Kopo ya ho tlisa diphoofolo le dihlahiswa tsa diphoofolo

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho etsa kopo ya ho  reka diphoofolo le dihlahiswa tsa diphoofolo 

Haeba o batla ho reka diphoofolo tse phelang, dihlahiswa tsa diphoofolo, dintho tse tshwaetsang kantle ho naha mme o di tlise Riphaboliking ya Aforika Borwa, molao o o tlama hore o etse kopo mme o fuwe phemiti ya ho reka diphoofolo kantle ho naha ho tswa ho Motsamaisi wa Bophelo ba Diphoofolo. O tlameha ho fumana phemiti ena pele phoofolo kapa sehlahiswa se kenngwa sekepeng ho tloha naheng e rekisetsang kantle.

Haeba o reka kantle ho naha diphoofolo tse phelang tsa polasing tse jwaloka dikgomo, dinku, dipodi, dipere, dikolobe, dimpshe, dikgoho (e seng dikatse le dintja) kapa disebediswa tsa jenethiki tsa diphoofolo tsena, o tlameha ho fumana tumello ho Mongodisi wa Ntlafatso ya Diphoofolo pele ho ka fanwa ka phemiti ya ho reka diphoofolo kantle. Bakeng sa ditlhakisetso mabapi le ditumello tsa ntlafatso ya diphoofolo o kotjwa ho letsetsa 012 319 7434 kapa 012 319 7424.

Ho na le melao ya ho reka kantle e behetsweng diphoofolo le dihlahiswa tsa diphoofolo. Ditlhoko tsa bophelo di fetoha kgafetsa, o kotjwa ho iteanya le Yuniti ya Molao wa ho Reka le ho Rekisetsa kantle ya Botsamaisi ba Bophelo ba Diphoofolo Fekeseng ya 012 329 6892 ho fumana ditlhoko tsa moraorao. Ho ka nna ha eba le molao o mong o behetsweng dihlahiswa tse itseng mme o tlameha ho netefatsa hore o kgotsofatsa ditlhoko kaofela tsa molao.

O lokela ho etsang

  1. Tlatsa foromo e latelang ya kopo:
    1. Kopo ya ho reka diphoofolo kapa dihlahiswa tsa diphoofolo kantle ho naha mme o di tlise RSA (e itshetlehile kgethollong ya tse ka bang le tshwaetso e mpe ‘quarantine’).    
    2. Kopo ya ho reka diphoofolo kapa dihlahiswa tsa diphoofolo kantle ho naha mme o di tlise RSA (e itshetlehile ho taolo e ntshetswang pele).    
    3. Kopo ya ho reka diphoofolo kapa dihlahiswa tsa diphoofolo kantle ho naha mme o di tlise RSA (ha e a itshetleha  kgethollong ya tse ka bang le tshwaetso e mpe ‘quarantine’). 
  2. Iteanye le Botsamaisi ba Bophelo ba Diphoofolo haeba o se na bonnete ba hore o tlatsa foromo efe
  3. O tlameha ho lefella phemiti ho reka diphoofolo kantle (E boeleditsweng selemo le selemo le ho phatlalatswa Lesedinyaneng la Mmuso)
    Kenya tjhelete ya phemiti akhaonteng ya banka ya Lefapha:
    Lebitso la banka: Standard Bank ya Aforika Borwa
    Lebitso la monga akhaonte: National Department of Agriculture
    Nomoro ya Akhaonte: 011219556 International Band
    Lekala: 010845
    IB brand 0001982 Khoutu ya Senthara
    Khoutu ya Swift: SBZA-ZAJJ
    Lebitso la lekala: Arcadia
    Romela foromo e tlatsitsweng le bopaki ba tefo ho:
    Motsamaisi: Bophelo ba Diphoofolo
    Yuniti ya Molao wa ho Reka le ho Rekisetsa kantle ho naha
    Poso ya Poraevete ya X138
    Pretoria
    0001
    Aforika Borwa
    kapa Fekesetsa ho 012 329 8292.
  4. O kotjwa ho bolela foromong ya kopo hore na phemiti e tla latwa kapa e romelwe ho wena.
  5. Moo diphoofolo tse ka bang le tshwaetso di tlamehang ho kgethollelwa thoko, o tlameha ho iteanya le Ngaka ya diphoofolo ya Mmuso boemakepeng:
    1. Johannesburg Mohala: 011 973 2827 kapa Fekese: 011 973 2828
    2. Cape Town Mohala: 021 551 2050 kapa Fekese: 021 551 1378
    3. Ha jwale seteishene sa kgethollo ya tse ka bang le tshwaetso e mpe se Durban ha se sebetse, empa tsebiso e ka fumanwa kantorong eo Mohaleng wa: 031 368 6011 kapa Fekese: 031 337 7469.
  6. Ngaka ya diphoofolo ya Mmuso e tla etsa ditlhophiso tsa ho boloka bodulo Seteisheneng sa kgethollo ya tse ka bang le tshwaetso e mpe mme e tlameha ho tlatsa karolo e amehang ya foromo ya kopo. Ebe ngaka ya diphoofolo e tla fekesetsa ena kantorong ya phemiti.
  7. Tlatsa Kano ya Tshireletso ‘Indemnity Declaration’ (mabapi le diphoofolo tse rekwang kantle kapa dinonyana tse kgethollwang tse ka bang le tshwaetso e mpe) mme o hlomathise tshireletso e tlatsitsweng foromong ya kopo. O ka fumana foromo ya Kano ya Tshireletso Kantorong ya Diphemiti ya Botsamaisi ba Bophelo ba Diphoofolo.
  8. Kamora ho amohela foromo e tlatsitsweng ya kopo le bopaki ba tefo, thempoleiti ya Phemiti ya Ho reka kantle ya Bongaka ba diphoofolo le Setefekeiti sa Bophelo ba Bongaka ba diphoofolo e tla ntshwa mme e romelwe ho wena ka ho toba.
  9. Setefekeiti sa Bophelo ba Diphoofolo se hloka ho tlatswa ka Sekgowa ke ngaka ya diphoofolo e dumelletsweng ke Bolaodi ba Bongaka ba diphoofolo ba naha e rekisetsang kantle nakong ya matsatsi a 10 a ho tloha ha phahlo.
  10. Ebang o hloka tsebiso efe kapa efe ka ditlhoko tsa nnete tsa phoofolo kapa sehlahiswa se itseng, o ka fumana dikhopi tsa sampole tsa Phemiti ya Ho reka Diphoofolo kantle ho naha le Setefekeiti sa Bophelo ba Diphoofolo ho Ofisiri ya Diphemiti.
  11. O tlameha ho hlahisetsa Ofisiri ya Taolo ya Ho reka Diphoofolo kantle ho naha boemakepeng tse latelang:
    1. Phemiti ya Sethato ya Ho reka Diphoofolo kantle.
    2. Setefekeiti sa Sethato sa Bophelo ba Diphoofolo
    3. Tokomane efe kapa efe e nngwe e totobaditsweng, mohl. Kano ya Tshireletso, Setefekeiti sa Ho enta sa Rabies, Phemiti ya CITES jj.
  12. Haeba o reka matlalo a metsi kapa a ommeng le dikarolo tse itseng tsa diphoofolo, ngaka ya diphoofolo ya mmuso e sebakeng seo sebaka sa tshebeletso se leng ho sona e tlameha ho tjhaela kopo monwana.  Ngaka ya diphoofolo e amehang ya mmuso e tlameha ho saena le ho tempa foromo ya kopo le ho e fekesetsa hape kantorong ya phemiti ya Botsamaisi ba Bophelo ba Diphoofolo. Hang ha feela sena se amohetswe, kantoro ya phemiti e tla ntsha phemiti ya ho reka diphoofolo kantle.
  13. Haeba o reka kantle ho naha diphoofolo tse phelang tsa polasing tse jwaloka dikgomo, dinku, dipodi, dipere, dikolobe, dimpshe, dikgoho (e seng dikatse le dintja) kapa disebediswa tsa jenethiki tsa diphoofolo tsena, o tlameha ho fumana tumello ho Mongodisi wa Ntlafatso ya Diphoofolo pele ho ka fanwa ka phemiti ya ho reka kantle ya bongaka. Bakeng sa ditlhakisetso mabapi le ditumello tsa ntlafatso ya diphoofolo o kotjwa ho letsetsa 012 319 7434 kapa 012 319 7424.
  14. Diphemiti tsena tsa sethato ka bobedi di lokela ho hlahiswa ho Ofisiri ya Bongaka ba diphoofolo boemakepeng, hammoho le Setefekeiti sa sethato sa Bophelo ba Diphoofolo seo naha e rekisetsang ntle e faneng ka sona.

Tsebiso ya bohlokwa:

  • Tshupiso e tlameha ho ba lebitso le sefane sa moreki wa kantle.
  • O jara boikarabelo ba ditjeho tsa banka hammoho le ditjeho tsa Banka ya Matjhabeng, lefapha le ke ke la ntsha phemiti ebang tjhelete e felletseng ya ZAR 120 e sa amohelwa. (E boeletswa selemo le selemo le ho phatlalatswa Lesedinyaneng la Mmuso). 
  • Tjheke e ngotsweng e leshwang Motsamaisikakaretso: Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi e ka hlomathiswa foromong ya kopo mme ya posetswa atereseng e boletsweng ka tlase.
  • Ditefo di ka boela tsa etswa dikantorong tsa Lefapha la Temothuo, Meru le Ditlhapi tse boletsweng tlasa dintlha tsa ho iteanya le bona.
  • Moo o etsetsang motho e mong kopo, o kotjwa ho netefatsa hore o lefa lebitsong la motho kapa khamphani eo.
  • Ha ho na kopo e tla sebetswa ntle le bopaki ba tefo. Bopaki ba tjhelete e kentsweng bankeng bo tlameha ho fekesetswa ho: 012 329 8292 bo lebiswe ho: Ina Labuschagne.

Nako ya tshebetso

Hang ha ngaka ya diphoofolo ya mmuso, kantorong ya Naha e se e amohetse ho reka kantle, ho nka matsatsi a mararo ho isa ho a mahlano a mosebetsi ho sebetsa kopo le ho ntsha phemiti.

Ditjeo ke bokae

Ditefiso tsa 2023/24

Diforomo tse tlatswang

Dintlha tsa ho iteanya

 

Contact list: Import and export of animals and animal products

Share this page