Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 19 Hlakola 2014

1. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa bohlokwa maemong a ha jwale

1.1 Polelo ya Maemo a Naha ya bo 24 (SoNA) esale ho ba le demokrasi e fane ka tekolo ya bohlokwa ya pheletso ya nako mabapi le ho kengwa tshebetsong ha maikemisetso a mmuso bakeng sa 2009-2014. Tsebiso ya sistimi ya diphetho ka 2009 e dumelletse hore ho be le tshalomorao e thehilweng hodima bopaki le diphetho ya ho kenya dintho tshebetsong ho netefatsa hore mmuso o sebetsa hantle le ka tokelo.
1.2. Kamora Polelo ya Maemo a Naha le Ngangisano mabapi le Polelo ya Maemo a Naha, letoto la hajwale la ditsebiso tsa Matona ho boraditaba le fana ka monyetla bakeng sa puisano le Matona a fapaneng a tla hlalosa Polelo ya Mopresidente. Tlaleho ya pheletso ya nako bakeng sa 2009 ho isa 2014 e tla tlatseletswa ka Tlaleho ya Tekolobotjha ya Dilemo tse 20 e thehilweng hodima bopaki e leng karolo ya letsholo la rona la ketekelo ya Dilemo tse 20 tsa Tokoloho.

MaAforika Borwa ohle a kotjwa ho Bapala Karalo ya Bona ho fetoleng lefa ka kgethollo ka ho keteka Dilemo tse 20 tsa Tokoloho, ho bontshang hore Aforika Borwa ehlile ke naha e betere hona le kamoo e neng e le ka teng ka 1994.

1.3. Kabinete e tlatselletsa molaetsa wa Mopresidente Jacob Zuma mabapi le boipelaetso. Boipelaetso bo tshosetsa maphelo le thepa mme bo senya ditheo tsa bohlokwa tse reretsweng ho sebeletsa ditjhaba, hape bo nyenyefatsa demokrasi e sireletsang tokelo ya ho ipelaetsa. Jwalo ka MaAforika Borwa re na le boikarabello mmoho ba ho aha setjhaba se hlomphang molao, se hlomphanang hape se hlomphang bophelo le thepa.

Kabinete e tiisetsa setjhaba hore tahlehelo ya maphelo ka bohlaswa ba sepolesa nakong ya ho sebetsana le boipelaetso e ke ke ya lebalwa kapa ya amohelwa. Ka tsela e jwalo, baipelaetsi ba nang le dibetsa kapa ba fumanwang ba tjhesa meaho ya setjhaba kapa ba beha maphelo a batho ba bang kotsing ba tla ahlolwa ka matla a felletseng a molao.

Mmuso o tla sebetsa le ditjhaba ho ntlafatsa maemo a bophelo dikarolong tsohle tsa naha mme ditjhaba di kgothaletswa ho buisana le makhanselara tekong ya ho rarolla mathata a phano ya ditshebeletso mmoho le ka kgotso. 

1.4. Ditshekatsheko mabapi le mekgolo pakeng tsa dimmaene tsa polathinamo le Mokgatlo wa Basebetsi ba Dimmaene le Yunione ya (AMCU)) di ntse di tsamaiswa ke CCMA. CCMA e beile makhomishenara a maholo hore a tsamaise tshebetso eo.

Kabinete e na tle tshepo ya hore mahlakore ohle a tla hlahisa tumellano e molemo ho bohle e tla sireletsa ditokelo tsa basebetsi le ho sireletsa moruo wa naha.

1.5. Kabinete e amohela boingodiso ba bakgethi ba tshwanelehang ba fetang 80% ka lebaka la letsholo le atlehileng la boingodiso la Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC).  Moyeng wa ho keteka le ho hopola Dilemo tse 20 tsa Tokoloho, Kabinete e rorisa IEC, mekgatlo ya dipolotiki le ditho tsa setjhaba tseo mesebetsi ya bona e kopaneng e netefaditseng hore bakgethi ba bangata le ho feta ba tshwanelehang baa ingodisa.

Kabinete e boetse e rorisa bonkakarolo ba baahi ba netefaditseng hore mabitso a bona a teng lenaneng la bakgethi.

Bakgethi ba tshwanelehang ba ntseng ba hloka ho netefatsa dintlha tsa bona tsa ngodiso le ba ntseng ba hloka ho ya ngodisa ba lokela ho etela diofisi tsa bona tsa lehae tsa IEC pele lenane la bakgethi le kwalwa. Lenane la bakgethi le tla kwalwa ha Mopresidente a phatlalatsa (kgatiso ho Koranta ya Mmuso) hore la 7 Motsheanong ke letsatsi la dikgetho. MaAforika Borwa ohle a tshwanelehang a kotjwa hore a sebedise tokelo ya bona ya ho kgetha nakong ya Dikgetho tsa bohlano tsa Naha. Kabinete e bitsa baetapele bohle ba dipolotiki hore ba hatelle taba ya boitshwaro dipolotiking hara mekga le batshehetsi ba bona. Sena se bohlokwa ho netefatsa dikgetho tse lokolohileng hape tse nang le tekatekano ho sireletsa ditumelo tsa Molaotheo wa rona.

1.6. Kabinete e amohela karolo ya pele ya letsholo la kentelo ya Human Papillomavirus Vaccination (HPV), e tla qala ka la 7 Hlakubele 2014. Kentelo kgahlano le mofetshe wa popelo e tla fuwa banana ba pakeng tsa dilemo tse 9 le 10. Batswadi le bahlokomedi ba banana ba sekolo ba Kereite ya 4 ba kgothaletswa ho tshehetsa letsholo lena ka ho fana ka tumello ya bona le ho buisana le bana ba bona ka bohlokwa ba ente ena.

Kgatelopele ena ya bophelo bo botle ba setjhaba, e tsamaisanang le kgothaletso ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo botle, ho lebelletswe hore e tla fokotsa mofetshe wa popelo hara basadi le ho fokotsa ho shwa ho tsamaisanang le hona.

1.7. Hape Kabinete e amohetse tsebiso ya Molawana o shebilweng botjha wa Thero ya Dithibelapelehi le ho Tswala le Ditataiso tsa Phano ya Tshebeletso ka la 27 Hlakola 2014 ke Letona la Bophelo bo botle. (Sena se tla dumella basadi ba batjha ho phethela dithuto tsa bona le ho sala ditoro tsa bona morao ntle le tshitiso ya botswadi bo sa rerwang. Letona la Bophelo bo botle le boetse le tla tsebisa kenyo ya ka tlaase ho letlalo e leng sesebediswa sa ho thibela pelehi se setjha se sebetsang ka nako e telele bakeng sa basadi.

1.8. Mopresidente Jacob Zuma, jwalo ka Kgosi e ka Sehloohong ya Sesole sa Tshireletso sa Aforika Borwa (SANDF), o tla ba teng ho Letsatsi la Mabotho a Hlometseng ho la Lejwe Leputswa ka la 21 Hlakola 2014.

Ketsahalo ena ya selemo le selemo e tlotla tshebeletso ya boinehelo ya banna le basadi ba rona ba yunifomo hape e rorisa ba weleng ba le tshebetsong. E boetse e fana ka monyetla ho ditho tsa setjhaba hore di ithute di le haufi ka mosebetsi le boikarabello ba SANDF.

Kabinete e thabetse palo ya matsholo a atlehileng ao SANDF e a entseng kontinenteng ka bophara, jwalo ka ho la Burundi eo kajeno e nang le mmuso o tsitsitseng; DRC e botjhabela, moo SANDF, jwalo ka karolo ya Force Intervention Brigade (FIB), e thefutseng dihlopha tse hlometseng, le neelano ya yona ho pholoseng maphelo a makgolo a dikete sebakeng sa Darfur, Sudan.
Ho feta moo, Kabinete e ananetse thibelo e atlehileng ya bophaerete bo atamelang Aforika e Borwa ke SANDF ka ho lebela le ho paterola Lebopo la Mozambique.

1.9. Mopresident Jacob Zuma o tla nka leeto la mosebetsi ho ya United Kingdom ho tloha ka la 2 ho isa la 4 Hlakubele 2014, moo a tlang ho ya ho Tshebeletso ya Naha ya Teboho ho ketekela bophelo le mesebetsi ya Mopresidente wa mehleng Nelson Mandela ho la Westminster Abbey, London ka la 3 Hlakubele 2014. 

1.10. Motlatsa Mopresidente Kgalema Motlanthe o tla ya ho Mokete wa Dilemo tse 100 tsa  Kopano-hape ya Nigeria e Leboya le Borwa e Abuja ka la 27 Hlakola 2014. Kabinete e lebohisa batho ba Riphaboliki ya Federale ya Nigeria ka ketsahalo ena ya boiphihlelo e  etsahalang ka selemo se le seng le ha Aforika Borwa e keteka Dilemo tse 20 tsa Tokoloho.

1.11. Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho e tla ketekelwa tlasa tema ya: “Ho keteka dilemo tse 20 tsa ho fetola maphelo ka ditokelo tsa botho”.

Mopresidente Jacob Zuma o tla fana ka puo ya sehlooho bakeng sa Letsatsi la Ditokelo tsa Botho (21 Hlakubele 2014) ketsahalong ya sehlooho ho la Sharpeville.

Lenaneo la mmuso le tla matlafatsa letsholo la Dilemo tse 20 tsa Tokoloho ka ho toboketsa ditaba tse ahang le ho ntlafatsa kopano ya setjhaba, kaho ya naha le bonngwe setjhabeng sa rona sa Aforika Borwa.

1.12. Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo, Setsi sa Naha sa Ntshetsopele ya Batjha (NYDA) le Bopresidente di tla tshwara Indaba ya Bopresidente ya Batjha e mabapi le Mesebetsi le Bokgoni  ho  Setsi sa Dikopano sa Birchwood, Boksburg, ho tloha la 28 Hlakola ho isa la 3 Hlakubele 2014 tlasa tema ya: “Ho sebetsa mmoho ho matlafatsa le ho fana ka tshepo ho batjha ba Aforika Borwa.”

Dilemong tse 20 tse fetileng mmuso o kentse tshebetsong moralo o makala a fapaneng ho sebetsana le tlhokeho ya mosebetsi batjheng. Ditumellano tsa Bokgoni ba Naha, Thuto ya Motheo le Matlafatso ya Batjha di ananela boitlamo bo matla ba balekane ba setjhaba, hammoho le ba Mananeo a fapaneng a Khiro ya Setjhaba le molao jwalo ka Molao wa Kgohelo ya Lekgetho la Khiro No 26 wa 2013.

1.13. Kabinete e amohela ho kopana ha balekane bohle ba makala a setjhaba Kopanong e Atolositsweng ya Mesebetsi  ya Setjhaba (EPWP) ya Makala a Setjhaba ho lekola tswelopele ya EPWP le hore na e ka atoloswa jwang le ho feta.

Kopano e tla tshwarwa tlasa tema ya: “Ho kopana tshebetsong ho potlakisa boteng ba mesebetsi ka lekala la setjhaba la EPWP.”

EPWP e thehilwe ka 2004 mme e ntse e le morero wa bohlokwa wa mmuso o hlahisang menyetla ya mesebetsi bakeng sa dimilione tsa maAforika Borwa nakong e kgutshwane ho isa ho e mahareng.

1.14. Kabinete e lakaletsa sehlopha sa Bafana Bafana katleho papading e tlang ya bolo ya setswalle ya matjhaba le batshwari ba Mohope wa Lefatshe Lebaleng la FNB ka la 5 Hlakubele 2014.

Kabinete e kopa maAforika Borwa ohle ho amohela baeti ba rona ka kamohelo e mofuthu ya Ubuntu, le ho tshehetsa sehlopha sa rona sa naha.

2. Dipuisano le diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.2.  Kabinete e amohetse ntshetsopele ya molawana wa Tshebeletso ya Naha ya Ntshetsopele ya Mesebetsi, ho kengwa tshebetsong ha morero le tshebetso ya puisano makaleng ohle a mmuso.

Tshebeletso e hokahantsweng ya ntshetsopele ya mesebetsi e hlokahala ka potlako ho netefatsa hore batjha, baithuti, le basebetsi ba sa sebetseng le baahi ba se nang mesebetsi ba na le phihlello ho tlhahisoleseding ya maemo ya mesebetsi le ditshebeletso tse amanang le mesebetsi.
Sena se tla ba dumella hore ba etse dikgetho tse ntle ho feta hape tse nang le tsebo tsa mesebetsi tse fanang ka maemo a hodimo ho feta a mesebetsi hape e thuse ho eketsa kgolo ya nako e telele ya moruo kahare ho naha.

2.2. Kabinete e tshehetsa ho kengwa tshebetsong ha sistimi ya eDisclosure Ditshebeletsong tsa Setjhaba ho tloha ka Mmesa 2014, e nkang sebaka sa sistimi ya matsoho ya phano, tshebetso le netefatso ya ditsebiso. eDisclosure ke ngodiso ya elektroniki e amohelang le ho laola ditsebiso tsa ditjhelete tsa bahiruwa ba kgethilweng (ditho tsa SMS) ba hlokwang hore ba tsebise dikgahleho tsa bona tse ka ngodiswang ho ba Boholong ba Phethahatso ka la 30 Mmesa selemo le selemo.
Sistimi ya eDisclosure e fumanwa leqepheng la lehae la webosaete ya Lefapha la Ditshebeletso tsa Setjhaba le Tsamaiso – www.dpsa.gov.za - mme e hokahantswe le didathabeise tse ding tse teng tse jwalo ka Khomishene ya Dikhamphani le Thepa ya Kelello, diofisi tsa ngodiso ya ditokomane tsa semolao le eNatis bakeng sa mabaka a netefatso le tiisetso.

Sepheo sa sistimi ke ho matlafatsa boikarabello tatellong ya leano la mmuso la ho se mamelle bomenemene le ho bo fedisa.

2.3. Kabinete e ananetse ho tshwarwa ha Kopano ya Banamolli ba Aforika le diketsahalo tse amanang tse Gauteng ho tloha la 24 ho isa la 27 Hlakola 2014. Setsi sa Dipatlisiso sa Banamolli ba Aforika se tla tshwara kopano tlasa tema ya: “Ho Matlafatsa Puso e Ntle Aforika ka Mosebetsi wa Monamolli”.

Sepheo sa Kopano ke ho sibolla ditlatsetso tseo ditsi tsa Banamolli di di etsang ho kopanya demokrasi le puso e ntle, mme kahoo ba tlatsetsa kgotso le botsitso kontinenteng. E boetse e fana ka sebae sa ho buisana ka ho matlafatsa mohopolo wa Monamolli ho la Aforika.

Kopano e tla ka nako eo ka yona ho bewang kgatello e fetang hodima puso e hlwekileng, boikarabello le phano e loketseng ya ditshebeletso ho batho ba tlwaelehileng ba dinaha tsa Aforika.

3. Dibili

3.1. Kabinete e amohetse Molao wa Tokiso wa Dikepe tsa Thekiso, 2014 o tlo hlahiswa Palamenteng.

Molao o rera ho lokisa Molao wa Dikepe tsa Thekiso, wa bo 57 wa 1951 o tlang pele ho Molaotheo, 1996 o etsang hore ho be bohlokwa ho matahanya boleng le dipehelo tsa Molaotheo le ho matahanya Ditumellano tsa hajwale tsa Matjhaba.

Molao wa Tokiso le ona o fana ka matla ho Tumellano ya Mosebetsi wa Mawatleng, 2006 le Tumellano ya Tshebetso Tshwasong ya Dihlapi, 2007. Ditumellano ka bobedi di nkuwe ke Mokgatlo wa Matjhaba wa Mosebetsi wa Matjhaba a Kopaneng.

Matahanyo ya molao wa lehae le Ditumellano ho fa Aforika Borwa sesebediswa sa matjhaba sa ho netefatsa tshireletso ya matjhaba ya ditokelo tsa basebetsi ba mawatleng le maemo a hantle a tshebetso le bophelo. Sena se tla dumella Aforika Borwa ho kena dikgetsing tseo ho tsona dikepe tsa kantle tse kenang boemakepe ba rona di hataketseng ditokelo tsa basebetsi ba dikepe.

Ho kengwa tshebetsong ha Molao ho boetse ho tla ntlafatsa tshebetso le tjhebeho ya indasteri ya mawatle, ho leng bohlokwa bakeng sa kgwebo ya matjhaba le moruo wa lefatshe.

4. Dithonyo

Kabinete e amohetse dithonyo tse latelang mesebetsing:

4.1. Mofumahadi Carlize Catherina Elizabeth Strydom – Mongodi e Moholo wa Ditokomane tsa Molao (boemo ba Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo) ho Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Naha.
4.2. Monghadi Eugene Malcholm Southgate – Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo: Ditshebeletso tsa Koporasi ho Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Naha.
4.3. Kabinete e boetse e amohetse peho hape ya Monghadi Mohammed Riaz Jawoodeen jwalo ka setho se Seng sa Phethahatso sa Letsetse la Bohareng la Matla (SOC) Ltd.
4.4. Kabinete e boetse e amohetse peho ya batho ba latelang jwalo ka ditho tsa taolo tsa Molaodi wa Naha wa Matla wa Aforika Borwa:
Nakwana
a) Monghadi  Jacob Rasetlhake Daniel Modise (Modulasetulo)
b) Mofumahadi Maleho Margaret Nkomo (Motlatsa Modulasetulo)
c) Monghadi Fungai Khumbulani Sibanda
d) Mofumahadi Khomotso Ramsela Mthimunye
Nako yohle
e) Mofumahadi Nomfundo Maseti

Dipotso: Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore