Ho ingodisa jwalo ka molekodisi

Balekodisi kaofela ba porofeshinale, ba Thekenoloji, ba Thekenishiene le ba sebetsang jwalo ka Mosebeletsi wa Tlhahisoleseding ya Saense ya Sebaka (GISc), tse nang le mangolo a thuto, di lokela ho ingodisa le Lekgotla la Aforika Borwa la Balekodisi ba Porofeshinale le tsa Thekenikhale (PLATO). Balekodisi ba Porofeshine, ho tsa Thekenoloji le ho tsa Theknishiene ba ntseng ba le boikwetlisong le bona ba ka ingodisa le PLATO.

O ka ingodisa jwalo ka:

  • Boprofeshenale ba Balekodisi ho tsa Lefatshe
  • Baprofeshenale ba Balekodisi ho tsa Boenjenere
  • Baprofeshenale ba Balekodisi ho tsa Merafo
  • Baprofeshenale ba Balekodisi ka ho Sebedisa Ditshwantsho
  • Boprofeshenale ba Balekodisi ho tsa Mosebeletsi wa GISc
  • Baprofeshenale ba Balekodisi ka ho Sebedisa Ditjhate

Hoba Molekodisi a ngodisitsweng le PLATO o lokela ho pasa dihlahlobo tse itseng tse ikgethileng, o lefe ditefello tsa lekgotla mme o etse mesebetsi e itseng eo o tla e nehwang.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le tsela ya boingodiso, diforomo tsa kopo le ditefello ho websaeteng ya PLATO kapa iteanye le Lekgotla ho mohala wa 011 - 626 1040 kapa ho imeili ya office@plato.org.za.

 

Share this page