Statement on the Cabinet Meeting of 8 December 2021

A.  Maemo a Renang

1.  Letsatsi la Matjhaba la Twantsho ya Bobodu 
1.1.  Afrika Borwa le yona e ipapisa le dinaha tse ding tsa matjhaba ho keteka Letsatsi la Matjhaba la Twantsho ya Bobodu ka Labone la la 9 Tshitwe 2021 tlasa lepetjo le reng “Bokamoso bo hlokang bobodu bo qala kajeno, bo qala ka nna”. Lepetjo la Mokgatlo wa Dinaha tsa Matjhaba la selemo sena sa 2021 la Letsatsi lena la Matjhaba la Twantsho ya Bobodu lona le re: “Tokelo ya hao, karolo ya hao: E re Tjhe ho bobodu”. 
1.2.  Bobodu ho sa natsehe hore bo boholo kapa bo bonyane, ke e nngwe ya phephetso tse tobaneng le naha ena, tse boetseng di tetebetsang kgolo ya moruo le ntlafatso ya ntshetsopele ya setjhaba. 
1.3.  Kabinete e ntse e na le tshepo ya hore ditshebeletso tsa rona tsa tsa toka di ntse di etsa mosebetsi wa tsona ka nepo ka ho netefatsa hore bohle ba amehang bobodung ba tobana le molao. Ho lebeletswe hore Komishene ya Diphuputso tsa Menyenyetsi tsa ho Hapa Puso, Bobodu le Bonyofonyofo Ditshebeletsong le Mafapheng a Mmuso e nehe Mopresidente Cyril Ramaphosa tlaleho ya yona e feletseng ka Moqebelo wa la 1 Pherekgong 2022. 
1.4.  Kabinete e nahana hore ntle le ho senola baetsi bana ba bobodu, tlaleho ena e tla eletsa mmuso ka mekgwa le ditsela tseo o ka thibelang bobodu ka tsona. 
1.5.   Jwalo ka karolo ya letsholo la twantsho ya bobdu, Lekala le Ikgethang la Mafokisi (SIU), le se le hlahletse dinyewe tse ngata Lekgotleng le Phahameng la Dinyewe mmoho le Makgotlaneng a Ikgethang mme ho fihlela ka la 31 Tlhakubele 2021 dinyewe tse latelang di ne di e so phethelwe. 

  • Ho na le dinyewe tse 56 tse Lekgotleng le Phahameng la Dinyewe, tsona di kenyeletsa ditumellano tsa tjhelete e ballwang ho dibilione tse R62; 
  • Dinyewe tse 64 tsona di Makgotlaneng a Ikgethang mme tsona di kenyeletsa ditumellano tsa tjhelete e ballwang ho dibilione tse R6.99. Tabakgolo eo SIU e llang ka yona ditumellanong tsena kaofela ke manane mmoho le kabo e fosahetseng ya dithendara tsena ke mafapha a mmuso. 
  • Selemong sa ditjhelete sa 2021/2022, SIU e kgonne ho kwala dipenshene tsa basebeletsi ba mehleng ba mmuso, ya emisa le ho sebetsa ha diakhaonto tsa dibanka tsa batho ba itseng mmoho le tsa dikgwebo ka lebaka la bobodu ba tjhelete e ballwang ho dibilione tse R43. 
  • Mopresidente o se a saenne Diphatlalatso tse robong tsa SIU selemong sena sa ditjhelete mme tsona di ntse di lekolwa. 
     

1.6.  Kabinete e dumela hore katleho ntweng kgahlano le bobodu e ka hlolwa ha motho ohle wa Afrika Borwa a ka kenya letsoho ho yona. Haeba ho le teng seo o se bonang, se ka thola, bua; tlaleha diketso tsa bobodu Mohaleng wa Naha wa Ditlaleho tsa Diketso tsa Bobodu, wa 0800 701 701. 
1.7.  Kabinete e boetse e nefetsa boitlamo ba yona ba ho sireletsa bohle ba pepesang bobodu mme e thoholetsa basebeletsi ba mmuso ba tshepahetseng ka sebete sa bona sa ho pepesa bobodu, le ho beha maphelo a bona kotsing. 

2.    Ho nyoloha ka sekgahla ya ditshwaetso tsa Kokwanahloko ya Khorona (COVID-19)
2.1.  Kabinete e a tseba ka taba ya ho eketseha ka sekgahla ha palo ya batho ba tshwaetswang ke mefuta e metjha ya COVID-19 dikarolong tse fapafapaneng tsa naha ena mme e etsa kgoeletso setjhabeng ho lwantshana le ditshwaetso tsena. Ho fihlela ha jwale, ke batho ba balwang ho 19 842, ba tshwaeditsweng ke COVID-19 dihoreng tse 24 tse fetileng, e leng se bolelang hore ke palo ya batho ba persente di 26.8 ba tshwaeditsweng. Ho boetse hape ha hlokahala batho ba 36 ka lona lebaka la COVID-19 dihoreng tsena tse 24 tse fetileng.
2.2.  Ente ha e thuse feela ka ho thibela ho kula haholo ka lebaka la kokwanahloko ena, ho amohelwa sepetlele kapa hona ho bolawa ke yona, empa e boetse hape e fokotsa le kotsi ya ho hlaselwa ke mefuta e meng ya kokwanahloko ena nakong e tlang. 
2.3.  Re tlameha ho tswela pele le ho sebedisa mekgwa eo e seng ya bongaka ya ho itshireletsa e kang ho apara dimonkwana tse kwahelang nko le molomo; ho iqaqolohanya le ba bang mmoho le ho hlapa matsoho kgafetsa ka metsi le sesepa kapa ho sebedisa sebolaya dikokwanahloko se nang le alekhohole ya persente tse 70. 
2.4.  Re ka boela ra fokotsa sekgahla sa kokwanahloko ena ka ho qoba mekete le meketjana. Ha re sebetsa mmoho, re ka e hlola kokwanahloko ena ka hore re sireletse bao re phelang le bona le setjhaba ka kakaretso kgahlano le yona.  
2.5.  Kabinete le yona jwalo ka Mopresidente Ramaphosa, e leboha borasaense ba rona ka ho hlokomedisa lefatshe lohle ka mofuta ona wa Omicron o seng o phatlalletse le lefatshe ka bophara. Kabinete le yona e tshehetsa letsholo la hore dinaha tsohle tse thibetseng ketelo ya baeti ba tswang Afrika Borwa hore di emise qeto eo ya tsona hang hang.  

3.  Beke ya Letsholo la ho Enta la Vooma 
3.1.  Ho fihlela ha jwale, re se re sebedisitse ente tse 26, 781, 642. Nakong e ekeditsweng ya Letsholo la ho Enta la Vooma la la 3 ho ya ho la 10 Tshitwe 2021, ke diketekete tsa batho ba entilweng ditsing tse fapafapaneng tse butsweng naheng ka bophara. Kabinete e etsa kgoeletso bathong bohle ba dilemo di 12 le ho feta hore ba sebedise monyetla ona wa ho enta.  
3.2.  Boloka bao o phelang le bona ba bolokehile Keresemeng ena ka hore o etele sitsi se haufi le wena leha o sa ipeheletsa o fihle o ingodise mme o ente ntle le ho lefa. 
3.3.  Melemo ya ho enta e kenyeletsa ho fokotsa menyetla ya ho amohelwa sepetlele ha o tshwaeditswe ke COVID-19. Kabinete e kgothaletsa batho bohle Afrika Borwa ka bophara hore ba ente jwalo ka ha bopaki bo bontsha hore bongata ba batho ba amohelwang dipetlele ke ba sa entang. 

4.  Dipalopalo tsa Kotara ka Nngwe tsa ba sa Sebetseng (QLFS)
4.1.  Mmuso o ntse o ikemiseditse ka ho lwantsha pharela ya leqeme la mesebetsi naheng ena. Sephetho sa QLSF sa moraorao tjena se bontsha ha palo ya batho ba fellwang ke mesebetsi e eketsehile ka halofo ya persente, e tloha ho persente tse 34,4 kotareng ya bobedi ya selemo sena ho isa ho persente tse 34,9 kotareng ya boraro ya 2021. Dipalopalo tsena e hlile ha di jese ditheohelang. 
4.2.  Mmuso o tswela pele le maikemisetso a ona a ho hohela borakgwebo naheng ena ya rona ka ho tobana le mathata ana a thibelang kgolo ya moruo, ka ho theha menyetla ya mesebetsi mmoho le ho qeta bofuma. Mmuso o bontsha matsapa a ona ka ho tsetela haholo dibopehong tsa motheo ka maikemisetso a ho nyolla moruo esitana le ho theha menyetla ya mesebetsi. 
4.3.  Mmuso o ntse o tswela pele le ho tshehetsa tlhahiso tsa lehae le ho tsoseletsa diindastering tsa tlhahiso tsa kwano ka tshebediso ya Lefapha la Dikgwebo, Diindasteri le Ditlhodisano. Kopano ya selemo le selemo ya Matsete e ntse e tswela pele le ho hohela boramatsete ba batjha. Ho tloha ka selemo sa 2018, SAIC e se e tlisitse matsete a ballwang ho dibilione tse R770 makaleng a fapafapaneng a moruo. 
4.4.  Kabinete e ntse e ikemiseditse ho sebedisana le makala a mangata ho lwantsha mathata ana a mararo a jeleng setsi setjhabeng, e leng leqeme la mesebetsi, bofuma le ho se lekalekane. Mmuso o ikemiseditse ka matla ho etsa naha ena lepatlelo la matsete. Sena se tla tlisa diphetoho mme le ba neng ba tinngwe menyetla nakong e fetileng jwale ba tla e fumana. 

5.  Ketelo ya Mopresidente Dinaheng tse Nne tsa Bophirima ba Afrika
5.1.  Mopresidente Ramaphosa o sa tswa etella pele kemedi ya naha ena ya Matona le baetapele ba tsa kgwebo leetong la ho ya dinaheng tse kang Nigeria, Côte d’Ivoire, Ghana le Senegal ka maikemisetso a ho theha maqhama a tsa moruo mmoho le ho leka ho theha dikamano le batho ba dinaha tseo.
5.2.  Leeto lena la dinaha tsena tse nne le neng le le ho tloha ka la 30 Pudungwana ho isa ka la 7 Tshitwe, maikemisetso a lona ke ho tiisa haholo maqhama a tshebedisano le ntshetsopele ya Afrika dikarolong tse fapafapaneng. 
5.3.  Afrika Borwa le mahlahana a yona di ile tsa lekola mekgwa ya ho sebedisa monyetla wa Tumellano ya Kgwebisano ya Dinaha tsa Afrika molemong wa matsete a dinaha tsena.

6.  Letsholo la Matsatsi a 16 la Twantsho ya Tlhekefetso ya Basadi le Bana
6.1.  Leha nako ya Letsholo la Matsatsi a 16 la Twantsho ya Tlhekefetso ya Basadi le Bana e fihla pheletsong, empa e sa le taba e ngongorehisang ho hlokomela hore mosebetsi o sa le moholo pele sekgobo sena sa tlhekefetso le dipolao tsa basadi (GBVF) se ka fela setjhabeng. 
6.2.  Nakong ena e ikgethang ya letsholo lena, le ya Matsatsi a Ekeditsweng a 365 a Letsholo lena, ho tlalehilwe diketsahalo le dipolao tse sehloho kgahlano le basadi. 
6.3.  Sena ke pontsho ya ho hloleha ha rona re le setjhaba hore re iphapanyetse diketso tsena tse sehloho hakana. Mokgwa ona o mobe wa banna ba hlekefetsang basadi le wa basadi ba kgethang ho thola leha ba hlekefetswa, o tlameha ho fela. 
6.4.  Kabinete e etsa kgoeletso ho motho ohle, haholoholo ho banna ho leka ho lwantsha tlhekefetso ena ya basadi le bana. Banna ba tlameha ho ema ba etelle ntwa kgahlano le tlhekefetso ya basadi le bana pele mme ba tlalehe diketso tsa teng sepoleseng. Ba boetse hape ba tlameha ho etsa tlhokomediso mmoho le ho ruta banna ba bang ka tsela ya ho qeta mokgwa ona o mobe. 
6.5.  Ho bontsha boinehelo kgahlano le ketso tsena tsa tlhekefetso ya basadi le bana, mmuso o sa tswa bula makgotla a dinyewe a 106, a tla tobana le dinyewe tse mabapi le thobalano mme o ikemiseditse le ho bula le makgotla a dinyewe tse amanang le thobalano le bana. 
6.6.  Ka Hlakola 2020, ho ile ha etswa diphetoho molaong wa tsa Bonokwane (o kenyeletsang le dinyewe tse amanang le thobalano) mme sena se bolela hore jwale ho se ho tla bulwa le makgotla a dinyewe a tla shebana le dinyewe tse amanang le tsa thobalano. Karolo ya bo 55A ya molao ona, e neha Letona la Toka le Ditshebeletso tsa Tlhabollo ho hlwaya lekgotla la dinyewe la Sedika kapa le Phahameng hore e be le shebanang le dinyewe tse amanang le thobalano. 
6.7.  Kabinete e etsa kgoeletso dikarolong tsohle tsa setjhaba ho sebedisana le mmuso ho etsa dibaka tseo re phelang ho tsona e be tse bolokehileng le ho sireletsa mahlatsipa a tlhekefetso tsena. Re tla bona phetoho ha feela re sebetsa mmoho, nka bohato hona jwale!

B.  Diqeto tsa Kabinete

1.  Ho Eketswa ha Nako ya Koduwa Naheng 
1.1.  Kabinete e ile ya ananela kgothaletso ya Moifo wa Naha o shebaneng le taba ya Kokwanahloko ena ya Khorona ya ho eketsa Nako ya Maemo a Koduwa Naheng ho fihlela ka la 15 Pherekgong 2022, ho ya ka Karolo ya bo 27 (5) (c) ya Molao o Laolang Maemo a Koduwa, e leng wa selemo sa 2002 (Molao wa bo 57 wa 2002).
1.2.  Ka Maemo ana a Koduwa Naheng, ho ikemiseditswe ho lwantshana le maemo a koduwa ena ya COVID-19. 

2.  Sehla se Bolokehileng sa Keresemese
2.1.  Jwalo ka ha bongata ba rona re tla beng re le nakong ya phomolo ya Keresemese, re tlameha ho hopola hore COVID-19 yona ha e a phomola. O ka netefatsa polokeho ya hao le ya ba lelapa la hao ka ho enta sitsing se haufi le wena. 
2.2.  Kabinete e etsa kgoeletso ho motho ohle ho ba sedi, le ho qoba ho ba meketjaneng. Re ka boela ra etsa sehla sena sa Keresemese e be se bolokehileng, le se monate ka ho qoba ho kganna re nwele jwala. Re tlameha ho ikobela melao yohle ya tsela, ho kenyeletsa le ho se tlole tekanyetso e behilweng ya lebelo. Re tlameha ho leka ka hohle hohle ho Fihla re Phela.  
2.3.  Kabinete e etsa kgoeletso ho batswadi le bahlokomedi ba bana ho ba sedi ha bana ba le mawatleng, matangwaneng a ho sesa kapa hona haufi le matsi. Hore o tle o bolokehe sehleng sena sa phomolo, dula o fadimehile ka dinako tsohle. Tlaleha mokgwathatsanyana leha e le ofe kapa ofe o belaetsang ka ho letsetsa sepolesa nomorong ya 10111 kapa o tsebise ba tsa tshireletso ba haufi le wena. 

C.  Melaetsa

1.  Diteboho

Kabinete e lebisa ditakaletso tse ntle ho: 

  • Mopresidente Ramaphosa ka ho fumana tlotla ya Bongaka ho tswa Yunivesithing ya Cheikh Anta Diop, mane Dakar, naheng ya Senegal. Yunivesithi ena, e nkuwa e le e nngwe ya tse pele Afrika le lefatsheng ka bophara. Mopresidente wa rona wa mehleng, Nelson Mandela, le yena o ne a fumane kgau ena dilemong tse 29 tse fetileng le pele naha ena e fumana tokoloho. Ena e bile ntho e ntle hore Mopresidente Ramaphosa a fumane tlotla ena e babatsehang ka selemo seo re ketekang dilemo tse 25 Molatheo wa rona o le tshebetsong jwalo ka molao. 
  • the Blitzboks ka katleho tsa bona tse pedi tonamenteng ya Dubai Sevens rugby. 
     

2.  Matshidiso
Kabinete e fetisetsa matshidisi a yona ho lelapa le metswalle ya:

  • Ntate Ebrahim Ismail Ebrahim (84), motlatsi wa mehleng wa Letona la Dikamano tsa Matjhabeng. Ebie, jwalo ka ha bomphato ba hae ba ne ba mmitsa, e ne e le motho ya inehetseng ntweng ya tokoloho ya naha ena le ho theheng Afrika Borwa e betere bakeng sa bohle. 
  • Mme Lindiwe Mabuza (83), mokaubere wa lenqosa, seroki, moitsedi wa tsa basadi le molwaneli wa tokoloho. Ka selemo sa 2014, o ne a fumane Kgau ya Silivera ya Ikhamanga ka kgothaletso ya hae ya tsa bonono le tshebediso ya mahlale ho demokrasi – a bontsha hore tsa setso ke tsa bohlokwa ho fihlelleng dimokrasi”.
     

D.  Kgiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.

  1. Ngaka Sean Douglas Philips – Molaodi Kakaretso (DG) Lefapheng la Metsi le tsamaiso ya Dikgwerekgwere.
  2. Moadvokeiti Alison Gay Bengtson – Motlatsi wa Molaodi Kakaretso (DDG) karolong e shebaneng le Tsamaiso ya Lenaneothuto le Tlhokomelo Lefapheng la Thuto ya Motheo. 
  3. Mme Busisiwe Iris Letompa – DDG: ya shebaneng le Ditshebeletso tsa Diprofensi Lefapheng la Temo, Ntlafatso ya Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahaeng. 

Ho ekeditswe ha nako ya tshebetso ya Moifo wa Tshebeletso ya Dipalopalo ya Afrika Borwa:

  1. Moprofesara David Everatt (Modulasetulo);
  2. Ntate Ian Assam (Motlatsi wa modulasetulo);
  3. Ntate Faldie Esau 
  4. Mme Reshoketswe Mokobane;
  5. Mme Blanche Motsosi;
  6. Ngaka Jacky Galpin;
  7. Ngaka Ariane Neethling;
  8. Ngaka Thabi Leoka;
  9. Ntate Ettiene le Roux;
  10. Ntate Wandile Sihlobo;
  11. Mme Nompumelelo Nzimande;
  12. Mme Vuyelwa Mantyi (ya emetseng Kapa Botjhabela);
  13. Mme Zeenat Ishamial (ya emetseng Kapa Bophirima);
  14. Ntate Kuberin Packirisamy (ya emetseng Kapa Leboya);
  15. Ntate Thulani Bhengu (ya emetseng KwaZulu-Natal);
  16. Moprofesara Andries Monyeki (ya emetseng Leboya Bophirima);
  17. Ngaka Nomusa Mlondo (ya emetseng Mpumalanga); le
  18. Ngaka Modjadji Malahlela (ya emetseng Limpopo).
     

5.  Ditho tsa boto ya Naha ya Sitsi sa Ntshetsopele ya Eneji:

  1. Ntate Sicelo Goodwill Xulu (Modula Setulo);
  2. Mme Lungile Mtiya (Motlatsi wa modula setulo);
  3. Mme Abegail Boikhutso; 
  4. Mme Mary Tumelo Mashabela;
  5. Ntate Jongikhaya Witi (setho se ka sehloohong ho tswa Lefapheng la Meru, Botswasi ba Ditlhapi le Tikoloho (DFFE));
  6. Mme Olga Chauke (Se seng setho sa – DFFE);
  7. Mme Lize Baron (Setho se ka sehloohong ho tswa Lefapheng la Kgwebo, Diindasteri le Tlhodisano (the dtic));
  8. Ntate Gerhard Fourie (Se seng setho sa – the dtic);
  9. Ntate Mthokozisi Mpofu (Setho se ka sehloohong sa Lefapha la Dimenerale le Eneji (DNTATEE); le
  10. Mme Nomawethu Qase (Se seng setho sa – DNTATEE).
     

6.  Banka ya tsa Mobu

   (a)  Mme Khensani Mukhari – Molaodi ya ka Sehloohong wa Banka ya tsa Mobu

Moifo wa Balaodi ba Banka ya tsa Mobu:
  (b)    Mme Nyane Rethabile Nkosi (Modulasetulo);
  (c)    Ntate Lehlogonolo Andrew Makenete (Motlatsi wa Modulasetulo); 
  (d)    Mme Mathane Makgatho;
  (e)    Mme Dineo Maithufi;
  (f)    Ngaka Johann Frederick Kirsten;
  (g)    Mme Thulisile Njapa Mashanda;
  (h)    Mme Nonthuthuzelo Pinkie Motshegoa;
  (i)    Mme Egashnee Pillay;
  (j)    Ngaka Monde Mbovu Tom; 
  (k)    Ntate Dimitri Wilhem van der Westhuizen;

7.  Boto ya nakwana ya Sentech
  a.    Mme Sedzani Faith Mudau (Modulasetulo);
  b.    Mme Veronica Mmakoma Motloutsi;
  c.    Mme Mapuleng Moropa;
  d.    Mme Tshavhuyo Sesani;
  e.    Ntate Themba Phiri;
  f.    Moadvokheiti. Nkhumeleni Anderson Mudunungu; le
  g.    Ntate Metusa Mbasa.

Ditlhakisetso:
Mme Phumla Williams – Sebuelli sa Kabinete
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore