Ho etsa kopo ya lengolo la sethunya

Ha o batla ho ba le sethunya, o tlamehile ho rupellwa ke sebaka se dumelletsweng me o fumane lengolo la bokgoni.

Ha o se o fumane lengolo la bokgoni, o ka etsa kopo ya lengolo la sethunya lekaleng la sepolesa le haufi le wena. O hloka lengolo la sethunya bakeng sa sethunya se seng le se seng seo o nang le sona.

Lenane la dibaka tse dumelletsweng tsa thupello le laolwa wepsaeteng ya Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS).

Ntjhafatsa lengolo la hao la sethunya

O tlameha ho ntjhafatsa lengolo la hao la sethunya bonyane matsatsing a 90 pele le fela. Ho sebetsa ha lengolo la sethunya ho pakeng tsa dilemo tse pedi le tse 10 ho ya ka mofuta wa lengolo la sethunya.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le ho etsa kopo ya lengolo le letjha la sethunya kapa o ikopanye le Setsha sa Naha sa Mehala e Mabapi le Dithunya sa SAPS (012 353 6111/cfrenquiry@saps.gov.za).

 

Share this page