntate Morore Mphahlele (o thontswe hape)
f) Ngaka Khangelani Zuma (o thontswe hape)
g) Ntate Kenneth Brown
h) Moprofesara Phillippe Burger
i) Ngaka Rashad Cassim
j) Ngaka Jaya Josie
k) Ntate Etienne le Roux
l) Moprofesara John Luiz
m) Moprofesara Julian May
n) Ngaka Ariane Neethling
o) Ngaka Sarah Radloff
p) Ntate Sulaiman Salau

BOEMONG BA DIPROVENSE

a) Ngaka Daniel Plaatjies (Foreistata)
b) Ntate Monde Nkasawe (Kapa Botjhabela)
c) Ntate Glen Robbins (KwaZulu-Natal)
d) Mme Zeenat Ishmail (Kapa Bophirimela)
e) Ntate Mveli Maphanga (Mpumalanga)
f) Mme Lizell Henney (Kapa Leboya)
g) Dr David Everatt (Gauteng)

4.5 Kabinete e ananetse dithonyo tse latelang Botong ya Letlole la Dikotsi tsa Mebileng:

a) Ntate Thokwa Patrick Masobe
b) Mme Refiloe Mokoena
c) Ngaka Linda Kinse Lungelwa Nompumelelo
d) Ntate Dawood Coovadia (Motlatsi wa Modulasetulo)
e) Ntate Ahmed Pandor
f) Ngaka Ntuthuko Bhengu (o thontswe hape e le Modulasetulo)
g) Moadvokheiti Dimakatso Qocha (o thontswe hape)
h) Ntate Desmond Smith (o thontswe hape)
i) Mme Annemarie Steyn (o thontswe hape)
j) Ntate Dumisa Hlatshwayo (o thontswe hape)

4.6 Kabinete e ananetse dithonyo tse latelang Botong ya Bolaodi ba Polokeho Ditereneng:

a) Mme Natalie Skeepers
b) Ntate Masindi Tshamunwe Herry
c) Ntate Andre Bain Harrison
d) Mme Masaccha Khulekelwe Mbonambi
e) Ntate Norman Tinyiko Baloyi
f) Ntate Matodzo Ratshimbilana (o thontswe hape e le Modulasetulo)
g) Mme Jane Barret (o thontswe hape)
h) Mme Thembelihle Msibi (o thontswe hape e le Motlatsi wa Modulasetulo)

Dipotso:
Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Issued by: Government Communications

Share this page

Similar categories to explore