Ho Amohelwa Lehaeng La Ba Tsofetseng

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ho ngodisa jwalo ka mohlokomedi ya theilweng setjhabeng

Haeba o metsofe ya hlokang tlhokomelo ya dihora tse 24 ya batlang ho dula sebakeng sa bodulo sa metsofe, o ka etsa kopo kantorong e haufi ya basebeletsi ba setjhaba kapa sebakeng sa bodulo sa metsofe.

Ho fihlella ditlhoko tsa kamohelo, o tlameha ho:

  • hloka tlhokomelo ya ka nako tsohle
  • ba le dilemo tse 60 kapa tse kahodimo ho 60 mme o be mohloki
  • ba moAforika Borwa
  • amohela tjhelete ya botsofe kapa ya penshene.

Ela hloko: Ha ho motho ya ka o amohelang sebakeng sa bodulo ntle le tumello ya hao, kantle le haeba tlaleho ya bongaka e paka hore kelello ya hao ha e tshware hantle bakeng sa hore o ka fana ka tumello, ho bile ho ntshitswe taelo ya lekgotla. Maemong a tshohanyetso, tlaleho ya bongaka e ntshitsweng ke ngaka e ngodisitsweng e lekane ha ho ntse ho emetswe ho ntshuwa ha taelo ya lekgotla.

O lokela ho etsang

  1. Haeba ho se sebaka sa bodulo seo o se tsebang, leba kantorong e haufi ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ho fumana sebaka sa bodulo se haufi.
  2. Tlatsa o be o busetse diforomo tsa kopo sebakeng sa bodulo.
  3. Kenya tse latelang:
    • tokomane ya boitsebiso ya Aforika Borwa
    • tlaleho ya tsa bongaka.
  4. O tla feta tekong ya tekodisiso ho bona hore na o fihlella ditlhoko tsa kamohelo le tshehetso ya ditjhelete.
  5. Haeba o tsofetse haholo kapa o kula haholo bakeng sa ho ka tsamaya ho ya kantorong ho ya etsa kopo, kopa wa leloko kapa motswalle ho etsa kopo lebitsong la hao.
  6. Mosebeletsi wa setjhaba o tla hlophisa ketelo ya lapeng ho tla sekaseka maemo a hao a jwale.
  7. Haeba kopo ya hao e sa amohelwa, o tlameha ho fuwa lebaka ka lengolo mme o ka etsa maipiletso ho Letona la Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.

Ela hloko: Kamohelo sebakeng sa bodulo sa batho ba tsofetseng e itshetlehile botenng ba dibethe tsa ho robala.

Nako ya tshebetso

Kopo ya hao e tla sebetswa matsatsing a 14. Matsatsing a 30 a ho etsa kopo ha hao, o tla fumana karabo.

Ditjeo ke bokae

Ditjeo di ka nna tsa fapana.

Diforomo tse tlatswang

Diforomo tsohle di a fumaneha sebakeng sa bodulo ba metsofe se haufi.

Dintlha tsa ho iteanya

Lenane la boiteanyo la diofisi tsa provense tsa Lefapha la Ntshetsopele ya Phedisano

Share this page