Pehelo ya Kopano ya Kabinete e Neng e Tshwerwe ka la 12 Hlakola 2020

Pehelo ya Kopano ya Kabinete e neng e tshwerwe ka Laboraro, la 12 Hlakola 2020 Palamenteng, Tuynhuys ho la Motse Kapa

A. Dintlha tsa Maemo a renang hajwale
1. Puo ya Maemo a Naha ya selemo sa 2020 (SoNA)


1.1. Kabinete e ananela SoNA ya 2020 e tshetlehilweng ke Moporesidente Cyril Ramaphosa Tulong e Kopanetsweng ya matlo a mabedi a Palamente, Motse Kapa ka Labone, la 13 Hlakola 2020. Puo ena e ile ya tshetlehwa kamora sehopotso sa bo-30 sa ho lokollwa ha Ntata Setjhaba, Tata Madiba, ya ileng a tswa Tjhankaneng ya Victor Verster ka la 11 Hlakola 1990.
1.2. SoNA ya 2020 ya Moporesidente Ramaphosa e fanne ka Lenaneo la Tshebetso (PoA) la mmuso le hlakileng le reretsweng ho matlafatsa moruo wa naha o hlotsang ka ho lokisa metheo ya moruo.
1.3. Dikgweding tse mmalwa tse tlang ho tla kenngwa tshebetsong ditsela tse tla fetola ka botebo boemo ba ho fehlwa ha eneji le ditheko ka hara naha. 
1.4. Moporesidente o hlakisitse meralo ya ho matlafatsa tlhahiso ya lehae e tla matlafatsa dikgwebo tse nyane, tse mahareng le tse kgolo (di-SMME). Se ka fetang 1 000 ya dihlahiswa tse hlahisitsweng ka lapeng di tla rekwa ho di-SMME tsena. Maikitlaetso ana a tla bopa karolo ya ditsela tse ntjhafetseng tsa ho tshehetsa boetapele ba dikgwebo ba batjha le hore ba itshebetse. 
1.5. Dikhempase tse ntjha tse tla ahuwa tsa dikoletjhe tsa Setekginiki le Thuto le Thupello ya Mesebetsi (TVET) monongwaha di tla thusa ho ngotla sekgeo pakeng tsa tlhokeho ya mesebetsi le maitsebelo hara batjha. Tshebeletso ya Kgiro ya Batjha (YES), hammoho le dikoletjhe tsa TVET le lekala la poraefete, di tla netefatsa hore baithuti ba bangata ba fumana boiphihlelo ba nnete ba mosebetsi e le karolo ya thupello ya bona.
1.6. Kabinete e boetse e ananela tsebiso ya ho theha lepatlelo la SheTradesZA le tla thusa dikgwebo tse tsamaiswang ke basadi ho nka karolo ho mathathama a boleng a lefatshe le mebaraka. 
1.7. Motlolo wa Ntshetsopele wa Ditereke o ileng wa kenngwa tekong ngwahola ho motsemoholo o le mong le ho ditereke tse pedi tsa bomasepala o tla nehelanwa diterekeng kaofela le ho bomasepala ba metsemeholo. Sena se tla matlafatsa motlolo o pharalletseng wa phano ya ditshebeletso o kenyeletsang moralo o le mong o tshehetswang ke dikarolo kaofela tse tharo tsa mmuso.
1.8. Puo ya Moporesidente e susumeditse bohle ho kopana le ho fohla ho ya pele mabapi le ho hlola diphephetso tsa rona le ho aha demokerasi ya Aforika Borwa e atlehileng. Kabinete e mema makala ohle a setjhaba ho ipapisa le mmuso mabapi le ho kenya tshebetsong PoA ya mmuso.
1.9. Nakong ya dingangisano Palamenteng bekeng ena, ditho tsa Phethahatso di tla manolla PoA e tla nehelanwa selemong sena sa ditjhelete le ka nqane ho sona. 

2. Seboka sa Kopano ya Aforika (AU)

2.1. Kabinete e thoholetsa Moporesidente Ramaphosa ka ho nka Bodulasetulo ba AU lebitsong la Aforika Borwa. Moporesidente o tla sebedisa mosebetsi ona wa hae ho kgothaletsa kgotso le botsitso, taolo e hlwahlwa, tekatekano ya bong le matlafatso ya basadi bakeng sa ho hodisa kgolo ya moruo wa Aforika. Ha morao monongwaha Tumellano ya Tikoloho ya Kgwebo e Lokolohileng ya Kontinente ya Aforika (AfCFTA) e tla thakgoha.
2.2. Tumellano ena e kopana ho ba mmaraka o le mong ho parola le dinaha tse 54 tsa batho ba ka bang 1,2 bilione ka palohohle ya dihlahiswa tsa naha e kopaneng e fetang US$3 trilione. Jwaloka Modulasetulo, Aforika Borwa e tla tshwara seboka ho phethela ho kenngwa tshebetsong ha porothokhole ya AfCFTA.
2.3. Aforika Borwa hape e tla sebeletsa ho lebisa ho Aforika e tsitsitseng le ya kgotso tlasa mookotaba: “Marumo fatshe: Re Bopa Maemo a Hlwahlwa bakeng sa Ntshetsopele ya Aforika”.
2.4. Kabinete e boetse e ananela tsosoloso ya Lenaneo la Bophara ba Boaforika. Boholo ba Bophara ba Boaforika, le maitsebelo le mehlodi tseo e nang le tsona, di baka tlhokeho ya mekgwa ya dipuisano tse hlwahlwa bakeng sa ho qhaneha bokgoni bona ba ho kgothaletsa ntshetsopele ya kontinente ena.

3. Leeto la Semmuso la Jeremane

3.1. Kabinete e ananela sephetho sa Leeto la Semmuso la Motjhanselara wa Jeremane Angela Merkel, le matlafaditseng dikamano tse ntseng di le teng bakeng tsa dinaha tsena tse pedi. Motjhanselara Merkel o etetse Aforika Borwa ka memo ya Moporesidente Ramaphosa ho tloha ka la 5 ho isa ka la 7 Hlakola 2020.
3.2. Aforika Borwa e nkile monyetla ona bakeng sa ho arolelana menyetla e mengata ya botsetedi e teng ka hara naha. Sena se entswe nakong ya Foramo ya Kgwebo e kenyeletsang ka bobedi baetapele ba Aforika Borwa le kemedi ya borakgwebo e feleheditseng Motjhanselara Merkel. Jwale ka e mong wa batsetedi ba baholo Aforika Borwa, Jeremane e na le dikhamphani tse fetang 600 ka hara naha ya bo rona. 

4. Khonvenshene ya Tshwarisano ya Kahisano ya Momahano ya Setjhaba le Kaho ya Setjhaba 

4.1. Kabinete e ipapisa le Moporesidente Ramaphosa mabapi le ho ananela sephetho sa Khonvenshene ya Tshwarisano ya Kahisano ya Momahano ya Setjhaba le Kaho ya Setjhaba e neng e tshwerwe tlasa mookotaba: “Dilemo tse Leshome tsa Bonngwe le Ntjhafatso: Re lebile Tshwarisanong ya Kahisano bakeng sa Momahano le Kaho ya Setjhaba”. 
4.2. Tlasa boetapele ba Lefapha la Dipapadi, Bonono le Botjhaba – hammoho le Kantoro ya Moporesidente le bankakarolo ba bang ba ka sehloohong – dikgwebo, mmuso, basebetsi le setjhaba ka kakaretso ba dumellane ho sebetsa mmoho ho aha setjhaba se kopaneng le ho kgothaletsa tokoloho, kgotso le polokeho hammoho le tlhompho ya ditokelo tsohle tsa botho.
4.3. Tshwarisano ya kahisano e ntshetsapele Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), o kgothaletsang tlhokeho ya dilekane mabapi le ho hodisa Aforika Borwa, ha re sheba dikarohano tsa nalane ya ho se ahisane ho parola le setjhaba, ka ho qolleha ditabeng tsa semorabe, tse ntseng di tswella le kajeno.

5. Coronavirus

5.1. Kabinete e tiisetsa hore ditsha tsohle tsa kalafo tsa naha di fadimehile ka matla bakeng sa ho sebetsana le ho qhoma leha e le hofe ha Coronavirus. Ha ho na ditlaleho kapa ho qhoma ho belaellwang ha vaerase ena mme Kabinete e boeletsa molaetsa wa Letona la Bophelo ba Botle, Ngaka Zweli Mkhize, hore ho se ho na le ditsela tsohle tsa ho thibela ditshwaetso leha e le dife ka hara naha.
5.2. Madiboho a rona kaofela a fadimehile le ditsebi tsa kalafo di etsa ditekolo tsa dithemperetjha bakeng sa bahahlaudi kaofela ba matjhaba. Hodima moo, Aforika Borwa e tlile ka ditataiso tsa bongaka le ho di aba le ditlhaloso tsa ditlaleho ho dingaka le baoki ka bobedi makaleng a mmuso le a poraefete.
5.3. Diprovense kaofela di na le meifo ya karabelo e malala-a-laotswe bakeng sa ho qhoma ho ka bang teng, mme di tonne mahlo bakeng sa ho hlwaya le ho laola ho runya ha diketsahalo tse ka hlahang ka tshohanyetso ka hara naha. Ho se ho hlwauwe dipetlele tse ngata ka hara naha e le ditsi tsa potetso le ho alafa mang le mang ya ka beng a tshwaeditswe ke Coronavirus. 
5.4. Ka kantoro ya rona ya bonqosa ya Tjhaena, re dula re behile maemo leihlo mme re na le bonnete ba hore re ikemiseditse ho ntsha baithuti le baahi ba bang ba Aforika Borwa bao hajwale ba leng Wuhan, ho la Tjhaena haeba ho hlokeha. 

B. Diqeto tsa Kabinete
6. Tumellano ya Setswalle le Tshebedisano le Asia Borwa-Botjhabela (TAC)


6.1. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Aforika Borwa e amohelwe ho TAC e leng se tla kenngwa Palamenteng bakeng sa ho tjhaellwa monwana. Mokgatlo wa Dinaha tsa Asia Borwa-Botjhabela (ASEAN) di kenyeletsa le leng la mabatowa a holang ka potlako ka ho fetisisa le ho itseka lefatsheng. Ho amohelwa ho TAC e tla ba lewa la ho fa dikgwebo tsa Aforika Borwa monyetla wa ho fihlella lebatowa leo, le hore dinaha tsa ASEAN di fihlelle mebaraka ya Aforika Borwa le ya lebatowa la Ntshetsopele ya Badudi ba Aforika e Borwa (SADC). 

7. Simphosiamo sa Botshelela sa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) sa Semphato sa Thekenoloji ya Poloko ya Kgotso 

7.1. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Simphosiamo sa Botshelela sa UN sa Semphato sa Thekenoloji ya Poloko ya Kgotso se tshwarelwe Aforika Borwa ho tloha ka la 23 ho isa ka la 26 Phuptjane 2020. Leha dinaha tse fapafapaneng di kile tsa tshwara ketsahalo ena nakong e fetileng, sena e tla be e le lekgetlo la pele se tshwarelwa Aforika.
7.2. Simphosiamo se nyehela bakeng sa ho ntlafatsa kontinente mabapi le thibelo ya dikgohlano, poloko ya kgotso, tshireletso le kaho botjha le ntshetsopele kamora dintwa. Selemong sena ho tla tsepamiswa maikutlo hodima ho batla ditharollo ka ho kgothaletsa tshebediso ya dithekenoloji tsa sejwalejwalo le mehopolo mererong e etellwang pele ke lebotho la UN. 

Nakong ya simphosiamo ena, Aforika Borwa e tla kgona ho pepesa dihlahiswa tsa thekenoloji tse entsweng ka lapeng le bokgoni ba diindaseteri tsa naha ho tsa tshireletso.

C. Dibili
8. Bili ya Ditheko tsa Mmuso


8.1. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Bili ya Ditheko tsa Mmuso bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Hang ha e se e fetohile molao, Bili e tla fedisa Molao wa Leano la Mawa a Ditheko ho ba neng ba Kotetswe, 2000 (Molao wa bo-5 wa selemo sa 2000) le ho hlomathisa melao e meng e amang ditheko.
8.2. Bili ena e sisinya lewa le le leng la bolaodi ba ditheko tsa mmuso. E theha bolaodi ba ditheko bakeng sa ho laola le ho kgothaletsa Karolo 217 ya Molaotheo wa Rephabliki ya Aforika Borwa wa selemo sa 1996 ho parola le mmuso. E fana ka molao o ka sebetsang ha bobebe bakeng sa mawa a ditheko mabapi le ho tshehetsa merero ya mmuso ya moruo wa kahisano. 

9. Sehlomathiso sa Bili ya Tekatekano ya Kgiro ya selemo sa 2020

9.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Tekatekano ya Kgiro, ya selemo sa 2020 Palamenteng. Dihlomathiso di tla matlafatsa Letona la Lefapha la Kgiro le Basebetsi, ka ditherisano le bankakarolo ba makala, ho tsebahatsa dipehelo tse thusang bakeng sa ho teka merero e balehang ya Tekatekano ya kgiro ya makala a itseng. Se boetse se fokotsa morwalo wa taolo hodima bahiri ba banyane. Bili e kgothaletsa menyetla e lekalekanang le tshwaro e hlokang leeme ho tsa kgiro ka ho fedisa kgethollo e leeme. 

10. Sehlomathiso sa Bili ya Ntlafatso ya Ditokelo tsa Kgiro ya Mobu

10.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Sehlomathiso sa Bili ya Ntlafatso ya Ditokelo tsa Kgiro ya Mobu bakeng ya tshwaelo ya setjhaba. Bili e fana ka motjha o dumeletsehang wa molaotheo bakeng sa ho tiisa ditokelo tsa thuo le kgapo ya mobu ho phekola ho se nepahale ha dikarolo tse pedi ho ya ka molaotheo, tsa Molao wa Ntlafatso ya Ditokelo tsa Kgiro ya Mobu, 1991 (Molao wa bo-112 wa selemo sa 1991). Tlhophiso ya hajwale e ya kgetholla kgahlanong le basadi mabapi le ho fetolwa ha tokelo ya kgiro ya mobu ho ba thuo ya ona.
10.2. Bili e boetse e netefatsa tshebetso ho phatlalla le naha kaofela, moo peleng Molao ona o neng o sa sebetse ‘mahaeng a neng a ipusa’ a Bophuthatswana, Ciskei, Transkei le Venda. 

11.  Bili ya Kgwebo ya Dikepeng ya selemo sa 2020

11.1. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Bili ya Kgwebo ya Dikepeng ya selemo sa 2020 bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili e reretswe ho fana ka matla ho tjhebelopele ya mmuso ya ho hlasimolla lekala la dipalangwang tsa mawatleng, le ho matlafatsa nyehelo kgolong le diphethohong tse matla tsa moruo. E imatahanya le dipehelo tsa bolaodi ba dikepe ho Leano le Pharalletseng la Dipalangwang tsa Mawatleng le ileng la tjhaellwa monwana ke Kabinete ka selemo sa 2017. Hang ha e se e tjhaelletswe monwana hore e be molao, Bili e tla fedisa melao e mengata e amanang le tsa mawatle. 

12. Bili ya Boipaballo Ditereneng ya selemo sa 2020

12.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Bili ya Boipaballo Ditereneng ya selemo sa 2020 Palamenteng. Bili e reretswe ho matlafatsa polokeho ditereneng tsa rona le ho netefatsa hore diterene e ba mokgwa o hohelang wa dipalangwang o tla boela o nyehele ka bokgabane moruong. 
12.2.  Bili e tjhaelletswe monwana kgetlo la pele bakeng sa ditherisano le setjhaba ka Hlakola 2018 mme ya lebiswa diprovenseng kaofela bakeng sa ditherisano le setjhaba ka Tlhakubele 2018. Bile e tjhaelletsweng monwana e lokelang ho tekelwa Palamente e nketse hloohong ditshwaelo tse amohetsweng nakong ya ditherisano le setjhaba. Metjha ya palamente e tla boela e thuisise botjha Bili ena pele e fetiswa ho ba molao. 

13. Sehlomathiso sa Bili ya Boipiletso ba Dinyewe tsa Dipalangwang ya selemo sa 2018

13.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Boipiletso ba Dinyewe tsa Dipalangwang ya selemo sa 2018 Palamenteng. Bili e hlomathisa Molao wa Boipiletso ba Dinyewe tsa Dipalangwang, 1998 (Molao wa bo-39 wa 1998) o sebetsanang le maipiletso a amanang le ditshebetso tsa diphomete tsa dipalangwang tsa tseleng tse jarang thepa (hajwale di bitswa dilaesense tsa tshebetso). Sehlomathiso sena se nkela hloohong diphethoho tsa maano, dintshetsopele le melao e metjha esale ho tloha ka selemo sa 1998. 
13.2. Bili e tjhorisa le ho ntlafatsa metjha ya boipiletso, e leng se tla baka dipoloko tsa ditjeo le nako, le ho thusa beng ba dipalangwang tse tshelang meedi le tsa lehae ho tsamaisa bapalami ka bokgabane le ho iketsetsa bophelo.

D. Melaetsa
14. Dithoholetso


14.1. Kabinete e fetisetsa dithoholetso tsa yona ho: 

  • moifo wa baithuti ba Aforika Borwa ba Kereiti 11: Sureshka Naidoo; Caitlin Schwarer; Nondumiso Ntshangase; Nosipho Dube; Mihlali Precious Stofile; Ondele Bede; Okhela Sigwela and Lizalise Dlomo, ba hapileng Tlhodisano ya bohlano ya Dikolo ya Matjhaba ya Dingangisano tsa Dinyewe tsa Samampapadi Poland. 
  • Sesesi sa Aforika Borwa Natalie du Toit bakeng sa ho kgethwa ho ya ho makgaolakgang hara baiketi ba bahlano bakeng sa Kgau ya Laureus Sporting Moment ya dilemo tse 20 tse fetileng (2000-2020).
     

15. Matshediso

15.1.    Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho:

  • lelapa le metswalle ya Profesara Joseph Shabalala, mohale wa sebini le mothehi wa sehlopha se hapileng Kgau ya Grammy Ladysmith Black Mambazo. Mmino wa hae o susumeditse batho ba bangata lefatsheng ka bophara le ho kopanya maAforika Borwa. Moporesidente Ramaphosa o phatlaladitse Lepato la hae e le le Ikgethang la Semmuso la Mokgahlelo 2 bakeng sa ho tlotla Profesara Shabalala.
  • mmuso le batho ba Kenya ka ho hlokahala ha Moporesidente wa mehleng wa Kenya Motlotlehi Daniel Toroitich Arap Moi, ya sebeditseng jwaloka Moporesidente wa bobedi wa kamora tokoloho wa Kenya.
  • lelapa le metswalle ya Mokapotene Thabiso Collins Tolo (49), Mokganni wa Bobedi wa Sefofane Tebogo Caroline Lekalakala (33) le Mohlahlobi wa Sefofane Gugu Comfort Mnguni (36), bao sefofane sa bona se ileng sa swahlamana sebakeng se dithabathaba haufi le Mossel Bay ho la Kapa Bophirima ka la 23 Pherekgong 2020. Nakong ya lefu la bona ba ne ba sebeletsa Bolaodi ba Difofane tsa Setjhaba ba Aforika Borwa.
  • lelapa le metswalle ya Monghadi Marcelino dos Santos, e mong wa bathehi ba Lebotho la Tokoloho la Mozambique (FRELIMO), ya hlokahetseng a le dilemo di 90. Moetapele enwa ya entseng nalane e ne e le e mong wa matshwao a bosetjhaba ba Aforika. E ne e le mokaubere wa ntwa ya tokoloho ya Mozambique, mme hape e le radipolotiki le sethothokisi se saenneng dingolwa tsa hae ka mabitso a boikgakanyo a Lilinho Micaia le Kalungano. 
     

E. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumellano e amehang.
16. Monghadi Busani Ngcaweni jwaloka Mosuwehlooho Sekolothupello sa Naha sa Mmuso.
17. Mofumahadi Yoliswa Makhasi jwaloka Motsamaisi-Kakaretso wa Lefapha la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso.
18. Monghadi Ayanda Kanana jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) le Motsamaisi wa Phethahatso wa Banka ya Ntshetsopele ya Mobu le Temo.
19. Monghadi Basil Bryan Ford jwaloka Mohlokomedi wa Phethahatso le Molaodi wa Boikarabelo ba Tshebeletso ya Naha le Lekala la Phumantsho la Aforika Borwa.
20. Monghadi Luvuyo Keyise jwaloka Mohlokomedi wa Phethahatso le Molaodi wa Boikarabelo wa Lekala la Thekenoloji ya Tlhahisoleseding ya Puso. 
21.  Ditho tsa Boto ya Diphaka tsa Naha: 
a. Monghadi Zola Luxolo Fihlani; 
b. Mofumahadi Gertrude Buyelwa Koyana; 
c. Monghadi Faizal Docrat; 
d. Monghadi Jeoffrey Mashele.

22. Ditho tsa Boto ya Institjute ya Diphapang ho tsa Tlhaho ya Aforika Borwa: 
a. Mofumahadi Phuthanang Cenea Motsielwa;
b. Mofumahadi Pamela Bulelwa Yako; le
c. Ngaka Kowiyou Yessoufou.

23. Ditho tsa Boto ya Bolaodi ba Phaka ya Mokgwabo ya Isimangaliso:
a. Profesara Antonia Thandi Nzama (Modulasetulo);
b. Mofumahadi Nomagcisa Cawe;
c. Profesara Christopher Peter Small; 
d. Monghadi Leon Langalibalele;
e. Mofumahadi Letlhogonolo Noge-Tungamirai;
f.  Monghadi Gonasagren Ganesh Nair; le
g. Inkosi Tembe Mabhudu Israel;
h. Moemedi wa Bolaodi ba Bohahlaudi wa KwaZulu-Natal;
i. CEO; le
j.  Moemedi wa Lefapha la Tikoloho, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo 
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore