Pehelo ka Kopano ya Kabinete ka Kgokahano ya Vidiyo ya Laboraro, la 21 Mphalane 2020

Maemo a Renang Hajwale

1. Moruo

1.1. Moralo wa Kahobotjha le Tlhasimollo ya Moruo oo Moporesidente Cyril Ramaphosa a o teketseng Ditho tsa Tulo e Kopanetsweng ya Palamente ka kgokahano ya vidiyo ka Labone, la 15 Mphalane 2020, o batla hore makala ohle a mene dimou le ho kopanya matsoho ho tsitsisa moruo wa rona.
1.2. Moralo ona o ahella hodima maikemisetso a tshwanang a thehilweng ke balekane ba kahisano – mmuso, mekgatlo ya basebetsi, dikgwebo le mekgatlo ya badudi – ka ditherisano tse matla le tse keneletseng dikgweding tse mmalwa tse fetileng.
1.3. Ho na le dintlha tse nne tse ka sehlohlolong tseo e leng motheo wa moralo ona wa tlhasimollo ya moruo, ya pele ke phano e matla ya infrastraktjha. Ntlha ya bobedi e ka sehlohlolong ke ho atolosa bokgoni ba ho fehlwa ha eneji moo mmuso o tla akofisa ho kenngwa tshebetsong ha Moralo o Kopanetsweng wa Mehlodi. Ntlha ya boraro ya bohlokwa ke tsosoloso ya kgiro bakeng sa ho hlahisa mesebetsi le ho tshehetsa boiphediso. Ntlha ya bone e tsepamisa maikutlo hodima kgolo ya diindasteri moo mmuso o tla tshehetsa kgolo tlhahisong ya lehae le ho etsa hore diyantle tsa Afrika Borwa di kene ka matla phehisanong.
1.4. Dintlha tsena tse ka sehlohlolong tse hlwauweng di tla nyehela mabapi le ho aha tshepo le ho beha Afrika Borwa motjheng o motjha bakeng sa matsete le kgolo ya moruo ho thefulo e bakuweng ke Lefu la sewa sa Kokwanahloko ya Corona (COVID-19).
1.5. Ho netefatsa bodisa ba kamehla ba ho kenngwa tshebetsong ha moralo ona, Kabinete e tjhaelletse monwana ho thehwa ha Lekgotla la Naha la Tlhasimollo ya Moruo. Lekgotla lena le tla sebetsa tlasa bodulasetulo ba Moporesidente mme le kenyeletsa Motlatsi wa Moporesidente, Letona kantorong ya Moporesidente le Matona a Moifo wa tsa Moruo. Lekgotla le tla kopana kgwedi ka nngwe bakeng sa ho beha leihlo ho kenngwa tshebetsong ha moralo wa kahobotjha le tlhasimollo ya moruo mme hape le rerisane le balekane ba kahisano e leng Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le Basebetsi.

2. Maemo a Naha a Koduwa

2.1. Katoloso ya Maemo a Naha a Koduwa ho isa ka la 15 Pudungwana 2020, ho ya ka Molao wa Taolo ya Dikoduwa, wa selemo sa 2002 (Molao wa bo-57 wa selemo sa 2002), e tla thusa mmuso ho tswella ho fokotsa ho ata ha kokwanahloko.
2.2. Leha Afrika Borwa e bile le phokotseho e kgolo ya ditshwaetso le ho ata ha COVID-19 dikgweding tse fetileng, kokwanahloko yona e ntse e le teng.
2.3. Ha naha e ntse e itlwaetsa ‘tlwaelo e ntjha’ ya ho phela mmoho le COVID-19 le ho ropoha botjha ho ka bang teng, Kabinete e sa boela hape e kgothaletsa maAfrika Borwa kaofela ho tswella ho ikobela melawana ya bophelo bo botle ya ho rwala dimaske, ho sielana sebaka le ho dula a hlapa matsoho ka metsi le sesepa kapa ho sebedisa sebolaya-dikokwanahloko sa motswako wa alkhohole. Ena ke yona feela mekgwa ya thibelo e teng bakeng sa ho itshireletsa le ba malapa mmoho le baratuwa kgahlanong le ho tshwaetswa ke COVID-19.
2.4. Kabinete e lakaletsa bohle ba tshwaeditsweng ke kokwanahloko ena ho kenyeletswa le Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Zweli Mkhize le molekane wa hae, Ngaka May Mkhize, ho fola kapele.
2.5. Kabinete e boetse e leboha basebeletsi ba kalafo ba moleng o ka pele ka boitelo le boikgathatso ba bona bo lebisitseng ho sekgahla sa naha sa ho hlaphohelwa ho COVID-19 se eketsehileng ka ho fetang 90% le ho boloka sekgahla sa ho hlokahala ho 2.6%

3. Tsepamiso ya Maikutlo Hodima Dibaka tsa Mapolasi

3.1. Kabinete e tshehetsa ka botlalo mosebetsi wa Sepolesa sa Afrika Borwa mabapi le ho tshwara ba etsang diketso tse sisimosang tsa botlokotsebe ka hara naha ya bo rona tse kenyeletsang ho bolaya le ho fenetha borapolasi le basebeletsi ba mapolasing ho phatlalla le naha. Badudi ba mapolasing ke karolo ya bohlokwa ya moruo wa rona, mme botlokotsebe mapolasing ha bo tshosetse feela polokeho ya borapolasi le basebeletsi empa hape le kanetso ya dijo ya naha.
3.2. Mmuso o akofisa ho kenngwa tshebetsong ha Lewa la Polokeho ya Mapolasing le shebuweng botjha bakeng sa ho arabela ho ditlhoko tsa tshireletso tsa badudi ba mapolasing le tshehetso ya ntshetsopele ya moruo wa kahisano.
3.3. Kabinete e ipiletsa ho setjhaba ho thusa Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) ntweng e kgahlanong le botlokotsebe ka ho kenela diforamo tsa sepolesa tsa badudi le ho tlaleha botlokotsebe seteisheneng se haufi sa sepolesa, ho letsetsa nomoro ya Mahala ya Thibelo ya Botlokotsebe ya 08600 10111, ho romela SMS ya mohlokalebitso ho 32211 kapa ho sebedisa App ya MySAPS – e leng sesebediswa sa mahala sa mohala wa selefounu sa ho tlaleha botlokotsebe se sebetsang ho di-smartphone – ho fana ka menyenyetsi ya botlokotsebe ya mohlokalebitso.
3.4. Re lokela ho sebetsa mmoho ho fothola botlokotsebe ka metso metseng ya rona le ho etsa hore naha ya rona e bolokehe bakeng sa bohle.

4. Twantsho ya Bobodu

4.1. Kabinete e ananela ho tshwarwa ha batho ba belaellwang dinyeweng tse fapafapaneng tsa bobodu, boqhekanyetsi, ho pata mohlodi wa tjhelete le boshodu. Dinyewe tsena di kenyeletsa, hara tse ding, tse amanang le ho utsuwa ha matlole a kimollo ya setjhaba a COVID-19, ditheko tsa boqhekanyetsi tsa thepa ya boitshireletso (di-PPE) bakeng sa COVID-19, tlontlollo e amanang le porojeke ya matlo ya asbestose le ho hloleha ho tlaleha kapa ho tlaleha ho fokolang ho Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa. Kabinete e ananela le ho tshehetsa ka botlalo maiteko kaofela a ho kgutlisa matlole ho tswa ho bohle ba neng ba kene mesebetsing ena ya boqhekanyetsi.
4.2. Tshwaro ya moraorao tjena ke bopaki ba hore ha ho motho ya ka hodimo ho molao le ho bontsha boitlamo ba mmuso ba ho beha molato ba tswellang ho roba molao ka ho falatsa maAfrika Borwa a futsanehileng dithuso tsa mmuso tse hlokwang ka matla.
4.3. Kabinete e ipiletsa ho setjhaba ho bapala karolo ya sona ka ho tlaleha ba e etsang diketso tse jwalo ho makala a qobello ya molao kapa ka ho letsetsa Mohala wa Naha wa Thuso Kgahlanong le Bobodu ho 0800 701 701.

5. Dikgoka tsa Bong le Dipolao tsa Basadi (GBVF)

5.1. Sekgobo sa GBVF le tlhekefetso ya bana, seo Moporesidente Ramaphosa a se tshwetseng ka mathe e le sewa sa bobedi kamora COVID-19, se dula e le lekgwekgwe hodima badudi ba rona mme re lokela ho sebetsa ka matla ho le fedisa. Bili ya Ditokelo e teng ka hara Molaotheo wa Afrika Borwa wa selemo sa 1996 e bolela ka ho otloloha hore ngwana ka mong o na le tokelo ya ho sireletswa kgahlanong le tshwaro e mpe, ho se tsotellwe, tlhekefetso kapa nyenyefatso.
5.2. Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa ohle ho sebetsa mmoho le makala a qobello ya molao ho netefatsa hore dihlopha tsohle tse tsietsing – ka ho qolleha maqheku, basadi le bana – di a sireletswa kgahlanong le dikgoka le tlhekefetso.
5.3. Nyewe ya haufinyana tjena ya banana ba babedi ba dilemo di robedi (mafahla) ba Mpumalanga, bao ho belaellwang hore ba hlekefeditswe ke ntata bona, e ngongorehisa le ho tshwenya haholo. E mong wa banana bana o ile a tlaleha ketsahalo eo ho titjhere ya hae mme re lokela ho thoholetsa karabelo ya sekolo e lebisitseng ho tshwarweng ha mmelaellwa. Jwaloka setjhaba se ikobelang molao le ho rata kgotso, re lokela ho ikopanya mabapi le ho tshwela ka mathe botlokotsebe bo jwalo bo sisimosang ntle le tshabo.

6. Tokoloho ya Boraditaba

6.1. Sehopotso sa bo-43 sa tokoloho ya boraditaba, se tsejwang e le Black Wednesday ka hara Afrika Borwa, se ne se ketekwa ka Mantaha, wa la 19 Mphalane 2020. Letsatsi lena le re hopotsa bohlokwa ba tokoloho ya ho hlahisa maikutlo ka hara bili ya rona ya ditokelo tsa botho, e kenyeletsang, tokoloho ya boraditaba e le ntlha ya bohlokwa, demokerasing ya rona ya molaotheo.
6.2. Letsatsi la Tokoloho ya Boraditaba le tshwaya ho thibelwa ha dikoranta tse ngata le ho tshwarwa ha bahlophisi ba tsona ka ho latelana ka la 19 Mphalane 1977 ke sepolesa sa mmuso wa kgethollo, bakeng sa ho pepesa manyampetla a neng a etswa ke mmuso wa kgatello. Boraditaba ba tswella ho bapala karolo ya bohlokwa mabapi le ho thabisa, ho ruta le ho fa setjhaba lesedi, hammoho le ho manolla dikarolo tsohle tsa maphelo a rona a moruo wa kahisano le a sepolotiki.
6.2. Boraditaba ba dula e le balekane ba bohlokwa bakeng sa ho matlafatsa demokerasi ya rona le ho hodisa ditokelo tsa molaotheo tsa baahi ba rona. Tokelo ya bona ya ho phetha mesebetsi ya bona e tsamaelana le boikarabelo ba ho netefatsa hore ba tlaleha ka ho hloka leeme le tshekamelo ka dinako tsohle.
6.3. Kabinete e lebisa tlhompho ho baqolotsi bohle ba ditaba ba hlokahetseng dinakong tsena tse boima tsa COVID-19, mme e itlama ho hlompha le ho tsitlallela tokoloho ya ho hlahisa maikutlo, ho kenyeletswa le tokoloho ya boraditaba ka hara naha ya bo rona.

7. Ditlhahlobo tsa Mafelo a Selemo

7.1. Kabinete e lakaletsa baithuti ba 1 058 699 ba Kereiti 12 mahlohonolo ha ba itokisetsa ditlhahlobo tsa makgaolakgang tse tla qala ka la 5 Pudungwana 2020 le ho fela ka la 15 Tshitwe 2020. Monongwaha Lefapha la Thuto ya Motheo le rekotile palo e hodimo ka ho fetisisa ya baithuti ba Kereiti 12 ba tla ngola ditlhahlobo tsa makgaolakgang.
7.2. Ho latela ditshitiso tsa selemo sa dithuto ka lebaka la COVID-19, Kabinete e ipiletsa ho batswadi bohle le bahlokomedi ho tshehetsa bana ba bona nakong ena ya bohlokwa. Sehlopha sa materiki sa selemo sa 2020 se kgothaletswa ho sebedisa mehlodi e teng ya mmuso e akgang letsholo la Woza Matrics 2020 Catch-Up (wozamatrics.co.za le #Wozamatrics) mabapi le ho itokisetsa ditlhahlobo tsa Lengolo le Phahameng la Naha.

A. Diqeto tsa Kabinete

1. Tshehetso ya Indasteri ya Ferrochrome ya Naheng

1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana maitshunyako a mangata bakeng sa ho tshehetsa tlhahiso ya ka naheng ya ferrochrome le lekala la lethathamo la boleng la chrome ya yona. Maitshunyako ana a kenyeletsa ho tsebahatswa ho sisintsweng ha lekgetho la diyantle tsa manya a chrome, tshebediso ya dithekenoloji tse baballang eneji ho di-smelter, le ho amohelwa ha dithekenoloji tsa phehlo-mmoho le tsa ho iphehlela.
1.2. Lekala la ka naheng la ferrochrome ke mohlahisi e moholo ka ho fetisisa lefatsheng wa ferrochrome le ho ba yena feela mohlahisi wa tshepe e sa beng mafome. Ke mofani e moholohadi wa tshepe e sa beng mafome indastering ya makoloi. Maitshunyako ana a sisintsweng a bokelletswe ke moifo wa tshebetso o kenyeletsang mafapha a Mehlodi ya Diminerale le Eneji, la Kgwebisano, la Diindasteri le Phehisano, la Dikgwebo tsa Mmuso le la Matlotlo a Naha.

2. Leano la Naha la Batjha (NYP): 2020-2030

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana NYP 2020-2030 e shebuweng botjha, e leng leano le kenyeletsang makala a phatlalletseng le ileng la hlahiswa ke boemedi ba mafapha a mmuso, balekane ba setjhaba ka kakaretso, ditheo tsa thuto e phahameng le makala a kgwebo. E nkela sebaka NYP 2015-2020, e tla fellwa ke nako mafelong a Tshitwe 2020.
2.2. Leano lena le sisinya dintlha tse hlano tse ka sehlohlolong: (1) thuto ya boleng, maitsebelo le menyetla ya bobedi; (2) phethoho ya moruo, boetapele ba dikgwebo le tlhahiso ya mesebetsi; (3) kgothaletso ya boitekanelo ba mmele le kelello, ho kenyeletswa le COVID-19; (4) momahano ya setjhaba le kaho ya setjhaba, le (5) mawa a hlwahlwa le a arabelang ntshetsopeleng ya batjha.

3. Moralo wa Naha wa Tshebetso wa Bana (NPAC): 2019-2024

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana NPAC ya bo-4, e fanang ka matla ho boitlamo ho Khonvenshene ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) ya Ditokelo tsa Bana le Tjhata ya Afrika ya Ditokelo le Thekolohelo ya Bana.
3.2. Moralo ona wa dilemo tse hlano o teka mawa a ka sehlohlolong le ho kenngwa tshebetsong ha mekgwa e mabapi le ho sireletsa le ho qhaneha ditokelo tsa bana. Moralo ona o matahantswe le Moralo wa Lewa wa Nako e Mahareng o lotomanyang mehato eo mmuso o tla e nka le merero e lokelang ho fihlellwa nakong ya dikgetho. O tla kenngwa tshebetsong ka tshebedisano le mekgatlo ya setjhaba ka kakaretso.
3.3. NPAC e tla boela e sebetse jwaloka moralo wa ho fana ka tlaleho ya kgatelopele ya naha ho dikomiti ka bobedi e leng Komiti ya Afrika ya Ditsebi tsa Ditokelo le Thekolohelo ya Bana le Komiti ya UN ya Ditokelo tsa Bana.

4. Tekolo ya ho Kenngwa Tshebetsong ha Molao wa Batho ba Hodileng wa Selemo sa 2006

4.1. Kabinete e tjhaelletse monwana tlaleho ya tekolo e neng e laetswe mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Batho ba Hodileng, wa selemo sa 2006 (Molao wa bo-13 wa selemo sa 2006). Dikgothaletso tse sisintsweng tsa ho ntlafatsa tsitlallelo ho ditaelo tsa Molao wa Batho ba Hodileng wa selemo sa 2006 di se di ile tsa arolelanwa le lefapha le amehang.
4.2. Tlaleho ena e ka fumaneha websaeteng ya Lefapha la Meralo, Bodisa le Tekolo (www.dpme.gov.za).

5. Motsamaisi-Kakaretso (DG) wa Mokgatlo wa Kgwebisano wa Lefatshe (WTO)

5.1. Kabinete e tshehetsa boiketo ba Ngaka Ngozi Okonjo-Iweala jwaloka DG ya WTO. Pele o kile a sebetsa jwaloka Letona la Ditjhelete la Nigeria le jwaloka Molaodi Kakaretso wa Banka ya Lefatshe. Boiketo bo ile ba boela ba tshehetswa ke Matona a Afrika a Kgwebisano tlasa bodulasetulo ba Letona Ebrahim Patel.

Kabinete e lakaletsa Ngaka Okonjo-Iweala tse molemo mme e lebeletse hore WTO e tla beha ntshetsopele bohareng ba lenaneo la yona le ho nyehela tlhasimolohong ya moruo kamora COVID-19. Haeba a ka atleha mohatong o latelang wa ditsamaiso wa WTO, e tla be e le moAfrika wa pele le mosadi wa pele ho kgethelwa mosebetsi wa DG ya WTO.

B. Melaetsa

1. Dithoholetso

1.1. Kabinete e thoholetsa Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba Lindiwe Zulu ka thonyo ya lona jwaloka Modulasetulo wa Balekane ba Setjhaba le Ntshetsopele (PPD), ho tloha ka selemo sa 2021 ho isa ho sa 2023. PPD ke molekane wa dinaha tse 27 tse ntseng di tswela pele tse sebedisanang bakeng sa ho hodisa tshebedisano-mmoho ho tsa setjhaba le ntshetsopele, boitekanelo ba tswalo le tekatekano. Afrika Borwa e nka marapo ho baduladitulo ba pele, Tjhaena le India.

2. Matshediso

Kabinete e rometse matshediso ho:

2.1. lelapa le metswalle ya Ngaka Vuyokazi Mahlati, eo e neng e le Modulasetulo wa Phanele ya Boporesidente ya Tlhabollo ya Mobu le Temo. O ne a boetse a sebetsa lekgetlo la bobedi ho Khomishene ya Naha ya Meralo.
2.2. lelapa le metswalle ya Mokhomishenara wa mehleng wa Ditseko tsa Mobu ho la Kapa Bophirima, Mofumahadi Beverley Jansen, eo e neng e le mosupatsela ntweng ya rona kgahlanong le mmuso wa kgethollo le ho bapala karolo ya bohlokwa katlehong ya badudi ya ho tseka mobu ho phatlalla le naha.
2.3. lelapa, metswalle le bomphato ba Motlatsi wa Modulasetulo wa Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa, Lenqosa Devikarani Priscilla Jana, eo e neng e le leqwetha le ipabotseng le le sebete la ditokelo tsa botho le neng le iteletse mosebetsi wa lona bakeng sa ho lwantsha mmuso wa kgethollo. Mopresidente Ramaphosa o mo nehile Lepato la Provense le Ikgethang la Semmuso: Mokgahlelo wa Bobedi.
2.4. lelapa, metswalle le bomphato ba baqolotsi ba boraditaba ba Monghadi Dumisane Lubisi, eo e neng e le mohlophisi wa phethahatso wa koranta ya City Press. O ne a iteletse ho netefatsa hore bohle ba na le lentswe ka hara naha ya bo rona.
2.5. lelapa, metswalle le bomphato ba Setho sa Palamente (MP), Mofumahadi Dorah Dunana Dlamini, eo e bileng setho sa Palamente ya botshelela kamora dikgetho tsa selemo sa 2019. E bile setho sa Theromolao sa Provense ya KwaZulu-Natal pakeng tsa selemo sa 2014 le sa 2019 pele a sebetsa ka hara Seboka sa Naha.
2.6. lelapa, metswalle le bomphato ba Monghadi Zamuxolo Joseph Peter, eo e bileng setho sa Palamente ya botshelela kamora ho sebetsa maemong a fapafapaneng, ho kenyeletsa le ho ba Ramotse wa Phethahatso wa Masepala wa Lehae wa Makana ho la Kapa Botjhabela.
2.7. lelapa, metswalle le bomphato ba MP, Moatefokate Hishaam Mohamed, eo e bileng setho sa Palamente ya botshelela kamora dikgetho tsa selemo sa 2019, kamora lekala la mosebetsi wa nako e telele o ipabotseng e le hlooho ya provense ya Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo ho la Kapa Bophirima.
2.8. lelapa, metswalle le bomphato ba MP, Mofumahadi Thandi Gloria Mpambo-Sibhukwana, eo e bileng setho sa Palamente ya botshelela ka hara Seboka sa Naha, kamora ho sebetsa jwaloka moemedi wa ka dinako tsohle wa Kapa Bophirima ka hara Lekgotla la Naha la Diprovense nakong ya Palamente ya bohlano. O sebeditse dilemo tse ngata e le titjhere pele e ba MP.

3. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha tshireletso le mangolo a thuto.

1. Boto ya Kgwebisano ya Taemane ya Puso:

a. Mofumahadi Monica M Ledingwane (Modulasetulo);
b. Mofumahadi Faith T Mokwena;
c. Monghadi Levy G Rapoo; le
d. Mofumahadi Mpho Mosing.

2. Boto ya Bolaodi ba Taemane ya Afrika Borwa le Mahakwe a Bohlokwa:

a. Monghadi Morake Abiel Mngomezulu (Modulasetulo);
b. Monghadi Yershen Pillay;
c. Mofumahadi Kanyisa Macingwane;
d. Mofumahadi Mpho Mosing;
e. Mofumahadi Phydelis Zikalala-Mvelase;
f. Monghadi Warren Wayne Adams; le
g. Monghadi Ernest Blom.

3. Ditho tseo e seng tsa phethahatso ho Boto ya Taolo ya Lekala la Bapalami ba Diterene la Afrika Borwa:

a. Monghadi Leonard Ramatlakane (Modulasetulo);
b. Moatefokate Smanga Sethene;
c. Monghadi Matodzi Mukhuba;
d. Mofumahadi Boitumelo Mokgoko;
e. Monghadi Dinkwanyane K Mohuba;
f. Ngaka Alison E Lewis;
g. Mofumahadi Nosizwe Nokwe-Macamo;
h. Mofumahadi Thinavhuyo N Mpye;
i. Moemedi wa Lefapha la Dipalangwang;
j. Moemedi wa Lefapha la Ditjhelete; le
k. Moemedi wa Mokgatlo wa Mebuso ya Lehae ya Afrika Borwa.

4. Boto ya Batsamaisi ya Dihlahiswa tsa Tlhaho ya Onderstepoort (SOC) Limited:

a. Mofumahadi Rene A Kenosi (Modulasetulo);
b. Moporofesara Khathutshelo A Nephawe;
c. Mofumahadi Nona N Sonjani;
d. Monghadi Lufuno Nematswerani;
e. Mofumahadi Kribashni Naidoo; le
f. Monghadi Luvuyo Mabombo.

5. Monghadi Pieter Uys Pretorius jwaloka Motlatsi wa Motsamaisi-Kakaretso (DDG): Ditshebeletso tsa Kgwebo ho Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba.

6. Mofumahadi Nonhlanhla Patience Mkhize jwaloka DDG: Mananeo a Tikoloho ho Lefapha la Tikoloho, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi.

7. Moatefokate Martin Mothusi Mafojane jwaloka Moabi e Moholo wa Mafa ho Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo.

8. Monghadi Nakampe Joseph Mogale jwaloka DDG: Ditshebeletso tsa Bolaodi ba Kgwebo ho Kantoro ya Moahlodi e Moholo.

9. Monghadi Livhuwani Tommy Makhode jwaloka DG ya Lefapha la Merero ya Lehae.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore