Kgau ena e fuwa baahi ba Aforika Borwa ba kgabileng ka dikatleho tse tswileng matsoho.
Tlhophiso
Kgau ena e ka ajwa ka mekgahlelo e meraro:
- Mokgahlelo wa 1 = Kgau ya Polatinamo ya Mapungubwe (Polatinamo)
- Mokgahlelo wa 2 = Kgau ya Gauta ya Mapungubwe (Gauta)
- Mokgahlelo wa 3 = Kgau ya Lethose ya Mapungubwe (Lethose)
Botshwaedi/Dintlha tsa moralo
Mookotaba wa sehlooho
Mapungubwe: Puso ya Bokgosi ba Mapungubwe e bile teng sekgutlwaneng se ka leboya sa naha ya rona dilemong tse sekete tse fetileng. Bokgosi bona bo ne bo e na le tsamaiso ya puso e maemong a phahameng, ba ba ba etsa temo e tswetseng pele. Bokgosi bo ile ba boela ba etsa diindasteri tsa merafo le tsa tshepe. Bokgosi bona bo ne bo hwebisana le dinaha tse hole jwaloka China. Nako ya Bokgosi bona, e ne e le nako e neng e bontsha boqhetseke ba bohlale le bosibolli ba motho.
Matshwao
Betjhe ya molaleng
E nyenyane
E qhwaelwang sefubeng
- Dikgutlo tse nne tsa lefatshe – di emela katleho ya ma-Afrika Borwa lefatsheng ka bophara.
- Letsatsi le tjhabang – tsamaiso e ntjha e ropohang Aforika.
- Thabana ya Mapungubwe – e bonahala kamorao, ka tutudu ya majwe moo kgoholeho ya seretse e fellang teng, sebakeng se ommeng se sa fumaneng dipula tse ngata tsa lehlabula. Moo ho epilweng teng ke sesupo sa boqhetseke bo hlwang mekwalaba dinakong tsa maemo a thata ka ho fetisisa tlholehong.
- Tshukudu ya Mapungubwe - motako o tsebisahalang haholo o fumanweng lebitleng le setsheng seo ho neng ho eptjwa ho sona, ke setshwantsho se tlotsitsweng ka gauta hodima se bonahalang e le thupa e betlilweng, e leng sesupo sa makgabane a boqhetseke ba batho a neng a le teng bokgosing boo.
- Lere la Mapungubwe - le hlahang kahara pitsa e phehang gauta ka mahlakoreng ohle; o mong wa metako e fumanweng lebitleng le setsheng sena seo ho epilweng ho sona.
- Pitsa e kgabisitsweng e phehang gauta – matshwao a mantlha a ka mathoko a tswang pitseng e kgaphatsang gauta a bontsha botoma ba boqhetseke, saense le bonono, e leng sesupo sa hore tsebo ya tshepe ke kgale e le teng.
- Sebopi - ho supa tlhwekiso le makgetha a mollo a poloko ya bophelo bo botle, ao e saleng a sebediswa haesale ho tloha mehleng ya boholoholo, bakeng sa ho tlisa tswelopele le boqhetseke kahara ditjhaba le dibaka.