Tlaleho ka Kopano ya Kabinete ya Laboraro la 09 Tlhakubele 2022

A. Ditaba tse Itlhommeng Pele

1. Kgohlano Pakeng tsa Russia le Ukraine

1.1. Kabinete e ngongorehisitswe haholo ke kgohlano e pakeng tsa Russia le Ukraine. Ditjeho tse bakilweng ke kgohlano ena tsa kaho le moruo ke tse thefulang haholo, mme di tla utlwahala lefatsheng lohle.

1.2.  Kabinete e ipiletsa hore ho fumanehe tharollo ya sepolotiki ka dipuisano pakeng tsa dinaha tsena tse pedi, le hore mahlakore ohle a lwantshwanang a hlomphe ditokelo tsa botho, mme a di tshireletse, hape a ikobele boitlamo ba ona ho latela molao wa matjhaba le molao wa matjhaba wa botho.

1.3. Mmuso o ntse o tswela pele ho thusa baahi ba Afrika Borwa ho tswa Ukraine, mme ba bangata ba bona ba se ba kgutletse hae. Re boetse ra hlahisa tletlebo ya rona mabapi le ho tshwarwa hampe ha Maafrika a lekang ho tshela meedi ya matjhaba nakong yona ena.

1.4. Re dumela hore dinaha tse sa ntseng di hola di tlameha ho ba le seabo se seholo sa ho bua le ho susumetsa mekgatlo ya puso ya lefatshe. Ka hona, Afrika Borwa e kgothaletsa hore ho be le tshebetso e nang le tekatekano e kgolo ya matjhaba le ho fetolwa ha mekgatlo e kenyeletsang dinaha tsohle bakeng la ho ntshetsa pele tekatekano e kgolo.

2. Seboka sa Afrika Borwa sa Matsete (SAIC)

2.1. Afrika Borwa e tla tshwara seboka sa yona sa bone sa SAIC ka Labone la 24 Tlhakubele 2022, Setsing sa Sandton sa Diboka, motseng wa Johannesburg. Seboka sena ke karolo ya mosebetsi wa mmuso wa ho ikitlaeletsa ho hohela ditrilione tse 1.2 tsa diranta nakong ya dilemo tsena tse hlano, mme seboka sena se hohela baemedi ho tswa Afrika Borwa le lefatsheng ka bophara ho tla buisana ka menyetla ya matsete.

2.2. Ho tloha nakong ya seboka sa pele sa matsete sa selemo sa 2018, Afrika Borwa e se e ile ya hohela boitlamo ba matsete bo etsang dibilione tse 774 tsa diranta ho phatlalla le makala a mangata a moruo. Matsete ana a matjha a tla re thusa ho hodisa moruo, le ho theha mesebetsi eo re e hlokang haholo le ho ntlafatsa maphelo a batho.

3. Tlaleho ka Lefu la Kokwanahloko ya Khorona (COVID-19)

3.1. Kabinete e amohetse matsapa a naha a ho lwantsha COVID-19, empa ya lemosa hore ntwa ha re so e hlole, mme ya kopa hore batho bohle ba ka hara Afrika Borwa ba dule ba le sedi, mme ba tswele pele ho itshireletsa hore ba tsebe ho fedisa ho nama ha kokwanahloko ena e kotsi.

3.2. Kabinete e thabisitswe ke hore e batla e le dimilione tse 32 tsa diente tsa COVID-19 tse seng di fumantshitswe batho, le hore ka hodimo ho 42% ya batho ba rona ba baholo ba se ba entilwe ka botlalo.

3.3. Le ha ho le jwalo, batho ba sa entwang ba ntse ba sa tshireletseha kgahlanong le COVID-19, mme ba ipeha kotsing ya ho ka tshwaetswa le ya ho tshwaetsa batho ba phelang le bona. Kentelo e sa ntse e le mokgwa o molemo ka ho fetisisa ntweng ya COVID-19, mme Kabinete e ipiletsa hore motho e mong le e mong ya dilemo di 12 kapa ka hodimo a iphumanele kentelo kantle ho tshenyo e nngwe hape ya nako.

3.4. Dimatlamatsi tsa diente di a fumaneha bakeng sa bongata ba batho, mme Kabinete e ipiletsa ho bohle ba lokelang ho fumantshwa dimatlafatsi ho ya di fumana kapele kamoo ho ka kgonehang kateng. Hape, re tlameha ho tswela pele re kgwesa dimonkwana tse kwahelang molomo le nko, ho hlatswa matsoho kapa ho sebedisa sehatledi kgafetsa, ho sielana sebaka se bolokehileng, hape re netefatse ho phalla ho anetseng ha moya ka ho bula difestere.

4. Seboka sa Afrika sa Eneji

4.1. Kabinete e amohetse ho phethwa ho atlehileng ha Seboka sa lebasetere sa Afrika sa Eneji se neng se tshwaretswe Motsekapa ho tloha mohla la 1 ho ya ho la 3 Tlhakubele selemong sa 2022 tlasa mokotaba ona: “Kopano ya Kgwebo ya Boikgethelo bakeng la Lekala la Eneji la Afrika”. Seboka sena se kopantse bankakarolo ba matjhaba ba nang le tshusumetso le ba ka hare ho naha ba tswang lekaleng la eneji ho buisana ka hore na kontinente ya Afrika e ka sebedisa jwang motlakase e le sepotlakisi sa ho hodisa moruo le ho ntlafatsa maphelo a batho.

4.2. Afrika Borwa e ntse e le boitlamong ba ho fihlela motswako wa eneji o tsamaelanang le merero ya yona ya ntshetsopele le dipakana tsa yona tsa diphetoho tsa boemo ba lehodimo ho ntse ho netefatswa botsitso ba phepelo.

5. Kgiro Lekaleng la Tshireletso

5.1. Kabinete e amohetse kgiro e sa tswa etsuwa ya basebeletsi ba boemong bo phahameng Lekgotleng la Naha la Botjhotjhisi (NPA) le Lekaleng la Tshireletso ya Puso (SSA). Mopresidente Ramaphosa o hirile Moadvokate Andrea Johnson e le hlooho ya Lekala la Diphuputso la NPA le Leqosa Thembisile Majola ho ba Molaodi-Kakaretso (DG) e motjha wa SSA.

5.2. Mopresidente o boetse a hira Moadvokate Navilla Somaru ho ba Molaodi wa Diphuputso tsa Mmuso (DPP) provinseng ya Freistata; Moadvokate Matodzi Makhari-Sekhaolelo ho ba DPP provinseng ya Leboya Bophirima le Moadvokate Nicolette Bell ho ba DPP provinseng ya Kapa Bophirima.

5.3. Ho hirwa ha basebeletsi bana ho tla matlafatsa bokgoni ba rona ba ho fuputsa le ho tjhotjhisa diketso tsohle tsa tlolo ya molao le bobodu.

6. Ketelo ya ho Hlahloba Phepelo ya Ditshebeletso

6.1. Kabinete e amohetse ketelo e atlehileng ya tlhahlobo ya Letona la Mesebetsi ya Setjhaba le Metheo ya Tshebetso ya Moruo, Mme Patricia de Lille le Letona Ofisisng ya Mopresidente, Ntate Mondli Gungubele, Projekteng ya mateanyetsong a mebila ya N2 Mmasepaleng wa Nelson Mandela Bay, provinseng ya Kapa Botjhabela, ka Mantaha wa 8 Tlhakubele selemong sa 2022.

6.2. Ketelo ena ke karolo ya morero wa mmuso wa tlhahlobo e tobileng ka botlalo ya tswelopele e entsweng phethahatsong ya Morero wa Ho Tsetela Methehong ya Tshebetso ya Moruo molemong wa ho tsosolosa moruo le ho theha mesebetsi.

6.3. Projekte ena e fupere menyetla e 12 100 ya menyetla ya matlo a matjha a bodulo, hape, ke moo ho nang le sebaka se fetang 500 000m2 sa mabenkele, kgwebo, matlo a diofisi le a diindasteri, mmoho le matlo a mefuta yohle e ka bang teng ya tshebediso ya setjhaba le a boithabiso.

7. Letsatsi la Matjhaba la Basadi

7.1. Afrika Borwa e ile ya ikamahanya le matjhaba ho keteka Letsatsi la Matjhaba la Basadi ka Labobedi la 8 Tlhakubele 2022. Letsatsi lena le re fa monyetla wa hore re ke re shebe hore na re se re kgathile tema e kae ho ntshetsa pele tekatekano ya bong le hore na re sa ntse re tshwanela ho etsa eng hore re tle re be naha e nang le tekatekano ya bong ho feta mona.

7.2. Kabinete e thabisitswe haholo ke dikatleho tse ngata tse babatsehang tseo re di fihletseng ho tloha ha re ne re fumana demokrasi. Afrika Borwa e se e bontshitse tswelopele phethahatsong ya tekatekano bakeng sa basadi dibakeng tse kang mmusong, setjhabeng, phethahatsong ya toka, dipapading le setsong. Le ha ho le jwalo, Kabinete e boetse ya pheta ntlha ya hore mosebetsi o sa le mongata o tshwanelang ho etswa ho netefatsa seabo sa basadi se phethahetseng se bontshang tekatekano moruong wa Afrika Borwa.

7.3. Kabinete e boetse ya amohela ho newa ha Afrika Borwa Bodulasetulo ba kopano ya mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng ya Khomishene ya Matjhaba a Kopaneng malebana le Boemo ba Basadi e tla tshwarwa ho tloha ka Mantaha wa 14 Tlhakubele ho ya ho Labohlano la 25 Tlhakubele 2022.

8. Tshireletso ya Puso

8.1. Kabinete e hlokometse ho tshwarwa ha batho ba belaellwang diketsong tsa boshodu ba tjhelete ba tshwerweng ke Ramatlotlo wa Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika. Re ntse re tswela pele ho sebetsa mmoho le balekane ba rona ba matjhaba ho thibela tsamaiso ya ditjhelete tse seng molaong.

8.2. Mabotho a rona a tshireletso a sedi haholo, a bile a dutse a hokelana le ditshebeletso tsa bohlwela tsa dinaha tse kantle, bobedi ka hara Afrika Borwa le matjhabeng. Mosebetsi wa bona o kenyeletsa ho fapanyetsana ka tlhahisoleseding malebana le diketso tsa pheteletso e etswang ka dikgoka le boferekanyi.

9. Diketso tsa Dikgoka tse Etswang Setjhabeng

9.1. Kabinete e tshwetse ka mathe diketso tsa dikgoka tse sa tswa etsahala le ditlhaselano tse etsahetseng motseng wa Alexandra haufi le Sandton. Ha ho maemo le ha e le afe a boipelatso a ka tshwanelanang le ho hatikelwa ha ditokelo tsa batho ka hare ho naha.

9.2. Kabinete e amohetse mehato e potlakileng ya makala a phethahatso ya molao, e entseng hore ho busetswe maemo a botsitso sebakeng sena le ho tshwarwa ha babelaellwa ba phehlo ya merusu setjhabeng.

9.3. Baahi ba kopuwa ho sebedisa mekgwa ya ho rarolla dikgohlano ka kgotso le ho tlaleha diketso tsohle tse seng molaong sepoleseng.

10. Moruo

10.1 Kabinete e amohetse dipalo tsa phahlo e akaretsang ya naha (GDP) tse ntshitsweng haufinyane ke Mokgatlo wa Dipalopalo wa Afrika Borwa (Stats SA) tse bontshitseng hore GDP ya Afrika Borwa e hotse ka 1.2% kotareng ya bone ya selemo sa 2021, ka morao ho ha e ne e ile ya fokotseha ka 1.7% kotareng ya boraro ya selemo sa 2021. Sena se tlisa sekgahla sa kgolo ya selemo le selemo ya Afrika Borwa ho 4.9% bakeng sa selemo sa 2021. Batshehetsi ba ka sehloohong ba kgolo ena ba hlahile makaleng a temo, tlhahiso, ditshebeletso le dipalangwang.

10.2 Kabinete e ntse e finne seledu ho tswela pele e sebetsa mmoho le balekane ba yona ba setjhaba ho fihlela kgolo ya rona ya moruo e kenyeletsang bohle le ho theha tikoloho e tla re thusa ho sebetsana le diphephetso tsa tlhoko ya mesebetsi, bofutsana le ho hloka tekatekano.

11. Thekiso ya Setjhabeng ya Maqhubu a Pharaletseng a Radio a Sebediswang ke Batho ba Bangata

11.1. Kabinete e thoholeditse Lekgotla le Ikemetseng la Afrika Borwa la Dikgokahano (ICASA) ka ho thakgolwa ha thekiso ya setjhabeng ya maqhubu a pharaletseng a radio a sebediswang ke batho ba bangata hara dithibelo tse ngata tsa molao.

11.2. E boetse ya thoholetsa baiketi ba bileng le seabo thekisong ya setjhabeng ka Labobedi la 8 le Labone la 10 Tlhakubele selemong sa 2022, e le ho paka maikemisetso a indasteri ya mehala ya puisano a ho tswela pele e tsetela metheong ya tshebetso ya moruo ya digithale Afrika Borwa.

11.3. Mmuso o ntse o le boitlamong ba ho theha maemo a atlehisang bakeng la maqhubu a pharaletseng a radio hore a sebediswe ka ditjeho tse tlase, e seng feela ke diindasteri tsa mehala ya puisano, empa a tswele moruo le setjhaba molemo.

11.4. Ho abuwa ha dilaksense tsa maqhubu a pharaletseng a radio a sebediswang ke batho ba bangata ho tla ntlafatsa bokgoni ba bahwebi ba mehala ya diselefouno ho aha ditshebeletso tse matla tsa mehala ya puisano ka mokgwa o pharaletseng le o fihlellang hohle. Melemo e meholo ya tshebetso ena eo e leng kgale e lebeletswe e kenyeletsa theolelo ya ditjeho tsa datha le tsa ho founa.

11.5. Maqhubu ana a pharaletseng a boetse a lebeletswe ho tlisa diphetoho tsa moruo makaleng a fapafapaneng, mme, kuno ya thekiso ena ya setjhabeng e tla kenya ka hodimo ho dibilione tse 8 tsa diranta bajeteng ya naha.

12. Diphuputso tsa Komishene ya Naha ya Diloto (NLC)

12.1. Kabinete e hlokometse kgatelopele e babatsehang e entsweng ke Lekala le Ikgethang la Dipatlisiso (SIU) dipatlisisong tsa lona tse matla tsa tshebetso e mpe le bobodu ka hare ho NLC, ya ba ya kopa makala a mang a phethahatso ya molao a shebaneng le taba ena hore a phethe mosebetsi wa ona kapele kamoo ho ka kgonehang. Tsena di tla netefatsa hore ho jariswe melato batho kapa mekgatlo e amehang diketsong tsa tshebedisompe e seng molaong ya ditjhelete tse hlwaetsweng ho tswela mafutsana molemo.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Moralo wa Naha wa Metheo ya Tshebetso ya Moruo (NIP) wa selemo sa 2050

1.1. Kabinete e ananetse NIP ya selemo sa 2050 bakeng sa phethahatso. NIP ena e fana ka diprojekte tsa dipotlakisi tse reretsweng ho ba le seabo mererong ya nako e telele ya naha ya moruo le ntshetsopele.

1.2. Moralo ona o ile wa amohela ditshwaelo tse ngata tse ngotsweng ka mora ho phatlalletswa ditshwaelo tsa setjhaba kgweding ya Phato selemong sa 2021. Diphehiso di ile tsa boela tsa fumaneha ka ditherisano tsa setjhaba ho tswa ho bankakarolo ba lekaleng la metheo ya tshebetso ya moruo. Ditherisano di ile tsa boela tsa kenyeletsa mekgatlo ya lebatowa le ya kontinente e kang Lebatowa la Ntshetsopele la Afrika e ka Borwa (SADC) le Khomishene ya Kopano ya Afrika (AUC) ya Metheo ya Tshebetso ya Moruo.

1.3. NIP ena e lokiseditswe marangrang a ntshetsopele ya metheo ya tshebetso ya moruo ya naha a amahantsweng le Moralo wa Naha wa Ntshetsopele ya Dibaka le Motlolo wa Ntshetsopele ya Setereke (DDM). E boetse e tsepamisitse maikutlo kahong ya metheo ya tshebetso ya moruo bakeng la ntshetsopele ya kaho le boiphediso ba setjhaba, hape le ho hlahisa menyetla ya mesebetsi le ya ntlafatso e nang le metheo e batsi ya batho ba batsho moruong.

2. Ho Thakgolwa ha Leano la Kgase ya Dibeso (LPG) la Selemo sa 2022

2.1. Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha Ho Thakgolwa ha Leano ha Kgase ya Dibeso la selemo sa 2022 Lesedinyaneng la Mmuso bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Leano lena le reretswe ho ba le seabo ho sebetsaneng le diphephetso tsa naha tsa phepelo ya eneji.

2.2. Leano lena, hara tse ding, le tadimane le boemo ba jwale ba hore na mmaraka wa LPG o matsohong a bomang, metheo ya jwale ya tshebetso ya moruo, sebopeho sa ditheko le mothamo wa jwale wa tlhahiso ya disilindara tsa LPG. Leano lena le boetse le shebane le letsholo la boipaballo le tlhokomediso molemong wa ho pahamisa boemo ba kgase e sebediswang ka malapeng jwalo ka dibeso tse baballang tikoloho.

3. Leano la Boithuto Bakeng la Indasteri ya Merafo ya Afrika Borwa

3.1. Kabinete e ananetse Leano la Boithuto la Indasteri ya Merafo ya Afrika Borwa. Leano lena, hara tse ding, le tla fana ka mehato e potlakileng moralong wa lona wa tshebetso ho phethahatsa tlhahisoleseding e batsi ya boithuto ba majwe ho ntlafatsa datha ya naha ya boithuto ka majwe.

3.2. Leano lena le boetse le sisinya tshebetsommoho pakeng tsa Lefapha la Disiu tsa Diminerale le Eneji le Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri ho netefatsa hore boithuto bo lokisetswa ho kenyeletswa ha dikhampani tse sa ntseng di kgasa tsa boithuto. Le boetse le matlafatsa tema ya diphuputso e tshwanelang ho nkuwa ke mekgatlo ya diphuputso e kang MINTEK le Lekgotla la Diphuputso tsa Saense le Diindasteri, le lenaneo la tsebo le ntshetsopele.

3.3. Leano lena le tswetswe ke ditherisano tse batsi haholo tse pakeng tsa mmuso, diindasteri le ba bang balekane ba setjhaba. Indasteri ya merafo e ntse e le lekala la bohlokwahlokwa tikolohong ya moruo wa naha.

4. Diphuputso tsa Leano la Tsosoloso ya Batho Pele

4.1. Kabinete e amohetse diphuputso tsa Leano la Tsosoloso ya Batho Pele la selemo sa 2021. Leano lena le tswetswe ke diphuputso tse ngata tse ileng tsa etswa ke mekgatlo ya mmuso le eo e seng ya mmuso malebana le ho sebetsa hantle ha Leano la Batho Pele la selemo sa 1997.

4.2. Leano lena le fana ka ditshiya tse hlano tse tla tataisa maemo ao e leng bonyenyane boo mafapha ohle a ka bo phethang. Mehato e sisintsweng e tla etsa hore ho phethahatswe lenaneo la phepelo ya ditshebeletso le tsepamisitseng maikutlo a lona ditlhokong tsa baahi.

4.3. Ho sebediswa ha leano lena ho tla matlafatsa puso e nang le bokgoni, e nang le boitshwaro, le eo e leng ya ntshetsopele. Le tla boela le matlafatsa phethahatso ya metheo e robedi ya Batho Pele. Qetellong, le batla ho phethahatsa phetoho ya boitshwaro ka hare ho Tshebeletso ya Mmuso.

5. Tokiso ya Leano la maqhubu a pharaletseng a sebediswang ke batho ba bangata le motjha wa leano le malebana le ho abuwa ha dilaksense tsa marangrang a sa hokelwang a phumantsho e bulehileng (WOAN)

5.1. Kabinete e ananetse ho phatlalatswa bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba ha tokiso ya leano le malebana le maqhubu a pharaletseng a sebediswang ke batho ba bangata le motjha wa leano le malebana le ho abuwa ha dilaksense tsa WOAN. Ditokiso tsena tse sisintsweng di suthisa dipehelo tsa ho abuwa ha dilaksense tsa WOAN.

5.2. Ka selemo sa 2019, Kabinete e ne e ile ya ananela leano la maqhubu a pharaletseng a sebediswang ke batho ba bangata le motjha wa leano la ho abuwa ha dilaksense tsa WOAN ho phethahatsa Molao wa Dikgokahano tsa Elektroniki wa selemo sa 2005 (Molao wa 36 wa selemo sa 2005). Ho abuwa ha dilaksense tsa maqhubu a pharaletseng a sebediswang ke batho ba bangata e sa ntse e le ntho ya bohlokwahlokwa phethahatsong ya tsosoloso ya moruo wa naha ena.

6. Letlole la Kimollo ya Boraditekesi (TRF) Ho Fokotsa Boima bo Bakilweng ke COVID-19

6.1. Kabinete e ananetse katoloso ya nako ya ho kwallwa ha dikopo tsa TRF ya COVID-19, ho tloha letsatsing la 31 Tlhakubele selemong sa 2022 ho ya ho la 31 Tlhakubele selemong sa 2023. Letloleng lena la TRF, ke moo bajete ya dibilione tse 1,135 tsa diranta, e neng e abuwe e le tefo ya hanngwe feela bakeng la ho fokotsa boima ba ditjhelete bo bakilweng ke COVID-19 indastering ya ditekesi.

6.2. Letlole la Naha la Matlafatso (NEF) ke lona le abelang boraditekisi bohle ba molaong, ba nang le dilaksense tse ntseng di sebetsa, ho kenyeletswa ditekesi tsa diminibase, ditekesi tsa meta, le balekane ba e-hailing.

C. Dibili

1. Bili e Lokisitsweng ya Post Office ya Afrika Borwa (SAPO) ya selemo sa 2021

1.1. Kabinete e ananetse ho phatlalatswa bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba Bili ya SAPO. Bili ena e batla ho lokisa Molao wa SAPO wa selemo sa 2011 (Molao wa 22 wa selemo sa 2011).

1.2. Ditokiso tse sisintsweng di reretswe ho thusa SAPO hore e tsebe ho nka monyetla wa dintshetsopele tsa tekgniki tse tikolohong ya yona. E tla kgona ho lekola botjha mesebetsi ya yona, hape e atolle morero wa yona wa tshebetso. E tla ba mofani wa ditshebeletso tsa dintho tsohle tse poswang le khuria; ho thothwa ha thepa ho kopantsweng; kgwebo ya elektroniki e tla ba kgubu ya digithale bakeng sa dikgwebo le setjhaba. Ditokiso tse sisintsweng, tse amahantsweng le National Integrated ICT Policy White Paper ya selemo sa 2016, di boela e etsa dintlafatso dipehelong tsa taolo ya SAPO.

2. Bili e Lokisitsweng ya Banka ya Poso ya Afrika Borwa ya selemo sa 2021

2.1 Kabinete e ananetse ho romelwa Palamenteng ha Bili e Lokisitsweng ya Poso ya Afrika Borwa ya selemo sa 2021. Bili ena e lokisa Molao wa Banka ya Poso wa selemo sa 2010 (Molao wa 9 wa selemo sa 2010) e le ho o amahanya le Molao wa Dibanka wa selemo sa 1990 (Molao wa 94 wa selemo sa 1990). E lokisetsa ho thewa ha South African Post Bank Holding Company ho latela Molao wa Dibanka wa selemo sa 1990.

2.2 Bili ena e se e ile ya feta ditherisanong tsa setjhaba bakeng la ho e matlafatsa. Bili ena ha e se e amohetswe e le molao, Banka ya Poso e tla kgona ho sebetsa ka boikemelo, e arohane le SAPO, mme e na le moralo wa taolo ya yona o sa kopanang le SAPO.

3. Bili ya Letlole la Tsamaiso ya Masalla a Mahlasedi a Kotsi

3.1 Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha Bili ya Letlole la Tsamaiso ya Masalla a Mahlasedi a Kotsi bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Bili ena e lokisetsa ho thewa ha letlole ho latela taelo ya Leano la Tsamaiso ya Masalla a Mahlasedi a Kotsi.

3.2 Ditjhelete tsena di tla bokellelwa ho sedisetswa tsamaiso ya masalla a mahlasedi a kotsi. Bili ena e tla thusa hore ho thewe metheo ya tshebetso ya moruo ya ho tshwara, ho fana ka polokelo le tlhahlobo ya ho lahlelwa ruri ha masalla a mahlasedi a kotsi. Letlole lena le tla tsamaiswa tlasa taolo ya National Radioactive Disposal Institute.

3.3 Afrika Borwa e una molemo enejing e hlwekileng e fehlwang ke Koeberg Nuclear Power Station. Hape, Afrika Borwa e ntse e le e nngwe ya bahlahisi ba baholo ka ho fetisisa lefatsheng ba dihlahiswa tsa meriana ya mahlasedi a kotsi tse hlahlobang le ho phekola lefu la kankere.

D. Diketsahalo tse Tlang

1. Ketelo ya Semmuso ya Mopresidente wa Mozambique

1.1. Mopresidente Cyril Ramaphosa o tla amohela wa mphato wa hae wa Mozambique, Mobabatsehi Mopresidente Filipe Nyusi ka Labohlano la 11 Tlhakubele selemong sa 2022.

1.2. Ketelo ena e tla boela e matlafatsa tshedisanommoho ya bolekane, ya lebatowa le ya bokontinente pakeng tsa dinaha tsena tse pedi. E boetse e ntlafatsa dikamano tsa Afrika Borwa le Mozambique didikadikweng tsa dipolotiki le moruo.

2. Pitso ya Mopresidente Provinseng ya Leboya Bophirima

1.1. Ka moqebelo wa la 12 Tlhakubele selemong sa 2022, Mopresidente Cyril Ramaphosa o tla etella pele boemedi ba mmuso ho ya provinseng ya Leboya Bophirima moo a tla tshwara Pitso ya Mopresidente. Ketsahalong ena, Mopresidente le baetapele ho tswa didikadikweng tse tharo tsa mmuso ba tla buisana le baahi ba provinse ya Leboya Bophirima.

1.2. Pitso ena e itsibolang ya Mopresidente ya selemo sa 2022 e fana ka sebaka sa hore Mopresidente a buisane le baahi ka tse ba etsahallang maphelong a bona a ka mehla le ka phepelo ya ditshebeletso e etswang ke mmuso. Baahi ba tla hlahisa ka kotloloho ditshisinyo tsa bona tsa hore na re ka aha Afrika Borwa jwang kantle ho ho siya mang kapa mang morao.

1.3. Hodima motheo wa DDM, yona e memang tshebedisanommoho e kgolo pakeng tsa baahi le baemedi ba mmuso, Kabinete e kopa baahi ba Leboya Bophirima ho sebedisa monyetla ona bakeng sa ho buisana ka kotloloho le Mopresidente le ho utlwahatsa dingongoreho le ditshisinyo tsa bona.

2. Letsatsi la Ditokelo tsa Botho

2.1. Kabinete e amohetse letoto la dipuisano le diketsahalo tse tlasa mokotaba ona: “Selemo sa Bonngwe le Tsoseletso: Ho Tshireletsa le Ho Boloka Dikatleho tsa Ditokelo tsa Botho” tse tla tshwarwa e le karolo ya ho keteka Letsatsi la Ditokelo tsa Botho la selemo sena ka Mantaha wa la 21 Tlhakubele selemong sa 2022. Ketekelo ena e boetse e fana ka monyetla wa ho hlahloba tswelopele ya projekte ya naha ya demokrasi e tataiswang ke molaotheo.

2.2. Kabinete e kopa Maafrika Borwa ohle ho sebedisetsa Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho ho bopa tlamahano e kgolo ya setjhaba, kaho ya setjhaba le boitsebiso bo kopanetsweng ba bosetjhaba. Ke mosebetsi wa rona jwalo ka setjhaba ho ikitlaeletsa ntshetsopele ya kaho le boiphediso, re ntse re netefatsa ho fediswa ha bokgwahlapa ba merabe, kgethollo ya mmala le diketso tse ding tsohle tsa ho hloka mamellano tse amanang le tsena.

3. Beke ya Naha ya Paballo ya Metsi

3.1. Letsholo la Beke ya Naha ya Paballo ya Metsi le tla tshwarwa ho tloha ka Sontaha sa la 20 ho ya ho moqebelo wa la 26 Tlhakubele selemong sa 2022.

3.2. Le ha ho bile le dipula tse ngata haholo tse sa tlwaelehang dikarolong tse ngata tsa naha dikgweding tse moelana tse sa tswa feta, Afrika Borwa e ntse e le naha e nang le leqeme la metsi. Ke e nngwe ya dinaha tse mashome a mararo tse ommeng ka ho fetisisa lefatsheng, ebile bongata ba metsi a yona bo tswa dipuleng.

3.3. Kabinete e tiisetsa baahi hore metsi a rona a tswang dipompong a bolokehile bakeng sa ho jewa ke batho, jwalo ka ha ho netefaditswe ke mokgatlo wa Naha wa Mafu a Tshwaetsang, mme ditlaleho tse reng ho na le kamano pakeng tsa metsi a sa bolokehang le lefu la letshollo di leshano. Mmuso o  behile ka pele phumantsho ya metsi ka dipompo setjhabeng.

E. Melaetsa

1. Dithoholetso

Mmuso o thoholeditse le ho lakaletsa ba latelang katleho:

•Sehlopha sa naha sa Kirikete ya Basadi, se ntseng se ipabola ditlhodisanong tsa ICC tsa Mohope wa Lefatshe wa Kirikete ya Basadi tse tshwaretsweng New Zealand.

•Semathi Stephen Mokoka, ya robileng rekoto ya lefatshe lebelong la banna la dikilomethara tse 50 ka nako ya dihora tse pedi, metsotso e 40 le metsotswana e 23, lebelong la Nedbank Runified Breaking Barriers le neng le tshwaretswe motseng wa Gqeberha, provinseng ya Kapa Botjhabela ka Sontaha sa 6 Tlhakubele selemong sa 2022.

2. Matshediso

Kabinete e fetiseditse matshediso ho malapa le metswalle ya:

Ntate Mandla Ka-Mabuza (ya dilemo di 47), monono, sebui, e bile e le Mopresidente wa mehleng wa Mokgatlo wa Baithuti ba Afrika Borwa (Sasco). E ne e le mosebetsi wa mehleng wa Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le Metheo ya Tshebetso ya Moruo.

F. Kgiro

Pele batho bohle ba ka hirwa, ho netefatswa mangolo a thuto le ditokollo tsohle tse tshwanelang.

1. Ntate Zane-Udien Dangor, jwalo ka Molaodi-Kakaretso (DG) Lefapheng la Dikamano tsa Matjhaba le Tshebedisanommoho.

2. Mme Phindile Patronella Mkwanazi, jwalo ka Motlatsi wa Molaodi-Kakaretso (DDG): Lekaleng la Ho Ithuta le Ntshetsopele ya Basebetsi, Sekolong sa Naha sa Puso.

3. Ntate David Mamphitha, jwalo ka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Lekgotla la Phethahatso la Lekgotla la Bophelo le Polokeho ya Merafong.   

4. Batho ba tla Dula Lekgotleng la Matjhaba la Ditshebeletso tsa Difofane:

(a) Mme Nomveliso Ntanjana (Modulasetulo);

(b) Ntate Nare Thupana (Motlatsi wa Modulasetulo);

(c) Ntate Grant Reagon Son;

(d) Ntate Tumelo Chipfupa; le

(e) Mme Pfumelani Dorcas Mbulayeni.

5.Batho ba tla Dula Lekgotleng la Matjhaba la Kabo ya Dilaksense tsa Ditshebeletsotsa Difofane

(a) Ntate Leroy Musa Nsibande (Modulasetulo);

(b) Mme Raesibe Sharon Kekana (Motlatsi wa Modulasetulo);

(c) Ntate Rickie Rodger Rennie;

(d) Mme Zonica Leanda Mtshali; le

(e) Ntate Ramovha Emmanuel Mbuwe.

Dipotso: Mme Phumla Williams – Sebuedi sa Kabinete

Selefouno: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore