Tlhaloso
Mehato e latelwang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona
Tlhaloso
Motho ofe kapa ofe ya batlang ho rekisetsa bareki dihlahiswa tsa peteroliamo ho di sebedisetsa mabaka a bona a fapaneng, o tlamehile ho etsa kopo ya laesense Lefapheng la Diminerale le Eneji.
Laesense e o dumella ho reka le ho rekisa dihlahiswa tsa peteroliamo ka bongata (dilitara tse 1 500 kapa ho feta, ho tswa ka kgwebisano ya dihlahiswa tsa peteroliamo) ho tswa ho mohlahisi ya nang le laesense. Laesense e tla sebetsa fela nakong eo kgwebo ya hao e ntseng e phela.
Mehato e latelwang
- Tlatsa:
- Application for wholesale licence DME 374 (Foromo ya ho etsa kopo ya laesense ya ho rekisa ka bongata mmoho) le
- Wholesale licence annual information (submission form): DME 394 (Foromo e lokelwang ho tliswa e jereng ditsebiso tsa selemo tse mabapi le laesense ya dithekiso ka bongata) e fumaneha Lefapheng la Diminerale le Eneji.
- Romela diforomo tse tlatsitsweng ho Lefapheng la Diminerale le Eneji.
Motho ya entseng kopo o tlamehile ho fumana karabo nakong ya matsatsi a 90 ho tloha letsatsing leo a neng a etsa kopo ka lona.
Ditjeo
- R1 000 ho sa natse hore na pele o ne o ntse o le kgwebong kapa kamora hore Molao o kene tshebetsong.
- R500 ke tefello ya laesense ya selemo.