Tlaleho ka Kopano ya Kabinete ka Kgokahano ya Vidio ka Laboraro, 10 Tlhakubele 2021

A. Maemo a Renang Hajwale
1. Ditlhaselo le dipolao tsa diofisiri tsa sepolesa di tshwelwa ka mathe


1.1.  Kabinete e tshwetse ka mathe ditlhaselo le dipolao tse ntseng di tswela pele tsa diofisiri tsa sepolesa jwalo ka ha e se feela diketso tse soto empa, hape di tlisa ngongoreho malebana le polokeho ya setjhaba. Ditho tsa tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) le diagente tse ding tse kenyang molao tshebetsong, ho kenyeletswa dikhampani tsa poraefete tsa tshireletso, di beha maphelo a tsona kotsing ka mehla ho re tshireletsa; hape, di boetse di tshwanela ho fumana tshehetso le tshireletso ya rona. 
1.2.    Kabinete e ananetse dipatlisiso tse potlakileng tsa sepolesa tse eteletseng ho tshwarweng ha mmelaellwa ya amahanngwang le ho bolawa ha diofisiri tse pedi tsa sepolesa sa Kapa Bophirima ka Sontaha, 28 Hlakola 2021, tse bileng tsa amohuwa dithunya tsa tsona. Diketso tsohle tsa botlokotsebe, ho kenyeletswa polao, ha di tlo mamellwa, mme ditlokotsebe di tla tsongwa di be di nehelwe matsohong a molao. 
1.3.    Kabinete e boetse e rorisitse ketso e mawala ya SAPS ya ho phamola khokheine ya boleng ba seterateng bo fetang dimilione tse 500 tsa diranta sekepeng se tshwasang ditlhapi lebopong la Saldanha. Tshebetso ena e ne e eteletswe pele ke mafokisi ho tswa Karolong ya Botlokotsebe bo Hlophisitsweng le Dithethefatsi, tshebedisanong mmoho le dikarolo tse ding tsa SAPS. 
1.4.    SAPS e boetse ya thoholetswa ka ho phamola dibotlolwana tse 400 tse akanyetswang ho ba ditekanyo tse 2 400, tsa ente mmotwane ya Lefu la Kokwanahloko ya Khorona (COVID-19) ntlong ya polokelo e Germiston, Gauteng. Diofisiri di boetse tsa hapa dimonkwane mmotwane tsa sefahleho, tsa ba tsa tshwara batho ba bararo.
1.5.    Kabinete e kgothaletsa setjhaba ho qobana le ho reka diente tseo e seng tsa nnete ho tswa ho barekisi ba lonya ba seng molaong ba behang maphelo a baahi ba seng sedi kotsing. Ka Lefapha la Bophelo bo Botle, mmuso o se o qadile ho Kenya tshebetsong lenaneo la ente e sa lefellweng e tla fihlella ho Maafrika Borwa ohle a ithaopelang ho entwa. Ho fihlela jwale, Mokgahlelo wa Pele wa lenaneo lena la kentelo ditsheng tse hlwailweng tsa ho entela naheng ka bophara le se le fihleletse batho ba fetang 100 000. 

2. Lefu le Soto la Monna wa Braamfontein, Johannesburg

2.1. Kabinete e utlwisitswe bohloko ke lefu le soto la monna ya ileng a bolawa nakong ya letsholo la boipelaetso la baithuti ba Univesithi ya Wits, Braamfontein, Johannesburg ka Laboraro, 10 Tlhakubele 2021, mme e fetisetsa matshediso ho lelapa le metswalle ya mofu. 
2.2. Lekala le Ikemetseng la Diphuputso tsa Sepolesa (IPID) le se le ntse le etsa dipatlisiso ho fumana maemo ohle a bakileng lefu lena. 
2.3. Kabinete e etsa boipiletso ba hore mapolesa a sebetse ka mokgwa wa boikgino, empa a ntse a netefatsa kgutso le kgotso setjhabeng nakong tsa matsholo a boipelaetso, mme a se ke a sebedisa dikulo tse bolayang le ka mohla. 

3. Feberu ya Dikolobe ya Afrika (ASF)
3.1.    Ho qhoma ha Feberu ya Dikolobe ya Afrika ho tlalehilwe polasing tse pedi tsa Mfuleni, Kapa Bophirima. Lefapha la Temothuo la Kapa Bophirima le kentse tshebetsong thibelo ya ho rekiswa le ho tsamaiswa ha dikolobe tse phelang ho tloha Mfuleni e le ho kgina ho nama ha lefu lena.
3.2.    Feberu ya Dikolobe ya Afrika ke bohloko bo neheletsanang bo amang dikolobe tse ruuweng le tse hlaha, empa ha bo fetele bathong. Le ha ho le jwalo, Kabinete e etsa phatlalatso ya hore ho be teng phadimehelo e matla malebana le ho thibela ho nama ha lefu lena ho ya dikarolong tse ding tsa naha.
3.3.    Balemi ba eletswa hore ba bedise dijo le ha e le dife tsa dikolobe bonyenyane nako e etsang hora pele ba ka fepa dikolobe ka tsona, ho netefatsa ho thibelwa ha kokwanahloko ya Lefu la Dikolobe la Afrika esita le mafu a mang a tshwenyang.

4.    Dipalo tsa Kakaretso ya Tlhahiso ya ka Lapeng (GDP) bakeng sa kotare ya bone ya selemo sa 2020.
4.1.    Kabinete e etse hloko dipalo tsa Kakaretso ya Tlhahiso ya ka Lapeng tsa kotare ya bone ya selemo sa 2020 tse ntshitsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa ka Labobedi, 9 Tlhakubele 2021. Kakaretso ya Tlhahiso ya ka Lapeng e sa lekanyetswang e hotse ka diperesente tse 6.3, haholoholo ka lebaka la ho ntshetswa pele ha dinyehliso tsa dipehelo tsa ho kginwa ho bakilweng ke COVID-19. Sephetho se bontshitse kgolo e matla ya theko ya ditshebeletso e etswang ke malapa, esita le tlhahiso ya dietswa. Ka lebaka lena, bakeng sa selemo sa 2020 ka botlalo, Kakaretso ya Tlhahiso ya ka Lapeng e sa suthiswang e ile ya fokotseha ka diperesente tse 7.0 ─ sephetho se setle ho feta ka moo ho neng ho lebeletswe. 
4.2.    Karolo ya moruo ya dietswa e hotse ka diperesente tse 21.1 kotareng ya bone ya 2020. Tse robong ho tse leshome tsa dikarolwana di ngodisitse kgolo (di eteletswe pele ke dijo le dino, dikoloi le dikarolwana tsa dikoloi, le dihlahiswa tsa tshepe le setala), ha kgolo ya kgwebo (diperesente tse 9.8) e ile ya etellwa pele ke kgwebo ya thekiso, kgwebo ya dikoloi, phano ya ditshebeletso le madulo. Temo e ngodisitse kgolo ya yona e hodimodimo ya selemo le selemo (diperesente tse 13.1 bakeng sa 2020 ka lebaka la maemo a matle a lehodimo, esita le katleho e ntlafetseng ya ditlhaku, le temo le tsamaiso ya dikarolwana tsa moruo tsa temo ya dijarete le temothuo.
4.3.    Ntlheng ya ditjeho, ditjeho tsa malapa tsa dihlahiswa tse phethahetseng e hotse ka diperesente tse 7.5, e eteletswe pele ke matlo a ho jela le dihotele; dijo le dino tse hlokang tahi; le dikarolwana tsa boikgathollo le setso. Kakaretso ya popeho ya matlotlo a tsitsitseng (GFCF) e hotse ka diperesente tse 12.1, e eteletswe pele ke matsete a eketsehileng ho disebediswa tsa dipalangwang le mesebetsi ya kaho, jwalo ka ha tshebediso ya ditshebeletso tsa maeto a mebileng le ho thothwa ha thepa di ile tsa ntlafala, le mesebetsi ya setekgniki e ile ya bulwa. 
4.4.    Kabinete e na le tshepo e tiileng ya hore moruo o tla tsoseletseha ka lebaka la matsapa a behilweng ka sehloohong a bophelo, mmoho le boiteko ba tshebetsommoho ya mmuso, kgwebo, basebetsi le setjhaba ho kenya tshebetsong Morero wa rona wa Kahobotjha le Tsoseletso ya Moruo.

5.    Seboka le Dipontsho tsa Proudly South African sa ho Reka Dihlahiswa tse Tswang ka Hara Naha
5.1.    Mopresidente Cyril Ramaphosa o ile a fana ka Puo ya Mantlha kgokahanong ya vidio ka Labobedi, 9 Tlhakubele 2021 ketsahalong ya selemo le selemo ya Seboka le Dipontsho tsa Proudly South African sa ho Reka Dihlahiswa tse Tswang ka Hara Naha seo mokotaba wa sona e leng: “Ho Sebedisa Mehato ya ho Hlahisa le ho Reka Dihlahiswa tsa Naha ho Hodisa Moruo” Proudly South African ke agente ya Lefapha la Kgwebo, Dihlahiswa le Tlhodisano.
5.2.    Seboka se hasitswe ditsheng tse ngatangata tsa inthanete le marangranng a setjhaba ho bulehela seabo sa ba bangata haholo dipuisanong tsena. Dipontsho tse hasitsweng ka kgokahano ya vidio di file dikhampani monyetla wa ho bapatsa dihlahiswa le ditshebeletso tsa tsona ka mokgwa wa vidio e kgutshwane ya mabonwa ya dijithale e faneng ka setsi sa kopano ya inthanete bakeng sa bao ba batlang ho hweba. 
5.3.    Kabinete e ipiletsa ho Maafrika Borwa le dikgwebo ho tshehetsa dihlahiswa le ditshebeletso tse hlahiswang ka lapeng, haholoholo nakong ena ya tsoseletso ya moruo, ho fa kgolo ya moruo le tlhahiso ya mesebetsi matla.

6.    Ho Etelwa ha Moaho wa Polokelo wa Biovac 
6.1.    Motlatsi wa Mopresidente David Mabuza o etetse moaho wa Polokelo wa Biovac Midrand, Gauteng ka Labobedi, 2 Tlhakubele 2021, e le karolo ya mosebetsi wa Komiti e Kopanyang Mafapha morerong wa Diente tsa COVID-19, eo e leng leihlo lenaneong le atlehileng la ho thakgolwa ha kentelo.
6.2.    Setheo sa Biovac ke khampani e hlahisang meriana e etswang dinthong tse phelang, eo motheo wa yona o leng Kapa, e kopanetswe ke mmuso le karolo ya moruo e porafete. E theilwe ka selemo sa 2003 e thehelwa ho ba le boikarabelo mamaneong a thibelo ya mafu tlhahisong ya diente, le mekgwa e fapafapaneng ya polokelo le tsamaiso ya diente ho ya ditsheng tse fapafapaneng tsa kentelo.
6.3.    Lemong tsena tse fetileng, Biovac e thehile bokgoni bo anetseng ba ho boloka le ho aba diente. Kabinete e ile ya kgotsofatswa ke seabo sa yona lenaneong la kgakolo ya kentelo le entsweng mmoho le mosebetsi oo setheo sena se o entseng dikhampaning tsa tlhahiso ya meriana ho hlahiseng diente tsa COVID-19.
6.4.    Kabinete e ipiletsa ho bohle hore ba dule ba na le phadimehelo, mme ba tswele pele ho phetha mananeo a bophelo bo botle ka ho kgwesa semonkwana ha ba le dibakeng tsa bohle, ba hlatswe matsoho ka sesepa le metsi kgafetsa, kapa ba sebedise sehatledi se bolayang kokwanahloko se thehetsweng dipersenteng tse 70 tsa alkhohole ba boloke tshielano ya sebaka ya bonyenyane mitara le halofo le ho qoba dikopano tsa batho ba bangata. Thibelo ya leqhubu la boraro le ka bang teng e matsohong a rona.

B.    Diqeto tsa Kabinete
1.    Morero wa Naha wa Thuso ya Baithuti ka Ditefello (NSFAS)

1.1.    Kabinete e amohetse tlaleho e kgutshwanyane ho Letona la Thuto e Phahameng, Saense le Thekenoloji, Ngaka Blade Nzimande, malebana le diphephetso tsa jwale tsa kgaello ya ditefello, e tadimaneng leNSFAS. Diphephetso tsena di bakile tiehiso ho phethweng ha boingodiso ba baithuti ba selemo sa pele ba diunivesithi. 
1.2.    Sewa sa COVID-19 se mpefaditse le ho feta diphephetso tse morero ona o tobaneng le tsona. Tse ding tsa tsena ke selemo sa dithuto se atolotsweng, le baithuti ba bangata ba lokelang ho lefellwa ka lebaka la ho fellwa ke mosebetsi ha batswadi. Ho rarolla phephetso ena, Kabinete e dumeletse ditefello tsa tlatseletso, mme dintlha tsa tsona di tla lokodiswa ke Letona Nzimande kapele ka mora tlaleho ena. 
1.3.    Kabinete e laetse hore mosebetsi o mong o tlameha ho etsuwa wa ho fumana mokgwa o tla ba le mokoka ho feta ona wa ho lefella baithuti bakeng sa thuto ya bona e phahameng. Kabinete e ntse e ikemiseditse ho netefatsa hore baithuti bohle ba lokelang ho lefellwa ba se ke ba behellwa ka thoko ka lebaka la tlhokeho ya ditefello. 

2.    Moralo wa Tokomane ya Ntlhakemo Bakeng sa Tsamaiso ya Mobu le Diphetoho Thuong ya Mobu Dibakeng tsa Mahaeng
2.1.    Kabinete e amohetse moralo wa Tokomane ya Boemo bakeng sa Tsamaiso ya Mobu le Diphetoho tsa Thuo ya Mobu Dibakeng tsa Mahaeng bakeng sa ditherisano tse ding hape mmoho le ba amehang. Diphetoho tse tsitsintsweng di fana ka moralo wa molao molemong wa ho thakgola tshebetso ya ho nehelana ka mobuo o kopanetsweng ho batho kapa metse eo thuo ya yona ya mobu e se nang polokeho molaong. 
2.2.    Diphetoho tsena di tla boela di atolla motheo wa matlotlo a kopanetsweng ho matlafatsa ditjhabana ho etsa ditshebeletso tsa boikgethelo ba tsona ho tsa setso, tsa setjhaba le ho tsa maruo. Ditherisano tsena di tla fihlella sehlohlolong sa ho mengwa ha Seboka sa Mobu sa Naha se lohothwang.

3.    Ho Fumaneha ha Ente
3.1.    Kabinete e amohetse tlaleho e kgutshwane ya Letona la Bophelo bo Botle Zweli Mkhize, mmoho le Letona la Ditjhelete Tito Mboweni malebana le dipuisano ka ditumellano tsa ho fumaneha ha ente le dikhampani tse fapafapaneng tsa tlhahiso ya meriana. Kabinete e amohetse tse ding tsa dipehelo tse boima ditumellanong tseo, tse sa nyalaneng le ditokisetso tsa Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Setjhaba wa selemo sa 1999 (Molao 1 wa 1999), hape ya amohela le dintlha tsa bofapohi tse seng di amohetswe ke Lefapha la Matlotlo a Setjhaba molemong wa maphelo a Maafrika Borwa. 
3.2.    Dintlha tsena tsa bofapohi di kenyeleditse ditokisetso tsa ditefello tse entsweng pele ho nako e tshwanelang e le ho netefatsa hore Maafrika Borwa a ba le mokgwa wa ho fumana diente kapele ka moo ho ka kgonehang. Kabinete e tsheheditse boiteko ba Lefapha la Matlotlo a Setjhaba le Lefapha la Naha la Bophelo bo Botle ho tswela pele le dipuisano le ho netefatsa ho fumanwa kapele ha diente ke bohle.

4.    Maemo a Koduwa ya Naha 
4.1.    Kabinete e ananetse ho atollwa ha Maemo a Koduwa ya naha ho ya ho 15 Mmesa 2021. Hona ho etsuwa ho latela ditokisetso tsa Karolo 27(5) (C) ya Molao wa Tsamaiso ya Koduwa wa selemo sa 2002 (Molao 57 wa 2002). Setjhaba se kopuwa ho tswela pele se ikamahanya le mehato le mananeo ohle a bophelo a COVID-19 ho thibela ho nama ha kokwanahloko ena.

C.    Dibili
Bili ya Polokeho ya Bophelo Mosebetsing (OHS) ya selemo sa 2020

1.1.    Kabinete e ananetse phatlalatso ya Bili ya Polokeho ya Bophelo Mosebetsing (OHS) ya selemo sa 2020 bakeng sa ditherisano tsa setjhaba. Bili ena e batla ho lokisa molao wa Polokeho ya Bophelo Mosebetsing, wa selemo sa 1993 (Molao 85 wa 1993), e o amahanye le ditlwaelo tsa matjhaba. Hape e batla ho tiisa mehato ya polokeho ya basebetsi dibakeng tsa bona tsa tshebetso ka ho fapana.
1.2.    Bili ena e hlahisa ditokisetso tse matlafaletsang basebetsi ho hula tshebetso ya bona haeba ba ka ba utlwa tikoloho ya bona e le kotsi, hape e sa bolokeha, kantle ho ho ba diphofu tsa boramesebetsi. 

2.    Bili ya Tshireletso ya Bareki ba Matlo
2.1.    Kabinete e dumetse tlhahiso ya Bili ya Tshireletso ya Bareki ba Matlo bakeng sa ho tekwa Palamenteng. Bili ena e suthisa Molao wa Mehato e Tshireletsang Bareki ba Matlo, wa selemo sa 1998 (Molao 95 wa 1998). Ditokiso tse sisinngwang di kenyeletsa ho atollwa ha tshireletso e fumantshwang bareki ba matlo ─ ho kenyeletsa ditokiso, dintlafatso, diphetolo le dikeketso ntlong e seng e le teng. Bili ena e boetse e sisinya mananeo a diphetoho indastering ya matlo a bodulo. 
2.2.    Diphehiso tse ngata di se di ile tsa fumaneha ho tswa ho ba amehang indastering ka mokgwa wa ditherisano tsa setjhaba. Molao ona o thehwang o tla bulelwa ditherisano tse ding hape tshebetsong ya palamente pele o pasiswa hore e be molao.

D.    Diketsahalo tse Tlang 
1.    Letsatsi la Lefatshe la Paballo ya Metsi

1.1.    Afrika Borwa e tla ikopanya le baahi ba matjhaba ho tshwaya Letsatsi la Lefatshe la Paballo ya Metsi ka Mantaha, 22 Tlhakubele 2021. Letsatsi lena le hlahisa tlhokomediso ya tsietsi ya metsi e aparetseng lefatshe lohle, hape le tadimisisa ho fihlellwa ha Sepheo 6 sa Ntshetsopele e nang le Mokoka: Metsi a Hlwekileng le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere bakeng sa bohle pele ho 2030.
1.2.    Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le thakgotse letsholo la #BaballaMetsi ho hopotsa Maafrika Borwa ohle hore lerothodi le leng le le leng ke la bohlokwa. Le ha re bile le dipula tse ntle haufinyane, naha ya rona e nang le leqeme la metsi e sa ntse e le kotsing ya ho tjamelana le dipalla tse sa feleng tse mpefatswang ke diphetoho tsa maemo a lehodimo.
1.3.    Kabinete e ipiletsa ho Maafrika Borwa ho sebedisa metsi ha feela ho hlokeha, le ka paballo, hobane mokgwa wa rona wa tshenyo wa kajeno o ka ama meloko e tlang. Ha re beng moloko o nang le boikarabelo o nketseng bokamoso matsohong kaofela a rona ka ho kwala pompo ya tshenyo ya metsi. 

E.    Melaetsa
1.    Thoholetso


Kabinete e thoholeditse:

  • MmeTshepho Faith Koopa, rasaense wa bongaka ho tswa Laboratoring ya Sesosa sa Mafu ya LabOne ya sibolotseng anthijene e sebediswang ditekong tsa COVID-19. Anthijene ena ke karolo ya phahlo ya diteko tse kgakolwang ke dilaboratori tsa LabOne, Khayelitsha, Kapa Bophirima le Midstream, Gauteng. 

Laboratori enwa ya diteko tsa sesosa sa mafu ya LabOne e rekile phahlo ena ya diteko ka kopanelo le Kgosana Amon Moagi wa morabe wa Bakgatla mane Bokone Bophirima, mmoho le ka kopanelo le Sehlopha sa Matsete sa Africapacity le sa Matlotlo a Brawn.

2.    Melaetsa ya Matshediso 
Kabinete e tshedisitse malapa le metswalle ya: 

  • Mme Karima Brown (54), moqolotsi wa ditaba ya hlwahlwa haholo le moitseki wa tokoloho. 
  • Ntate Peter Matlare (61), mohwebi le Motlatsi wa Mohlanka wa Phethahatso wa Absa ya bileng a ba le tema ya ho ba makgotleng a phethahatso dikgwebong tsa maemo a hodimo tsa Afrika Borwa le ho Lekgotla la Kgaso la Afrika Borwa.
  • Ntate Azwifarwi Dick Ralushi (71), mokaubere wa boitseko ba tokoloho. Ralushi e ne e le setho sa Black Peoples Convention (BPC), mme a sebetsa e le Mongodi wa yona wa Diphatlalatso. E ne e le setho sa Northern Trasvaal Action Committee, e neng e le ka tlasa taolo ya United Democratic Front (UDF), hape e ne e le moitseki wa sekgukgu wa lekala la African National Congress (ANC) la sesole sa Umkhonto WeSizwe, tlasa Northern Transvaal Rural Machinery. 


F.    Kgiro     
Pele batho bohle ba ka hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang..
1.    Mme Mamogala Jennifer Musekene ─ Motlatsi wa Motsamaisi-Kakaretso: Tsamaiso ya Dikhemikhale le Ditshila, Lefapha la Tikoloho, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi. 

Dipotso:
Mme Phumla Williams ─ Mmuelli wa Kabinete 
Mohala: 0835010139
 

Share this page

Similar categories to explore