Pehelo ka kopano ya Kabinete ya la 8 Phuptjane 2016

1.1. Re lemohile ditekolobotjha tsa makala a methang boemo ba mekitlane a matjhaba Fitch, Standard & Poor’s le Moody’s, a thathiselleditseng hore boemo ba tekolo ya mekitlane ya matsete ba Aforika Borwa bo ntse bo na le tjhebahalo e tsitsitseng. Ditekolobotjha tsa ho methwa di tiisa mosebetsi o ntseng o tswela pele wa mmuso wa ho ntlafatsa moruo le ho neha naha sebaka se hlokahalang bakeng sa ho tswela pele ka ho kenya tshebetsong meralo ya boitshunyako.

1.2. Mosebetsi wa boitelo wa Moifo wa Aforika Borwa o thehilweng ka mmuso, dikgwebo le boramesebetsi o netefatsa hore Aforika Borwa e qoba maemo a ho methwa jwaloka matlakala feela ho tsa moruo. Aforika Borwa e kenya tshebetsong mananeo ho tswa ho Morero wa Naha wa Ntshetsopele (NDP) a tla netefatsa hore naha e dula e le sebaka sa botsetedi. Sena se bontsha hore ho sebetsa mmoho ho ka hotetsa botjha moruo wa rona, ha hohela matsete le ho hlahisa mesebetsi e hlokahalang e le ka nnete bakeng sa maAforika Borwa.

1.3. Leha tlhahiso yohle ya mannete ya naha (GDP) ya Aforika Borwa e honyetse ka 1.2% kotareng ya pele ya 2016, ho ya ka dipalo tse lokolotsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa (Stats SA), mmuso o se o ntse o kenya tshebetsong boitshunyako ba bohlokwa makaleng a thefulehileng a kang a temo, dipalangwang, motlakase le merafo, ao ho sebetsanwang le ona ka Operation Phakisa, ho thibolla ditshita bakeng sa kgolo.

1.4. Peho ho sebaka se bohareng ya dikakanyo tsa GDP jwale e se e le mosebetsi wa Stats SA. Mehleng, maikarabelo a ho hlophisa le ho phatlalatsa tsamaiso ya Aforika Borwa ya diakhaonte tsa naha e ne e le hore Stats SA e ne e tla ikarabella bakeng sa dikakanyo tse itshetlehileng hodima tlhahiso tsa GDP tsa selemo ka seng le kotara ka nngwe ha Banka ya Resefe yona e ne e phatlalatsa dikakanyo tsa GDP tse itshetlehileng hodima ditjeho.

1.5. Jwaloka mmuso re sebetsana le ditlhoko tsa baahi mme re sebetsa mmoho ho fetola maphelo a maAforika Borwa. Polante ya R116-milione ya ho sebetsana le metsi e Steytlerville, ka ntlenyana ho Port Elizabeth ho la Kapa Botjhabela, e tla lwantsha dikgaello tsa metsi. Sena se ile sa thakgolwa ke Lefapha la dikgwebo le Diindaseteri (dti), ka Lenaneo la Meralo ya Motheo e Hlokolosi la lona, Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, le Masepala wa Lehae wa Baviaans.

Ka hara naha ena e haellwang ke metsi, polante ena e ntjha e sebetsanang le metsi e tla hlahisa bokgoni bakeng sa badudi le dikgwebo ba ho fumana metsi a dilitara tse ka bang 24 ka motsotswana ho tloha ho dilitara tse robedi ho ya ho tse 10, e leng se lekaneng bakeng sa ho mekamekana le tlhoko ya metsi ya Steytlerville bakeng sa dilemo tse 15 tse tlang.

Polante ena e ntjha hape e etsa karolo ya ntshetsopele e akaretsang ya moruo bakeng sa toropo kaha e tlisa botsitso ho borapolasi, dikgwebo tse nyenyane le ho batsetedi. Thuso ya ditjhelete ho tswa ho dti ho ya ho Masepala wa Lehae wa Baviaans bakeng sa meralo ya motheo e bakile hore porojeke ena e hlahise mesebetsi e akanyetswang ho e 238 ya kaho tulong eo. Porojeke ena ke ya bohlokwa bakeng sa ho matlafatsa kgolo ya moruo le ho hlahisa mesebetsi e hlokahalang e le ka nnete.

1.6. Jwaloka karolo ya mmuso ya ho hlasimolla lenaneo la diterene, Kabinete e amohetse ho behwa tekong ke Lekala la Bapalami ba Diterene la Aforika Borwa ha diterene tse ntjha tsa bapalami tsa X’Trapolis Mega.

Diterene tse ntjha tsa maemo tse reretsweng ho sebetsa ka Mphalane selemong sena di na le mamati a itshebetsang, diphatjhisi tse bulehileng ho phatlalla le terene, difehla moya le dithelevishene tse hoketsweng bakeng sa ho matlafatsa tshireletso ya bapalami.

Diterene tsena di hokahanya maAforika Borwa le ho bapala karolo ya bohlokwa mabapi le ho tshehetsa dipalangwang tsa setjhaba le ho hotetsa kgolo.

1.7. Bakeng sa ho thusa dikgwebo tse nyenyane ka mokgwa o betere, Lefapha la Naha la Matlotlo le Lekgotla la Dikgwebo tsa Batho ba Batsho bobedi di thehile setsi sa thuso se tla thusa borakgwebo ba banyenyane ka boingodiso ho Dathabeisi e Bohareng ya Bafani (CSD), dipotso ka dithendara ka inthanete le ditshebeletso tse ding tsa Lefapha la Naha la Matlotlo. Sena se tla thusa haholo mabapi le ho fokotsa ditsamaiso tsa semolao le ho etsa bobebe bakeng sa dikgwebo, ka ho qolleha dkgwebo tse nyenyane, ho nka monyetla wa menyetla ya moruo le ho nyehela ntshetsopeleng ya moruo le ya naha.

1.8. Re kgothaletsa bafani ba ditshebeletso ba hajwale le ba ikemiseditseng ho ingodisa ho CSD, e leng mohlodi wa tlhahisoleseding ya bafani bakeng sa mafapha oohle a mmuso. Sepheo sa ho beha dathabeisi ya mmuso ya bafani tulong e bohareng ke ho fokotsa ho iphetapheta ha mekutu le ditjeho bakeng sa ka bobedi bafani le mmuso le ha re ntse re thusa ka ditsamaiso tsa ditheko ka mokgwa wa eleketroniki.

1.9. Nyehelo e nngwe ho tlhahiso ya mesebetsi e itseng tjha ka kgolo ya moruo e kenyeletsang ke Pitso ya Naha ya Mesebetsi e neng e tshwerwe haufinyana tjena tlasa mookotaba: “Seboka sa Mesebetsi le Pitso ya Mesebetsi – mosebetsi wa ka, bokamoso ba ka” e matlafatsa ba sa sebetseng ka maitsebelo a bobebe, tlhahisoleseding le patlo ya menyetla ya mosebetsi sefahleho-le-sefahleho, ka ho qolleha mabapi le ho ithuta ho ya pele, ho itshebetsa, dikoporasi le mananeo a mesebetsi ya badudi.

1.10. Ho fetiswa ha Bili ya Kgapo ya Lefatshe ke Palamente ho fana ka bonnete ba semolao ho Puso ho tswela pele ka ho kenngwa tshebetsong ha lenaneo la naha la diphethoho tse matla ho moruo wa kahisano bakeng sa ho rarolla taba ya mobu eo e leng motso wa lenaneo la yona. E hlalosa “mokgwa wa tsamaiso o loketseng” o tshwanelang ho latelwa ke bolaodi bo hapang. Bili ena ya Kgapo le Molao o lohothwang di fana ka bohlwahlwa ba tsamaiso, bonnete le dikgapo tse batlang di potlakile molemong wa setjhaba, ho kenyeletswa le puseletso ya mobu. Motho kapa badudi ba nketsweng thepa mengwahakgolong e fetileng ba lokelwa ke seo Bili ena e fanang ka sona bakeng sa puseletso ya thepa eo kapa bakeng sa puseletso e lekalekanang.

Hape e beha melawana eo ka yona mmuso o ka tekang tseko ya mobu “molemong wa setjhaba” le “bakeng sa merero ya setjhaba”. Bili e latela mokgwa wa Bili ya Ditokelo le Polelwana ya Thepa e tla nkelwa hloohong haeba ho na le ntlha ya puseletso kapa kgapo. Hape e tla dumella bakeng sa hore beng ba thepa ba buseletswe ka ho hloka leeme le ka ho lekana.

Hang ha e se e saennwe ho ba molao, Bili e tla hlakola Molao wa Kgapo, 1975 (Molao 63 wa 1975).

1.11. Kgolo e kenyeletsang ke taba e ka sehloohong ya Lekgotla la Boporesidente la Boeletsi la Matlafatso e Pharaletseng ya Batho ba Batsho Moruong (B-BBEE) le neng le kopane haufinyana tjena. Lekgotla la Boeletsi la B-BBEE le tla sebetsa mmoho le Sehlopha sa Tshebetso sa Ditsebi sa Boporesidente, se thehilweng ke Moporesidente Jacob Zuma, ho netefatsa hore ho sebetsanwa le dintlha tse amang ditsebi tsa batho ba batsho.

Kopano ena ke pontsho e nngwe ya moya wa bonngwe le bomphato bakeng sa ho hotetsa botjha kgolo ya moruo e kenyeletsang, ho ntse ho hopolwa sepheo sa BEE hore re tle re ye pele mabapi le ho fetola le ho fedisa bosemorabe moruong.

1.12. Ke lekgetlo la pele Aforika Borwa e nka karolo ho Foramo ya matsatsi a mabedi ya Matjhaba ya Thekenoloji ya Tlhahisoleseding (IT) ya bo- VIII ho la Khanty-Mansiysk, Russia, e emetswe ke Letona Faith Muthambi. Foramo e etsahala ho tloha ka la 8 ho isa la 9 Phuptjane 2016, mme e sebedisa saense le thekenoloji bakeng sa ho rarolla tse ding tsa diphephetso tse kgolo ka ho fetisisa ditsamaisong tsa rona tsa thuto le kalafo. Kemedi foramong e kenyeletsa baemedi ba dikgwebo, mekgatlo ya diporofeshenale, diphuputso, ditsebi tsa thuto le tsa IT ho tswa ho ditho tsa dinaha tsa BRICS (Brazil, Russia, India, China le Aforika Borwa).

1.13. Khoro ya bo-5 ya Selemo ka Seng ya Bolaodi ba Matlakala, e eteletsweng pele ke Letona la Merero ya Tikoloho tlasa mookotaba: “Re hodisa Ntjhafatso le ho Phahamisa Ntshetsopele ya Dikgwebo” e rerile ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso, ho netefatsa tlhabollo ya mananeo a taolo ya matlakala bakeng sa ho kgothaletsa moruo wa tlhabollo botjha ya tse lahluweng, ha re ntse re tlisa bongata ba badudi ba rona ka hara moruo o moholo, ka ho akofisa phumantsho ya menyetla ya mesebetsi ka hara lekala la matlakala.

1.14. Ho lokollwa ha diphetho tsa ditlhathlobo tsa ditjhelete tsa mebuso ya lehae bakeng sa 2014/15 ho bontsha ntlafalo ya sephetho sa tlhatlhobo ya bomasepala ho tloha ka 2010/11 ho isa ka 2014/15.
Palo ya bomasepala ba fumaneng tlhatlhobo ya ditjhelete e se nang sekodi e phahame ho tloha ho 13 ho ya ho 54. Ho fetafeta moo, ditheo tsa tlatsetso tse 18 tsa bomasepala le tsona di fihlelletse maemo a hlwekileng a tlhatlhobo, se etsang hore palo kaofela ya ditlhatlhobo tse hlwekileng e eme ho 72 nakong ya hajwale. Ho bile le ho fokotseha ha diphetho tse sa lokang le tsa sa hlokahaleng, tse fokotsehileng ho tloha ho bomasepala ba fetang 30% ka 2010/11 ho isa ho ba ka etsang 11% ya bomasepala nakong ya hajwale.

Ntlafalo ena ho diphetho tsa ditlhatlhobo tsa bomasepala e bile teng ka lebaka la Lenaneo la Back to Basics, Operation Clean Audit, boetapele bo matla, tshebetso e ntlafetseng ya tshebediso ya ditjhelete le taolo le poloko ya direkoto.

1.15. Kabinete e lemohile kahlolo ya Lekgotla le Leholo la Maipiletso le boletseng ha Leano la Kgaso la ho Fallela ho Mokgwa wa Dijithale ka 2015 le se molaong, le hloka motheo le ho le behella ka thoko. Kantoro ya Moporesidente, mafapha a Dikgokahanyo, Dikgokahanyo tsa Mehala le Ditshebeletso tsa Poso, Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo hammoho le la Dikgwebo le Diindaseteri a tla tsebisa mmuso ka botlalo ka dikgahlamelo tsa kahlolo ena.

1.16. Ha ho shebanwa le Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae tse reretsweng ho tshwarwa ka Laboraro, 3 Phato 2016, mekga yohle ya dipolotiki e lokela ho ikobela khoutu ya boitshwaro ya dikgetho, eo mekgatlo kaofela e e saenetseng. Sena se tlama mekga kaofela e iketelang dikgetho hore e bapale karolo ya yona mabapi le ho tiisetsa dikgetho tse lokilohileng le ho hloka leeme. Mekga ya dipolotiki le batshehetsi ba lokela ho ikobela Molaotheo mme ba molato wa diketso tsa botlokotsebe ba tla tobana le letsoho le matla la molao. Ho ya ka maemo a haufinyana tjena a ho hloka mamellano ya sepolotiki, Letona la Sepolesa le thehile moifo wa tshebetso wa mafapha a mangata o akgang Karolo ya Mautlwela ya Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS), Ditshebeletso tsa Mafokisi, Lekala la Diphuputso tsa Ditlolo tsa Molao tse ka Sehloohong (Hawks) le Lekala la Diforensiki ho thathiselletsa pono ya Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng mabapi le Sephetho sa Boraro, se bolelang hore “Batho kaofela ka hara Aforika Borwa ba bolokehile le ho ikutlwa jwalo”.

1.17. Tabeng ya temoso ya boferekanyi e ntshitsweng ke Embasi ya Amerika (US) ho la Pretoria. Kabinete e boeletsa pehelo e ntshitsweng ke Kantoro ya Moporesidente ya hore Sehlopha sa Polokeho se kopane maobane ho tshohla taba ena ho ya pele, ka morero wa ho netefatsa tshireletso ya bohle ka hara naha.

Ho tlatseletsa, Mmuso wa Aforika Borwa o tla tswela pele ho tshohla taba ena le Mmuso wa Amerika jwaloka ka karolo ya tshebedisano-mmoho e ntseng e tswela pele mabapi le dintlha tsa tshireletso pakeng tsa dinaha tsena tse pedi. Aforika Borwa le Amerika di tswela pele ho ba le dikamano tse matla le tsa kutlwano dintlheng tse ngata tsa tshebedisano-mmoho ho kenyeletswa mabaka a sepolotiki, moruo, kahisano le tshireletso.

1.18. Selemo sena se tshwaya sehopotso sa keteko ya bo-40 ya merusu ya la 16 Phuptjane 1976, seo ka botlalo se fetotseng maemo a dipolotiki tsa kahisano ka hara Aforika Borwa. Moporesidente Zuma o tla etella pele diketsahalo tsa Letsatsi la Naha la Batjha Lebaleng la Dipapadi la Orlando Soweto ka la 16 Phuptjane 2016 tlasa mookotaba: “Batjha ba Ntshetsa Aforika Borwa Pele”.

Dintlhakgolo di tla kenyeletsa Puo e ka Sehloohong ka Moporesidente le tshebeletso ya ho behwa ha dikgare Lejweng la Sehopotso la Hector Pieterson. Kopano e kgethehileng ya boraditaba e tla tshwarwa ka Labobedi, 14 Phuptjane 2016 ho fana ka dintlha ka botlalo, mabapi le lenaneo la Letsatsi la Batjha. Matona le Batlatsi ba Matona esale a buisana le batho ba bo rona, ka ho qolleha batjha ho parola le kgwedi ena bakeng sa ho ba kgothaletsa ho nka menyetla ho phatlalla le makala a fapafapaneng hore ba ntlafatse maphelo a bona le ho ba thusa ho nyehela ka bokgabane bakeng sa ntshetsopele ya moruo le ya naha. Mananeo a Matona a teng ho Lenaneo la Kgwedi ya Batjha a tla phatlalatswa diwebsaeteng tsa mmuso le mapatlelo a ditaba a kahisano.

1.19. Jwaloka ha sehla sa mabollo se tla qala, bashemane ba itokisetsa ho kenela ditshwanelo tsa ho ba banna. Mmuso, o eteletswe pele ke Lefapha la Puso ya Kopanelo le Merero ya Setso (CoGTA), o sebetsa le Ditheo tsa Boetapele ba Setso le bankakarolo bohle ho netefatsa hore sehla sa mabollo sa 2016 se latela ho se be teng ha mafu e leng “Zero Deaths” e kgannwang ka mookotaba o reng – “Re Rata Setso sa Rona, Re Hlompha Bophelo ba Batjha ba Rona”.

Malapa, batswadi le bahlokomedi ba semolao ba tshwanela ho netefatsa hore  bashemane ba kgetha feela mephato e sebetsang ho ya ka molao, moo ho etswang ditekolo pele, le hore dingaka ke tse rupeletsweng hantle le tse tsejwang ke batswadi. Badudi ba koptjwa ho tlaleha diketsahalo dife kapa dife tse seng molaong ho 0800 111 166 kapa  #zero tolerance mabapi le mafu a mephatong.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Mopresidente wa Riphaboloiki ya Aforika Borwa, Moporesidente Jacob Zuma, o kgethilwe ho Moifo wa Dihlooho tsa Dipuso wa Maemo a Hodimo wa Metsi; mme Motsamaisi-Kakaretso wa Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere o thontswe jwaloka Sherpa (mosebeletsi wa setjhaba kapa modipolomate ya hlophisang dintho pele seboka se tshwarwa) bakeng sa Moporesidente wa Aforika Borwa jwaloka Setho sa Moifo ho Moifo wa Maemo a Hodimo wa Metsi.

Boto ya Boeletsi ya Mongodi-Kakaretso wa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UNSG) e mabapi le Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere e kgothaleditse ho thehwa ha Moifo o kgethehileng wa Maemo a Hodimo wa Dihlooho tsa Dipuso ho etella pele boikitlaetso ba tsebiso mabapi le metsi le boimatahanyo, ho latela ho amohelwa ha Lenaneo la Ntshetsopele la 2030 ke UNSG ka Loetse 2015.

Moifo o tla akofisa ho kenngwa tshebetsong ha Sepheo sa Moshwelella 6 (metsi a hlwekileng le tsamaiso ya dikgwerekgwere), se nang le tjhebo e ntjha hodima kgahlamelo e tebileng ya ho fetofetoha ha tlelaemete hodima potoloho ya metsi. Ke ka lebaka lena le komello e sa feleng e teng ho phatlalla le naha, hore Moifo Wa Aforika Borwa o kgothaletswang ho nka karolo mabapi le ho hlwekiswa ha dinoka, melapo le mekgwabo ka la 18 Phupu, jwaloka karolo ya diketsahalo tsa Letsatsi la Mandela la Aforika Borwa.

2.2. Lewa la Dikgokahanyo mabapi le Pono ya NDP ya 2030 le hlakisa ho kenngwa tshebetsong ha NDP mme le tla tsebisa ka kgahlamelo ya NDP ho maAforika Borwa. Kopano e kgethehileng ya boraditaba e tla tshwarwa bakeng sa ho hlalosa lewa la dikgokahanyo, tshebediso ya logo, ditataiso tsa papatso le ditshebediso bakeng sa ho netefatsa mokgwa o tshwanang wa katamelo ya dikgokahanyo ho phatlalla le mafapha kaofela a mmuso le makala a tla kenyang sena tshebetsong.  

2.3. Tlaleho ka Maemo a ho Runya ha Mahwatata ka hara Aforika Borwa le kgahlamelo ya yona hodima moruo wa dibaka tsa mahae le mawa a amehang a kenngwang tshebetsong bakeng sa ho sebetsana le diphephetso tsena.

Ditlamorao tsa ho Runya ha Mahwatata, ho Putlama ha Boleng ba Mobu le Komello di sitisa mekutu e reretsweng phediso ya bofuma, tshireletso ya polokeho ya dijo, ho matlafatsa boleng le bongata ba metsi, boitseko le boimatahanyo ho phethophethoho ya tlelaemete hammoho le ho fihlella ntshetsopele ya moshwelella.

Ntlheng ena, Aforika Borwa e tekile disebediswa tse ngatanyana tsa molao, maano, mawa le mananeo a kgonehang a reretsweng ho tobana le ho runya ha mahwatata le ho putlama ha boleng ba mobu maemong oohle. Boitshunyako bona bo nyehela ho paballo le kgodiso ho tsa moruo wa kahisano ha ka nqa e nngwe ho hlahiswa menyetla ya mosebetsi, ntshetsopele ya maitsebelo le ho matlafatsa maphelo.

2.4. Ho lokollwa ha tlaleho ena ho nyehela bakeng sa kananelo ya Phupu 17 jwaloka Letsatsi la Lefatshe la ho Lwantsha ho Runya ha Mahwatata le Komello, le ileng la phatlalatswa ke Kopano Kakaretso ya UN. Letsatsi la Lefatshe la ho Lwantsha ho runya ha Mahwatata le Komello la selemong sena le kgothaletsa bohlokwa ba tshebedisano-mmoho e kenyeletsang bakeng sa ho baballa botjha le ho tsoseletsa mobu wa boleng bo putlameng le ho nyehela bakeng sa ho fihlella Merero ya Ntshetsopele ya Moshwelella ka kakaretso. Ka ho etsa jwalo, Aforika Borwa e phetha dittshwanelo tsa yona tlasa Khonvenshene ya UN ya ho Lwantsha ho runya ha Mahwatata.

2.5. Tlaleho ya karabelo dintlheng tsa bana e amohetsweng ho tswa ho Komiti ya UN ya Ditokelo tsa Ngwana, e tjhaelletswe monwana. Sena se amana le tlaleho ya bobedi mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Khonvenshene ya Ditokelo tsa Ngwana le Porothokhole ya Boikgethelo ya Thekiso ya Bana, Bootswa ba Bana le Ditshwantsho tsa Maponapona tsa Bana.

Tsena ho tla shebanwa le tsona Kopanong ya bo-73 e tla tshwarelwa Geneva ho tloha ka la 13 ho isa la 30 Loetse 2016. Kabinete hape e lemohile ho qala ha tsamaiso ya pokeletso ya tlhahisoleseding bakeng sa ditlaleho tsa tumellano ya dinako tse fapaneng mabapi le Tjhata ya Aforika ya Ditokelo le Thekolohelo ya Ngwana e tla kenngwa tshebetsong ka la 7 Pherekgong 2017 le Khonvenshene ya UN ya Ditokelo tsa Ngwana e tla kenngwa tshebetsong ka la 15 Phupu 2017.

2.6. Dikgothaletso le ditshisinyo ho tswa ho Tlaleho e Pharaletseng ya Tekolobotjha ya ho Kenngwa Tshebetsong ha Pampiri e Tshweu bakeng sa Thekolohelo ya Kahisano ya 1997 di tjhaelletswe monwana. Sena se tla potlakisa Pampiri e Tshweu bakeng sa Thekolohelo ya Kahisano e shebilweng botjha, e matahantsweng le ntlha e ka sehloohong ya mmuso ya ho aha metse e momahaneng, e kgathallang, ya moshwelella le e bolokehileng.

Dikgothaletso di tsepamisitse maikutlo hodima dintlha tse ka sehloohong ka hara NDP, tse hlwayang tshireletso ya kahisano le thekolehelo ya kahisano e tswelang pele jwaloka metjha ya ho fihlella ntshetsopele ya kahisano ka bokgabane. Ho kenngwa tshebetsong ha tsena ho tla ba le kgahlamelo e lokileng maphelong a batho ba kotsing, ba futsanehileng mme ba phela maemong a bofuma bo feteletseng, ka ho qolleha basadi, bana le batho ba nang le boqhwala. Di tla netefatsa hore dihlopha tse jwalo di fumantshwa ditlhoko tsa mantlha tsa ditshebeletso tsa ntshetsopele ya kahisano tse batlehang bakeng sa ho ntlafatsa maemo a bona a bophelo le ho matlafatsa thekolohelo ya bona ya kahisano.

2.7. Aforika Borwa e tla kenela Tumellano e Hlomathisitsweng ya Thomello ya Batlodi ba Molao le Riphaboliki ya Botswana, ho ya ka karolwana 231(1) ya Molaotheo. Sepheo se mabapi le tshebedisano-mmoho e batlang e ba hlwahlwa pakeng tsa Aforika Borwa le Botswana hore ho tle ho sebetsanwe le dikopo tsa ho romellana batlodi ba molao tse amohetsweng ho tswa Botswana moo kahlolo ya lefu e leng kahlolo e ka nnang ya etsahala.

Sena se tiisa hore Aforika Borwa e keke ya ba botshabelo bo bolokehileng bakeng sa ditlokotsebe bakeng sa ho fana ka babalehi le ho thusa ka bohlwahlwa ba ba ka sehloohong ba qobello ya molao bakeng sa thibelo, dipatlisiso le botjhutjhisi ba ditlolo tsa molao.

2.8. SAPS nakong e tlang e tla phatlalatsa tlaleho e le nngwe e pharaletseng ka selemo le dipalopalo tsa botlokotsebe ka kotara. Tlaleho ya selemo ka seng e pharaletseng e tla amohela diphethoho ho dipalopalo tsa botlokotsebe tse ka nnang tsa bakwa ke netefatso ya boleng le diphethoho tse amanang le maemo a dinyewe tse etsahalang nakong ya selemo hore di behwe.

Tlhoko ya dipalopalo kgafetsa e tla thusa mmuso ho etsa diqeto mabapi le ho sebetsana le maemo a botlokotsebe. Sena se nyehela ho tshiya ya NDP, e bolelang hore batho ba Aforika Borwa ba lokela ho nyehela bakeng sa ho aha metse e batlang bolokehile.

3. Dibili

3.1. Sehlomathiso sa Bili ya Ditokelo tsa Dikgatiso le Sehlomathiso sa Bili ya Tshireletso ya Dibapadi tsa Kalaneng di tla kenngwa ho Palamente. Molao wa Ditokelo tsa Dikgatiso, 1978 (Molao 98 wa 1978) le Molao wa Tshireletso ya Dibapadi tsa Kalaneng, 1967 (Molao 11 wa 1967) e se e le ya kgale mme ha e nkele hloohong dintshetsopele tse maemong a bongata kapa ho sebetsana le mabaka a dijithale. Sena se matahantswe le merero ya NDP ya ho kgothaletsa ntjhafatso, bokgoni ba bohlahisi bo ntlafetseng, thahasello e tebileng ya moruo wa tsebo le ho kenakenana le menyetla ya papiso le ya phehisano.

Tjhebobotjha ya hajwale ya leano e itshetlehile hodima tlhoko ya ho matahanya molao wa Mautlwela wa Thuo ya Thepa le mehla ya dijithale le dintshetsopele maemong a bongata. Sena hape se tshireletsa katamelo ya leano le le leng boemong ba naha le ba matjhaba ho tswa mmusong. Tjhebobotjha ena hape e kenyeletsa ho kenyeletswa ha maemo a boimatahanyo le diphethoho mabakeng a ditokelo tsa dikgatiso le tshireletso ya dibapadi tsa kalaneng.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Komiti e Kopanetsweng ya Matona e boemong bo seng bo le pele ba boitokisetso ba ho tshwara Seboka sa Matjhaba sa AIDS sa bo-21, se tla tshwarelwa Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Inkosi Albert Luthuli Durban ho tloha ka la 18 ho isa ka la 22 Phupu 2016, le mmuso o tshwarisane le Mokgatlo wa Matjhaba wa AIDS.

Aforika Borwa e Malala-a-laotswe ho tshwara seboka sena, se tla matlafatsa indaseteri ya bohahlaudi, dikgwebo tse nyenyane, tse mahareng le tse kgolo, le lekala la dikgwebo tseo e seng tsa semmuso.

Seboka se fana ka monyetla o tlileng ka nako e nepahetseng bakeng sa naha hore e bontshe dikatleho tsa yona tse kgolo mabapi le ho sebetsana le dintlha tsa HIV le AIDS. Se na le bohlokwa ba lefatshe kaha se hohela bankakarolo ba mahareng a 18 000 ho ya ho 20 000 ho tswa dinaheng tse. Baetapele ba lefatshe ho tswa mmusong, baetapele ba sepolotiki, baetapele ba diindaseteri, badudi, balekane ba ntshetsopele le ditheo tsa thuto ba nka karolo mona.

Kopano e latelang ya IMC e tla tshwarelwa Durban mme e kenyeletsa tlhatlhobo ya disebediswa. Kopano e kgethehileng ya boraditaba e tla tshwarwa ka Mantaha,13 Phuptjane 2016.

4.2. Mopresidente Zuma o tla nka leeto la Boporesidente la Bohlahlobi la Siyahlola ho ya Kwaggafontein Mpumalanga ka Labohlano, 10 Phuptjane 2016.
Leeto lena le latela maiteanyo a Moporesidente le maAforika Borwa ka Hlakola 2016 Marabastad ho la Pretoria moo bapalami ba ileng ba hlahisa dintlha mabapi le diphephetso tsa phano ya ditshebeletso Kwaggafontein.

Lenaneo la Boporesidente la Bohlahlobi la Siyahlola le tla dumella Moporesidente Zuma le baetapele ba mmuso ho iponela ka bo bona dikatleho le diphephetso tulong eo. Moporesidente hape o tla sebedisa leeto bakeng sa ho boela a arabela ho diphephetso tse tobaneng le badudi ka hara Masepala wa Lehae wa Thembisile Hani.

5. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

5.1. Re thoholetsa le ho fetisetsa ditakaletso tse molemo ho ba latelang:

a. David Gatebe le Charné Bosman bakeng sa ho hapa mekgahlelo ya banna le ya basadi ya Lebelo la Marathone wa Comrades la 2016. Gatebe hape o tekile rekoto e ntjha ya ho mathela tlase ya dihora tse hlano le metsotso e 18.
b. Tsebiso ya hore polante e Uitenhage ya Volkswagen Group South Africa's (VWSA) ho la Kapa Botjhabela e ananetswe e le polante e ka sehloohong ya tlhahiso lefatsheng ho marangrang a tlhahiso a VW ka 2015. VWSA e fihlelletse lenaneo le phahameng ka ho fetisisa la sephetho sa 113.2% hara dipolante tse 13 lefatsheng ho pota.
c. Batimamollo ba 301 ba Aforika Borwa ba tswang ho Lenaneo la ho tima mollo la Lefapha la Merero ya Tikoloho la Working on Fire, ba ileng Canada, ho ya thusa balaodi ba moo ka ho lwantsa mollo wa hlaha o sa leng o tuka ntle le ho laoleha bakeng sa kgwedi. Kabinete e ba lakaletsa tse molemo le ho kgutla ba bolokehile.  
d. Ho abelwa ha The Order of Merit ho Letona Derek Hanekom, e leng tlhompho e kgolo ka ho fetisisa eo Jeremane e e bontshang ho batho bakeng sa diphihlello tsa bona ho tsa sepolotiki, tsa moruo, tsa kahisano le tsa dithuto. Sena se ajwa bakeng sa ho ananela nyehelo ya Letona Hanekom ho tshebedisano-mmoho pakeng tsa Jeremane le Aforika Borwa nakong ya tshebetso ya hae jwaloka Letona la Saense le Thekenoloji.  
e. Kabinete e lakaletsa bohle ba tumelo ya Mamoseleme Ramadan e halalelang.

5.2. Re fetisetsa matshediso a rona ho ba latelang:

a. Batho ba Saharawi ka ho hlokahala ha Moporesidente Mohamed Abdelaziz.
b. Lelapa la Browde ka ho hlokahala ha Moatefokate Jules Browde SC ya ileng a emela dikete tsa batho ba ileng ba tobana le ho ntshuwa ka matlong a bona tlasa Molao wa Dibaka tsa Dihlopha nakong eo kgatello ya dipolotiki e neng e phahame nakong ya mmuso wa bohanyapetsi. Moatefokate Browde o ile a emela balwanedi ba neng ba le kgahlanong le mmuso wa kgethollo ba mmalwa, ho kenyeletswa le Baporesidente ba mehleng ba African National Congress Nelson Mandela le Oliver Tambo. Hape e ne e le setho sa mantlha sa Boramolao ba Ditokelo tsa Batho.
c. Lelapa, metswalle le badumedi ka ho hlokahala ha Moruti Ngaka Simon Gqubule. E ne e le e mong wa baetapele ba bodumedi ya ka sehloohong ka hara naha, dirutehi le diqhoku tsa ntwa ya tokoloho. Ngaka Gqubule o ile a abelwa Kgau ya  Luthuli ya Silivera ka la 28 Mmesa 2016 ke Moporesidente, e le kananelo ya nyehelo ya hae ntweng ya tokoloho le lekaleng la thuto le bodumedi.
d. Lelapa le metswalle ya sebapadi sa mokaubere sa thelevishene le motsamaisi Nyembezi Kunene, ya hlokahetseng kamora ho kula ha nako e telele. Kunene o ne a na le mosebetsi o kganyang le ho nyehela haholo bakeng sa ho hodisa indaseteri ya lehae ya difilimi.
e. Lelapa le metswalle ya mokwetlisi wa mehleng wa Bafana Bafana, Ted Dumitru, ya bileng le mosebetsi o hlwahlwa ha a ne a kwetlisa Kaizer Chiefs, Mamelodi Sundowns le Orlando Pirates. Hape o ile a kwetlisa Bafana Bafana ho Mohope wa Dinaha tsa Aforika wa 2006.
f. Lelapa, metswalle le batho ba Nigeria ka ho hlokahala ha mohale wa papadi ya bolo wa Nigeria, Stephen Keshi. O hapile Mohope wa Dinaha tsa Aforika jwaloka sebapadi le mokwetlisi, mme o nyehetse bolong Aforika le lefatsheng.
g. Hape re ipapisa le badudi ba lefatshe ka ho isa tlhompho ho mampodi wa ditebele wa mehleng le qhoku ya dipapadi tsa matjhaba Muhammad Ali. Ali e ne e le mohlala ho batho ba bangata lefatsheng ho pota mme o sebedisitse maemo a hae ho etella pele ntwa bakeng sa ditokelo tsa badudi, toka le tekatekano.

6. Dithonyo

Dithonyo kaofela di ho ya ka tiisetso ya mangolo a thuto le tumello e amehang.

6.1. Letlole la Naha la Matlafatso:
Mofumahadi Philisiwe Mthethwa o thontswe hape jwaloka CEO.

6.2. Lekala la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane:
Mofumahadi Nondumiso Mandisa Tshikwatamba jwaloka CEO.

6.3. Lekala la Aforika Borwa la Polokeho ya Setjhaba:
Monghadi Thokozani William Magwaza jwaloka CEO.

6.4. Lefapha la Temo, Meru le Ditlhapi:
Monghadi Michael Mlengana jwaloka Motsamaisi-Kakaretso.

Dipotso:
Mofumahadi Nebo Legoabe (Molaodikakaretso o a Tshwereng Mokobobo ya GCIS)
Mohala: 082 453 2874

Share this page

Similar categories to explore