Ho etsa kopo ya setsha le laesense ya ho rekisa

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

 

 

Tlhaloso

O ka etsa kopo ya setsha le laesense ya ho rekisa ho Lefapha la Diminerale le Eneji haebe o batla ho reka kapa ho rekisetsa setjhaba Dihlahiswa tsa Peteroliamo setsheng se nang le laesense.

Ela Hloko: Morekisi o dumeletswe ho reka Dihlahiswa tsa Peteroliamo ho mohlahisi kapa morekisi ya rekisang ka bongata ya nang le laesense.

Laesense ya hao e tla sebetsa ha fela kgwebo ya hao e ntseng e le teng. 

Mehato e latelwang

  • Tlatsa:
    • Foromo ena Application for site or rental licence: DME 398 le
    • Retail licence annual information (submission form) DME 395 tse fumanwang Lefapheng la Diminerale le Eneji.
  • Romela diforomo tse tlatsitsweng hoLefapha la Diminerale le Eneji.

Maemo a tshebeletso

Molaodi o tlamehile ho etsa qeto nakong ya matsatsi a 90.

  • Ho hlokomelwe hore:
    • haebe motho o entse kopo ya laesense e le hore setsi sa ho hlahisa se se ntse se tswela pele kapa se le boemong ba ho ntshetswa pele, nako ya tshebetso e tla qala mohla kopo ya hae e neng e amohelwa 
    • haebe motho o entse kopo ya laesense nakong eo setsi sa ho hlahisa se sa sebetseng ka nako eo Molao wa Tlatsetso wa Dihlahiswa tsa Peteroliamo wa, No 58 2003, o neng o kengwa tshebetsong nakong ya matsatsi a 90 ho tloha mohla ho fumanwang setlankana sa bopaki ba phatlalatso ya tsebiso
    • dikgweding tsa pele tse tsheletseng kamora ho ba melawana ena e qale ho sebetsa, nako eo ke matsatsi a 250.

Ditjeo

R500 ke tefo ya ditsebiso tsa laesense ya selemo.

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

 

Share this page