Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 25 Mmesa 2018

Kabinete e kopane ka Laboraro mohla la 25 Mmesa 2018, Tuynhuys, Motse Kapa

A. Ditaba tsa Tikoloho
1.  Mapato a baitseki le mekaubere

1.1. Kabinete e leboha batho bohle lefatsheng ka bophara, haholoholo maAforika Borwa, ka karabelo ya bona e mofuthu ebile e le mosa nakong ya ho hlokahala ha ‘imbokodo’ Mama Winnie Madikizela-Mandela, Moitseki wa ntwa ya tokoloho Ngaka Zola Skweyiya le moetapele wa mokgatlo wa basebetsi Archie Sibeko.
1.2. Baitseki ba rona ba nyehetse maphelo a bona boikitlaetsong ba Aforika Borwa e ntlafetseng, mme banna le basadi ba naha ya rona ba kgothatswa ba bile ba susumetswa ke ditshotleho tsa bona.
1.3. Kabinete e boetse e ikamahanya le Moporesidente Cyril Ramaphosa ho iseng hlompho ho mofu Mokaubere wa modiplomate, Moambasadara George Nene, ya sebeleditseng Aforika Borwa ka bokgabane le boitelo nakong ya hae ya ha a ne a le palehong, ho ngoka lebatowa le kontinente ya rona ho netefatsa tokoloho ya Aforika Borwa.

2. Biopelaetso ba Leboya Bophirima
2.1.  Kabinete e sekasekile boemo bo hlokang botsitso bo ropohileng Leboya Bophirima, bo ammeng ditshebeletso tse ngatanyana, haholoholo ditshebeletso tsa bophelo bo botle. Jwaloka mmuso o tsotellang, Kabinete e ananetse mehato e mmedi ya hanghang ya bokenadipakeng ho busetsa kgutso le botsitso sebakeng seo.
2.2. Kabinete e ananetse ho sebediswa ha Karolo ya 100(1)(b) ya Molaotheo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa wa 1996, ho rarolla koduwa ena, haholoholo lekaleng la bophelo bo botle. Sepheo se ka sehloohong sa bokenadipakeng bona e tla ba ho:

  • busetsa tshepo le boitshepo dipakeng tsa basebetsi le mmuso;
  • thusa porofense ho ntlafatsa mekgwatsamaiso le bokgoni ba yona tlwaelong e ntjha;
  • netefatsa boikamahanyo le moralo wa mmuso wa ketsamolao le taolo;
  • tsitsisa tikoloho ya basebetsi, ho kgutlisa phano ya ditshebeletso ya nako e telele, ho  netefatsa tshireletseho ya basebetsi le ho ntlafatsa tsamaiso ya ditjhelete.

2.3. Kabinete e boetse e laetse sehlopha sa tshebetso sa Matona ho etela Leboya Bophirima ho fumana dintlha tsa sebele. Matona a lebelletswe hore a fane ka tlaleho dibekeng tse pedi tse tlang. Tlaleho ena e tla thusa ho fumana haeba ho na le bokenadipakeng bo bong bo ka nnang ba hlokeha.  
2.4. Sehlopha seo sa Tshebetso se akga Matona a Thero, Bodisa le Tlhahlobo (Mohlophisi); Bophelo bo Botle; tsa Ditjhelete; Kopanelo ya Puso le Merero ya Setso; hammoho le Setlamo sa Matona a Toka, Thibelo ya Ditlolo tsa Molao le Tshireletso.
2.5. Leha e lemoha ditletlebo tse hlahisitsweng ke setjhaba, Kabinete e seolla ka matla diketso tsa dikgoka, boinyafelo le bosenyi ba thepa tse neng di tsamaisana le mehwanto ya boipelaetso dibakeng tse ding tsa porofense.

3. Ditherisano tsa meputso lekaleng la setjhaba
3.1 Kabinete e ile ya tlalehelwa ka ditherisano tsa hajwale tsa meputso ya Tshebeletso ya Setjhaba. Kabinete e kopile Lefapha la Tshebeletso ya Setjhaba le Tsamaiso hammoho le komiti e fanang ka matla hore di sebetse ka boikitlaetso ho rarolla ho se utlwisisane ho teng mabapi le ditherisano tsa meputso.

4. Seteraeke sa dibese
4.1.  Kabinete e etsa kgoeletso ho baamehi bohle lekaleng la dipalangwang tsa setjhaba ho fedisa seteraeke sa naha sa dibese ka potlako. Re kopa baamehi bohle hore ba kgutlele ditherisanong ho etsetsa hore ho tle ho fihlellwe tumellano e molemong wa bohle ba amehang esita le naha.

5. Merusu Lebaleng la Moses Mabhida
5.1. Kabinete e tshwela ka mathe diketso tsa merusu le bosenyi bo soto ba thepa tse entsweng ke balatedi ba bolo ya maoto kamora hore ba itahlele ka Lebaleng la Moses Mabhida, Durban, nakong ya papadi ya Liki e Kgolo ya Bolo ya Maoto (PSL) mafelong a beke.
5.2. Ditheo tsa qobello ya molao di koptjwa ho netefatsa hore bohle ba bileng le letsoho bosenying le diketsong tsa merusu papading eo, ba nka boikarabello bakeng sa diketso tsa bona.
5.3. Kabinete e etsa kgoeletso ya hore ho etswe dipatlisiso tse potlakileng le hore ho kenngwe tshebetsong mehato e tiileng ya tshireletso ho netefatsa polokeho ya babohi le bahlanka. E kopa bohle ba amehang hore ba be le tshebedisano mmoho dipatlisisong, ho thibela hore kamoso diketso tse tjena di se ke tsa etsahala hape.

6. Diteishene tsa seyalemoya sa setjhaba
6.1.  Kabinete e amohela tumellano e fihletsweng ya ho hokela botjha diteishene tse 15 tsa seyalemoya tse neng di kwetswe ke Sentech hobane di sa lefa ditefello tsa kabo ya leqhubu la kgaso, ha ho ntse ho batlwa ditharollo tsa nako e telelele.
6.2. Tumellano e fihletswe kamora hore mmuso o be le kopano le Sentech, Foramo ya Naha ya Seyalemoya sa Setjhaba, Lekgotla la Ntshetsopele ya Mehlodi ya Ditaba le ho se Tshwane (MDDA) esita le Lekgotla le Ikemetseng la Dikgokahanyo la Aforika Borwa (ICASA).
6.3. Lekala la seyalemoya sa setjhaba ke lepatlelo la bohlokwa la kgokahanyo le fang batho ba habo rona phihlello ho tlhahisoleseding, ebile e le tsela ya ho bopa setjhaba se nang le tsebo. Bohle ba amehang ba dumellane ka ho kopana haufinyane ho tla le tharollo ya nako e telele e tla tlisa boitjaro diteisheneng tsena.

7.  Kopano ya Dihlooho tsa Mebuso ya Mokgatlo wa Dinaha tsa Selekane
7.1. Kabinete e amohela kananelo ya Lenaneo la Tshebetso la Mokgatlo wa Dinaha tsa Selekane bakeng sa dilemo tse pedi tse tlang.
7.2. Moporesidente Ramaphosa o etelletse pele Moifo wa Aforika Borwa Kopanong ya Dihlooho tsa Mebuso ya Mokgatlo wa Dinaha tsa Selekane (CHOGM 2018) tlasa mookotaba o reng: “Ho hahamalla Bokamosong bo Tshwanang” ho tloha ka la 19 ho isa ho la 20 Mmesa 2018.
7.3. Ha a teka Aforika Borwa e le se seng sebaka sa botsetedi se hlahelletseng ka mahetla mebarakeng e thuthuang, Moporesidente Ramaphosa o boetse a teka puo Kopanong ya Baetapele ba Aforika ba Foramo ya Kgwebo ya Mokgatlo wa Dinaha tsa Selekane, a ba a dula majwana le batsetedi ba baholo ba matjhaba hammoho le baetapele ba kgwebo. O boetse a fetisa memo ho batsetedi ba itlhommeng pele esita le baetapele ba kgwebo hore ba be teng Kopanong ya Botsetedi e hlophiseditsweng hore e tshwarwe hamorao selemong sena.
7.4. Tlasa boetapele ba Moporesidente Ramaphosa, moifo wa Aforika Borwa o boetse wa sebedisa monyetla ona o tlisitsweng ke CHOGM hore ba tswele pele ho thaothela bonkgetheng ba Aforika Borwa ho Lekgotla la Tshireletso la Matjhaba a Kopaneng (UN) bakeng sa sehla sa 2019 – 2020. Dikgetho tsena di hlophiseditswe ho tshwarwa ka la 8 Phuptjane 2018 ho la New York, Amerika (USA).

8. Botsetedi
8.1. Kabinete e amohela thonyo ya Mopresidente Ramaphosa ya maqosa a kgethehileng mabapi le botsetedi hore a dule majwana le batsetedi ba lapeng esita le ba dinaheng tsa bolata ka menyetla ya moruo e Aforika Borwa.
8.2. Maqosa ana a laetswe hore a hohele botsetedi ka tsela e tsepameng ebile e le e ditjeo di tlase. Tjantjello ena ya botsetedi e tla fihla sehlohlolong ka ho tshwarwa ha seboka se seholo sa botsetedi ho ella mafelong a selemo, ho bokella tjhelete e kahodimo ho R1 trillion botseteding bo botjha ka dilemo tse hlano.

9. Kgakolo ya Setsi sa Gauteng sa Ntho Tsohle tsa Botsetedi ba Aforika Borwa
9.1.  Kabinete e kgothaletsa ka matla batsetedi ba lapeng le ba matjhaba hore ba sebedise ditsi tsa botsetedi tsa Ntho Tsohle tsa Diporofense, tse ntseng di kgakolwa ho potoloha le naha – moo sa morarorao e leng Setsi sa Ntho Tsohle sa Gauteng.
9.2. Setsi sa Ntho Tsohle tsa Botsetedi sa Aforika Borwa ke lenaneo la moporesidente la ho bapatsa le ho nolofatsa botsetedi Aforika Borwa. Hajwale, Setsi sa Ntho Tsohle tsa Botsetedi sa Aforika Borwa se se se kentswe tshebetsong ka katleho KwaZulu-Natal le Kapa Bophirima.
9.3.  Ditsi tsa Ntho Tsohle tsa Botsetedi di ntse di fanwa diporofenseng tsohle, mme di tla sebedisetswa ho hlophisa le ho momahanya mabatowa a kgethehileng a moruo, ditheo tsa botsetedi ba diporofense, makgotla a lehae le mafapha a tshwanelehileng a mmuso a amehang ho tsa taolo, ngodiso, mangolo a tumello le ditaba tsa dilaesense.

10. Dikarete tse ntjha tsa Posong tsa-SASSA tsa Banka ya  Posong
10.1. Kabinete e amohela katleho ya ho bula madiboho ya phano ya dikarete tse ntjha tsa Lekgotla la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA) diposong tse kgethilweng Kapa Bophirima, ho dumella majalefa a ditjhelete tsa dithuso tsa setjhaba ho fapanya dikarete tsa bona tsa hajwale hore ba fumane tse ntjha tsa Posong ya Aforika Borwa (SAPO)-SASSA tsa Banka ya Posong.
10.2. Baamohedi ba ditjhelete tsa dithuso tsa setjhaba le beng ba dikarete ba ntse ba kgona ho sebedisa dikarete tsa bona tsa hajwale ho fihlela ka Tshitwe 2018, empa Kabinete e kgothalletsa majalefa ho ya fapanya dikarete tsa bona tsa kgale ka ho etela SASSA kapa SAPO tsa bona tse haufi ho tloha ka la 2 Motsheanong ho fihlela mafelong a Lwetse 2018.

11. Thuto e Phahameng
11.1.  Kabinete e amohela kgatelopele e etswang ho kenngweng tshebetsong ha thuto ya mahala jwalokaha ho tobokeditswe ke Letona la Thuto e Phahameng le Thupelo.  Phatlalatso ya keketso ya bohlokwa kabong ya motheo ya tjhelete ya NSFAS ho tloha ho R9,849 bilione ka 2017/18 ho ya ho R35,321 bilione ka 2020/21, e bontsha boikitlaetso ba Mmuso ho thuseng baithuti ba tswang malapeng a kojwana di mahetleng esita le a mokgahlelo wa basebetsi.

12. Lenaneo la Tshehetso la Dikgwebo tse nyenyane, tse mahareng le tse nyanenyane (SMME)
12.1.  Kabinete e amohela kgakolo ya Phahamiso ya Khiro ka Lenaneo la Tshehetso ya diSMME, leo e leng selekane dipakeng tsa Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane (DSBD) le Kopano ya Dinaha tsa Yuropa (EU).
12.2. Le tla tshehetsa diSMME ka ditshebeletso tsa ntshetsopele ya kgwebo, le di thuse ka phihlello mebarakeng, le ntlafatse phihlello ya tsona ho tsa ditjhelete, le be le thuse ho fokotsa boima ba tsamaiso le taolo dikgwebong tse nyenyane.
 
13. Saense le Thekenoloji
13.1. Kabinete e rorisa bohle ba kentseng letsoho botenng ba ZACUBE-2, e leng sathalaete ya tjhubu e kgolokgolo ebile e le e hatetseng pele ka ho fetisisa Aforika. Sathalaete ena ya boima ba 4kg ya ZACUBE-2 – e hlahisitsweng ke Yunivesithi ya Thekenoloji ya Hlohleng ya Kapa (CPUT) le Setheo sa Thekenoloji sa Fora le Aforika Borwa, se laolwang ke Lekgotla la Sepakapaka sa Naha la Aforika Borwa – se filwe ditjhelete ke Lefapha la Saense le Thekenoloji. Ke nano-sathalaete ya bobedi e hlahisitsweng ke CPUT.
13.2. Sathalaete ena ya tjhubu e rometswe Indiya hore e tle e romelwe sepakapakeng. E tla thusa ho bokella lesedi la ho utolla kgolo ya moruo moruong wa mawatleng. Nano-sathalaete ena e tla thusa ho rarolla ditlhoko tsa lenaneo la Moruo wa Mawatleng wa Operation Phakisa esita le ho thusa ho lemoha tshebetso ya diphedi tsa mawatleng ho thathika le mabopo a Aforika Borwa esita le ho lemoha mello ya meru pele e etsahala.

14. Indaba ya Merafo ya KwaZulu-Natal
14.1. Kabinete e amohela sephetho sa Indaba ya Merafo ya KwaZulu-Natal ya matsatsi a mabedi, moo baromuwa ba neng ba tshohla ditaba tse tla thusa ho fetola lekala le ho utolla menyetla ya lethathama la merafo porofenseng eo.
14.2. Lekala la merafo ke le leng la makala a bohlokwa a ka re thutsang ho fetola moruo wa rona mme Kabinete e ipileditse ho dikhamphane tsa merafo, basebetsi le setjhaba ho matlafatsa maqhama hore tshebetso ya merafo e tle e be le botsitso ka nako e telelele.

B. Diqeto tsa Kabinete
1. Kabinete e ananetse Moralo wa Bodisa le Tlhahlobo bakeng sa Leano la Naha la Batjha (NYP) 2015-2020. Moralo ona o fana ka sebopeho sa boikarabello le tshebetso e ntle katlehong ya sepheo sa NYP sa 2020. Leano le habile ho ntlafatsa tshebetso le ho matlafatsa phano ya ditshebeletso, haholoholo mananeong a batjha.

2.  Kabinete e ananetse ho tshwarwa ha Lenaneo la Kgwedi ya Aforika la Selemo le Selemo bakeng sa Motsheanong 2018 tlasa mmokotaba o reng: “Selemo sa Nelson Mandela – Ho Aha Aforika e Betere le Lefatshe le Betere”. Kgwedi ya Motsheanong e keteka dikatleho tse entsweng ntshetsopeleng ya Aforika.  Diketsahalo di fella ka Letsatsi la Aforika mohla la 25 Motsheanong, e leng letsatsi le phatlaladitsweng ke Kopano ya Dinaha tsa Aforika (AU) mme le ketekwa Aforika.

3.  Kabinete e tsebisitswe ka tlaleho le bokenadipakeng bo entsweng boemong ba dinyewe tsa tlatlapo ya motabo, tlhekefetso le boitshwaro bo bobe kgahlanong le ditho tsa Lebotho la Sesole sa Naha la Aforika Borwa (SANDF) tse rometsweng ho ya tshehetsa Letsholo la Tsitsiso la Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) ho la Democratic Republic of Congo.

3.1. Leha Kabinete e kgotsofaditswe ke bokenadipakeng bo entsweng ho rarolla ditlhekefetso tsena, e seolla ka matla mofuta ofe kapa ofe wa tlhekefetso ya motabo le diketso tsa boitshwaro bo bobe ba ditho tsa SANDF dibakeng tseo ba rometsweng ho tsona.
3.2.    Ho rometswe sehlopha ho ya batlisisa ka diqoso tsohle tse tlalehilweng. Leha dinyewe tse ding di se di phethetswe, tse ding di se di le mokgahlelong wa dinyewe tsa sesole. Dipatlisiso tsena tsohle di entswe ka tshebetso ya semolao ya sesole ka mokgwa o nang le ponaletso le boikarabello.
3.3.    Aforika Borwa, jwaloka tlwaelo, e tla tswelapele ho arabela ka potlako ha e sebetsana le diketsahalo tse jwalo. Boitshwaro bo bobe le ditlolo tsa molao dithong tsa SANDF di hloilwe mme di ke ke tsa mamellwa. Bao ba fumanwang ba di tlotse ba tla sebetswa ka Molawana wa Boitshwaro le Molawana wa Kgalemo wa Sesole.
3.4.    Kabinete e boetse ya tshehetsa phethelo ya Bili ya Kgalemo ya Sesole, e  habileng ho sebetsana le kgalemo ka kakaretso ho SANDF, ho akga le matlafatso ya tlhaloso ya tlatlapo ya motabo le keketso ya kotlo e tlase hore e be dilemo tse 10.  

C.  Dibili

1.    Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha Bili ya Taolo ya Dihlahiswa tsa Kwae le Mekgwatsamaiso ya Phetiso ya Elektroniki ya 2017 Koranteng ya Mmuso bakeng sa tlhahiso ya maikutlo a setjhaba.
Bili ena e hlakola Molao wa Taolo ya Dihlahiswa tsa Kwae, 1993 (Molao wa 83 wa 1993) e le ho kgothaletsa bophelo bo botle ba setjhaba le ho nyalanya molao wa taolo ya kwae wa Aforika Borwa le Tumellano ya Moralo wa Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle Taolong ya Kwae.  O rarolla dintlha tsa bohlokwa tse kahare tse amanang le dibaka tsa setjhaba, pepeso ya dihlahiswa tsa kwae dibakeng tsa thekiso, tshebediso ya disebediswa tsa elektroniki le tsebiso ya dipakethe tse sa takwang tsa dihlahiswa tsa kwae.

2.    Kabinete e ananetse phatlalatso ya Bili ya Moralo o Kopantsweng wa 2018 hore e hatiswe Koranteng ya Mmuso bakeng sa tlhahiso ya maikutlo a setjhaba. Bili e habile ho fihlella thero e hlophisitsweng ebile e le e kopantsweng makaleng ohle a mmuso, a fepelanang a bile a sebetsa ka momahano ho kgothaletsa ho kenngwa tshebetsong ha Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) ka bokgabane.

Tlwaetso ya merero e tsamaisana le NDP mme e habile ho tiisa boikitlaetso bo Moralong wa Lewa la Nako e Mahareng wa 2014-2019, ho thea ditsela le bokgoni kahara Naha ho etsa thero ya ntshetsopele ya nako e telelele. E tla phahamisa Naha e hlophisitsweng haholwanyane e bile e le e arabelang, e tla sebetsa hantle le ho feta ho phahamiseng diphetoho tsa sebopeho tse hlokehang bakeng sa kgolo e kenyeletsang ba bangata, esita le bakeng sa ho ntshetsa pele motheo wa naha wa basebetsi le demokrasi e matlanyana.

D. Diketsahalo tse Tlang
1. Letsatsi la Tokoloho
Kabinete e rorisa maAforika Borwa ohle le makala a nang le seabo ka tsela tse fapaneng meketeng ya morao ya Kgwedi ya Tokoloho. Moporesidente Ramaphosa o tla fana ka puo ya sehlooho moketeng wa Letsatsi la Naha la Tokoloho mohla la 27 Mmesa 2018 Lebaleng la Ngaka Petrus Molemela Bloemfontein, Freistata tlasa mookotaba o reng: “Selemo sa Nelson Rolihlahla Mandela: mathuleng a temoho e tletseng ya tokoloho ya rona ka phetoho e potlakileng ya moruo wa kahisano”.

Ketsahalo ena e tla latelwa ke Mokete wa Dikgau tsa Naha wa 2018 ka Moqebelo wa la 28 Mmesa 2018 Pretoria, moo Moporesidente Ramaphosa a tla abela baamohedi ba tshwanehileng ka Tlotlo ya Baobab, Tlotlo ya Ikhamanga, Tlotlo ya Luthuli le Tlotlo ya Bomphato ya OR Tambo. Ditlotlo tsa Naha ke dikgau tse phahameng ka ho fetisisa tseo Aforika Borwa e di abang, ka Moporesidente, ho baahi le ditho tsa dibaka tsa matjhaba tse kentseng letsoho ka bokgabane ho etseng hore naha e be e lokolohileng, setjhaba sa demokrasi le katleho; e kopaneng ka ho se tshwane ha yona.

2. Mekete ya Letsatsi la Motsheanong
Kabinete e etsa kgoeletso ho basebetsi bohle ho potoloha le naha hore ba ikamahanye le ho keteka Letsatsi la Basebetsi ka Labobedi mohla la 1 Motsheanong 2018 mme ba nahane ka dikatleho tsa ditokelo tsa basebetsi haesale ho tloha mathwasong a demokrasi. Letsatsi lena ke sehopotso sa hore dibaka tsa tshebetso di tlameha ho bolokeha le hore bahiri ba lokela ho etsa haholwanyane ho netefatsa polokeho ya basebetsi ba bona, haholoholo lekaleng la merafo.  
Kabinete e boetse e fetisitse matshediso a yona a tswang boteng ba pelo ho ba malapa, metswalle le basebetsimmoho ba basebetsi ba tsheletseng ba morafo ba ileng ba tjha mme ba shwa ha bese e neng e ba isa mosebetsing e tjheswa ka qhomane ya peterole ke bahlasedi ba sa tsejweng.
Kabinete e entse kgoeletso ho ditho tsa setjhaba ho thusa sepolesa thahasellong ya sona ya ho rarolla nyewe ena ka potlako.

E. Melaetsa

Kabinete e lebohisa:
1.  Monono wa moNdebele Esther Mahlangu, ya filweng lengolo la bongaka la tlotla Yunivesithing ya Johannesburg ho ananela nyehelo ya hae e tswileng matsoho bononong le botjhabeng ba Aforika Borwa.
2.  Sehlopha sa Aforika Borwa se phahamiseditseng folakga ya rona hodimo Dipapading tsa Mokgatlo wa Dinaha tsa Selekane ho la Gold Coast Australia, ha se ne se phethela se le boemong ba botshelela ka palo yohle ya dikgau tse 37 (kgauta tse 13, silifera tse 11 le boronse tse 13). Katleho ya bona e tlisitswe ke ho sebetsa ka thata, boikitlaetso le mamello. Hona ke kgothatso ho baatlelete ba batjha mme e tiisa botjha nnete ya hore dipapadi ke karolo ya mmopo wa setjhaba o re tlamahanyang re le maAforika Borwa.
2.1. Ba kahodimodimo ba ba hapileng dikgau tsa kgauta ba akga:

  • Caster Semenya – 800m le 1500m ya basadi;
  • Luvo Manyonga – ho qhomela hole ha banna;
  • Ndodomzi Ntutu – T12 100m ya banna;
  • Henri Schoeman –triathlon ya banna;
  • Tatjana Schoenmaker – 100m le 200m ho breaststroke ya basadi;
  • Chad le Clos – 50m, 100m le 200m tsa banna ho butterfly ya banna;
  • Cameron van der Burgh – 50m ho breaststroke ya banna;
  • Akani Simbine – 100m ya banna; le
  • Martin Erasmus – 97kg wrestling freestyle ya banna.

3.    Moporofesara Sibongile Muthwa le Ngaka Geraldine Fraser-Moleketi ka tlhomamiso ya bona ya haufinyane e le motlatsi wa motjhanselara le motjhanselara ka tatelano, ba Yunivesithi ya Nelson Mandela.

4.    Sehlopha sa Aforika Borwa ka ho hapa dikgau tse tharo Mmokeng wa bo10 wa Bohwebi ba Lefatshe Istanbul, Turkey ka Mmesa 2018, ho ananeleng boitlamo le boikitlaetso ba naha ho ntshetseng pele diSMME. Lefapha la Ntshetsopele ya Kgwebo tse Nyenyane, hammoho le molekane wa lona, 22 on Sloane, e leng khamphase e kgolo ho fetisisa Aforika ya dikgwebo tse qalang, le hapile Kgau ya Selemo ya Naha ya Bohwebi Lefatsheng. Sehlopha sa Aforika Borwa se boetse sa hapa Kgau ya Bomampodi ba Letshwao la Boitsebahatso le Bomampodi ba Diphuputso, e ananelang dinaha tsa Kgokelano ya Bohwebi Lefatsheng ho tswa lefatsheng ka bophara.

F.    Dithonyo
Dithonyo tsohle di itshetlehile netefatsong ya mangolo a thuto le kamohelo e loketseng.
1.    Motlatsi wa Letona Mondli Gungubele e le Modulasetulo sa Boto ya Public Investment Corporation SOC Limited.
2.    Mof Thandaza Zenobia Lungile Shandu e le Motlatsi wa Molaodi e Moholo: Tshehetso le Tlhophiso ya Ditheo Lefapheng la Kopanelo ya Puso le Merero ya Setso.

Dipotso: Mof Phumla Williams – Mmuelli wa Kabinete ya Tshwereng Molepo
Mohala: 083 501 0139
Mohla: Labone la 26 Mmesa 2018

Share this page

Similar categories to explore