Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya
Mabapi le krante ya tlhokomelo ya ngwana
Haeba o sotlehile, o ka fumana krante ho o thusa ho hodisa ngwana eo o mo hlokometseng.
O tseba jwang haeba o wa tshwaneleha?
O tlameha ho:
- Ba mohlokomedi wa ngwana wa mantlha (mohlala, motswadi, nkgono kapa ntatemoholo kapa ngwana ya dilemo tse kahodimo ho 16 eo e leng hlooho ya lelapa). Hlokomela: Haeba o se motswadi wa ngwana, o tlameha ho fana ka bopaki ba hore o mohlokomedi wa mantlha wa ngwana ka afidafiti e tswang ho mosebeletsi wa sepolesa, tlaleho ya mosebeletsi wa setjhaba, afidafiti e tswang ho motswadi wa madi wa ngwana kapa lengolo le tswang ho mosuwehlooho wa sekolo seo ngwana a kenang ho sona.
- Ba moahi wa Afrika Borwa kapa modudi wa nako yohle.
- O seke wa kgola ho feta R52 800 ka selemo haeba o sa nyala/nyalwa. Haeba o nyetse/nyetswe, lekeno la lona le kopaneng le seke la feta R105 600 ka selemo.
Ngwana o tlameha ho:
- ba ka tlase ho dilemo tse 18
- re ebe ha a hlokomelwe ka nako tsohle setsing sa mmuso
- dula le mohlokomedi wa mantlha ya sa lefellweng ho hlokomela ngwana.
Bobedi wena le ngwana le tlameha ho dula naheng ya Aforika Borwa.
Hlokomela: O ke ke wa fumana krante ena bakeng sa bana ba fetang ba tsheletseng bao eseng bana ba hao ba madi kapa ba hao ka adopshene ya molao.
O tla fumana bokae?
O tla fumana R560ka kgwedi bakeng sa ngwana ka mong. (Top-up R560 + R280)
O tla lefuwa jwang?
Lekala la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA) se tla o lefa krante ena ka e nngwe ya ditsela tse latelang:
- kontane sebakeng se itseng sa tefo ka letsatsi le kgethilweng
- dephositi ya elektroniki ho banka ya hao kapa akhaonte ya Postbank (banka e kanna ya o lefisa bakeng sa tshebeletso ena)
- setsi se sebetsang jwalo ka motsamaisi wa krante.
Hlokomela: Haeba o sa kgone ho itatela tjhelete ka bowena, o ka kgetha moemedi dikantorong tsa SASSA, kapa o fe motho e mong matla a ho o sebeletsa hore a o latele krante.
Krante ya ngwana e ka lekolwa botjha neng?
SASSA e ka nka qeto ya hore na krante ya hao e tlameha ho lekolwa botjha. Mokgolo wa hao oo o o boletseng ha o etsa kopo ya thuso e tla ba ona wa bohlokwa qetong ena. O tla tsebiswa dikgwedi tse tharo pele ho letsatsi leo ka lona tekolo botjha e tla etswa kapa letsatsi leo ka lona lengolo la bophelo (tokomane e pakang hore o ntse o phela) le hlokwang. Haeba o fumana tjhelete ya hao ka banka, setsi kapa moemedi, ho hlokwa hore o tlatse lengolo la bophelo dikantorong tsa SASSA selemo le selemo.
Krante ya ngwana e ka fanyehwa neng?
Dintho tse latelang di ka lebisa ho ho fanyehwa hwa krante ya ngwana:
- haa maemo a hao a fetoha
- sephetho sa tekolo botjha
- haeba o hana ho sebedisana mmoho ha krante ya ngwana e lekolwa botjha
- ha o ka etsa boqhekanyetsi kapa o bua dintho tse seng nnete ka ngwana
- haeba ho bile le phoso ha krante ya ngwana e amohelwa
- haeba ngwana a se a se tlhokomelong ya hao.
Krante e ka fela neng?
Krante e ka fela ha:
- ngwana a hlokahala
- ngwana a ka amohelwa setsing sa mmuso
- mohlokomedi a sa late krante bakeng sa dikgwedi tse tharo tse latellanang
- ngwana a le siko kahare ho naha
- qetellong ya kgwedi eo ngwana a tshwarang dilemo tse 18 ka yona.
Seo o lokelang ho se etsa
- Eya kantorong e haufi le moo o dulang ya Lekala la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA) mme o tle le dintho tse latelang:
- Tokomane ya hao ya boitsebiso e dinomoro tse 13 e nang le khoutu ya bara (ID) le lengolo la tlhaho la ngwana. Haeba o sena ID kapa lengolo la tlhaho la ngwana:
- tlatsa afidafiti foromong e tlwaelehileng ya SASSA botenng ba Mohlapantshi ya sa sebeletseng SASSA.
- Tloho le ditokomane tse latelang:
- polelo e hlapantshitsweng e tekenweng ke motho ya hlomphehang (jwalo ka mokhanselara, moetapele wa setso, mosebeletsi wa setjhaba, moruti wa bodumedi) ya tsebang mokopi le ngwana
- bopaki ba hore o entse kopo ya ID le/kapa lengolo la tlhaho Lefapheng la Merero ya Lehae
- ID ya nakwana e fanweng ke Lefapha la Merero ya Lehae (haeba ho hlokeha)
- lengolo la kolobetso haeba le le teng
- karete ya tleliniki haeba e le teng
- raporoto ya sekolo haeba e le teng.
- Bopaki ba tjhelete efe kapa efe ya tlhokomelo ya ngwana eo o e fumanang bakeng sa ngwana.
- Bopaki ba lekeno la hao.
- Lengolo la hao la lenyalo (haeba le hlokeha).
- Haeba o hladile, taelo ya lekgotla e reng ngwana o fuwe wena.
- Haeba e mong kapa bobedi ba batswadi ba hlokahetse kapa ba sa fumanehe, setifikeiti sa lefu kapa bopaki ba hore motswadi o nyametse, j.k. tlaleho ya motho ya nyametseng ho tswa sepoleseng.
- Tokomane ya hao ya boitsebiso e dinomoro tse 13 e nang le khoutu ya bara (ID) le lengolo la tlhaho la ngwana. Haeba o sena ID kapa lengolo la tlhaho la ngwana:
- Tlatsa foromo ya kopo botenng ba mosebeletsi wa SASSA (hlokomela hore ke wena feela jwalo ka mokopi kapa mosebeletsi wa SASSA ya ka tlatsang foromo ya kopo).
- O tla fuwa rasiti. E boloke jwalo ka bopaki ba hore o entse kopo.
Haeba kopo ya hao e sa amohelwe teng?
Haeba kopo ya hao e sa amohelwe, SASSA e tla o tsebisa ka lengolo hore na hobaneng e sa atleha.
Haeba o hanana le qeto, o ka ipiletsa ho Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba kantorong ya naha ya Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba, o hlalosa hore na hobaneng ha o hanana le qeto. O tlameha ho ipiletsa nakong ya matsatsi a 90 a ho tsebiswa hore kopo ya hao ha e ya atleha.
Ho nka nako e kae
- Ho ka nka ho fihla ho dikgwedi tse tharo ho sebetsa kopo ya hao.
- Haeba kopo ya hao e amohelwa, o tla lefuwa ho tloha ka mohla oo o entseng kopo ka ona.
Ho bitsa bokae
Tshebeletso ke mahala.
Diforomo tse lokelang ho tlatswa
Foromo ya kopo ha e fumanehe inthaneteng, empa o ka e fumana kantorong e haufi le wena ya (SASSA).
O ka iteanya le mang
SASSA Toll free: 0800 60 10 11
Email: GrantEnquiries@sassa.gov.za