Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 11 Motsheanong 2016

1. Ho kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Kabinete e lemohile tlalehelo ya Letona la Ditjhelete ho Moporesidente, mabapi le kgatelopele ya dipuisano tsa Mmuso le lekala la poraefete le la mesebetsi ka moruo. Moporesidente o romme Letona hore le etelle pele ditherisano le balekane ba kahisano ho rala lewa le ho tla ka mekgwa ya ho hodisa moruo le ho baballa maemo a naha sekaleng sa mekitlane.

Kabinete e thabile ka hobane mosebetsi ona o tswetse boikitlaetso bo bonahalang bo tla ntlafatsa menyetla ya naha ya moruo. Moporesidente o tsebisitse dintlha tse seng kae tsa boikitlaetso bo ka sehloohong ka Mantaha, tse kenyeletsang: (1) letlole le kopanetsweng la lekala la poraefete le la setjhaba bakeng sa Tshehetso ya Dikgwebo tse Nyenyane, (2) ho sebetsana le ditshita bakeng sa ho eketsa matsete hore ho tle ho akofiswe kgolo e kenyeletsang, (3) matsete a kopanetsweng ke mmuso le lekala la poraefete ho meralo ya motheo ho itshetlehilwe hodima boiphihlelo ba katleho ya Lenaneo la Bahlahisi ba Matla ba Ikemetseng le (4) ho matlafatsa Dikgwebo tsa Mmuso ho netefatsa maemo a tsona a ditjhelete a moshwelella le ho matlafatsa botjha karolo ya tsona bakeng sa ho kganna ntshetsopele.

Ditsebiso tsena ke bopaki ba seo naha ena e ka se fihlellang ha balekane bohle ba kahisano ba ka ikopanya mmoho ho sebeletsa ho fihlella morero o tshwanang.

1.2 Kabinete e dula e na le boitshepo ba hore matlafatso e matla ya matlotlo, pokeletso e etsang nalane ya R1 trilione ke Tshebeletso ya Lekgetho ya Aforika Borwa le boitshunyako ba dintlha tse hlano ba nako e kgutshwane bo tsebisitsweng haufinyana tjena, kaofela di tshehetsa moralo wa Dintlha tse Robong hore ho tle ho netefatswe dintlafalo katlehong ya rona ya moruo. Pokeletso e eketsehileng ya lekeno ke SARS e tla boela e thuse Mmuso ho fana ka ditshebeletso tse tla ntlafatsa boleng ba bophelo ba baahi ba ona.

1.3. Kabinete e amohela tsebiso ya lekala le methang maemo a mekitlane, Moody’s Investor Services, leo beke e fetileng le tiiseditseng botjha hore ho methwa ha mekitlane ke dikoto tse pedi ho feta sekala se tlase-tlase sa matsete. Bakeng sa ho tiisetsa ho methwa hona, ba ha Moody ba lemohile hore Aforika Borwa e atamela ntlha ya phethoho kamora dilemo tsa kgolo e fokolang le mekgwa e bohale ya matlafatso ditekanyetsong tsa 2016 di tla tsitsisa sekoloto sa mmuso ho GDP selemong sena se hodimo. Mekga yohle e dumellana hore mekutu ya tshebedisano e lokela ho matlafatswa ho fana ka sekgahla tlhasimolohong ya moruo. Re boela re lemoha hore mosebetsi wa Letona la Ditjhelete le balekane ba kahisano ho kenyeletsa motjha wa tshebetso wa ho methwa ha mekitlane ho tla hlwaya ditlhabollo tse ka bang teng le boitshunyako bakeng sa ho baballa mebaraka e matla ya ditjhelete ya Aforika Borwa le ho methwa ha maemo a sekala sa mekitlane.

1.4. Moporesidente o ananela Dipuo tsa Ditekanyetso ka Matona ka ho latelana tse shebaneng le ditlhoko tsa maAforika Borwa kaofela. Ditlaleho tsa kgatelopele le meralo e tswang ho Dipuo tsa Ditekanyetso tsa Mafapha di bontsha hore Aforika Borwa ke setjhaba se keneng mosebetsing, ka mmuso o supang tsela, bakeng sa ho aha bophelo bo botle bakeng sa bohle.

Mekgwa e bonahalang e se e kentswe tshebetsong ho fokotsa sekgahla se sebe sa ho wa ha moruo wa lefatshe hodima moruo wa rona, le ho itokisetsa kgolo e matla ha tsamao ya moruo e bontsha ho loka. Hape re sebetsa ka matla ho tlosa ditshita tsa ka lapeng tsa kgolo ya moruo.

Dipuo tsa ditekanyetso hape di bontsha hore mmuso, lekala la mesebetsi le dikgwebo di sebetsa mmoho, ho feta ka nako efe kapa efe, ho fumana ditsela tsa ho rotetsa botjha kgolo le kaho ya bophelo bo betere bakeng sa bohle. Sena se kenyeletsa ho kenngwa tshebetsong ho matla ha Moralo wa Dintlha tse Robong, o tsebisitsweng ke Moporesidente Jacob Zuma ho Puo ka Maemo a Setjhaba ya 2015 hammoho le Operation Phakisa, e reretsweng ho potlakisa ho kenngwa tshebetsong ha ditharollo tsa dibaka tsa ntshetsopele tse hlokolosi. Mananeo ana a sebetsana le dintlha tse hlokolosi ho tswa ho Lewa la Naha la Ntshetsopele, tse kang ho fokotsa bofuma le tlhokeho ya mesebetsi.

1.5. Kabinete e netefaletsa maAforika Borwa hore boemo ba naha ba tlhokeho ya mesebetsi ho ntse ho sebetsanwa le bona ka ho kenngwa tshebetsong Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) ka boitshunyako ba moruo ka Moralo wa Dintlha tse Robong oo sepheo sa ona e leng ho rotetsa kgolo le ho matlafatsa mesebetsi makaleng a bohlokwa a moruo wa rona. Tshebedisano ya lekala la poraefete ke taba e ka sehloohong bakeng sa sephetho se atlehileng.

Mmuso o sebedisa dintlha tsohle tsa boikitlaetso tse teng ho kenyeletswa le Moralo wa Tshebetso wa Leano la Diindaseteri (IPAP) ho bopa tlhahiso e hohelang basebetsi haholwanyane le makala a ditshebeletso ho sebetsana le tlhokeho ya mesebetsi ho mpefaditsweng ho feta ke maemo a boima a moruo wa lefatshe le wa lehae. Letona la Dikgwebo le Diindaseteri, Rob Davies le thakgotse ho phetwa ka tatelano ha borobedi ha selemo ka seng ha IPAP 2016/17 ho isa ho 2018-19 ka la 9 Motsheanong 2016 femeng ya metjhini ya kwari ya tshepe eo beng ba yona e leng batho ba batsho ka 100% ho la Gauteng. Mmuso o toboketsa bohlokwa ba ho hodisa tshebedisano e momahaneng le dikhamphani tsa diindaseteri tse sehlohlolong tsa lehae tse itahletseng ka setotswana e seng feela ho ntshetsopele ya meralo ya motheo, dipalangwang le bothothi, empa ho parola le letoto le batsi la makala a itshupang ho tsa thekenoloji, a ka romellang thepa dinaheng tsa ka ntle le a ka hirang basebeletsi ba bangata ba moruo wa Aforika Borwa ka kakaretso.

Leha Diphuputso tsa Kotara ka Nngwe tsa Lebotho la Basebetsi bakeng sa kotara ya pele ya 2016 di rekotile keketseho ya kgiro ho ya ho 26.7% boemong ba kotara ka kotara, maemo a 2016 a kgiro a phahame ho feta ka batho ba 204 000 ba hirilweng ha ho bapiswa le kotara ya pele ya 2015.

1.6. Kabinete e amohela phano ya Setsha sa Batjha sa Beaufort West, ho la Kapa Bophirimela ke Moporesidente Jacob Zuma, se fana ka sebaka ho batjha, moo ba ka imatlafatsang teng. Tulo ena e na le motswako wa dibaka tse fanang ka ntshetsopele e akaretsang ya batjha le bakeng sa badudi ka kakaretso. Dibaka tse teng ka hara setsha sena sa batjha di tla neha batho ba batjha ho tswa metseng e futsanehileng menyetla ya ho nkakarolo ka tsela e betere le ho nyehela ka bokgabane ho badudi le naha.

Setsi sa Maitsebelo se nang le thepa ka botlalo e laolwang ke Koletjhe ya Kapa Borwa e tla fana ka thupello ya tsamaiso ya dikgwebo, tshebediso ya khompyutha le ntshetsopele ya thuto ya bana ba lokisetswang sekolo ho Lebotho la Naha la Tshebeletso ya Batjha ba Mahaeng (NARYSEC) ba 200 ba nkang karolo ka selemo. NARYSEC ke lenaneo la nako e telele moo ho tobilweng feela batjha ba dibaka tsa mahae, ba thaothilweng le ho kena konterakeng ya dilemo tse pedi.

Batjha ba pakeng tsa dilemo tse 18 le tse 25 ba thaothwa mme ebe ba ngodiswa bakeng sa thupello maitsebelong a fapafapaneng a tla etsa hore ba hlomele, bobedi ka tsebo ya kelello le ya matsoho, ho hlahisa mesebetsi bakeng sa bobona le batho ba bang ka hara metse ya bo bona. Setsha sena sa Batjha ke porojeke ya Teko le ho ba ya pele ya mofuta wa yona, mme e tla namela diporofenseng tse ding.

1.7. Kabinete e ananela Kopano ya Aforika ya Lebatowa ya Bomphato bo Bulehileng ba Mmuso (OGP) ya 2016 e neng e tshwerwe ke Aforika Borwa haufinyana tjena tlasa mookotaba "Mmuso o Bulehileng bakeng sa Ntshetsopele ya Moshwelella ya Aforika" ho tloha ka la 5 ho isa la 6 Motsheanong 2016.

Pitso ena e tla dikgwedi tse supileng kamora hoba Aforika Borwa e be Modulasetulo wa Ketapele ya Bomphato ba Mmuso o Bulehileng. Dipehelo tsa mmuso o bulehileng ke tsa bohlokwa bakeng sa ho fihlella letoto le batlang le e ba batsi la merero ya ntshetsopele ya moshwelella, ho hokanngwa ho buleha ho taolo bakeng sa ntlafatso ya ba tsietsing le ba futsanehileng lefatsheng ka bophara.

Bomphato ba Mmuso o Bulehileng le Mmuso o Bulehileng ke mothusi ya tla thusa badudi ba lefatshe ka bophara ho fihlella Lenaneo la 2030 mabapi le Ntshetsopele ya Moshwelella.
Seboka sena sa Lebatowa e ne e le se seholohadi sa Bomphato ba Mmuso o Bulehileng (OGP) sa Lebatowa se kileng sa hlophiswa ke OGP se bileng le diphetho tse hlwahlwa ho tswa ho tulo ka nngwe nakong yohle ya khonferense.

Ho ipapisitswe le boitlamo ba mebuso ba bomphato le taolo e ntle, seboka sena se hohetse bankakarolo ho tswa ho Mekgatlo ya Badudi (CSO) e fapafapaneng ho tswa lefatsheng ka bophara ba tsetsepetseng hara badudi ho parola le makala a fapaneng ka thoko ho di-CSO tsa kgale tseo esale e le karolo ya bomphato.

1.8. Kabinete e lemoha ho tjhaellwa monwana ho kopanngwa ha dipolante tse tharo tsa dinomaphodi ho bopa polante e kgolo ka ho fetisisa ya dinomaphodi ka hara kontinente, Coca-Cola Beverages Africa. Kabinete e amohela tumellano e mabapi le maemo a molemong wa setjhaba bakeng sa ho kopana pakeng tsa mmuso le ho kopanngwa ha Coca-Cola Beverage Africa le balekane ba yona ba kopano ba ka tshehetsang mekutu ya rona e meholwanyane bakeng sa ho hodisa diindaseteri ka hara moruo wa Aforika Borwa.

Tumellano ena e sireletsa palohare ya maemo a kgiro ka hara khamphani bakeng sa dilemo tse tharo, e sireletsa basebetsi ka hara yuniti ya ditherisano ho phokotso mesebetsing e amanang le ho kopanngwa, e tshehetsa ntlha ya hore letoto la thekiso ya thepa le etsahale ka hara naha mme e itlama ho ntshetsapele dihwai tse neng di tinngwe menyetla pele le bafani kamphaning. Ho fetafeta moo, R400 milione e tshepisitswe bakeng sa ho thusa ka ditjhelete ntshetsopeleng ya dikgwebo ka hara dihlahiswa tsa temo le R400 milione e nngwe bakeng sa matsete a tla nneng a eketswe ho ntshetsapele phatlalatso ya dihlahiswa le dikgwebong tse nyenyane le ho ba barekisi ba banyenyane ka maitsebelo a bokgoni a amanang le ntshetsopele le thupello. Lebitso la mantlha la Appletiser le tla nne le hlahiswe ka hara Aforika Borwa.

Tumellano e bula sebaka ka hara dihatsetsi tse fanwang ke Coca-Cola ho barekisi ba banyenyane: 10% ya sebaka ka hara sehatsetsi bakeng sa dihlahiswa tsa baphehisani ho tswa ho bahlahisi ba banyenyane ka hara ditheo tsa barekisi moo ho nang le dihatsetsi tse fanwang ke Coca-Cola feela. Sena se bula mmaraka bakeng sa ba kenang kgwebong botjha le ba tshelang dinomaphodi ka hara mabotlolo ba batjha, e le ho thusa ho qoba mekgwa ya kgwebo e nang le ditshita tse etsang hore dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng di tswe ka hara mebaraka.

Ho tlatseletsa, matsete a khamphani a nako e telele ka hara ntshetsopele ya moruo le kahisano ka hara naha e tla matlafala ka ho thehwa ha ntlokgolo ya setheo sena se kopanetsweng ka hara Aforika Borwa. Tumellano e latela tumellano e tshwanang le yona e kenetsweng ke Annhauser Beush InBev mabapi le ho reka SAB Miller. Ka ho qolleha, bakeng sa ho toboketsa kgiro, ho rekisa ka hara naha le ntshetsopele ya dikgwebo tse nyenyane, ditumellano tsena di lebisa ho bohlokwa ba ho lekalekanya ho kopanngwa ha difeme le ditabatabelo tsa setjhaba le ho teka boemo bakeng sa dikhamphani tse lohothang ho kopanngwa kapa kgapo ya dikhamphani.

1.9. Kabinete e ananetse ho thakgolwa ha polante ya Mpact Polymers ya R350 milione ya botlolo-ho-botlolo ka bomphato le Coca-Cola. Boikitlaetso bona bo arabela ho moralo wa Mmuso wa semolao o sebetsang ka morero wa Lewa la Naha la Taolo ya Matlakala la Lefapha la Merero ya Tikoloho ho hodisa difeme tse hlabollang botjha thepa e sebeditseng. Polante ena ke ya pele ya mofuta wa yona ka hara kontinente ya Aforika e sebetsanang le ditone tse 29 000 tsa dibotlolo tse lahluweng tsa (polyethylene terephthalate) PET tse akanngwang ho poloko ya dimethara tsa khubiki tse 186 000 tsa sebaka sa ho lahla matlakala mme e tla nyehela ho phokotso ya ho ntshwa ha Khabone Daeoksaete (CO2) ho etsang se ka etsang ditone tse 53 000 ka selemo. Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri (IDC) e fanne ka thuso ya kadimo ya R210 milione hammoho le R30milione bakeng sa karolo ya yona ya tekatekano ya 21% le Lefapha la Dikgwebo le Diindaseteri le fanne ka ditsiane tsa lekgetho tsa karolo 12(I). Polante e hlabollang thepa e sebedisitweng e fanne ka mesebetsi ho basebeletsi ba 80 le mesebetsi e 1 000 ho batho ba phuthang matlakala.

Ho theha bomphato bo tjena ke sebetsa sa bohlokwa bakeng sa kgolo ya moruo, ho hlahisa dikete tsa mesebetsi moruong wa ho hlabolla thepa e sebedisitsweng e nang le boleng ba R50 bilione. Hajwale, ho hlabolla botjha polasetiki e sebedisitsweng feela e fana ka menyetla ya lekeno bakeng sa batho ba fetang 60 000 ba phuthang matlakala. Mpact Polymers, ke polante ya maemo a hodimo e hlabolang botjha thepa e sebeditseng e imatahanyang le dipehelo tsa polokeho ya dijo tsa EU le ho ba feme ya pele e jwalo ka hara Aforika eo hape e kgemang le melawana ka botlalo ya Coca-Cola bakeng sa dibotlolo tsa PET.

1.10. Kabinete e amohela tlalehelo e mabapi le Lewa le Kopanetsweng la Taolo ya Ditshukudu le bontshitseng hore Aforika Borwa e fihletse tse kgolo mabapi le ho tsonngwa ha ditshukudu. Esale qalong ya selemo sena feela ho se ho tshwerwe ditsomi tse seng molaong tsa ditshukudu tse 206.

Katamelo ya Lewa le Kopanetsweng la Bolaodi e ile ya amohelwa ke Kabinete ka Phato 2014 moo ho bonahetseng ha Karolwana ya Polokeho e ne e kenya tshebetsong boitshunyako ba dintlha tse ngata, ba makala a mangata bakeng sa ho sireletsa dithukudu ka hara Aforika Borwa.

1.11. Kabinete e thoholetsa naha bakeng sa ho tshwara ha Tourism Indaba ya 2016 e atlehileng Durban ho la Kwazulu-Natal, e phethetsweng ka Mantaha, la 9 Motsheanong 2016 ka dipuisano tse ngatanyana tse atlehileng pakeng tsa bapepesi ba 1 047 ho tswa dinaheng tse 18 tsa Aforika le bareki ba 1 856 ho tswa ho phatlalla le lefatshe. Selemong sena, INDABA e tshwere dikopano tse 3 000 ho feta selemong se fetileng. Kaofela ho tshwerwe dikopano tsa kgwebo tse 14 000 nakong ya matsatsi a mararo a INDABA, tse bontshang bokgoni ba molemo wa bohlokwa wa moruo. Ketsahalo ena e ne e kenetswe ke boraditaba ba 575 ba ka hara naha le ba matjhabeng.

INDABA e ne e tsepamisitse maikutlo ho dikgwebo tse nyenyane, tse mahareng le tse kgolo (di-SMME) tsa indaseteri ena di pepesa dihlahiswa le ditshebeletso ho tswa ho dikgwebo tse nyenyane tse tshepisang tsa botsamai. Dikgwebo tse 70 di kgotse molemo ho tswa diwekeshopong tse mabapi le ho fihlella mebaraka jwang – mme e hole. di-SMME di na le bokgoni ba ho ba dikgwebo tse kgolo. INDABA e matlafaditse karolo e bapalwang ke di-SMME ntshetsopeleng ya moruo wa ka bobedi dinaha tse tswetseng pele le tse ntseng di tswela pele, bakeng sa ho hodisa lekala la bohahlaudi. Ho bula mamati a bokgoni ba di-SMME ke e nngwe ya moqhobi ya hlokolosi ho Moralo wa Dintlha tse Robong tse tla hodisa le ho fetola moruo le ho hlahisa mesebetsi.

2. Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tshohlile ho kenngwa tshebetsong ha dikgothaletso tsa Khomishene ya Nnete le Poelano (TRC) le ditsela tse sisintsweng mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Diporojeke tsa Tlhabollo ya Badudi.

Boteng ba Diporojeke tsa Tlhabollo ya Badudi bakeng sa ho lokisa diketsahalo tsa ho hloka toka tsa nako e fetileng ka tlhabollo ya metse e 128 e neng e hlasetswe ke diketso tsa meruso le tshenyo nakong ya dikgohlano (1 Hlakubele 1960 ho filha ho 10 Motsheanong 1994).

Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo le tla kopa dinyehelo ho tswa ho bankakarolo ba amehang (ba setjhaba le ba poraefete) bakeng sa ho fumana mehlodi e nepahetseng ho tlisa boitshunyakop bo akaretsang ka hara metse ena e 128, e hlwailweng ke TRC ho itshetlehilwe hodima nyewe le nyewe tse ka fapanang ka boleng empa di ka fihla ho boleng ba R30 milione. Sena se tla netefatsa hore Diporojeke di a kgoneha le ho ba tsa moshwelella bakeng sa ho fihlella ditabatabelo tsa badudi.

Sena se nyehela bakeng sa ho fihlella NDP ka ho atolosa momahano ya kahisano le bonngwe, ho lokisa ho se lekalekane ha nako e fetileng le ho fihlella puso e tswelang pele, e nang le bokgoni le maitshwaro a matle e tshwarang baahi ka tsela e nang le seriti.

2.2. Kabinete e ile ya tsebiswa ka diphetho tsa Seboka sa Lefatshe sa Dikgokahanyo tsa Radio (WRC-15) se neng se tshwerwe ho tloha ka la 2 ho isa la 27 Pudungwana 2015 Geneva, ho la Switzerland. Aforika Borwa e etelletse pele ditherisano tsa Sehlopha sa Aforika tse lebisitseng ntlheng ya hore lebatowa le fumane sebaka sa marangrang a dikgokahanyo tse phatlaletseng tse ekeditsweng mme Aforika e kgonne ho sireletsa phumantsho ya thelevishine ya dijithale ya matla a tlase a UHF. Phano e nngwe e entswe bakeng sa ditshebeletso tsa mawatleng, tsa difofane le tsa sepakapakeng.

Moralo wa Maqhubu a Naha (NRFP) o tla behwa sehlohlolong ho bontsha diqeto tsa WRC-15, tse tla kena tshebetsong ka la 01 January 2017. Phano ya sebaka ka hara NRFP e tla thusa ka meralo ya tshebetso bakeng sa ditshebeletso tse fapaneng tse hlokolosi bakeng sa ho fihlella melemo ya moruo, ya botjhaba le ya kahisano ka thuso ya tshebeletso jwaloka mohlodi wa tlhaho. Bakeng sa ho tshehetsa merero ya Lewa la Naha la Ntshetsopele, sebaka se tla sebediswa bakeng sa phano ya marangrang a phatlaletseng a naha, thelevishene ya dijithale, dikgokahanyo tsa disathalaete le tshireletso ya setjhaba le pebofatso ya dikoduwa, hammoho le ditshebeletso tse ding.

2.3. Kabinete e ile ya tsebiswa ka Diqeto tse nkuweng ke Kopano ya Dihlooho tsa Dipuso tsa Kopano ya Aforika (AU) le Mmuso Johannesburg ka Phuptjane 2015 ho hopotsana ka dinyehelo tse lekotsweng tsa Ditho tsa Dipuso ho tloha ka 2016, bakeng sa ho matlafatsa bokgoni ba yona ba ho tswellisa mananeo a yona.

Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa tshebetsong ha nyehelo e ntjha ya Aforika Borwa ho AU ho imatahantswe le Qeto ya Kopano ya Sekala se setjha sa Tekolo. Sena se itshetlehile hodima pehelo ya bonngwe, tefo e lekalekanang hammoho le bokgoni ba ho lefa, ka mokgwa o netefatsang hore ha ho naha e le nngwe e jarang karolo e sa lekaneng ya ditekanyetso.

3. Diketsahalo tse tlang

3.1. Moporesidente Jacob Zuma o tla hlophisa Leeto la Puso ho ya Doha, ho la Qatar ka la 19 Motsheanong 2016 ho matlafatsa dikamano tsa sepolotiki le moruo pakeng tsa dinaha ka bobedi.

3.2. Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa, jwaloka Moromuwa ya Ikgethang wa Moporesidente Jacob Zuma ho Sudan Borwa, o tla etela Juba ka la 16 Motsheanong 2016. Letsatsi lena ke la bohlokwa ho batho ba Sudan Borwa kaha ba tla be ba tshwaya Letsatsi la Sesole sa Tokoloho ya Batho sa Sudan.

Nakong ya leeto la hae Motlatsi wa Moporesidente o tla beha leihlo ho kenngwa tshebetsong ha tumellano ya kgotso. Sudan Borwa e fihlelletse mokolokotwane mafelong a Mmesa 2016 ka ho nkiswa kano ha mmuso wa diphetho wa bonngwe ba setjhaba.

3.3. Moporesidente Jacob Zuma o tla etella pele mokete wa Badudi ba Ntshetsopele ya Aforika e Borwa (SADC) wa Yunivesithi ya Fort Hare wa Dilemo tse Lekgolo ka la 20 Motsheanong 2016. Sena ke ka lebaka la nyehelo ya yunivesithi ya ho hlahisa baithuti ba yona ba matla ka hara naha le Aforika e Borwa e leng se matlafatsang mekete ya Kgwedi ya Aforika.

3.4. Kabinete e kgothaletsa batho ho nka karolo lenaneong la dintlha tse ngata la Kgwedi ya Aforika le kenyeletsang meloko le mefuta e fapaneng ya diketsahalo tlasa mookotaba “Re aha Aforika e Betere le Lefatshe le Betere. Mesebetsi kaofela e toboketsa bohare ba metse ya lehae le ho kenyeletsa dintlha tse fapafapaneng tse kenyeletsang: mmino, dithothokiso, metjeko, difilimi, dijo, feshene, bonono le boradi, dipuisano tsa bohlale le mosebetsi o kopanetsweng ho bataki ba Aforika Borwa le bomphato ba bona ka hara kontinente le ba qhalakaneng ka hara kontinente.

3.5. Letsatsi la Matjhaba la Malapa le tla ketekwa ka la 15 Motsheanong 2016 tlasa mookotaba wa matjhaba “Malapa, bophelo bo itekanetseng le Bokamoso ba Moshwelella” e leng o amanang le Lenaneo la 2030 bakeng sa Ntshetsopele ya Moshwelella (le amohetsweng ka 2015). Letsatsi la Matjhaba la Malapa le phatlaladitswe ke Kopano Kakaretso ya Lekgotla la Matjhaba a Kopaneng mme le tsepamisitse maikutlo hodima Malapa: bophelo bo botle le boitekanelo ba bana le batjha; botsitso ba malapa a sebetsang le diphetho tsa bophelo bo botle; le bophelo ba boleng bo betere bakeng sa batho ba baholo.

3.6. Ho tloha ka la 16 ho isa la 20 Motsheanong 2016 Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le tla etella pele Beke ya Dikgwerekgwere le Bohlweki tlasa mookotaba: “Ha se feela ka ho hulela”. Letsholo le tla hlahisa temoso ka bohlokwa ba tsamaiso ya dikgwerekgwere le ho kgothaletsa mekgwa e betere ka ho fetisisa ya ho sebetsana le dikgwerekgwere.
Lenaneo le ka sehloohong ke Lenaneo la Phediso ya Mabakete; kgatelopele e kenyeletsa phediso ya mabakete ka botlalo dibakeng tsa mekhukhu tsa KwaZulu-Natal, Leboya Bophirima, Mpumalanga le Gauteng. Kapa Bophirima e se e phethetse ka diphesente tse 99.8. Kgatelopele diporofenseng tse ding e kenyeletsa phediso ya matlwana a mabakete a 20 560: Foreisetata (4 056), Kapa Botjhabela (2 672); Kapa Leboya (2 421) le Leboya Bophirima (398).

Letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, Nomvula Mokonyane le tla nka karolo ho Komiti ya Matjhaba ya Matamo a Maholo (ICOLD) ya bo-84 Setsing sa Dikopano sa Sandton ho tloha ka la 15 ho isa la 20 Motsheanong 2016. Lepatlelo lena ke la ho arolelana tsebo ya moralo, kaho, paballo le sekgahla sa matamo a maholo. Hape e tla kenyeletsa maeto a ho ya matamong a maholo a Aforika e Borwa le ho nyehela mekutung ya ho baballa metsi.

3.7. Jwaloka karolo ya Lewa le Kopanetsweng la ho Tseba ho Bala le Dipalo, Lefapha la Thuto ya Motheo le tla tshwara 2016 Spelling Bee ho ntlafatsa tshebetso ya bana dipuong.
Kabinete e etsa kgoeletso dikolong kaofela, ho matitjhere le batswadi ho kgothaletsa baithuti ba diporaemari ho kenela 2016 Spelling Bee pele ho kwalwa ka la 31 Motsheanong 2016. Bakeng sa tlhahisoleseding e batsi etela www.education.gov.za.

4. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

4.1. Kabinete e tshwela ka mathe ka matla bosemorabe bo pepeneneng bo bontshitsweng ke batho ba bang ka hara naha, ka ho qolleha ho lepatlelo la marangrang a dikgokahanyo tsa kahisano. Boitshwaro bo jwalo bo kgahlanong le maitshwaro a hlahellang ho Molaotheo wa rona, boikarabelo bo teng le boleng, le ho thunthetsa ditokelo tsa batho ba bo rona. Sena ha se batlehe setjhabeng sa rona sa demokerasi. Ka ho qolleha Kabinete e swabisitswe ke ditshwaelo tse amahanngwang le setho se ka sehloohong sa Lekgotla la Dinyewe, Moahlodi wa Lekgotla le Phahameng la Dinyewe Mabel Jansen.

Dipuo tsena, haholoholo tse entsweng ke setho se hlomphehang sa lekgotla la dinyewe ha di tsamaelane le seo setjhaba se se lebeletseng ho tswa ho ditho tsa lekgotla la dinyewe. Lekgotla la Dinyewe le lokela hore kamehla le hloke leeme le mokgwa o ka nqane ho kgalemelo.

Mamellano le tlhompho esale e le motheo wa ntwa ya rona ya tokoloho mme e dula e le karolo ya bohlokwa ya motheo wa demokerasi ya Aforika Borwa. Ha re beng ngatana nngwe hape hore ka kopanelo re hlole dikarohano tsa bomorabe ka hara setjhaba sa bo rona.

Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo le rera ho sebetsana le dintlha tse kang tseo ka ho hlahisa melao e tla sebetsana le bosemorabe mme ka ho qolleha dipuo tsa lehloyo.
Kabinete e boela e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa kaofela ho hlomphana jwaloka ha ho tekilwe ho Bili ya Ditokelo.

4.2. Kabinete e boeletsa ho tshwela ka mathe ha Moporesidente Jacob Zuma ha tshenyo ya dikolo tse 24 ke batho ba ipitsang badudi ba setereke sa Vhembe ho la Limpopo. Tshenyo ena ya meralo ya motheo ya dikolo e beha bana ba rona mathateng le ho nyefola mekutu ya naha ya ho fana ka thuto ya boleng.

Kabinete e ananela kopano ya Moporesidente Jacob Zuma le Morena wa maVenda, Morena Thovhele Toni Mphephu Ramabulana e hlophisitsweng ka kopo ya motlotlehi ka la 8 Motsheanong 2016 ho rarolla mathata ka hara Vuwani.

Moporesidente Jacob Zuma o hlophisitse moifo wa tshebetso o eteletsweng pele ke Lefapha la Puso e Kopanetsweng le Merero ya Botjhaba ho etella pele tsamaiso ya ho tla sebetsana le diporojeke tsa meralo ya motheo ya kahisano bakeng sa Masepala wa Lehae wa Makhado. Kabinete e leboha Moifo wa Tshebetso wa Matona o etetsweng pele ke Letona Desmond van Rooyen bakeng sa metjha ya ho rarolla taba ena le ho ananela karolo e bapetsweng ke Kantoro ya Tonakgolo Stanley Mathabatha, le Majoro wa Phethahatso wa Vhembe, Tshitereke Matibe; Meyara wa Phethahatso wa Thulamela, Grace Mahosi le Meyara wa Phethahatso wa Makhado, David Mutavhatsindi.

Nakong ya dikopano tsa Moifo wa Tshebetso, baetapele ba botjhaba ba neng ba le teng ba entse boitlamo ba ho sebetsa le mmuso bakeng sa ho rarolla koduwa ena le ho tshwela ka mathe tshenyo ya thepa le merusu le ho etsa boipiletso ba tharollo e potlakileng ya maemo ana. Dikopanong tsena baetapele ba botjhaba le Moifo wa Tshebetso ba tiisitse botjha diphetho tsa kopano le Moporesidente le ho etsa qeto ya ho tlaleha ka kgatelopele ho Moporesidente. Mothating ona Moifo wa Tshebetso o ntse o buisana le bankakarolo kaofela jwaloka mokutu o tswellang wa mmuso wa ho kgutlisetsa dintho madulong Vuwani le metsaneng e mabapi.

Kabinete e leboha ditho tsa badudi le boetapele ba botjhaba bo ileng ba kenakena bakeng sa ho tshireletsa dikolo tse setseng le ho theha tikoloho ya dipuisano tse tswellang. Ho keke ha ba le lebaka le utlwahalang la ho amohela tshenyo e hlokang kelello ya meralo ya motheo ya setjhaba e kang dikolo. Badudi bao ba tla fumanwa ba le molato wa ho tjhesa ditheo tsa setjhaba sa rona ba tla tobana le letsoho le matla la molao.

Kabinete e hopotsa maAforika Borwa hore demokerasi ya rona e neha baahi ba yona kaofela mapatlelo a mangata ho hlahisa dingongoreho tsa bona le ho sebedisa dipuisano tse ahang tse lebisang tharollong ka kutlwano. Badudi ba setereke sena ba kgothaletswa ho phema batho bafe kapa bafe ba etellang pele le ho senya bokamoso ba bana ba rona le ho ba tlaleha makaleng a tiiso ya molao.

Ketsahalong e arohaneng e amanang le ena Kabinete e lemohile ka ngongoreho e kgolo merusu e ntseng e tswela pele, tshitiso ya dikolo le ho tjheswa ha ditheo tsa lefapha la sephethephethe tulong ya Grabouw ya Kapa Bophirima. Kabinete e boeletsa hore matla a phethahetseng a molao a tla sebediswa ho ba fumanwang ba le molato wa diketso tsa botlokotsebe.

4.3. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho malapa le metswalle ya ba lahlehetsweng ke bophelo ka lebaka la dikgohola dibakeng tsa KwaZulu-Natal. Mmuso o fana ka ditshebeletso tsa taolo ya dikoduwa le pebofatso ho mahlatsipa.

4.4. Kabinete e hopotsa maAforika Borwa ho tswela pele ho sebedisa metsi ka paballo ho boloka phano e lekaneng bakeng sa bokamoso, kaha ho ntse ho na le dibaka tse ntseng di aparetswe ke maemo a komello ka hara naha.

Tshehetso ya mmuso bakeng sa ho bebofatsa sekgahla se senyang sa komello ka kabo ya ditekanyetso tsa nako e kgutshwanyane, e mahareng le e telele bakeng sa ho thusa ka ditjhelete mananeo a mafapha ka mafapha a arabelang ho ditlhoko tse ikgethang tsa dibaka tse thefutsweng ke komello le tlhokeho ya ho sebetsana le tahlehelo ya metsi ho marangrang a hlokolosi a phano ya metsi.

Mmuso o thehile Moifo o Kopanetsweng wa Matona mabapi le Phano ya Ditshebeletso, ka boemedi ho tswa makaleng a fapaneng. Jwaloka karolo ya mekgwa ya pebofatso e nkuweng ho lwantsha kgahlamelo ya komello, melawana ya tshebediso ya matamo e se e kentswe matamong a 35 le mekgwa e 4 moo dithibelo di ntseng di sebediswa hajwale mabapi le mohlodi wa metsi (ditaelo tsa dithibelo tshebedisong ya malapa le ho tsa temo).

Ho bebofatsa sekgahla sa komello ho basebedisi ba metsi, Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le sebedisitse tjhelete e fetang R500 milione bakeng sa tshohanyetso le boitshunyako ba nako e kgutshwanyane KwaZulu-Natal, Foreisetata, Leboya Bophirima, Kapa Leboya, Mpumalanga, Limpopo, Kapa Bophirima le Kapa Leboya. Boitshunyako ba nako e mahareng le e telele bo reretswe ho netefatsa hore re kgona ho tobana le ho fetofetoha ha tlelaemete, e leng se fokotsang dikotsi tsa pebofatso ya komello bokamosong.

Katamelo e sebediswang ke mmuso bakeng sa ho sebetsana le komello le bothata ba ho foketseha ha boleng ba mobu, e thusa bakeng sa dikarabelo tse momahaneng le ho kopana tsa mafapha a mmuso, e leng, lenaneo la Tlhokomelo ya mobu, Re Sebeletsa Metsi, Re Sebetsana le Mello le la Re Sebetsana le Mekgwabo, e nyehelang bakeng sa tlhahiso ya mesebetsi, polokeho ya dijo, ntshetsopele ya maitsebelo, paballo, tlhabollo ya mobu le paballo botjha hammoho le ntshetsopele ya dibaka tsa mahae. Taba ya komello ya hajwale e batla hore ho be le tshebediso ya dithekenoloji tse ntlafatsang boikemelo hara mathata. Ka hoo ka 2015 Aforika Borwa e tjhaelletse monwana tshebediso ya poone e mamellang komello e lokisitsweng ka dijine tsa borasaense bakeng sa ho sebetsana le taba ya polokeho ya dijo. Hape re matlafatsa meralo ya ntlafatso le dithekenoloji tse batlehang bakeng sa
ho baballa botjha dibaka tse amehileng bakeng sa ho thibela ho theoha ha boleng ba mobu le ho baballa bokgoni ba tlhahiso ba mobu.

Jwaloka katamelo e kopanetsweng Aforika Borwa e itlamme ho ikopanya le ho ba mokgola-molemo wa lenaneo la lefatshe la thuso ka tshehetso la Khonvenshene ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng ya Twantsho ya Mahwatata (UNCCD). Ka boitshunyako bona, re ya ikenya ntlheng ya ho kenngwa tshebetsong ha ho thuswa re le setjhaba ka ho ithaopa jwaloka karolo ya ho fihlella Merero ya Ntshetsopele ya Moshwelella. Pehelo e ka sehloohong ya ho se nke Lehlakore ho Theoheng ha Boleng ba Mobu ho tiisetsa karolo ya batho ba lehae mabapi le ho rala le ho kenya tshebetsong mekgwa ya ho kgina le ho tjhetjhisa ho theoha ha boleng ba mobu. Lewa la Ipapiso le ho Fetofetoha ha Tlelaemete le phethetsweng haufinyana tjena le hlwaya boitshunyako bo ka sehloohong le ho bebofatsa ho amohelwa ha meralo ya bohlokwa ya Metsi, Temo, Diphapang tsa Tlhaho, Bophelo bo Botle, Bodulo ba Batho, le Phokotso ya Dikotsi ho ya ka makala a fapaneng hore e be Lewa le Naha la Ipapiso le pharaletseng. Ho tloswa ha dimela tseo e seng tsa Tlhaho tsa Naha ka lenaneo la Re Sebeletsa Metsi dibakeng tsa tshwaro ya metsi le metjha ya metsi le nyehela bakeng sa boleng le boteng ba metsi bo ntlafetseng.

4.5. Kabinete e lemohile ka ngongoreho seteraeke sa Kantoro ya Poso ya Aforika Borwa (SAPO), seo ditlamorao tsa sona di nang le kgahlamelo ho tokiso botjha ya tshebeletso e betere bakeng sa maAforika Borwa.

Mmuso ka Lefapha la Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso o sebeletsa ho sebetsana le mathata a Kantoro ya Poso bakeng sa ho tlisa botsitso le ho lokisa maemo. Ka Phato selemong se fetileng, Lefapha le thontse boto e ntjha, Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) e ntjha le ho matlafatsa botsamaisi bakeng sa ho tataisa ditshebetso le ho tlisa botsitso ka hara SAPO. Botsitso ba ditjhelete ba SAPO bo tswela pele ho ba ntlha e ka sehloohong.

SAPO e dutse e le setheo sa bohlokwa bakeng sa ho atolosa mmuso, e-commerce le ditshebeletso tsa ditjhelete ho maAforika Borwa ka dikantoro tse ballwang ho 2 448. Re kgothatswa ke ntlha ya hore botsamaisi le boetapele ba basebeletsi ba ikopantseng ba itlamme bakeng sa ditherisano jwaloka motjha wa ho rarolla diphapang tsa bona.

4.6. Kabinete e thoholetsa sehlopha sa baithuti sa Aforika Borwa (Liam Baker, Dylan Nelson, SangEun Lee, Ralph McDougall, Timothy Schlesinger, Hannah Clayton, Rauseenah Upadhey, le Mpho Nkwana) bakeng sa ho hapa Tlhodisano ya Olimpiad ya Mmetse ya Pan African ya bo-24 ho la Senegal. Lee, ya dilemo tse 17, o ile a rweswa moqhaka jwaloka Mofumahatsana wa Mmetse wa Aforika tlhodisanong ya banana selemo sa bobedi ka tatelano.

Dipotso:
Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766

Share this page

Similar categories to explore