Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 26 Mmesa 2017

Kabinete e Kopane ka Laboraro, la 26 Mmesa 2017, Union Buildings, e leng letsatsi le hlekelang mekete ya bo-23 ya Letsatsi la Naha la Tokoloho. Moporesidente Jacob Zuma e ne e le modulasetulo wa kopano ya Kabinete, e neng e amohela Ditho tse Ntjha tsa Phethahatso tse tlatseletsang ketapele ya hajwale mmusong bakeng sa ho etella pele ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la Mmuso la Tshebetso le mabapi le phethoho e matla ya moruo le kgolo e kenyeletsang ya moruo wa kahisano.

  1. Diqeto tsa Kabinete
  2. 1. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Lefapha la Temo, Meru le Ditlhapi le tshware mmoho pitso ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Botshwasi ba Ditlhapi ho la Motse Kapa ho tloha ka la 26 ho isa ka la 30 Phuptjane 2017.

Sena se nyehela ho Laboratori ya tsa Metsi ya Operation Phakisa e reretsweng ho eketsa kgolo ya tsa botshwasi ba ditlhapi makgetlo a menahaneng hahlano dilemong tse hlano tse tlang ho tloha ho ditone tse 4 000 ho ya ho tse 20 000, bakeng sa ho hlahisa mesebetsi e 15 000 ho eketsa nyehelo ya tsa botshwasi ba ditlhapi e lebisang ho Palohohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP).

Merero ya botshwasi ba ditlhapi e hlahisa monyetla o motle wa ho fapanya tlhahiso ya botshwasi ba ditlhapi bakeng sa ho kgotsofatsa ditlhoko tsa lehae, polokeho ya dijo, menyetla ya thomello ntle le ho hlahisa mesebetsi. Ho tshwara pitso ena ho tla hodisa lekala lena, ho matlafatse matsete a lekala la poraefete le banyehedi, le ho thusa bakeng sa ho akofisa ntshetsopele ya merero ya botshwasi ka lapeng ka mahlale ho tswa ho mawa a botshwasi ho tswa ditjhabeng tse ding.

  1. 2. Kabinete e tjhaelletse monwana ho thehwa ha Komiti e Kopanetsweng ya Matona (IMC) bakeng sa ho beha leihlo le ho fana ka lewa la ketapele nakong ya boitokisetso ba ho tshwara Seboka sa bo-37 se Tlwaelehileng sa Ntshetsopele ya Badudi ba Aforika e Borwa (SADC) sa Dihlooho tsa Puso le Mmuso se tla tshwarwa ka Phato 2017.

Seboka sa SADC se tla tshwarwa tlasa mookotaba “Re ipapisa le Lekala la Poraefete bakeng sa ho Ntshetsapele Mathathama a Dithekiso a Diindaseteri le Lebatowa”, ho toboketswa tlhokeho ya ho tobana le dintlha tse hlokolosi bakeng sa ho kenya tshebetsong le ho fihlella Lewa la Diindaseteri le Moralo wa Tshebetso la SADC.

Aforika Borwa e tla sebedisa maemo a yona jwaloka Modulasetulo wa SADC ho tla ka lewa la ho hodisa ditabatabelo tsa setjhaba sa naha ya bo rona jwaloka ha di tekilwe ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) le ho matlafatsa menyetla ya lebatowa ya moruo le dintlha tse amanang le tsa tshireletso.

  1. 3. Lefapha la Bonono le Botjhaba le tla tshwara sehopotso sa boraro sa Kgwedi ya Aforika ka Motsheanong 2017. Sena se bopa karolo ya nyehelo ya Aforika Borwa ho mokete wa ho fetoha ho tloha ho Mokgatlo wa Kopano ya Aforika, o neng o thehwe ka la 25 Motsheanong 1963, ho ya ho Kopano ya Aforika (AU) ya hajwale, le dikaho tsa yona le mananeo a amehang.

Mokete wa Kgwedi ya Aforika o nyehela bakeng sa ho fedisa bokoloniale ka hara kontinente ya Aforika ka diporojeke tse fapafapaneng tsa mmso le setjhaba tlasa mookotaba: “Selemo sa OR Tambo: Re aha Aforika e Betere le Lefatshe le Betere”.

Kgwedi ya Aforika e nyehela ho kgoeletso ya boAforika ya bonngwe le tshebedisano-mmoho ya Aforika, mme e sebediswa jwaloka lepatlelo la Ditho kaofela tsa AU ho lekola kgatelopele e entsweng bakeng sa ho fihlella Lenaneo la 2063.

Lenaneo lena la kgwedi kaofela le phatlallang ho ya le mafapha a mmuso, le tla fumaneha ho www.gov.za, le ya ka nqane ho lekala la bonono le botjhaba ho akaretsa dinyehelo tsa Mmuso wa Aforika Borwa ka dintlha tsa moruo, dipolotiki le tsa kahisano tse nang le kgahlamelo ho ntshetsopele ya kontinente. Diketsahalo le dipuisano tse amanang le ho keteka le ho fana ka thuto, kaofela di na le melemo ya sepolotiki le ya moruo wa kahisano bakeng sa batho ba Aforika Borwa le kontinente kaofela bakeng sa ho keteka boAforika ba bona le ho itlama botjha bakeng sa ho aha metse e itshetlehileng hodima boitshwaro le dipehelo tse arolelanwang tsa seAforika.

  1. 4.   Kabinete e tsebisitswe ka ho tshwarwa ka katleho ha Khonkerese ya Lefatshe ya Selemo ka seng ya Federeishene ya Matjhaba ya Mekgatlo le Dikaho tsa Dilaeborari (IFLA) ya Dilaeborari le Tlhahisoleseding e neng e tshwaretswe Aforika Borwa, ho la Motse Kapa ho tloha ka la 15 ho isa ka la 21 Phato 2015.

Tumellano ya Motse Kapa ya IFLA e tla nehelwa Matona a merero ya Botjhaba a AU bakeng sa ho tjhaellwa monwana, ho tshehetswa le ho kenngwa tshebetsong. Lefapha la Bonono le Botjhaba le tla matlafatsa mekutu ya ho kgothaletsa tlwaelo ya ho bala ka hara Aforika Borwa.

  1. Ho kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Mmuso
    1. 1. Boitlamo ba mmuso ba ho matlafatsa moruo bo ile ba thathiselletswa nakong ya dipuisano tse atlehileng pakeng tsa Letona la Ditjhelete, Malusi Gigaba le batsetedi le boraditjhelete ba lefatshe nakong ya leeto la ho ya Amerika bakeng sa Dikopano tsa Sehla sa Selemo tsa Letlole la Ditjhelete la Matjhaba (IMF) le Banka ya Lefatshe. Letona Gigaba hape le rerisane le batsetedi ba lehae le Komiti e Ikgethang ya Phethahatso ya Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le Basebetsi (Nedlac) tlasa bodulasetulo ba Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa.

Dipuisano di tobokeditse boimatahanyo ba leano la mmuso le lebisitseng ho boitshwaro bo kgabane ho tsa ditjhelete le matlafatso e tiileng ya moruo tse sa tlo fetoha jwaloka ha ho hlakisitswe ho Ditekanyetso tsa Naha tsa selemo sa 2017.

Kabinete e ipiletsa ho makala kaofela ho ipapisa le mmuso bakeng sa ho matlafatsa tshepo le ho kgannela moruo ho leba kgolong e kenyeletsang ya moshwelella.

  1. 2.  Ho thakgolwa ha Setsi se Ikgethang sa Moruo sa Maluti-A-Phofung (MAP-SEZ) ke Moporesidente Jacob Zuma Tshiame, ho la Harrismith, Foreisetata Botjhabela, ka la 25 Mmesa 2017 ho bontsha kgodiso ya mmuso ya ntshetsopele ya diindaseteri e leng se bohlokwa tabeng ya katleho ya moruo le tswelopele tsa nako e telele. Makala a ka sehlohlolong bakeng sa MAP-SEZ ke a makoloi, tswelliso ya dihlahiswa tsa temo, dipalangwang, Thekenoloji ya Tlhahisoleseding le Dikgokahanyo (ICT), meriana le tswelliso ya dihlahiswa ka kakaretso. Sena se hlahisa menyetla bakeng sa tlhahiso hammoho le tikoloho ya kgwebisano ya lebatowa le ya matjhaba ka lethathama le eketsehileng la dithekiso ka hara Masepala wa Maluti-A-Phofung.

Ho thakgolwa ha SEZ ena ho tlisa palo ya di-SEZ ho tse robedi ka hara naha. Ho fihlela kajeno Lenaneo la SEZ ka kopanelo le hohetse matsete a fetang R9.5 bilione. Hape di hlahisitse mesebetsi e 10 000 ka kotloloho le e 65 000 ya ka thoko. Di-SEZ hape di tswela pele ho bapala karolo bakeng sa ho hohela Matsete a Matjhaba ka Kotloloho (FDI).

Ho thakgolwa hona ha MAP-SEZ ya dihektare tse1 038 ho bopa karolo ya bohlokwa ya ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Leano la Diindaseteri (IPAP) o ralang di-SEZ bakeng sa ho akofisa kgolo ya moruo wa lehae le ntshetsopele mabatoweng a itseng a naha.

  1. 3. Kabinete e amohela tlaleho ya A.T. Kearney ya selemo sa 2017 ya Tshepahalo ya Matsete a Matjhaba ka Kotloloho, e bontshang hore Aforika Borwa ke sebaka sa bo-25 bakeng sa ho hohela matsete ka kotloloho ka ho fetisisa lefatsheng, ke ya pele ho tswa Kontinenteng ya Aforika.

Aforika Borwa e entse lekgutla ka hara lenaneo, le phatlalatsang dibaka tse 25 tse hohelang matsete ka ho fetisisa, lekgetlo la pele esale ho tloha ka selemo sa 2014. E maemong a dinaha tse ding tse ntseng di tswela pele tse kang China (maemong a boraro), India (maemong a borobedi); Brazil (maemong a bo 16) le Mexico (maemong a bo 17).

Boemo bona bo bontsha hore lewa la Aforika Borwa la bolekane le boramatsete ba matjhaba le ntse le phakisa ho atleha mme hape le bontsha hore moralo wa naha ya bo rona wa ntshetsopele o hlahisa ditholwana. Dintlafatso ho kgonahalo ya tsa moruo nakong e kgutshwanyane le matsete a nako e telele ho lekala la naha la tlhahiso di hlahisitswe jwaloka dithusi tsa bohlokwa tsa ho ntlafala ha boemo ba Aforika Borwa Lenaneong lena.

  1.  4. Tlalehong e nngwe e fapaneng, Lenaneo la Matsete a Aforika la Selemo sa 2016 ka lekala la diphuputso la Quantum Global le beha Aforika Borwa boemong ba bone ba dibaka tse hohelang matsete ka ho fetisisa ka hara Aforika kamora Botswana, Morocco le Egepeta. Aforika Borwa e sebeditse hantle mabapi le ntlha ya kgolo ya GDP, bobebe ba ho kena kgwebong ka hara naha le setjhaba sa bohlokwa se sengata.

Kgohedi ya naha jwaloka sebaka sa matsete sa kgetho e ile ya hlakiswa ho ya pele ho tlaleho ya Tjhebahalo ya Moruo wa Aforika ya selemo sa 2016, e behang Aforika Borwa boemong ba bone hara dibaka tse ka sehloohong tsa matsete tsa Aforika ka selemo sa 2015 kamora Egepeta ($10.2 bilione), Mozambique ($4.7 bilione) le Morocco ($4.2 billone) ka $3.6 bilione ya matsete a dinaha tsa ka ntle. Aforika Borwa e tswela pele ho ahella hodima Aforika ka motheo wa yona o matla wa ditjhelete le kgwebo, e le boemong ba bo-47 ho tswa dinaheng tse 138 ho Lenaneo la Phehisano ya Foramo ya Lefatshe ya Moruo la 2016/17.

  1. 5. Foramo ya Moruo wa Lefatshe mabapi le Aforika ya bo-27 e tla tshwarelwa Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Albert Luthuli Durban ho tloha ka la 3 ho isa ka la 5 Motsheanong 2017 tlasa mookotaba: “Re fihlella Kgolo e Kenyeletsang: Boetapele bo Arabelang le bo Ikarabellang.”

Kabinete e ananela monyetla ona bakeng sa hore maAforika Borwa a kene dipuisanong tse mabapi le kgonahalo ya menyetla ya botsetedi, kgokahano e tebileng ka hara lebatowa le boitlamo bo botjha bo lebisang kgolong ya moshwelella le ntshetsopele ka hara Aforika.

Aforika ke lehae la meruo e meng e holang ka potlako ka ho fetisisa e hohelang kgahleho e eketsehileng ho tswa ho boramatsete ba lefatshe. Moruo wa Aforika Borwa ke o tswakaneng ka ho fetisisa ka hara kontinente le ho bapala karolo e hokahaneng mabapi le ntshetsopele ya Aforika.

  1. 6. Boitlamo ba Aforika Borwa le Oman ba ho matlafatsa dikamano tsa kgwebisano, foramong ya kgwebo ya la 27 Hlakubele 2017 pakeng tsa Letona la Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri (dti) Rob Davies le mphato wa hae wa Oman, Ngaka Ali Bin Masoud Al-Sunaidy, bo kgontsha borakgwebo ba Aforika Borwa ho sebedisa menyetla e teng Oman, ka ho qolleha bakeng sa diindaseteri tsa temo le tswelliso ya dihlahiswa tsa temo.

Ho feta moo, leeto la matsete la dti ho ya Ghana le Nigeria pakeng tsa la 20 le la 25 Hlakubele 2017 le nyehetse bakeng sa ho hlwaya le ho bopa mebaraka ya thomello ntle ya thepa bakeng sa dihlahiswa le ditshebeletso tsa boleng bo ekeditsweng tsa Aforika Borwa. Hape le hodisa dihlahiswa tsa Aforika Borwa, ditshebeletso tse teng le ho bopa bolekane ba dikgwebo pakeng tsa beng ba dikgwebo ba dinaha ka tatelano.

Ho eketseha ha kgwebisano le ho fohla bolekane le bomphato ba Aforika ho ka lebisa phedisong ya bofuma, metjha e eketsehileng ya kgwebisano, ntshetsopele ya diindaseteri mme le tlhahiso ya mesebetsi e tla latela, e leng sa bohlokwa bakeng sa ntshetsopele ya moruo wa Aforika.

  1. 7.Letona la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane, Lindiwe Zulu o ne a eteletse pele kemedi ya Aforika foramong ya kgwebo ya Estonia e neng e tshwere ke Mokgatlo wa Kgwebo le Diindaseteri wa Aforika Borwa. Ka moruo wa Estonia o nang le moruo o bopilweng ka 90% ya Dikgwebo tse Nyenyane, tse Mahareng le tse Kgolo (di-SMME), Bolekane le Aforika Borwa bo matlafatsa boitlamo ba mmuso ba ho hlahisa mesebetsi le kgodiso ya di-SMME.
  2. 8. Boitseko ba lekala la dihwai bo tshehetswang ke mekgwa ya kapele ya temoso le diphuputso, ho sa natswe tlhaselo ya Seboko sa Hwetla le komello, bo ile ba bonahala ka boholo ba poone ya kgwebo ya selemo sa 2017 e lohothuweng, e kgolo ho feta ya selemo sa 2016 ka 84%, e leng tjhai e nyenyane ka ho fetisisa esale ho tloha ka selemo sa 2007. Dibaka tse kgolo tse hlahisang poone, e leng diporofense tsa Freisetata, Mpumalanga le Leboya Bophirima di lebeletswe ho hlahisa 82% ya tjhai ya selemo sa 2017.

Boholo ba tjhai e lebeletsweng ya poone ya kgwebo e lohothwa ho ba ditone tse 14,324 milione, sena ke 2,91% (ditone tse 405 050) ho feta palo ya ditone tse neng di shebilwe tse 13,918 milione. Sebaka sa kakanyo sa poone se dutse e le dihektara tse 2,629 milione, ha tlhahiso e lebeletsweng e le dihektare tse 5,45 bakeng sa tone ka nngwe.

  1. 9.Boitlamo ba mmuso ba ho matlafatsa, ho ntshetsapele, le ho pharalatswa ha ho kena diyunivesithing, bo bonahala ka ho menahana habedi ha palo ya baithuti dilemong tse 20 tse fetileng. Sena se matlafaditswe ke phatlalatso ya Letona la Thuto e Phahameng le Thupello, Ngaka Blade Nzimande ya ditjeho tsa mmuso tse fihlang ho R 7 bilione bakeng sa dilemo tse pedi tse tlang mabapi le bodulo bo botjha ba baithuti, dilaboratori, dikgokahanyo le thekenoloji, le dibaka tse ding tsa bohlokwa, hammoho le tokiso ya diyunivesithi tse teng le katoloso ya diyunivesithi tse ntjha. R 2.5-bilione e nngwe bakeng sa dilemo tse hlano tse tlang e tla tobiswa ho diyunivesithi tse neng di tinngwe menyetla pele hore di tle di kgone ho fihlella ka bokgabane bokgoni ba tsona ba phano ya thuto e phethahetseng.

Matsete a Meralo ya Motheo, ho kenyeletsa ho ruta le dibaka tsa diphuputso, thepa, le ditikoloho tse loketseng bodulo ba baithuti ke tsa bohlokwa bakeng sa ho netefatsa hore diyunivesithi di ka kgona ho phethahatsa thomo ya tsona ya matlafatso.

  1. 10.Letona la Mesebetsi, Mildred Oliphant, le tla etella pele letsholo la temoso ya Kgwedi ya Basebetsi la selemo sa 2017 tlasa mookotaba: Tseba ditokelo tsa hao le boikarabelo jwaloka tsela ya ho hodisa boimatahanyo bo matla”.

Letsholo le tla hlakisa maemo a temoso ka hara basebetsi ka hara Aforika Borwa mabapi le ditokelo le boikarabelo ba bona. Hape le tla hlakisa diphihlello tsa basebetsi ka hara Aforika Borwa le ho lekola boimatahanyo le melao ya basebetsi. Kgwedi ena e tla kenyeletsa dihlahlobo tsa tsometso makaleng a nkuwang e le a dulang a tlola molao.

Mmuso o fetisitse molao bakeng sa ho sebetsana le ho se lekalekane ho matla le kgethollo e tletseng leeme eo re e nyantseng mmusong o fetileng. Se motsong wa melao ya rona ya basebetsi ke tlhokeho ya ho hodisa ntshetsopele ya moruo, toka ya tsa kahisano, kgutso mosebetsing le ho etsa hore dibaka tsa mosebetsi e be tsa demokerasi. Kabinete e ipiletsa ho makala kaofela ho bapala karolo ya ona bakeng sa ho sebetsana le ho se lekalekane ha nako e fetileng ka ho tobana le motsamao o monyebe wa diphethoho dibakeng tsa mosebetsi.

  1. 11. Mmuso o thakgotse Beke ya Naha ya Imbizo ya Tsepamiso ya Maikutlo ya bo-6 ya tsamaiso ya hajwale ho tloha ka la 17 ho isa ka la 23 Mmesa 2017. Beke ena e tshwailwe ka nako e matla ya dipuisano pakeng tsa ditho tsa phethahatso le baahi mme e nyehela moralong wa mmuso o pharaletseng wa ho ntlafatsa maphelo a baahi kaofela.

Kabinete e thoholetsa badudi ba nkileng karolo ho Izimbizo le bahlanka ba mmuso ho phatlalla le naha, ka morero wa ho tobana le diphephetso tsa tshebeletso ya mmuso le ho fana ka bophelo bo betere bakeng sa bohle.

Izimbizo tse ding di ne di kenyeletsa: ho thakgolwa ha Setsi sa Ketapele ya Dikgwebo Koletjheng ya Thuto le Thupello ya Mosebetsi wa Setekginiki (TVET) ya Goldfields Welkom, ho la Freistata ke Letona la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane, Mofumahadi Lindiwe Zulu. Setsi sena se nyehela bakeng sa ho tobana le diphephetso tsa tlhokeho ya mosebetsi ho batjha ka ho fana ka tshehetso e nepahetseng ho batjha nako e sa le teng leetong la ketapele ya dikgwebo. Dikopano tse 34 di tshwerwe ho phatlalla le naha.

  1. Dintlha tsa hajwale
    1. 1.Moporesidente Jacob Zuma o ile a etella pele mekete ya bo-23 ya naha ya Letsatsi la Tokoloho ka la 27 Mmesa 2017 tlasa mookotaba: “Selemo sa OR Tambo: Mmoho re tebisa demokerasi le ho aha metse e bolokehileng e hlokang botlokotsebe”.

Dikopano tsa Mopresidente Manguzi, ho la Umhlabuyalingana di bopa karolo ya letsholo la naha le kgahlanong le botlokotsebe, leo hape e leng tatelliso ya Lenaneo la Kantoro ya Moporesidente la Bodisa la Siyahlola ka Hlakubele 2017. Le hlakisa tlhokeho ya mohato o potlakileng wa ho tobana le botlokotsebe ba madibohong haholoholo ba ho nkuwa ha makoloi ka mahahapa. Mmuso o sebetsa ka matla sebakeng seo ho fedisa botlokotsebe le ho sebetsana le dintlha tsa badudi ba Umhlabuyalingana, ho kenyeletswa le diphephetso tse mabapi le Phaka ya Mokgwabo ya Isimangaliso.

Mekete e shebana le diphihlello tsa naha ho tloha ka selemo sa 1994 ha ho ntse ho hopolwa mosebetsi o lokelang ho etswa mabapi le ho aha Aforika Borwa e kopaneng e le ka nnete, e hlokang leeme, e sa kgetholleng ka bong, ya demokerasi le e tswelang pele. Ka kgwedi ya tokoloho re keteka nyehelo ho tokoloho ya rona le demokerasi, ya Moporesidente wa mehleng wa ANC le mohale wa naha, Oliver Reginald Tambo, eo a ka beng a na le dilemo tse 100 selemong sena haeba a ne a ntse a phela.

  1. 2.Jwaloka karolo ya lenaneo la Kgwedi ya Tokoloho Letona la Dikgokahanyo, Ayanda Dlodlo, le thakgotse dipuisano tsa batjha jwaloka karolo ya dipuisano tse ntseng di tswella le batjha mabapi le seo ba se utlwisisang ka “OWN YOUR FREEDOM”, e leng theke e sebediswang ho latella dipuisano ho marangrang a kahisano.

Kabinete e ipiletsa ho batjha bohle ho sebedisa ditokelo le maikarabelo a bona ka nepo le ho hlompha ba lwanetseng tokoloho ya rona, hore e thabelwe ke bohle ka hara naha ya rona ya demokerasi.

  1. 3. Kabinete e ananela kopano ya pele ya boemo bo hodimo ya Aforika Borwa-China ya Mokgwa wa Phapanyetsano wa Batho-ho-Batho (PPEM) e neng e tshwerwe ho tloha ka la 24 ho isa ho la 27 Mmesa. Sena e ne e le phethahalo ya tumellano ho tswa Leetong la Puso la selemo sa 2015 Aforika Borwa pakeng tsa Moporesidente Jacob Zuma le Moporesidente Xi Jinping. IMC ya Mokgwa wa Phapanyetsano wa Batho-ho-Batho, e eteletsweng pele ke Letona Nathi Mthethwa e ile ya amohela Motlatsi wa Tonakgolo Lui Yandong le baemedi ho tswa ho la Riphabliki ya Batho ba China.

Ho saennwe letoto la ditumellano tsa tshebedisano-mmoho tse welang hara meokotaba e mmedi e phatlaletseng –Ntshetsopele ya Matla a Basebeletsi, le Diphuputso le Ntshetsopele. Kgolo ya moruo o kenyeletsang o bonahalang ka phethoho e matla ya moruo wa kahisano e tsamaelana le kaho ya bokgoni ba batho ba rona, haholoholo batjha ba rona maemong a fapafapaneng.

Kabinete e ananela nyehelo ya thepa ya bongaka (e entsweng Aforika Borwa) ho tswa mmusong wa China, jwaloka karolo ya tumellano ya tshebedisano-mmoho ho tsa kalafo pakeng tsa Aforika le China, sena se tla nyehela ntlafatsong ya boleng ba phano ya ditshebeletso dipetleleng tsa mmuso.

Ka ditumellano tsa tshebedisano-mmoho dinaha ka bobedi di itlamme ho fohla tshebedisano mmoho e tshwarahaneng ya setekginiki, thupello ya matitjhere le phapanyetsano ya ditsebi lekaleng la thuto, haholoholo tabeng ya Dipalo, Saense le Thekenoloji jwaloka thepa e ahang kgolo ya meruo ya tsebo. Dibaka tse ding tsa tshebedisano-mmoho e matlafetseng di kenyeletsa: botjhaba; dikgokahanyo; kalafo; saense le thekenoloji; dipapadi; bohahlaudi; merero ya basadi le batjha.

  1. 4. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho malapa le metswalle ya batho ba 235 ba lahlehetsweng ke maphelo a bona ka lebaka la dikotsi tsa mebila nakong ya matsatsi a phomolo ya Paseka. Dipalopalo bakeng sa nako eo di bontsha hore 50% ya batho ba hlokahetseng e ne e le ditaaso, tse latetsweng ke bapalami ba etsang 24% le bakganni ba etsang 19%.
  2. 5. Kabinete hape e ipapisa le Moporesidente Jacob Zuma mabapi le ho hlahisa tsharelo e tebileng le letshoho ka ho hlokahala ha baithuti ba 18, le batho ba baholo ba babedi nakong ya kotsi e mpe ya tekesi ya minibese Bronkhorstspruit, kantlenyana ho Pretoria. Re boeletsa kgoeletso ya Moporesidente Zuma ya hore makala a qobello ya molao a batlisise kapele sesosa sa kotsi eo.

Kabinete e leboha mafapha kaofela a mmuso, Mekgatlo eo e seng ya Mmuso (di-NGO), ditsebi le borakgwebo bakeng sa ho tshehetsa malapa a amehang hammoho le baithuti le basebeletsi ba Sekolo se Phahameng sa Mahlenga le ba Sekolo sa Poraemari sa Refano nakong ena e boima.

Dikotsi tsa mebila, ka ho qolleha nakong ya matsatsi a phomolo ka hara Aforika Borwa, e dula e le taba e hlokolosi ya naha. Mabakeng a mangata mafu ana a ka be a thibetswe ka boitshwaro bo nang le boikarabelo le tshebediso ya mebila ya naha. Ho kganna ka bohlaswa le ho se tsotelle ha di amohelehe mme maAforika Borwa kaofela a kgothaletswa ho nka boikarabelo bakeng sa polokeho ya bona mebileng ya bo rona.

  1. 6. Kabinete e thoholetsa lekala la dipalangwang tsa dibese bakeng sa ho kgutlela mosebetsing kamora seteraeke se neng se se na dikgoka, ho bontsha tsela e ntle ya boipelaetso ba diindaseteri. Karolo e bapetsweng ke Letona la Mesebetsi e tshwanela ho ananelwa bakeng sa ho thusa hore seteraeke se fele bakeng sa lekala lena la bohlokwa la moruo wa bo rona.
  2. 7. Kabinete e kgathatsehile ka keketseho ya moraorao ya dikgoka Vuwani ho latela qeto ya Boto ya Tsheho ya Meedi ya ho e kenyeletsa masepaleng o motjha. Kabinete e tshwela ka mathe ka matla tshebediso ya bana ba rona jwaloka sesebediswa sa ditherisano, dibeke tsa ho se kene ha dikolo ho rothofatsa bokamoso ba bana bana ba ntseng ba phaellwa ka kgatello ya maikutlo. Dikgoka, ditshoso, tshenyo ya thepa, kapa diketso tse lebisang tabeng ya hore dikolo di senngwe kapa bana ba tingwe ho ya sekolong ha di na sebaka ka hara demokerasi ya rona.

Kabinete e ananela mosebetsi o etswang ke IMC, e eteletsweng pele ke Letona la Lefapha la Kopanelo ya Mmuso le Merero ya Setso (Cogta) Monghadi Des Van Rooyen le leeto la Letona la Maphodisa, Fikile Mbalula, le ho thathiselletsa mmono wa hore diketso tsa botlokotsebe ho kenyeletswa tshenyo ya thepa di keke tsa mamellwa. Moporesidente Jacob Zuma o reretswe ho kopana le Morena wa VhaVenda Toni Mphephu Ramabulana le baetapele ba botjhaba ba tswang seterekeng sa Vhembe ka maiteko a ho tlisa botsitso. Kabinete e toboketsa hore tjhelete le mehlodi e sebediswang bakeng sa ho lokisa dikolo tse sentsweng e reretswe mananeo a mang.

  1. 8. Kabinete hape e ipileditse bakeng sa kgutso le botsitso ho latela boipelaetso bo tletseng dikgoka toropong ya Lichtenburg le Lekeisheneng la Blydeville, Masepaleng wa Lehae wa Ditsobotla, ho la Leboya Bophirima. Ho kena ha dikolo ho sitisehile, mabenkele a ile a utswetswa dikoloi le matlo a mmalwa a ile a tjheswa. Tonakgolo ya Leboya Bophirima, Supra Mahumapelo, o thontse sehlopha se kenyeletsang Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso (di-MEC) le boramotse ba babedi ho batlisisa le ho tobana le diphephetso tsa phano ya ditshebeletso tulong ena.
  2. 9. Kabinete e ipiletsa ho badudi ba Coligny, ho la Leboya Bophirima ho emisa ka boipelaetso bo tletseng dikgoka le ho dumella ba Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS) Coligny ho phetha dipatlisiso tsa bona ka lefu la ngwana ya bolailweng, ho netefatsa hore toka e a phethahale.

Baahi ba kgothaletswa ho hlahisa matshwenyeho a bona ka dibopeho tse teng ka hara meedi ya molao.

  1. 10. Mmuso o thoholetsa makala a qobello ya molao bakeng sa karabelo ya ona mabapi le ho tshwara batlodi ba molao ba diketso tsa dikgoka kgahlanong le basadi le bana.

Tabeng ena, Kabinete e ananela mehato e potlakileng e nkuweng ke Yuniti ya di-Hawks ya Kgwebisano ka Batho le Sehlopha sa Karabelo ya Dikgoka sa SAPS ba tshwereng moruti wa Durban ka qoso ya ho hweba ka batho ho la Port Elizabeth.

Ke mosebetsi le boikarabelo ba maAforika Borwa kaofela ho sebetsa le ba ka sehloohong ho tshireletsa basadi le bana ba rona le ho netefatsa hore re bapala karolo ya rona ya ho etsa hore metse ya rona e bolokehe.

  1. Melaetsa ya matshediso le ya thoholetso
    1. 1.Kabinete e thoholetsa Zolani Tete ka ho hapa sekola sa boima ba bantam ba Mokgatlo wa Ditebele wa Lefatshe (WBO). Sena se mo beha maemong a ho kopanya dikola tsa lefatshe – se bolelang hore jwale o kgona ho phephetsa bakeng sa dikola tsa lefatshe mekgatlong e mene e meholo ya lefatshe e leng: WBO Lekgotla la Lefatshe la Ditebele (WBC), Mokgatlo wa Lefatshe wa Ditebele (WBA) le Federeishene ya Matjhaba ya Ditebele (IBF).
    2. 2. Kabinete e ipapisa le Moporesidente Jacob Zuma mabapi le ho romela matshediso ho lelapa le metswalle ya mokwetlisi le setsebi se etsang nalane sa ditebele, Nick Durandt, ya neng a tsejwa ka bokgoni ba hae ba ho hlahisa bomampodi ba ditebele le ho tlosa bashemane diterateng mme a ba etse bomampodi.
  1. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

  1. 1. Dithonyo tsa kantoro ya Moporesidente ho Lekgotla la Dinyewe tsa Naha tsa Bareki, le tla qala ho sebetsa ho tloha ka letsatsi la Taelo ya Boporesidente e amehang:
  1. Moporofesara Joseph Mandal Maseko (Modulasetulo wa Phethahatso);
  2. Mofumahadi Laura Best (Motlatsi wa Modulasetulo);
  3. Monghadi Lulama Andisa Potwana (setho sa nako tsohle);
  4. Mofumahadi Penelope Anne Beck (setho sa nakwana);
  5. Moatefokate Hope Fiona Neo Sephoti (setho sa nakwana);
  6. Mofumahadi Diane Reinette Terblanche (setho sa nakwana);
  7. Mofumahadi Nomfundo Maseti (setho sa nakwana);
  8. Mofumahadi Maleho Margaret Daisy Nkomo (setho sa nakwana);
  9. Moporofesara Bonke Clayton Dumisa (setho sa nakwana);
  10. Moporofesara Tanya Ann Woker (setho sa nakwana);
  11. Moporofesara Kasturi Moodaliyar (setho sa nakwana);
  12. Ngaka Maria Claudina du Toit (setho sa nakwana);
  13. Monghadi Xolela Christopher May (setho sa nakwana);
  14. Monghadi Fungai Khumbulani Sibanda (setho sa nakwana);
  15. Monghadi Lehlohonolo Lucky Rabotapi (setho sa nakwana);
  16. Monghadi Trevor Albert Bailey (setho sa nakwana); le
  17. Moatefokate Frans Kgolela Manamela (setho sa nakwana).

5.2.Thonyo ya ditho tseo e seng tsa phethahatso ho Boto ya Khoporeishene ya Dibetsa ya Aforika Borwa (ARMSCOR):

  1. Motlatsi wa Moadimirale (ya behileng mejafatshe) RJ Mudimu (Modulasetulo ebile o thontswe hape);
  2. Mofumahadi Thuthukile Skweyiya (Motlatsi wa Modulasetulo ebile o thontswe hape);
  3. Ngaka Moses Khanyile (o thontswe hape);
  4. Monghadi Ndumiso M Tyibilika (o thontswe hape);
  5. Monghadi Raymond Mlungwana Vokwana (o thontswe hape);
  6. Moatefokate Virginia Lee Anne De La Hunt (o thontswe hape);
  7. Mofumahadi CE Simpson;
  8. Mofumahadi T Mhlan; le
  9. Moambasadara TJ Ndhlovu.

5.3. Monghadi Kgabo Mahoai jwaloka Motsamaisi Kakaretso ho Lefapha la Dikamano tsa Matjhaba le Tshebedisano.

Dipotso: Willy Hlopheka Baloyi

Mohala: 0833907147

Share this page

Similar categories to explore