Baradi ba Dikgau tsa Naha

Gold Mametja

[Dikgau tsa Mapungubwe, Sefate sa Baobab, Bomphato ba Dinaheng tsa Bolata ba OR Tambo, LuthuliTlotlo ya Sebete ya Mendi]

Gold Mametja o na le lebitso le letle le hlalosang dineo tsa hae. Meralo ya ditshwantsho tsa hae e kgethilwe hara meralo e meng e mengata e neng e tlisitswe kamora hore GCIS e etse kgoeletso hore baradi ba mabenyane ba fane ka meralo ya ditshwantsho tsa bona bakeng sa Dikgau tse ntjha tsa Naha.

Pale ya Bophelo ba hae ke lethathama le le lelele la dikatleho haesale a ne a tlohe Thekenikonong ya Witwatersrand. Tsena di akga lethathama la meralo ya ditshwantsho tse sebediswang ke dikhamphane tse kgolo tsa Aforika Borwa, ho kenyeletswa le dikgau tsa sehopotso tsa gauta bakeng sa lebelo la Comrades Marathon.

Jwaloka moikokobetsi, o ikutlwa hore ho sebetsana le Dikgau tsa Naha e bile: ‘Ntho e ntle ka ho fetisisa e kileng ya nketsahalla. Ka ho ntumella feela hore ke etse meralo ena, sena ke thoholetso e kgolo eo naha e mphileng yona’. Mametja o sebetsa e le moradi wa ditshwantsho tsa indaseteri Lekgotleng la Diphuputso tsa Saense le Indaseteri (CSIR) Pretoria. O dula Kempton Park le mofumahadi wa hae le bana ba babed

Gareth Smart

[Kgau ya Ikhamanga]

Gareth Smart o itshupile hore ke moradi ya hlwahlwa wa ditshwantsho mapatlelong a mangata haesale a ne a phethele dithuto tsa hae tsa BA in Graphic Design ho la Midrand Graduate Institute. Thuto ya hae e ka sehloohong e ne e le 3D Multimedia. Tshebetso ya hae e bontsha lenane le matla la dikhamphane tse ngata tseo a di sebeleditseng ka nako e kgutshwane.

Ho yena sena ‘e bile monyetla o moholo bophelong ba hae’ hore a kgethelwe ho rala Kgau e ntjha ya Naha. O dula Pretoria mme o sebetsana le ditlhoko tsa ditlelaente tsa hae e le moradi wa ditshwantsho tse fapaneng ya ikemetseng.

Share this page