Tlaleho ya Diphetho tsa Kopano ya Kabinete ya Laboraro la la 28 Tlhakola 2024

A.    Ditaba tse Ithommeng Pele 

1.    Moruo
1.1.    Puo ya Tekanyetso ya Ditjhelete ya Naha 

1.1.1.    Kabinete e ananetse Tekanyetso ya Ditjhelete ya Naha ya 2024, e bontshitseng boinehelo bo matla ba mmuso taolong e tsitsitseng ya moruo wa naha le ho nka diqeto tse matla molemong wa ho tlisa tshetlelo kgaellong le kgothaletsong ya kgodiso ya moruo. 
1.1.2.    Tekanyetso ya Ditjhelete ya Naha e ntse e tswella le ho tsamaisa tsa bohlokwa tse tlang pele le ho tshehetsa ba hlokang haholo setjhabeng sa rona. E fana ka thuso ya thekolohelo e molemong wa ho ntlafatsa maemo a ho phela a Maafrika Borwa a futsanehileng, a tlokotsing haholo le a hlokang. Tsena di kenyeletsa Maafrika Borwa a sa sebetseng, bana bao e leng dikgutsana le ba tlokotsing, ba phelang malapeng a se nang batswadi. 
1.1.3.    Momahanyo le ho tekwa ha Tekanyetso ya Ditjhelete ya Naha ya 2024 ke karolo ya bohlokwa ya mokgwatshebetso wa Afrika Borwa o bontshang demokrasi e sa pateng letho le e nang le boikarabelo. Kabinete e na le tshepo ya hore dikabo tsa Tekanyetso ya Ditjhelete ya Naha di tla fetoha dikuno tsa moruo tse tla aha botjha boemo ba rona ba moruo. 

1.2.    Tshebedisano ya Mmuso le Khampani ya Poraefete 
1.2.1.    Kabinete e ananetse tumellano ya Tshebedisano ya Mmuso le Khampani ya Poraefete ya pele pakeng tsa Sasol le Tsamaiso ya Thepa ka Diterene ya Transnet, molemong wa ho ntlafatsa tshebetso e ntle ya diterene. 
1.2.2.    Tlasa tumellano ena ya dilemo tse hlano, Tsamaiso ya Thepa ka Diterene ya Transnet e tla sebedisa dipalangwang tsa ditanka tsa yona tse 128 tsa amoniya ho tsamaisa amoniya ho tloha ditsing tsa Sasol ho ya ho bareki mme Sasol yona e tla lefella mananeo a tlhokomelo le tokiso ya dipalangwang. 
1.2.3.    Tshebedisano ena e ntshetsa pele mosebetsi wa ho ntlafatsa lekala la naha le amanang le Leano la Tsamaiso ya Dithepa. Kopanelo ena ke sesupo sa kamoo ho ka hlolwang diphephetso tse matla ha ho sebedisanwa. 

1.3.    Dipatlisiso tsa Kotara ka nngwe tsa ba sebetsang le ba sa sebetseng (QLFS)

1.3.1.    Dipatlisiso tsa morao tjena tsa mokgatlo wa Dipalopalo Afrika Borwa tsa QLFS tse bontshitseng palo ya ba sa sebetseng e batla e eketsehile naheng kotareng ya bone ya 2023 ho ya ho 32.1% ho tloha ho 31.9% kotareng ya boraro, di re kgothaletsa re le mmuso ho tebisa maiteko a rona a ho thehela batho ba bang menyetla ya mosebetsi. 
1.3.2.    Leha moruo wa rona o tswela pele le ho theha mesebetsi, sena ha se etsahale ka sekgahla se kgotsofatsang mmuso le ho fihlella sepheo sa ho rarolla bothata ba tlhokeho ya mosebetsi. QLFS e bontshitse hore ho thehilwe mesebetsi e 124 000 lekaleng la mesebetsi le sa hlophisehang, e 128 000 lekaleng la ditjhelete, e 57 000 ho la dipalangwang, e 37 000 ho la merafo le mesebetsi e 18 000 ya ka malapeng. 
1.3.3.    Kabinete e ipileditse makaleng ohle ho tshehetsa Morero wa Kahobotjha le Tsoseletso ya Moruo, o thusang ka ho fana ka mesebetsi le menyetla ya ho iphedisa dimiliyoneng tsa Maafrika Borwa. 

1.4.    Sehopotso sa bo-20 sa Lenaneo le Atolositsweng la Mesebetsi ya Setjhaba (EPWP) 
1.4.1.    Selemong sa 2024 ho fela dilemo tse 20 EPWP e le teng, mme lenaneo lena ke e nngwe ya dipale tsa katleho ya Afrika Borwa ya mananeo a ho hira batho ka bongata, mme ho fihlela jwale ke bo bong ba maiteko a maholo a ho lwantsha bofuma. 
1.4.2.    Kabinete e fumane tlaleho ka ho kenngwa tshebetsong ha EPWP le dikatleho tsa yona, eo e leng lenaneo la pele la mofuta ona la mmuso le fileng Maafrika Borwa a sa sebetseng dimiliyone tsa menyetla ya mosebetsi esale le qalwa. 
1.4.3.    Dilemong tse 20 tse fetileng EPWP e thehile menyetla ya mosebetsi e fetang dimiliyone tse 14, mme sena sa e etsa lenaneo le leholo lefatsheng le dulang le hira. Ketsahalo ena ya bohlokwahadi e fihlelletswe ka ditshebedisano tse tswellang le lekala la poraefete le mekgatlo ya baahi. Menyetla ena ya mosebetsi e thusitse ntshetsopeleng ya tsebo ya mosebetsi bakeng sa basebetsi kaha e thehilwe tlasa diprojeke tse fapaneng tsa EPWP makaleng a bohahlaudi, temo, meralo ya ditshebeletso, diprojeke tsa setjhaba le diprojeke tse etellwang pele ke basadi. 
1.4.4.     Kabinete e tsebisitswe hore ho thehilwe menyetla ya mosebetsi e 4 609 000 Mokgahlelong wa Bone wa nako e bohareng wa EPWP, e leng ho tloha ho 2019/2020 ho ya ho 2022/23. Palo ena ke katleho ya 92% kgahlano le sepheo sa Puso ya Botshelela sa ho theha menyetla ya mosebetsi e dimiliyone di hlano. Ho na le merero e teng eo sepheo ka yona e leng ho theha menyetla e meng ya mosebetsi e 390 973 ho eso fete Tlhakubele 2024. 
1.4.5.    Menyetleng ena e 4 609 000 ya mosebetsi, diprovense tse tharo tse hodimo tseo ho tsona ho thehilweng mesebetsi e mengata haholo ke KwaZulu-Natal, eo ho yona ho thehilweng menyetla ya mosebetsi e 1 064 000 (23%), e latelwe ke Kapa Botjhabela ka 903 789 (20%) le Kapa Bophirima ka 508, 954 (11%). 
1.4.6.    Leha bongata ba menyetla ena e le ya nako e kgutshwane le e bohareng, e meng e lebisitse mesebetsing e sa feleng. Dipalo di boetse di bontsha hore basebetsi ba fetang 20% ba fumane mosebetsi kantle ho EPWP. 
1.4.7.    Basebetsi ba bangata ba kgale ba EPWP ba fumane mangolo a thuto makaleng a ho pheha mme ba bang ba sebetsa indastering ya ho hlokomela baeti. Ntle le menyetla ya mosebetsi, EPWP e boetse e kenya letsoho haholo ho tse amanang le phumantsho ya ditshebeletso, ntlafatso ya disebediswa tsa setjhaba le boleng bo ntlafetseng ba bophelo. 
1.4.8.    Ho lefilwe tjhelete e fetang R52 bilione e le meputso ya basebetsi ba EPWP bakeng sa mosebetsi wa Mokgahlelo wa Bone. 
1.4.9.    Ho feta moo, dikgwebo tse fetang 600 di thehilwe ka lenaneo lena. 

2.    Ditaba tsa Mmuso 

2.1.    2024 Dikgetho tse Akaretsang 
2.1.1.    Kabinete e ananetse tsebahatso ya Presidente Cyril Ramaphosa ya hore Laboraro la la 29 Motsheanong ke letsatsi la Dikgetho tse Akaretsang; kamora ho buisana le Khomeshene e Ikemetseng ya Dikgetho le Ditonakgolo tsa diprovense tsohle tse robong ka maemo a ho lokela dikgetho tsa naha le tsa diprovense. 
2.1.2.    Kabinete e ipileditse ho bohle, haholoholo batjha, ho sebedisa tokelo ya bona ya ho vouta. Dilemolemo tsa ho intsha sehlabelo ka mokgwa o ke keng wa lekanngwa le ho sotlehela tokoloho ya rona ke tsona tse tlisitseng tokelo ya ho vouta bakeng sa bongata ba Maafrika Borwa ka 1994. Ho lwanela ha rona tokoloho ho netefaditse tokelo ya Moafrika Borwa e mong le e mong ya ho ba le seabo demokrasing ya rona. 
2.1.3.    Dikgetho tsa selemong sena di ka selemo se le seng le ho ketekwa ha Dilemo tse 30 tsa Tokoloho, e leng ntho ya bohlokwahadi bakeng sa Afrika Borwa kaha e re fa monyetla wa ho inahana ka dikatleho tsa rona, le ho batla ditharollo molemong wa ho lwantsha mathata a rona ao re ka kgonang ho a hlola. 

2.2.    Sehlopha sa Tshebetso sa bo-Presidente sa eThekwini
2.2.1.    Kabinete e hlokometse kopano ya Presidente Ramaphosa ya Labohlano la la 23 Tlhakola 2024 le Lekgotla la Dikgwebo le Diindasteri la Durban ya ho buisana ka maiteko a fapaneng, a etellwang pele ke mmuso wa naha molemong wa ho thusa Masepala e Moholo wa eThekwini mathateng a jwale a metsi, motlakase le meralo ya ditshebeletso. 
2.2.2.    Presidente o boetse a theha Sehlopa sa Tshebetso sa bo-Presidente sa eThekwini ho potlakisa tharollo ya mathata a amang Masepala e Moholo wa eThekwini. Sehlopha sena se thehilweng ka Matona le bahlanka ba Masepala e Moholo wa eThekwini le ba kgwebo, se tla nne se fane ka ditlaleho tsa kgatelopele ho Presidente. 

2.3.    Foramo ya bo-14 ya Dipuisano tsa Maano (PDF) ya Lekala la Tshebetso la Matitjhere la Matjhaba la Thuto 
2.3.1.    Kabinete e hlokometse ho tshwarwa ka katleho ha PDF ya bo-14 ya Lekala la Tshebetso la Matitjhere la Matjhaba la Thuto la naha, Sandton, Johannesburg ka Mantaha wa la 26 Tlhakola 2024. Foramo e kopantse bakgathatema ho tsa thuto lefatsheng ka bophara, ka sepheo sa ho kgothaletsa tshehetso, nehelano ya tsebo le peholeihlo ya kgatelopele e lebisang Sepheong sa Bone sa Ntshetsopele ya ho ya ho ile sa thuto ya boleng. 
2.3.2.    PDF e ntshitse Tlaleho ya Moifo o Boemong bo Hodimo ya Mosebetsi wa Thuto, mme ya boela ya thakgola Tlaleho ya Lefatshe ya kgaello ya matitjhere. 
3.    Twantsho ya Bosenyi
3.1.    Kabinete e thoholeditse Tshebeletso ya Mapolesa ya Afrika Borwa ka ho sebetsa ka ho inehela, e leng ntho e lebisitseng ho tshwarweng ha batho ba supileng ba amanang le polao ya Kiernan 'AKA' Forbes le motswalle wa hae Tebello ‘Tibz’ Motsoane. Babelaellwa ba babedi ba bao ba tshwerwe Eswatini mme ba sa tla romelwa Afrika Borwa. 
3.2.    Ba tshwarwa kamora hore mapolesa a sebetse ka matla ka dikgwedi. Babelaellwa ba tshwerweng ba kenyeletsa mohokahanyi, ba thuntseng, ya neng a behile diphofu leihlo, le motho ya hirileng sepalangwang le dithunya. 

4.    Dikamano tsa Matjhaba 

4.1.    Seboka sa bo-37 sa Kopano ya Afrika (AU) 
4.1.1.    Kabinete e ananetse kgatelopele e entsweng Sebokeng sa bo-37 sa AU se neng se tshwaretswe Addis Ababa, Ethiopia ka la 17 le la 18 Tlhakola 2024, seo ho sona ho hlakisitsweng tsa bohlokwa Afrika bakeng sa 2024 le ho ya pele. Presidente Ramaphosa o kopane le baetapele ba bang ba Afrika ba buisana ka tsa bohlokwa tsa kontinente tse kenyeletsang kgotso le tshireletseho, ho fetoha ha tlelaemete, ntshetsopele ya moruo le seabo sa Afrika ditumellanong tsa dinaha tsa lefatshe ka bophara. 
4.1.2.    Seboka se tjhaetse monwana Morero wa Bobedi wa Dilemo tse 10 wa ho Kenya Tshebetsong wa Lenaneo la 2063, o tla kgonahatsa potlakiso ya diprojeke tsa bohlokwa tse kang Tikoloho ya Bolokolohi ba Kgwebisano Kontinenteng ya Afrika, eo Afrika Borwa e nang le seabo sa bohlokwa ho yona. 
4.1.3.    Presidente Ramaphosa o boetse a teka tlaleho e mabapi le karabelo ya kontinente seweng sa lefu la Coronavirus (COVID-19) le boemo ba ho ba malala-a-laotswe bakeng sa mafu a ka qhomang nakong e tlang, boemong ba hae jwaloka Mampodi wa karabelo ya AU lefung la COVID-19. Seboka se boetse sa toboketsa bohlokwa ba ho iphumana ha setjhaba ho tsa moruo kamora COVID-19, le tse ka ithutwang mabapi le ho ba malala-a-laotswe bakeng sa sewa le ho se arabela, le tshireletseho kontinenteng. 
4.1.4.    Presidente o ipileditse ho baetapele ba Afrika ho tswela pele le ho ntlafatsa boemo ba ho ba sedi ha dinaha tsa bona, kgahlano le mafu a mang a ka bang teng, mme a boela a ipiletsa le hore ho ananelwe Qeto ya Dinaha tsa Afrika ya ho ba malala-a-laotswe le ho lokela ho Arabela Sewa. 
 
4.2.    Afrika Borwa e tshwara seboka sa Sehlopha sa Dinaha tse 20 (G20) le Boetapele ka 2025

4.2.1.    Kabinete e amohetse le ho lekola tlaleho ya ditokisetso tsa Afrika Borwa tsa ho tshwara Seboka sa G20 ka 2025 mmoho le ho ba Moetapele wa mokgatlo ona. Ke ketsahalo ya bohlokwahadi bakeng sa Afrika Borwa jwalokaha e tla be e le lekgetlo la pele kopano ya mofuta ona e tshwarelwa Afrika; ha e ikgethe hobane ho lebelletswe batho ba bangata ho yona empa e boetse e lebelletswe hore e be le kameho e matla. 
4.2.2.    Kabinete e tshepa hore Afrika Borwa e tla tshwara Seboka sa G20 se atlehileng, jwalokaha e kile ya etsa ka diketsahalo tse ding tse kgolo tse kang Seboka sa Brazil, Russia, India, China le South Africa (BRICS) le Foramo ya Mokgatlo wa Kgolo le Menyetla Afrika. Boetapele ba G20 bo neha Afrika Borwa monyetla wa ho emela ditabatabelo tsa dinaha tseo meruo ya tsona e ntseng e hola. 
4.2.3.    Ha Afrika Borwa e tshwara G20, seabo sa yona foramong ena se tla tswella le ho tataiswa ke boinehelo ba naha ena ntshetsopeleng ya ditabatabelo tsa naha mmoho le tsa kontinente ya Afrika. 

B.    Diqeto tsa Kabinete
1.    Ho tshwarwa ha kopano ya Borobong ya selemo le selemo ya Banka e Ntjha ya Ntshetsopele (NDB) 

1.1.    Kabinete e lekotse le ho tjhaela monwana ho tshwarelwa ha kopano ya selemo le selemo ya NDB, Afrika Borwa ka Phuptjane 2014. 
1.2.    Ke dilemo tse 10 jwale dinaha tsa BRICS di saenne Dipehelo tsa Tumellano tsa NDB, Sebokeng sa Botshelela sa BRICS, Fortaleza, Brazil ka la 15 le 16 Phupu 2014. Sena se lebisitse ho thehweng ha setheo sa pele sa ntshetsopele sa dinaha tse fapaneng tse ntseng di tswela pele. Ho fihlela jwale Afrika Borwa e se e nyehetse R25 bilione bankeng eo bakeng sa diabo. Afrika Borwa e se e loketse ho tshwara kopano ya NDB mme e inehetse ho sebedisaneng le banka le dinaha tseo e leng ditho tsa yona ho fihlella ntshetsopele ya ho ya ho ile le ho theha kontinente e ntlafetseng ya Afrika. 

2.    Leano la Khiro ya Basebetsi ba Tshebeletso ya Setjhaba (di-SSP)
2.1    Kabinete e tjhaetse monwana Leano la Khiro ya di-SSP e le karolo ya ho atisa palo ya basebetsi ba mmuso, mekgatlo eo eseng ya mmuso le lekala la poraefete, molemong wa ho kgahlametsana le mathata a setjhabeng ao naha ena e tobaneng le ona. 
2.2    Leano lena ke boinehelo ba kopanelo ba ho aha lekala la tshebeletso ya setjhaba le arabelang ditlhoko tsa baahi ba rona, le ho lwantsha mathata a setjhabeng a kang bosenyi, dikgoka tse amanang le bong le polao ya basadi, ho ima ha batjha, ho tshwenngwa, malapa a se nang batswadi, mafu a kelello le tshebediso e mpe ya dithethefatsi. 
2.3    Sepheo ka leano lena ke ho etsa motheo wa bokamoso bo kenyeletsang bohle le o matla le setjhaba se kgathallang. 

3.    Tokomane ya Ditshisinyo tsa Leano e mabapi le Dithuso tsa Setjhaba tsa Kakaretso 
3.1.    Kabinete e lekotse le ho tjhaela monwana phatlalatso le boipiletso ba hore setjhaba se ntshe maikutlo ka Tokomane ya naha ya Ditshisinyo tsa Leano e mabapi le Dithuso tsa Setjhaba tsa Kakaretso. 
3.2.    Sepheo ka tokomane ena ke ho hlahisa mokgwatshebetso o tlamang wa penshene ya ho thusa setjhaba e tswang ha mosebetsi a se a behile meja fatshe, a sa itekanela kapa a se a hlokahetse. Dinyehelo tsa basebetsi ba fumanang meputso e menyenyane di tla kgahlametswa ho latela ditokisetso tse teng. Tokomane e boetse e sisinya hore ho be le diphetoho lekgethong la maqheku le maqhekwana, tse tla tlisa kutlwano mokgwatshebetsong wa lekgetho le dithuso tsa setjhaba molemong wa ho rarolla ho se be teng ha tekano mekgwatshebetsong ena e mmedi. 
3.3.    Ho feta moo, sepheo ka tokomane ke ho sisinya diphetoho tse tla tlisa momahano maanong a dithuso tsa setjhaba, molemong wa ho bebofatsa tsamaiso, phano e ntlafetseng ya ditshebeletso le ho netefatsa taolo, puso le peholeihlo tse sebetsang hantle, ho akaretsa mananeo ohle a dithuso tsa setjhaba. 

C.    Khiro 
Mangolo a thuto a ba hirwang a a netefatswa mme ho netefatswe le hore ha ba e so ka ba tlola molao.
1.    Khiro ya Monghadi Snike Thulani Sibuyi jwaloka Motsamaisi wa Tshebeletso ya Sepolesa Lefapheng la Boeletsi ba Tshebeletso ya Sepolesa. 
2.    Khiro ya Monghadi Xolile Sizani jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa PetroSA.
3.    Khiro ya Mme Nombulelo Guliwe jwaloka CEO ya Bohahlaudi Afrika Borwa. 
4.    Ho atoloswa ha tumellano ya tshebetso ya Mme Totsie Memela-Khambula jwaloka CEO ya Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Dithuso tsa Setjhaba. 
5.    Ho hirwa ha Mme Mapatane Elizabeth Kgomo jwaloka CEO ya Mokgatlo wa Tshehetso ya Meralo ya Ditshebeletso ya Bomasepala.
6.    Ho kgethwa hape hoba Botong ya Letlole le Leholo la Eneji (CEF) le ho ba Modulasetulo wa yona ha Mme Ayanda Noah.

7.    Khiro ya ditho tsa Boto ya Bohahlaudi Afrika Borwa: 
7.1.    Mme Makhosazana Khanyile (Modulasetulo); 
7.2.    Advokeiti Lizelle Dominique Jordaan (Motlatsa-Modulasetulo);
7.3.    Ngaka Gregory J Davids;
7.4.    Monghadi Ikaneng Ephraim Pilane;
7.5.    Profesa Motlhago Stella Bvuma;
7.6.    Mme Nqabomzi Haya;
7.7.    Monghadi Rajesh Mahabeer;
7.8.    Monghadi Ayanda V Mazibuko;
7.9.    Mme Maija de Rijk-Uys; 
7.10.     Ngaka Mzolisi Michael Toni; le 
7.11.    Mme Uveshnee Pillay jwaloka moemedi wa Lefapha la Bohahlaudi. 

8.    Khiro ya Modulasetulo le Motlatsa-Modulasetulo Botong ya Batshepuwa ba Thraste e Ikemetseng ya Ntshetsopele: 
8.1.    Advokeiti Kwazikwenkosi Mshengu (Modulasetulo); le
8.2.    Mme Karabo Siyila (Motlatsa-Modulasetulo).

D.    Diketsahalo tse Tlang

1.    Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho 
1.1.    Sehopotso sa monongwaha sa Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho le Letsatsi la Ditokelo tsa Botho ka la 21 Tlhakubele se tla tshwarwa selemong seo ka sona ho ketekwang Dilemo tse 30 tsa Tokoloho ka Mmesa. 
1.2.    Tlasa mookotaba: “Dilemo tse Mashome a Mararo tsa Tlhompho le Ntshetsopele ya Ditokelo tsa Botho”, Kabinete e ipiletsa ho bohle ho ba le seabo matlafatsong ya ditokelo tsa botho, le ho hlompheng tokoloho le demokrasi e fumanweng ha boima.
 
2.    Imbizo ya Presidente ya Mokgwa wa ho Ntshetsa pele Ditereke (DDM)
2.1.    Presidente e tla tshwara Imbizo ya bo-12 ya Mokgwa wa ho Ntshetsa pele Ditereke ka Labone la la 7 Tlhakubele 2024, Masepaleng wa Setereke wa Nkangala, Mpumalanga. 
2.2.    Imbizo e kopanya baetapele ba makala ohle a mararo a mmuso, molemong wa hore ba buisane le baahi ka diphephetso tse teng phanong ya ditshebeletso, mme e boele e rale merero ya ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso le ntshetsopele ya baahi sebakeng seo. 
2.3.    Ho bile le dikopano tsena tsa DDM le maeto a peholeihlo diprovenseng kaofela tse robong, e le karolo ya maiteko a ho matlafatsa mosebetsi o ntseng o tswela pele wa ho ntlafatsa maphelo a baahi. 
2.4.    Kabinete e ipiletsa ho baahi ba Masepala wa Setereke wa Nkangala le dibaka tse o potileng ho ya kopanong le ho buisana le baemedi ba bona ka dintlha tse ba amang.

3.    Seboka sa Ntshetsopele ya Meralo ya Ditshebeletso ya Moshwelella sa Afrika Borwa (SIDSSA) sa 2024 
3.1.    Tsohle di malala-a-laotswe bakeng sa SIDSSA 2024, e tla tshwarelwa Cape Town ho tloha ho la 17 ho ya ho la 19 Tlhakubele 2024. SIDSSA e kopanya ba nang le seabo sa bohlokwa lekaleng la meralo ya ditshebeletso, ba boetseng ba le bohlokwa potlakisong ya sekgahla sa botsetedi meralong ya ditshebeletso naheng. 
3.2.    Ntshetsopele ya meralo ya ditshebeletso esale e le bohlokwa mmusong le Pusong ya Botshelela jwalokaha e na le seabo kgolong ya moruo, le ho thehweng ha mesebetsi. SIDSSA e tla pepesa tse ding tsa dikgatelopele ho kenngweng tshebetsong ha Morero wa Botsetedi Meralong ya Ditshebeletso, tse neng di tjhaetswe monwana ke Kabinete ka Motsheanong 2020. 

4.    Seboka sa Bobedi sa beng ba Diindasteri ba Batsho le ba Romelang dihlahiswa dinaheng tse ding 
4.1.    Seboka sa bobedi sa beng ba Diindasteri ba Batsho le ba Romelang dihlahiswa dinaheng tse ding, se tla tshwarelwa Sandton Convention Centre, Johannesburg ka Laboraro la la 20 Tlhakubele 2024. 
4.2.    Seboka se tla tlotla makgabane ho tsa kgwebo le dikgwebo tse nang le moya wa katleho le boiqapelo, tse thehang mesebetsi, boitshwaro kgwebong le boleng. Difeme tse fetang 600 ka palo tsa batho ba batsho, tse tshehetswang ke Lefapha la Kgwebisano, Diindasteri le Ditlhodisano di bile le kuno ya R80 bilione selemong sa ditjhelete sa 2023/24, mme sena ke sesupo sa diphetho tse bonahalang kamora ho hohella borakgwebo ba batsho diindastering. 

E.    Melaetsa

1.    Ditebohiso
Kabinete e thoholeditse le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho: 

1.1.    Mme Michelle Phillips ka ho hirwa ha hae jwaloka Mohlanka wa Phethahatso wa Transnet le Mme Nosipho Maphumulo jwaloka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete wa Transnet. Ho hirwa ha bobedi ho bohlokwa mosebetsing o ntseng o tswela pele wa ho matlafatsa bokgoni kahara Transnet, e le karolo ya mosebetsi wa ho matlafatsa bokgoni tsamaisong ya thepa e ngata, diterene le bokgoni ba tlhophiso ya metjha ya tsamaiso ya thepa. 
1.2.    Monghadi Wamkele Mene, ka ho kgethwa hape ho ba Mongodi-Kakaretso wa Tikoloho ya Bolokolohi Kgwebisanong Kontinenteng ya Afrika. 
1.3.    Monghadi Sibusiso Ngalwa, eo e leng Modulasetulo wa jwale wa Foramo ya Naha ya Bahlophisi Afrika Borwa (SANEF), ka ho kgethelwa ho ba Komiting ya Phethahatso ya Foramo ya Bahlophisi Afrika. 
1.4.    Banyana Banyana, sehlopha sa basadi sa naha sa bolo ya maoto, ka tlholo ya sona leotong la bobedi la dipapadi tsa ho Phunyeletsa Diolimpiking tsa CAF tsa Basadi. Sehlopha se hlotse papadi ena ya maoto a mabedi ka 4-0 ha ho kopanngwa dintlha kaofela, mme se tla nkana le Nigeria mokgahlelong wa ho qetela ka Mmesa 2024. 

2.    Matshediso
Kabinete e lebisitse matshediso malapeng, metswalleng le ho basebetsimmoho le: 

2.1.    Kaptene Simon Mkhulu Bobe le Mokaubere Sesoleng Irven Thabang Semono ba Lebotho la Naha la Tshireletso la Afrika Borwa, ba bolaetsweng Democratic Republic of Congo (DRC) ka la 14 Tlhakola 2024. Ba ne ba le karolo ya Lebotho la Poloko ya Kgotso la Dinaha tse Borwa ba Afrika, DRC, le tsejwang e le SAMIDRC, le rometsweng ho ya kgutlisa tshireletseho, kgotso le botsitso ho ikamahantswe le Lenaneo la AU la “Ho Kgutsiswa ha Dithunya pele ho fela selemo sa 2030”. Kabinete e boetse ya lakaletsa masole a mang a mararo a tswileng dikotsi hore a fole kapele. 
2.2.    Batho ba robong ba Mpumalanga ba timetseng kotsing e mpe ya bese Paulpietersburg, KwaZulu-Natal ha ba ne ba kgutla raling ya African National Congress, eThekwini.

Dipotso:
Mme Nomonde Mnukwa
Mmuedi wa Mmuso ya Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485
 

More on

Share this page

Similar categories to explore