Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 24 Motsheanong 2017

Kabinete e kopane ka Laboraro, la 24 Motsheanong 2017, Tuynhuys, Motse Kapa.

1. Dintlha Tsa Hajwale

1.1. Kabinete e tshwenyehile ka diketsahalo tse ntseng di phahama tsa tlhekefetso le merusu kgahlanong le basadi ka hara setjhaba sa bo rona. Diketsahalo tsa haufinyana tjena tsa merusu ya balekane ba ratanang di bonahetse ha basadi ba sebete ba ema ka maoto ho bua kgahlanong le kgatikelo ya ditokelo tsa bona.

1.2. Kabinete e ananela hore jwaloka naha re ntse re tswela pele ho ba le setjhaba se laolwang ke banna mme ke kahoo ho nang le boipiletso ba hore ho sebetswe ho feta bakeng sa ho lwantsha koduwa ya dipolao tsa basadi le kgwebisano ka batho.

1.3. Kabinete e ipiletsa ho makala kaofela a setjhaba ho ipopa bakeng sa ho lwantsha koduwa ena, ho hanyetsana le mokgwa ofe kapa ofe wa merusu e etswang kgahlanong le basadi le bana, le ho sebetsa le sepolesa le tsamaiso ya toka bakeng sa ho tshwara baetsi ba diketso tsena.

1.4. Moporesidente Jacob Zuma o entse boipiletso ba hore ho emiswe ka tlhekefetso ya basadi le bana e ntseng e tswela pele. Kabinete e laetse Sehlopha sa Tshireletso ya Kahisano, sa Ntshetsopele ya Badudi le Setjhaba ho tla ka lenaneo la tshebetso le tla kgannela naha ntweng ya ho emisa ka tlhekefetso ya basadi le bana.

1.5. Kabinete e amohela sephetho sa Aforika Borwa sa Tekolo ya Maemo a Setjhaba ka Kakaretso le a Bophelo bo Botle ya 2016 e entsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa (Stats SA), e methang maemo a bophelo bo botle ba maAforika Borwa, le phihlello le boleng ba mananeo a bophelo bo botle. Tekolo ena hara tse ding e tlaleha hore ho na le phokotseho ya 20% ya ho shwa ha masea le phokotseho ya 11% palong ya basadi le banna ba tsubang.
Sephetho sena se bontsha hore maitshunyako a maano a behilweng ke tsamaiso ya Moporesidente Zuma a beha ditholwana tse ntle.

Kabinete, le ha ho le jwalo, e tshwenyehile ka palo ya maAforika Borwa e ntseng e tswela pele ho kena thobalanong e sa tshireletsehang le balekane ba bangata. Se ka etsang 32% le 42% ya basadi le banna ka tatelano se bontshitse hore ha ba e so ka ba kenela diteko tsa HIV leha mmuso o entse mekutu ya ho hlahisa temoso ka ho kenela diteko tsa HIV.

Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa kaofela ho nka boikarabelo bakeng sa bophelo ba bona bo botle le boitekanelo, ho kena thobalanong e tshireletsehileng le ho dula ba kenela diteko tsa HIV le mafu kaofela a tshwaetsanang le a sa tshwaetsaneng.

1.6. Kabinete e ipiletsa ho batswadi le bahlokomedi ho netefatsa hore bana ba bona ba thola diente kgahlanong le mafu a bana. Kabinete e dula e itlamme mabapi le ho etsa bonnete ba hore bana ba sireletsehile bakeng sa ho fedisa mahloko a tshwaetsanang a behang bophelo ba bana kotsing. Kabinete e tiisetsa batswadi le bahlokomedi hore meriana e fanwang ke Lefapha la Bophelo bo Botle e bolokehile.

1.7. Kabinete e amohetse mokgahlelo wa pele o tsoseleditsweng wa Setsi sa Diindaseteri sa Vulindlela Heights Mthatha ho la Kapa Botjhabela. Sena ke karolo ya Lenaneo la Tsoseletso ya Diphaka tsa Diindaseteri. Ke ya bobedi ya mofuta wa yona ho la Kapa Botjhabela le ho ba ya botshelela ya diphaka tse ntseng di tsoseletswa ho phatlalla le naha.

Mmuso o tsoseletsa diphaka tsa diindaseteri ho matlafatsa tlhahiso ya mesebetsi le ho netefatsa kgolo e kenyeletsang. Ho suthisa mesebetsi ya moruo ho tloha ditsing tsa metse ya ditoropo hape ke karolo ya mekutu ya mmuso ya ho tlisa diphethoho moruong.

Tlhahisoleseding e mabapi le kamoo o ka nkang monyetla wa menyetla e teng diphakeng tsa rona tsa diindaseteri, ho fihlella tshehetso ya mmuso le mananeo a ditsiane, le menyetla ya matsete makaleng a fapafapaneng e a fumaneha ho www.thedti.gov.za kapa ka Setsi sa Mehala sa Lefapha Dikgwebo le Diindaseteri (dti) ho 0861 843 384.

1.8. Kabinete e lemohile ka maswabi qeto ya General Motors South Africa (GMSA) (Pty) Ltd ya ho fedisa tlhahiso le thekiso ya makoloi a Chevrolet ka hara naha.
Sena se fupere ditlamorao tse bohloko bakeng sa ba tla lahlehelwa ke mesebetsi ya bona le bakeng sa moruo wa rona.

Mmuso o dula o itlamme bakeng sa ho tshehetsa lekala la naha la tlhahiso ya makoloi, e leng le hlokolosi bakeng sa moruo le tlhahiso ya mesebetsi.

Ba dti ba tswela pele ho sebetsa le bankakarolo kaofela ho bebofatsa sekgahla sa sena. Bakeng sa ho eketsa tlhahiso, tlhahiso ya mesebetsi le matlafatso ya dihlahiswa tse rekiswang ka ntle, haufinyana tjena re thakgotse mokgahlelo wa borobong wa Moralo wa Leano la Tshebetso la Diindaseteri (IPAP) bakeng sa ho tataisa mesebetsi ya rona. Kabinete e ananela hore Isuzu, eo esale e le selekaneng le GMSA ka dilemo tse ngata ka hara Aforika Borwa, e tla nka ditshebetso tsa GMSA.

1.9. Kabinete e lemohile ho mpefala ha maemo a komello ka hara Kapa Bophirima le Kapa Botjhabela. Kabinete e ipiletsa ho badudi ho tshehetsa dithibelo tsa tshebediso ya metsi tse tsebahaditsweng ke diporofense.

Moifo o bopilweng ka bahlanka ho tswa ho Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, Komiti ya Naha ya Taolo ya Dikoduwa o sebetsa mmoho le diporofense le mmuso wa lehae, esale o phathahane mabapi le ho netefatsa hore ditharollo tsa nako e kgutshwanyane ho isa ho tsa nako e bohareng di a akofiswa bakeng sa ho tiisetsa polokeho ya metsi ya porofense bakeng sa nako e telele.
Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho kenyeletswa basebedisi ba malapeng, dikgwebo, lekala la merafo, makala a eneji le a temo ho sebetsa mmoho le ho sebedisa metsi ka polokeho.

1.10. Kabinete e amohetse tokomane ya dipuisano e lokolotsweng ya Lewa Kgahlanong le Bobodu, e tla matlafatsa Lewa la Naha le Kgahlanong le Bobodu. Kabinete e mema setjhaba ho etsa diphehiso tse ngotsweng ka websaete ya Lefapha la Meralo, Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso: www.dpme.gov.za.

Ntwa kgahlanong le bobodu e dula e le e nngwe ya dintlha tse ka sehlohlolong tsa mmuso. Bobodu le ho nyehla ha seriti ho ka bobedi makala a mmuso le a poraefete di na le kgahlamelo e kotsi hodima ntshetsopele ya naha ya bo rona.

1.11. Kabinete e hlahisitse ngongoreho ka tlhaselo ya lefatshe ka marangrang a dikgokahano ya haufinyana tjena, e tlalehilweng e le tlhaselo e kgolo ka ho fetisisa ho fihlela hajwale.
Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa kaofela ho nka mehato ya tlhokomelo ha ba sebedisa mekgwa ya dikgokahanyo ya elektroniki le ho etsa ditumellano.

Ho sebedisa disebediswa tsa antivaerase ya khomphyutha kgafetsa tse tla hlahloba tikoloho e sa lokang inthaneteng le tsona di a kgothaletswa.

1.12. Kabinete e ngongorehile ka tse ntseng di etsahala haufinyana tjena Eskom. Kabinete e ananela hore taba ya ho hirwa hape ha Monghadi Brian Molefe jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Eskom e makgotleng a dinyewe le ka hara Palamente, mme ka hona e tla hlompha ditsamaiso tsena.

Moporesidente, le ha ho le jwalo, o thehile Komiti e Kopanetsweng ya Matona (IMC) e bopilweng ka Letona la Dikgwebo tsa Mmuso, la Eneji, la Ditjhelete le la Toka le Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa. IMC e kopuwe ho bokeletsa dintlha mabapi le ho tataisa Kabinete kamoo e tla sebetsanang le dintlha tse jwalo nakong e tlang. Moetapele ke Letona la Toka le Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa, Monghadi Michael Masutha.

2. Diqeto tsa kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Tjhata e Shebilweng Botjha ya Matlafatso e Pharaletseng ya Batho ba Batsho Moruong bakeng sa Indaseteri ya Aforika Borwa ya Merafo le Diminerale ka selemo sa 2017.
Letona la Mehlodi ya Diminerale Mosebenzi Zwane o tla fana ka tsebiso hang feela ha tjhata e se e kentswe koranteng ya mmuso.

2.2. Kabinete e amohetse Moralo wa Naha wa Maqhubu a Radio wa selemo sa 2017 o tjhaelletsweng monwana ke Lefapha la Meralo ya Motheo ya Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso. Ho ajwa ha maqhubu ke Pitso ya Lefatshe ya Dikgokahanyo tsa Radio ho na le kgahlamelo ya bohlokwa kgolong ya moruo wa Aforika Borwa.

Moralo wa Naha wa Maqhubu a Radio wa selemo sa 2017 ke mohlodi o pharaletseng wa kabo ya ho phatlalla ha maqhubu a radio bakeng sa ditshebeletso tse fapaneng tsa dikgokahanyo tsa radio. Moralo o shebilweng botjha wa Naha wa Maqhubu a Radio wa selemo sa 2017 o netefatsa hore Aforika Borwa e matahantswe le Melawana ya Matjhaba ya Radio e tjhaelletsweng monwana e ileng ya amohelwa ka selemo sa 2015 ho Pitso ya Matjhaba ya Meralo ya Motheo ya Dikgokahanyo (ITU).

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana Lewa la Boipaballo ba ka hara Naha ba Metsing. Lewa lena, ka Bolaudi ba Boipaballo ba Mawatleng ba Aforika Borwa, le beha maemo le ho ntlafatsa ditsamaiso mabapi le ho dumella le ho etsa ditlhophiso tsa dilaesense bakeng sa diketswana tse sebedisang ditsela tsa rona tsa metsi tsa ka hara naha. Sena se tla netefatsa boipaballo ba dikepe tse nyenyane ditseleng tsa ka hara naha tsa metsi tsa Aforika Borwa.

2.4. Kabinete e tjhaelletse monwana Lewa la Mebila la Tsamaiso ya Dithoto. Lewa lena le rerile ho hlahisa moralo o kopanetsweng wa taolo le tshebetso, o tla kgontsha Aforika Borwa ho fihlella maemo a hlwahlwa ka ho fetisisa a matjhaba a ditshebetso tsa mebila ya tsamaiso ya dithoto.

Dikgothaletso leweng lena di tla matlafatsa bohlwahlwa ba qobello, ho hodisa boipaballo mebileng, ho matlafatsa tshireletso ya meralo ya motheo, ho fokotsa dikgahlamelo tsa tikoloho, le ho bopa moralo o kopanetsweng wa phehisano e laolwang ho ya ka boleng boo ka hara lekala la tsamaiso ya dithoto le ka tswelang pele ho sebeletsa ditlhoko tsa moruo wa Aforika Borwa.

2.5. Kabinete e tjhaelletse monwana meralo ya Khamphani ya Mente ya Aforika Borwa bakeng sa dikhoine tsa sehopotso le tse tla sebediswa tsa dilemo tsa 2017 le 2018.

Ka tshebedisano le Kabinete, ho hlahisitswe letoto le letjha le emelang botjhaba, tokoloho le demokerasi tlasa mookotaba: “Re keteka Aforika Borwa”. Tswalo ya Molwanedi wa Tokoloho ya dilemo di lekgolo Oliver Reginald Tambo e kgethilwe e le sehlooho sa pele se tla bontshwa.

Ho hlahiswa ha R50 (1aonse, silifera ya seteling) e ntjha ya khoene, R500 (1aonse, 24 dikharata tsa gauta) ya khoene le R50 (metale wa motheo) ya khoene ho keteka sehopotso sa dilemo tse 100 tsa letsatsi la tswalo la OR Tambo.

2.5.1. Meralo ya letoto la dikhoene tse latelang tsa dilemo tsa 2017 le 2018 tsa sehopotso di hlahisitswe:

a. Letoto la dikhoene la selemo sa 2017: Mokete wa Dilemo tse Lekgolo tsa Oliver Reginald Tambo;
b. Dikhoene tse tla sebediswa naheng tsa selemo sa 2017: khoene ya R5 e bontshang Tlotlo ya Metswalle ya OR Tambo;
c. Letoto la dikhoene la selemo sa 2017 la Protea: Bophelo ba Mohale – Nelson Mandela;
d. Letoto la dikhoene tsa 2017 tsa R1: Dihahabi tsa Aforika Borwa – Marabe;
e. Letoto la dikhoene tsa selemo sa 2018 la Mokgatlo wa Thuto, Saense le Botjhaba wa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UNESCO) la Motho le Sebaka sa Bophelo: Resefe ya Sebaka sa Bophelo ya Waterberg;
f. Letoto la dikhoene la selemo sa 2018: Mokgatlo wa Naha wa Sebopeho sa Naha ‘Boikitlaetso ba Dikatse tse Kgolo’ – Tau;
g. Dikhoene tsa selemo sa 2018: FIFA World Cup RussiaTM.

3. Diketsahalo tse tlang

3.1. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela ho tshehetsa Beke ya Tshireletso ya Bana ho tloha ka la 28 Motsheanong ho isa ka la 4 Phuptjane tlasa mookotaba: “Bohle ha re tshireletseng bana bakeng sa ho ntshetsa Aforika Borwa pele”. Tshireletso ya bana ba rona ke mosebetsi le boikarabelo ba maAforika Borwa kaofela; batswadi, bahlokomedi, batho ka bo mong le badudi.
Jwaloka ka setjhaba, ke mosebetsi wa rona ho etsa ho hongata ho netefatsa hore ba tsietsing ka ho fetisisa ka hara setjhaba sa rona ha ba hlekefetswe. Ho diatleng tsa rona ho kgina motsamao wa ho nyahlatsa, ho hlekefetsa, merusu le ho ja bana tsuo.
Kabinete e kgothaletsa makala oohle a setjhaba ho sebetsa mmoho bakeng sa ho bopa metse e bolokehileng le ho itekanela hore bana ba rona e tle e be batho setjhabeng.

3.2. Nakong ya mokete wa dilemo tse lekgolo tsa OR Tambo, Aforika Borwa e tla tshwaya Kgwedi ya Batjha ka Phuptjane 2017 tlasa mookotaba: “Selemo sa OR Tambo: Re ntshetsapele Bonkakarolo ba Batjha Moruong.”
Kgweding eo kaofela mmuso o tla kenela diketsahalo tse mmalwa ho kenyeletswa dipontsho tsa batjha, dipuisano le dibaka tsa baetapele ba dikgwebo ba batjha ho pepesa menyetla e teng bakeng sa batjha, le ho ba hlohlelletsa ho ikgapela ditlwaelo tsa thuto le boetapele tsa OR Tambo.
Kabinete e kgothaletsa batjha bohle ho fihlella mananeo a fapafapaneng a tshehetso le thuto ao mmuso o a hlahisitseng bakeng sa ho ntlafatsa menyetla le ho ntshetsapele bonkakarolo ba bona moruong.

3.3. Kabinete e ipiletsa ho bahiri ho nka karolo kgoeletsong ya tloho le ngwana wa ngwanana mosebetsing ka la 25 le la 26 Motsheanong. Sepheo ke ho hlahisetsa banana ba etsang Kereiti 10 ho ya ho 12 makala a fapaneng a thuto.

3.4. Moporesidente Zuma ka Labone, la 25 Motsheanong 2017, o tla tshwara mokete wa naha wa selemo sa 2017 wa Letsatsi la Aforika Ntlong ya Baeti ba Boporesidente ya Sefako Makgatho Pretoria. Sena ke phethelo ya diketsahalo le mananeo a tshwayang Kgwedi ya Aforika tlasa mookotaba: “Selemo sa OR Tambo: Re aha Aforika e Betere le Lefatshe le Betere”. Sehopotso sa selemo ka seng sa Letsatsi la Aforika se tshwaya ho thehwa ha Mokgatlo wa Kopano ya Aforika (OAU) ka selemo sa 1963.
Ha re phethela Kgwedi ya Aforika, Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela le maAforika a bo rona a dulang ka hara Aforika Borwa le dibakeng tse ding ka hara kontinente ho netefatsa tswelopele ya lebatowa la rona le Aforika ka bophara.
Ho mahetleng a bohle ba dulang ka hara meedi ya rona, maAforika Borwa le melata ka ho tshwana ho imatahanya le melao ya naha. Mmoho re lokela ho lwantsha koduwa ya kgwebisano ka batho, dikwetelo, le tlhekefetso ya basadi le bana.

4. Melaetsa ya thoholetso

4.1. Kabinete e thoholetsa moifo wa bongaka wa Yunivesithi ya Stellenbosch le Sepetlele sa Dithuto sa Tygerberg o bopilweng ka Moporofesara Andre van der Merwe, Ngaka Alexander Zuhlke, Moporofesara Rafique Moosa, Ngaka Amir Zarrabi le Ngaka Zamira Keyser. Haufinyana tjena ba entse oporeishene ya bobedi ya ho kenya setho sa botona, hore e be setsi sa pele sa bongaka sa ho etsa mosebetsi ona habedi. Katleho ya ketsahalo ena matsohong a moifo wa oporeishene ena ke bopaki ba boitsebelo ba boemo bo hodimo le botsebi bo teng ka hara lekala la kalafo ka hara Aforika Borwa.

4.2. Kabinete e thoholeditse Phaka ya Mokgwabo ya iSimangaliso bakeng sa ho amohela Kgau ya Boqhetseke ba Tlhatlhobo ho tswa ho Setheo sa Bahlanka ba Tshebediso ya Ditjhelete sa Aforika Borwa (SAICA) ka Dikgau tsa Boqhetseke ho Lekala la Mmuso pejana kgweding ena. Kgau ena ke kananelo ya Phaka ya ho fumana bohlahlobi ba ditjhelete bo hlokang sekodi bakeng sa dilemo tse hlano ka tatelano. iSimangaliso e ile ya tsebahatswa e le Setsha sa pele sa Lefatshe sa Botjhaba ka Tshitwe 1999.

4.3. Kabinete e thoholetsa lenaneo la Working on Fire mabapi le ho amohela polaka ho tswa ho Mmuso wa Alberta Canada e le sehopotso sa thuso e fannweng ke lenaneo lena mabapi le ho laola mello ya hlaha ka hara Porofense ya bona ka selemo sa 2016. Working on Fire ke Lenaneo la Katoloso ya Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP) le reretsweng bakeng sa ho fana ka menyetla ya mosebetsi ho banna le basadi ba batjha.

5. Melaetsa ya matshediso

5.1. Kabinete e ipapisa le Moporesidente Zuma le badudi ba matjhaba ka ho tshwela ka mathe ka matla tlhaselo ya boferekanyi Sebakeng sa Boithabiso sa Manchester ho la Manchester Engelane, e bakileng mafu a madimabe le ditemalo tsa bana ba bangata le batjha.

Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho mmuso le batho ba United Kingdom, ka ho qolleha malapa le baratuwa ba ba hlokahetseng, le ho lakaletsa ba lemetseng ho fola kapele. Diketsahalo tsa merusu le bojelathoko ha di na sebaka ka hara setjhaba le ho fupara tshoso bakeng sa kgotso, polokeho le ntshetsopele.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore