Etsa kopo ya thuso ya ditjhelete ho tswa ho NSFAS

Na o hloka thuso ya ditjhelete ho ithuta setsing sa thuto e phahameng? Etsa kopo ya thuso ya dibasari tsa Sekema sa Naha sa Thuso ya Ditjhelete ho Baithuti (NSFAS).

NSFAS ke morero wa dihlapiso o fuwang tjhelete ke Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupelo bakeng sa ba senang tjhelete ho lefella dithuto tsa bona mme ba sa kgone ho fihlella tjhelete ya banka, dikadimo tsa thuto kapa dibasari.

Etsa kopo inthaneteng. Dikopo di butswe bakeng sa nako e itseng feela mafelong a selemo ka seng. Ha o hloka thuso, letsetsa nomoro e sa lefellweng ya 08000 67327 kapa o etele ofisi ya NYDA e haufinyane.

Hlokomela:

Nakong e fetileng tshehetso ya ditjhelete ya NSFAS e ne e fanwa e le kadimo e hlokang ho lefshwa ha o fumana mosebetsi kamora ho qeta dithuto tsa hao. Haeba o pasitse dithuto tsa hao kaofela, 40% ya tjhelete ya NSFAS bakeng sa selemo seo/kotara eo e ne e fetolwa ho ba basari. Sena se bolela hore o tlameha ho lefa 60% feela ya sekoloto ha o qala ho sebetsa.

Ha o batla ho tseba haholwanyane iteanye le: Sekema sa Naha sa Thuso ya Ditjhelete ho Baithuti.

 

Share this page