Pehelo ka Kopano ya Kabinete ka Kgokahano ya Vidiyo ka Laboraro la di 24 Tlhakubele 2021

Maemo a Renang Hajwale
1.    Lenaneo la Letsholo la ho Enta


1.1.    Ditsi tsa ho entela bohloko ba Kokwanahloko ya Corona (COVID-19) di ekeditswe ho ba tse 54 naha ka bophara. Lenaneo lena le se le entile batho ba fetang 207 808 ho fihlela hajwale. 
1.2.    Mekgahlelo e meraro ya lenaneo la moento la Aforika Borwa le ka tsela e latelang: 

  • Mokgahlelo wa pele:O tla phethahatswa nakong ya dikgwedi tse tharo ho tloha ka kgwedi ya Hlakola ho fihlela ka Mmesa 2021, bakeng sa ho enta basebeletsi ba bophelo ba miliyone le halofo (ba 608 295 ba ngodisitsweng) naha ka bophara. Lefapha la Bophelo le mothating o motle wa ho qeta ho enta basebeletsi bohle ba bophelo mafelong a Mokghlelo wa pele. 
  • Mokgahlelo wa bobedi: O tla phethahatswa nakong ya dikgwedi tse tshelela, ho tloha ka kgwedi ya Motsheanong ho fihla ka Mphalane 2021. Mokgahlelong ona ho tla entwa batho ba 13 350 140 ba tlokotsing, basebetsi ba ditshebeletso tse hlokahalang ka ho fetisisa le basebetsi ba netefatsang tshebetso e bolokehileng mesebetsing; basebetsi ba makala a bohlokwa ka ho fetisisa bakeng sa ho iphumana ha moruo a jwalo ka dimmaene, lekala la kamohelo ya bahahlaudi lekala la ditekesi, mabenkele le mabenkele a manyane a metseng, barekisi ba mmileng ba ditholwana le meroho, ditheo tsa phatlalatso ya ditaba le tse ding tse maleba. 

Ditsi tsa ho enta tsa Mokgahlelo wa bobedi le wa boraro di tla eketswa ho ba tse 2 085 mme di tla kenyeletsa ditsi tsa makala a poraefete bakeng sa ho ntlafatsa le ho tatisa lenaneo la moento.

  • Mokgahlelo wa boraro: O tla kenngwa tshebetsong nakong ya dikgwedi tse tharo e leng ho tloha ka Pudungana 2021 ho fihlela ka Hlakola 2021 bakeng sa ho enta Maafrika Borwa ohle a setseng, ho kenyeletsa le ba sa entwang mokgahlelong wa bobedi, ka kakaretso ho tla entwa batho ba 22 600 640.

1.3.    Kabinete e ananela ho fihla ho tswellang ha meqeqeko ya ente ya Johnson & Johnson ka hara nana, e leng ho netefatsang kgatelo pele ka ho phethahatswa ha mokgahlelo wa pele wa lenaneo la Sisonke la ho enta. 
1.4.    Kabinete e ntse e na le tshepo ka kgatelo pele e makatsang e entsweng ke Lekala la Taolo ya Dihlahiswa tsa Bophelo la Aforika Borwa (SAHPRA) ka ho tjhaela ente ya J&J monwana bakeng sa ho enta setjhaba. Ho tjhaelwa monwana ho sa tswa etswa ha diente tsa COVID-19 e leng Pfizer/BioNTech ho tlameha ho fa naha phihlello ya diente tse ngata tse pholosang bophelo 
1.5.    Kabinete e lakatsa ho kgothatsa Maafrika Borwa ka bokgoni ba Lefapha la Bophelo, ka tshebedisano mmoho le mafapha a poraefete, ba ho enta setjhaba se sengata ha mokgahlelo wa bobedi o thakgowa.

1.6.    Kabinete e boetse e ananela ketelo ya Setsi sa Tlhahiso ya Biovac se Kapa Bophirima ka Labone la di 18 Tlhakubele 2021 ke Modulasetulo wa Komiti ya Matona a ikarabellang ho tsa ente ya COVID-19 e leng Motlatsa Moporesidente David Mabuza. Ketelo eo e lekotse bokgoni ba setsi, meralo ya motheo le matsete a ho tshehetsa tlhahiso le ntshetsopele ya ente. 

1.7.    Tshebedisano mmoho e pakeng tsa Biovac le khamphani ya Amerika ya phekolo e itshetlehileng ho masole a mmele e leng ImmunityBio, ya ho thusa Aforika Borwa ho ba le bokgoni ba ho hlahisa diente tsa COVID-19, e tla thusa hore letlobo la bobedi la ente ya ImmunityBio ya COVID-19 le hlahiswe ka hara naha.

1.8.    Kabinete e ipiletsa ho Maafrika Borwa ohle le bohle ba ka hara naha ho bapala karolo ya bona mme ba ikobele dipehelo tsa ho thibelwa ha ho tsamaya le ditshebeletso tse ding – haholoholo nakong ya mekete e tlang ya bodumedi, mekete ya Paseka le Ramadan – bakeng sa ho fokotsa ditshwaetso tse ntjha tsa COVID-19 le ho thibela leqhubu le ka bang teng la boraro. 

1.9.    Kabinete e boetse e toboketsa molemo wa ho ikobela melawana ya bophelo eo e seng ya meriana ya ho thibela tshwaetso ya COVID-19 ya ho rwala semonkwana dibakeng tsa setjhaba, ho sielana sebaka sa mitara le halofo dipakeng tsa batho, ho hlapa matsoho ka metsi le sesepa ka dinako tsohle kapa ho sebedisa setlolo se bolayang dikokwanahloko se nang le alkhoholo, le ho qoba kgobokano e kgolo ya batho.

2.    Motlakase
2.1.    Kabinete e tseba hantle ditlamorao tse mpe tsa bophelong le moruong, pherekano le tshitiso tse bakwang ke ho kgaoha nakwana ha phepelo ya motlakase setjhabeng le dikgwebong dibekeng tse mmalwa tse fetileng. 

2.2.    Ho etswa malebaleba ohle a ho fumana tharollo ya bothata ba hajwale ba motlakase le ho ba le bokgoni ba ho fehla motlakase ka nako e kgutshwane e ka kgonahalang, e leng motheo wa bohlokwa bakeng sa ho hlaphohelwa ha moruo wa Aforika Borwa. Ho sa le jwalo, mmuso o tswela pele ho tshehetsa malebaleba a ho tlisa botsitso ho Eskom le ho e beha maemong a kgonang ho laoleha.

2.3.    Kabinete e ananetse phatlalatso e entsweng ke Letona la Diminerale le Eneji Gwede Mantashe ya baiketi ba robedi ba ka sehlohong ba tla fepela dimekawatse tse ding tsa motlakase wa tshohanyetso tse tla thusa ho tshehetsa kgokahanyo ya phepelo ya motlakase nakong e kgutshwane.

2.4.    Baiketi bana ba ka sehlohong ba tswang ho Lenaneo le Ikemetseng la ho Fehla Motlakase ba lebeletswe ho fehla motlakase ka letsatsi, moya, kgase ya tlhaho e metsi le polokelo ya dibeteri. Dikgokahanyo tsa pele tsa phepelo ya motlakase di reretswe ho ba ka kgwedi ya Phato 2022.

2.5.    Diporojeke tsena tse robedi di tla kenya R45 biliyone moruong, ka palo bohareng ya tsa selehae ya diperesente tse 50 le ho theha menyetla ya mosebetsi e 3 800 nakong ya kaho. Menyetla e meng e 13 500 ya mosebetsi e tla thehwa nakong ya dilemo tse 20 tsa Tumellano ya Theko ya Motlakase.
 
2.6.    Leano la bokena dipakeng la mmuso la ho etsa botjha le ho matlafatsa tsamaiso ya motlakase le tla ntlafatsa bokgoni ba naha ba ho fehla motlakase haholo. Kgatelo pele ya bohlokwa e ntseng e etswa e bontsha hore mekutu ya rona ya ho rarolla mathata a motlakase e ntse e fumana morethetho.

2.7.    Kabinete e boela e ipiletsa ho rona bohle ho tshehetsa ho kena dipakeng hona bakeng sa ho matlafatsa tshebetso ya Eskom ka ho tlaleha dikgokahanyo tsa motlakase tse seng molaong, ho henahenana le lebokoso la motlakase (mitara) le thekiso e seng molaong ya motlakase ho ditheo tse kenyang molao tshebetsong. Bohle re tlameha ho ba bareki ba motlakase ba nang le maikarabelo ka ho lefa mekitlane ya rona ya kgwedi le kgwedi.

3.    Tumellano ya Ditefello tsa Dithuto Diyunivesithing 
3.1.    Kabinete e ntse e ikemiseditse ho fumana tharollo ya moshwelella bakeng sa ditefello tsa thuto e phahameng, ya ho netefatsa hore baithuti bohle ba lokelang ha ba qhelelwe ka thoko dithutong ka lebaka la tjhelete. 

3.2.    Tumellano ya ditefello e fihleletsweng ke Lefapha la Thuto e Phahameng le Kwetliso le ditheo tsa thuto e phahameng di ikamahantse le infoleishene, jwalo ka karolo ya ho etsa hore thuto e phahameng e se be theko e hodimo. 

3.3.    Kabinete e ngongorehiswa ke mekitlane ya kgale ya baithuti e entseng e ata metjheng ya thuto e hodimo. Hajwale Lefapha la Thuto e Hodimo le Kwetliso le ntse le kopanya dintlha tsa baithuti ba anngweng ke mokitlane ona, tse tla ba karolo ya tekolo e rerilweng ya leano la ditefello tsa baithuti bakeng sa ho hlahisa motjha wa moshwelella wa ditefello tsa thuto e phahameng.

3.4.    Ho sa le jwalo, Kabinete e kgothaletsa ditheo tsa thuto e phahameng ho ikopanya le mekga ya baithuti bakeng sa ho fumana tharollo e tla dumella baithuti ba bangata ho ingodisa. 

3.5.    Kabinete e ananetse diphuputso tse potlakileng le ho tshwarwa ha maponesa a mane a nkgang lefotha polaong ya Monghadi Mthokozisi Ntumba a neng a le dilemo tse 35 nakong ya boipelaetso bo sa tswa feta ba baithuti ka ntle ho Yunivesithi ya Wits ho la Johannesburg. Ho feta moo, Kabinete e ananetse ho tshwarwa ha ba ikarabellang ho merusu setjhabeng le ditlhaselo tsa maponesa tse ntseng di tswella nakong ya boipelaetso. 

3.6.    Kabinete e hlompha tokelo ya molaotheo ya boipelaetso bo nang le kgotso ho latela dipehelo tsa molao. Le ha ho le jwalo, ditheo tse kenyang molao tshebetsong di ke ke tsa dumella ditlokotsebe ho nka monyetla wa boipelaetso bo molaong le ho baka pherekano ka ho tjhesa le ho senya thepa ya mmuso le ya poraefete.

4.    Ho Bolawa ha Maponesa
4.1.    Kabinete e dula e tshwenyehile ka ho hlaselwa ha ditho tsa Seponesa sa Aforika Borwa. Maponesa a beha bophelo ba bona kotsing ka mehla bakeng sa ho netefatsa hore setjhaba sa Aforika Borwa se bolokehile. 
4.2.    Kgweding e fetileng, ho tloha ka di 25 Hlakola 2021, maponesa a 12 a ile a fenethwa ka sehloho a le mosebetsing a mang a se mosebetsing dikarolong tse fapaneng tsa naha. 
4.3.    Diketso tsohle tsa dikgoka le polao kgahlano le maponesa ha se bokwala fela, empa hape ke ho se rate naha, mme ha di a tlameha ho dumellwa setjhabeng sa rona. Kabinete e ipiletsa ho ditheo tsa ho kenya molao tshebetsong ho netefatsa hore toka e a phethahatswa bakeng sa maponesa a bolailweng. 

4.4.    Jwalo ka setjhaba se ikobelang molao le ho rata kgotso, ha re bontsheng ho nyonya dipolao tsa maponesa ka ho tlaleha dinokwane tsohle le ba palehong ho ditheo tse kenyang molao tshebetsong. Polao ya maponesa e tshwelwa ka mathe. 

5.    Letsatsi la Ditokelo tsa Botho
5.1.    Kabinete e lebohile Maafrika Borwa ohle a ileng a keteka Letsatsi la Ditokelo tsa Botho meketeng ya naha ka Sontaha sa la 21 Tlhakubele 2021 tlasa mookotaba: “Selemo sa Charlotte Maxeke: Ho kgothaletsa Ditokelo tsa Botho Mehleng ya COVID-19”. Sehopotso sa selemong sena se kopana le sehopotso sa bo 25 sa kamohelo ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Aforika Borwa ka 1996. 

5.2.    Letsatsi leo le ile la re hopotsa maikarabelo a rona jwalo ka setjhaba a ho se phetse ho lwantsha kgethollo ya mmala, kgethollo ya bong, lehloyo la melata le diketso tse ding tse mabapi le lehloyo, ho kenyeleditse le dintwa tsa bong le masalla a sehloho sa maponesa. 

5.3.    Kabinete e ipileditse ho Maafrika Borwa ohle ho sebedisa matsatsi a setseng a Ditokelo tsa Botho ho kgothalletsa matahano ya setjhaba, kaho ya setjahaba le boitsebiso bo kopanetsweng ba naha. 

A.    Diqeto tsa Kabinete
1.    Dintlha tsa Naha le Leano la Polokelo e Kgonang ho Fihlellwa ke Bohle ya Dintlha

1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho ngolwa koranteng ya mmuso ha Moralo wa Dintlha tsa Naha le Leano le Kgonang ho Bonwa ke Bohle la Polokelo ya Dintlha bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Leano lena le reretswe ho hokahanya maano le melao e seng e le teng bakeng sa ho netefatsa hore naha e nka monyetla o felletseng wa ntshetsopele ya moruo wa dijithale. 

1.2.    Ditshebeletso tsa Poloko ya Dintlha le Polokelo e Fumanwang ke Bohle ya Dintlha ke tsona tse thusang bakeng sa moruo wa dijithale. Leano lena le boetse le batla ho etsa bonnete ba hore naha e kenya letsoho mehleng ena e metjha ya tlhahisoleseding ya dikhomphiutha. Ha le se le amohetswe, leano lena le tla boela le matlafatse bokgoni ba mmuso ba ho fana ka ditshebeletso setjhabeng sa ona.

2.    Moralo wa Naha wa Phehiso e sa Kgaotseng (NDC) Bakeng sa Tharollo ya Lefatshe ya Phetoho ya Maemo a Lehodimo
2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana moralo o ntjhafaditsweng wa NDC ho tharollo ya phetoho ya maemo a lehodimo bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Tumellano ya Paris e mabapi le phetoho ya maemo a lehodimo e hloka hore Aforika Borwa e romele di-NDC nako le nako tse hlalosang metjha ya tekanyo ya kgase e futhumatsang tikoloho. 

2.2.    Ho tloha ha ho ne ho amohelwa Tumellano ya Paris ka Tshitwe 2015, Aforika Borwa e se hatetse pele haholo ho leba ntshetsong pele le phethahatso ya di-NDC.

2.3.    Moralo o ntlafaditsweng wa NDC o ela hloko maemo a naha a Aforika Borwa, ditlhoo tsa semolao tsa Tumellano ya Paris, tekatekano le saense ya moraorao.

3.    IMC ho Mohope wa Bolo ya Matsoho ya Bomme (NWC)
3.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho thehwa ha IMC e tla lokisetsa ho tshwarwa ha NWC ka 2023. IMC e tla ntshetsapele mesebetsi ya boitokisetso ba ketsahalo eo. 
3.2.    Aforika Borwa, e tla ba naha ya pele Aforika ya ho tshwara NWC, e tla amohela dinaha tse 16 tse hlodisanang. 

4.    Dipontsho tsa Matjhaba tsa Pokello ya Ditempe (IPEX)
4.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana ho tshwarwa ha IPEX eo hape e tsejwang ka dipontsho tsa ditempe, Motse Kapa ho tloha ka la 9 ho fihlela la 19 Tshitwe 2021 ka tlasa mookotaba wa: “Leeto le re le Tsamaileng ho Fihlella Demokrasi”. Qalong Federeishene ya Matjhaba ya Pokello ya Ditempe (FIP) e ne e rerile ho tshwara dipontsho tsena Motse Kapa ho tloha ka la 17 ho fihlela ka la 20 Tlhakubele 2021 empa di ile tsa tjhetjhisetswa nakong e moraonyana ka lebaka la COVID-19. 
4.2.    Lefapha la Dikgokahanyo le Theknoloji ya Dijithale le tla hlophisa le ho tshwara dipontsho tsena ka tshebedisano mmoho le komiti e hlophisang dipontsho ya FIP. 

4.3.     Diptempe tse bokelletsweng di tla bontsha diketsahalo le mehla ya nako e fetileng, batho le diketsahalo tse kentseng letsoho ho matlafatseng demokerasi ya Aforika Borwa. Baeti ba lebelletsweng ba tla kenya letsoho molemong wa bohahlaudi ba naha, ho matlafatsa moruo wa lehae, le ho kgothalletsa setho le matahano ya setjhaba. 

5.    Leano la Dilemo tse Leshome tsa Saense, Theknoloji le ho Phethahatswa ha Boqapi (Leano la Dilemo tse Leshome la STI)
5.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana Leano la Dilemo tse Leshome tsa STI ho tloha ka 2021 ho fihlela ka 2031 bakeng sa saense le boqapi. Morero ona o latela Tokomane ya Tataiso Mabapi le Saense le Boqapi tse ileng tsa tjhaelwa monwana ke Kabinete ka 2019.

5.2.    Molao ona ke karabo ya tswelopele e potlakileng ya theknoloji le ho laola STI bakeng sa ntshetsopele ya moruo wa naha le bophelo. Leano lena la Dilemo tse Leshome le tla sebetsa jwalo ka leano la mantlha la mmuso, le tla kenyeletsa mafapha a mang a jwalo ka Lefapha la tsa Temo, Phano ya Mobu le Ntshetsopele ya Mahaeng; Lefapha la Mehlodi ya Dimenerale le Motlakase; Lefapha la Bophelo, le Lefapha la Kgwebo, Indaseteri le Tlhodisano. Le tla phethahatswa ka tshebedisano mmoho le mafapha a mang a amehang.

B.    Diketsahalo tse Tlang
1.    Sehlopha sa Moporesidente sa ho Bala ho Marangrang a Inthanete

1.1.    Kabinete e kgothaleditse Maafrika Borwa ho kenela karolo ya bone ya Sehlopha sa Moporesidente sa ho Bala ka Labone la di 25 Tlhakubele 2021 ho tloha ka 16:30 ho fihlela ka 18:30, ka webinara ya Microsoft Teams (https://nrc.org.za/).
1.2.    Karolo ena e tla bala dingolwa tse monate tsa bangodi ba Aforika Borwa e leng The Suit ka Can Themba le I am not a Tramp ka Leslie Sehume. 
1.3.    Ho tloha ha e ne e thakgolwa ka 2019, Mokgatlo wa Naha wa ho Bala o tsheheditse Letsholo la Bala hore o Etelle Pele, mmoho le boipiletso ba Moporesidente Ramaphosa ba ho kgothaletsa ho ntlafatsa ho bala naha ka bophara – ho tloha ka phaposing ya borutelo ho leba phaposing ya ho phomola. 
1.4.    Ka ho sebetsa mmoho re ka aha tsebo ena ya mantlha mme ra theha menyetla ya mosebetsi.

D.    Melaetsa
1.    Mahlohonolo

Kabinete e fetiseditse ditakaleditso tsa mahlohonolo ho:

  • Ngaka Patrice Motsepe, rakgwebo a tsebahalang haholo eo e bileng moAforika Borwa wa pele wa ho kgethwa ho ba Moporesidente wa Mekgatlo e Kopaneng ya Bolo ya Maoto ya Aforika. 
  • Kabinete e ile ya boela ya lakaletsa Maafrika Borwa ohle matsatsi a phomolo a monate a bolokehileng a Paseka, mme ya lakaletsa badumedi bohle ho keteka ka hlompho le ka moya o kgalalelang. 
     

2.    Matshediso
Kabinete e ile ya fetisa matshediso ho ba lelapa le metswalle ya:

  • Motlotlehi King Goodwill Zwelithini waBhekuzulu, e leng morena a sebeleditseng setjhaba sa AmaZulu nako e telele ka ho fetisisa. Moporesidente Ramaphosa o dumelletse hore Motlotlehi a be le Lepato le Kgethehileng la Semolao: Sehlopha sa maemo a pele, se kenyeleditseng le dikarolo tsa tlotlo tsa sesole. Motlotlehi o tla hopolwa jwalo ka morena a neng a na le tjhebelopele, a kopantseng setjhaba sa AmaZulu, baetapele ba setho mme a kentseng letsoho katlehong ya AmaZulu.
  • Mohlomphehi Moporesidente John Pombe Magufuli wa naha ya Rephaboliki ya Tanzania. Aforika Borwa yohle e lla le mmuso le setjhaba sa Tanzania nakong ena ya mahlomola. Ha a hlompha Moporesidente Magufuli, Moporesidente Ramaphosa o itse: “Re lokolohile ka lebaka la ho loka le boitelo ba setjhaba sa Tanzania. Ke tsona tsena tse fetileng tse etsang hore rona, re le Maafrika Borwa, re utlwe bohloko bo tebileng ka ho hlokahala ha Moporesidente Magufuli. Tanzania e lahlehetswe ke ntate le moholwane, Aforika e lahlehetswe ke moetapele a neng a na le ponelopele pele, mme Aforika Borwa e lahlehetswe ke motswalle wa sebele.” 
  • Monghadi Menzi Ngubane, sebapadi sa ditshwantsho sa kgale se ileng sa hapa dikgau, eo e neng e le sebapadi se ikgethileng ebile e le rabonono a hlwahlwa. O kentse letsoho haholo kgodisong ya bonono ba ditshwantshiso, thelebisheneng le bophelong ka ho tshwana. Mosebetsi wa hae jwalo ka rabonono o tswela pele ho kgothatsa ba bangata lekaleng la bonono.
  • Mofumahadi Noxolo Maqashalala, eo e neng e le sebapadi sa ditshwantsho se hlwahlwa se ileng sa kgabisa dithelebishene tsa rona ka ho bontsha talente ya hae e ikgethileng. 
  • Ngaka Nawal El Saadawi, moemedi wa basadi wa moEkgepeta, molwanedi wa ditokelo tsa botho, mongodi le ngaka ya mahloko a kelello. O kentse letsoho twantshong ya kgatello e kgahlano le basadi ho tsa moetlo, tsa tumelo le tsa maemo setjhabeng ka dingolwa tsa hae le bolwanedi. O ne a tsejwa lefatshe ka bophara ka mosebetsi wa hae o kgahlano le ditlwaelo tsa ho henahenana le ditho tsa bong tsa basadi.
  • Monghadi Pathasarvasan Govender, eo hape a neng a tsejwa ka lebitso la “Charm Govender”, Molwanedi wa tokoloho wa Chatsworth porofenseng ya KwaZulu-Natal, eo e neng e le setho sa Natal Indian Congress le African National Congress (ANC).
  •  Monghadi Cecyl Esau, eo e neng e le senatlahadi sa Molwanedi wa tokoloho le motshwaruwa wa sepolotiki wa mehleng wa Robin Island e ne e le setho sa mehleng sa lekala la sesole la ANC, e leng Umkhonto we Sizwe. Monghadi Esau o qetile nako ya hae yohle ya botjha le ya boholo a lwanela Aforika Borwa e lokolohileng, e sa kgetheng mmala le bong. 
     

E.     Ho Tlatswa ha Dikgeo tsa Mosebetsi
Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le di a mang a hlokahalang.

1.    Mofumahadi Nolwazi BK Gasa jwalo ka Motlatsa Motsamaisi-Kakaretso: Ho rala, Melao le Maano ho Lefapha la Thuto e Phahameng le Kwetliso.
2.    Monghadi Samuel Zamokuhle Zungu jwalo ka Motlatsa Motsamaisi-Kakaretso: lekaleng la Thuto le Kwetliso ya Mesebetsi ya Matsoho ho Lefapha la Thuto e Phahameng le Kwetliso.
3.    Mofumahadi Pretty Nozipho Makukule jwalo ka Mohlanka a ka Sehlohong wa tsa Ditjheleteho ho Lefapha la Thuto e Phahameng le Kwetliso. 
4.    Mofumahadi Memme Sejosengwe, eo konteraka ya hae jwalo ka Mongodi-Kakaretso kantorong ya Moahlodi e Moholo e ekeditsweng nako.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams - Sebueli sa Kabinete
Mohala: 083 501 0139
 

Share this page

Similar categories to explore