Kopo ya tumello ya ho bokella lero la botona la poho

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka tsa kopo ya ho fumana tumello ya hore phoofolo e fane ka matheriale wa tswadiso

Ho bokella matheriale ya tswadiso diphoofolong, o tlameha ho qala ka ho fumana tumello ho tswa ho Mongodiso.

O tlameha ho hula madi a phoofolo eo o batlang ho e tswadisa. Romella madi a hutsweng labodatring e tsebahalang ho etsa diteko tsa DNA. Labodatri e tla o fa sethifikhate sa DNA ya phoofolo. Sethifikhate sena se a hlokahala hore mokgatlo wa tswadiso ya diphoofolo  o netefatse diperesente le ho tshwaya phoofolo.

O hloka ngaka ya diphoofolo ya mmuso ho hlahloba phoofolo.  Ikopanye le ofisiri ya dingaka tsa diphoofolo Lefapheng la Temethuo,  Meru le Botshwasi la profensi. Ngaka ya diphoofolo e tla hlahloba boleng ba lero la tswadiso la phoofolo le dipehelo tse ding tse hlokahalang. Kamora tlhahlobo, ngaka ya diphoofolo e tla tlatsa le ho tekena karolo ya “endorsement” e foromong. Kapa o ka ipatlela ngaka ya diphoofolo  ya hao.

Ha o se o rometse kopo ya hao, Mongodisi le mokgatlo wa tswadiso ya diphoofolo ba tla netefatsa dintlha tse ngaka ya diphoofolo e fanneng ka tsona le tsa diteko ho tswa labodatring. Ha ba kgotsofaditswe ke dintlha tse ka pela bona, mongodisi o tla o tsebisa hore o hlophise phoofolo bakeng sa tlhahlobo ke ngaka ya diphoofolo, hore o kgone ho fumana sethifikhate. Ha ho ena le bohole ba dikhromosone mofuteng o itseng wa phoofolo, mongodisi o tla o tsebisa hore o tlise sethifikhate sa se bontshang setshwantsho sa mefuta ya dikhromosone tse phoofolong. Ha mongodisi le mokgatlo wa tswadiso ya diphoofolo ba sa kgotsofala, ba tla o tsebisa.

Hlokomela:  ebang o batla ho tswadisa phoofolo tse mmalwa, o tlameha ho etsa kopo tse fapaeng phoofolo ka nngwe.

O lokela ho etsang

  1. Hula madi a phoofolo eo o batlang ho e tswadisa ka matheriale ya tswadiso bakeng sa ho etsa diteko tsa DNA labodatring e tsebahalang.
  2. Ikopanye le lefapha la profensi la Temothuo, Meru le Botshwasi ho fumana ngaka ya diphoofolo.
  3. Patala tjhelete e behilweng ka tjheke, ka oder ya poso, ka order ya tjhelete ho Molaodi Kakaretso: Lefapheng la Temethuo, Meru le Botshwasi. Ebang o itlisetsa foromo le tjhelete ya ho etsa kopo, o tlameha ho netefatsa hore o fumana bopaki ba tefello eo o e entseng.  Ha o patala ka ho sebedisa Akhaonto ya Teransefere ya Elektroniki, o tlameha ho e lefa akhaontong e latelang:
    Lebitso la akhaonto: Director-General: of the Department of Agriculture, Forestry and Fisheries
    Standard Bank

    Branch: Arcadia
    Branch number: 000845/010845
    Nomoro ya akhaonto:  011219556
    Referense: Lebitso la hao le sefane

  4. Hula mme o tlatse foromo e tshwanetseng ho tse ka tlase. Tlatsa foromo ho tloha karolong ya 1 ho isa ho  ya 3.
  5. Hlomathisa sethifikhate se bontshang DNA le bopaki ba tefello bakeng sa kopo ya hao.
  6. Romela ditokomane tsa ho etsa kopo ka poso ho:  Private Bag X138, Pretoria 0001 kapa ikisetso tsona ho: Delpen Building, Cnr Annie Botha Avenue and Union Street, Riviera, Pretoria.

Nako ya tshebetso

Matsatsi a 30

Ditjeo ke bokae

R620

Diforomo tse tlatswang

Dintlha tsa ho iteanya

 

Registrar: Animal Improvement

Tel.: 012 319 7424/34
Fax: 012 319 7570/7425

Physical address: Delpen Building, Cnr Annie Botha Avenue and Union Street, Riviera, Pretoria
Postal address: The Registrar of Animal Improvement, Private Bag X138, Pretoria, 0001.

 

Share this page