Polelo e Mabapi le Diphetho tsa Seboka sa Kabinete sa Laboraro la 24 Motsheanong 2023 

A.  Maemo a Renang

1.  Eneji
1.1.  Kabinete e etse hloko tswelopele entsweng ka ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Tshebetso ya Eneji, ha e ntse e amohela hore ho na le ditshitiso tse ntseng di le teng kgahlanong le marangrang a naha. 
1.2.  Ha naha e kena nakong ya Mariha, Kabinete a amohetse phethelo ya Konteraka bakeng sa di-megawatts tse 400 (MW) tsa bokgoni bo ekeditsweng ka Standard Offer Programme e tla ba inthaneteng pele ho mafelo a Motsheanong 2023. 
1.3.  Ho feta moo, Lefapha la Bophelo bo botle le kgethile dipetlele tse 213 hore di se angwe ke ho kgaoha ha motlakase, ho tsona tse 76 di se di ntse di qheletswe ka thoko mme lefapha le sebeletsa hore le eketse dipetlele tse ding tse 46 ha boemo bo se bo hatetse pele. 
1.4.  Kabinete e amohela hape ho thakgolwa ho atametseng ha Energy One-Stop Shop ka la 31 Motsheanong 2023 ke Invest SA ho potlakisa mekgwa ya taolo e tla thusa dikhampani tse ntjha tse fehlang matla hore le tsona di nke karolo. 
1.5.  E etse hloko tswelopele e entsweng Seteisheneng se Fehlang Matla sa Kusile ho tsosolosa 3 200 MW, yuniting ya 1, 2, 3 le ya 5, ho marangrang a naha qetellong ya 2023.
1.6.  Kabinete e tshwenyehile ka tswelopele ya phatlalatso ya ditaba tsa bohata, ho pharalla le metjha ya ditaba ya setjhaba e bolelang ka katamelo ya ho putlama ha marangrang a naha e leng se tla baka ho tima ha motlakase ka ho felletseng. Eskom e tiiseditse mmuso ka merero e keneng tshebetsong bakeng sa ditshireletso tsa tsamaiso ho thibela ho tima ha motlakase ka ho felletseng naheng yohle.
1.7.  Kabinete e ipiletsa hape ho batho bohle ba Afrika Borwa hore ba tswele pele ho boloka motlakase. Morero ke ho boloka bonyane 1 000 MW ka letsatsi, e leng se lekanang le ho boloka mohato wa pele wa ho kgaoha ha motlakase letsatsi ka leng.
1.8.  Letona la Motlakase, Ngaka Kgosientsho Ramokgopa, o tla tsebisa naha ka dintlha tsa moraorao tsa ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Tshebetso ya Eneji ka Labohlano la 26 Motsheanong 2023, puisanong ya boraditaba.

2.  Bophelo bo Botle
2.1.  Mmuso o thehile komiti e sebetsang ya setekgeniki, e etellwang pele ke Lefapha la Naha la Bophelo bo Botle, ho arabela seweng sa kholera Hammanskraal Toropong ya Tshwane, e seng e bolaile batho ba 15 ho tloha ka la 24 Motsheanong 2023.
2.2.  Ho etswa mosebetsi o moholo wa ho lekola mehlodi yohle e ka bang teng ya tshilafalo, e bang ke mehlodi ya metsi, ditanka tse tsamaisang metsi, dipompo le Tshebetso ya ho Hlwekisa Metsi a Ditshila ya Rooiwal (WWTW). Ho fihlela jwale, ha ho na bopaki ba ho fumanwa ha baktheria ya kholera mehloding ena, e leng se re kgodisang hore ho ka etsahala ebe kholera e bile ketsahalo ya nako e le nngwe feela ya tshilafalo, ka ditshwaetso tsa hajwale tseo e ka nna ya ba di bakilwe ke ba tshwaeditsweng mme le bona ba tshwaetsa ba bang.
2.3.  Ha mesebetsi ena e ntse e tswela pele, baahi ba Hammanskraal ba kgothaletswa hore ba bedise metsi a pompo mme ba tshele letswai le seng le kae pele ba a nwa. Ho phaella moo, mang kapa mang ya nang le letshollo, ho nyekelwa ke pelo kapa matshwao a tshebetso ya mala o lokela ho potlakela ngakeng kapa tleliniking ya lehae.
2.4.  Letona la Metsi le Bohlweki, Monghadi Senzo Mchunu, o tla kopana le Ramotse wa Toropo ya Tshwane, Mokhanselara Cilliers Brink, ka Labohlano la 26 Motsheanong 2023 boitekong ba ho theha moralo o kopanetsweng wa ntjhafatso e seng e siilwe ke nako ya Rooiwal WWTW. 
2.5.  Bakeng sa dintlha tse ding o ka letsetsa mohala wa mahala o sebetsang bosiu le motsheare wa Setsi sa Naha sa Mafu a Tshwaetsanang (NICD) ho 082 883 9920. Tataiso ya phekolo ya Kholera e inthaneteng ho www.nicd.ac.za.

3.  Patlisiso ya Kotara ya Basebetsi (QLFS)
3.1.  Kabinete e tiisitse hore QLFS ya pele ya 2023 e bontshitse keketseho ya botshelela ya kotara ka tatellano ho dipalo tsa mesebetsi le khiro ya batho ba dimilione tse 16.2 e haufi haholo le ho fihla khiro ha batho ba dimilione tse 16.4 pele ho matsatsi a Coronavirus (COVID-19). Sena ke pontsho e hlakileng ya hore moruo wa Afrika Borwa o ntlafala ka matla ka mora ho angwa ke sewa sena. 
3.2.  Kotara ya pele ya dipalopalo tsa khiro di bontsha hore ke mesebetsi e 209 000 e thehilweng e tlasa taolo ya mmuso mme e 107 000 e seng tlasa taolo ya mmuso nakong ya kotara ya pele ya selemo.

4.  Dikamano tsa Afrika Borwa le United States (US) 
4.1.  Kabinete e tiisitse hore dikamano tse pakeng tsa Afrika Borwa le US e ntse e le tsa setswalle, tse matla mme di molemo bakeng sa dinaha ka bobedi ho latela seboka se neng se le dipakeng tsa Letona la Dikamano tsa Matjhaba le Tshebedisano, Ngaka Naledi Pandor le Lenqosa la US Afrika Borwa, Monghadi Reuben E Brigety, ya boletseng hore Afrika Borwa e fana ka dibetsa ho Russia.
4.2.  Kabinete e boletse hape hore metjha ya bodiplomate e thehilweng e fumaneha dinaheng tsohle, ho kenyeletsa US, ho phahamisa ditaba tse ka hlahang taolong ya dikamano tsa dinaha tse pedi.
4.3.  Kabinete e amohela phatlalatso ya Cyril Ramaphosa ya ho thehwa ha patlisiso e ikemetseng ho hlahloba diqoso tsa phano ya dibetsa tsa Afrika Borwa ho Russia. Dintlha tsa patlisiso di tla phatlalatswa ka nako e loketseng.

5.  Dikamano tsa Afrika Borwa le Singapore
5.1.  Mopresidente Ramaphosa o ile a amohela Tonakgolo Lee Hsien Loong wa Rephabliki ya Singapore ka Labobedi la 16 Motsheanong 2023.
5.2.  Singapore ke motsetedi ya bohlokwa Afrika Borwa, ka letsete la dibilione tse fetang tse hlano tsa diranta ka kakaretso lefapheng le kang la tlhahiso, ditshebeletso tsa ditjhelete le thekiso ya matlo. Ditumellano tse saennweng dipakeng tsa dinaha tsena tse pedi di reretswe ho matlafatsa kgwebo, letsete, thuto le tshebedisano ya tshireletso. 

6.  Imbizo ya Mopresidente ya Mohlala wa Ntlafatso ya Setereke (DDM) sa Kapa Bophirimela 
6.1.  Mopresidente Ramaphosa o ile a isa DDM ya botshelela ya Imbizo ya Mopresidente Kapa Bophirimela, Masepaleng wa Lehae wa Drakenstein, Seterekeng sa Cape Winelands, ka Labohlano la 19 Motsheanong 2023.
6.2.  Mopresidente o ile a etella pele moifo o tswang mafapheng ohle a mmuso a mararo tlasa sehlooho se reng: “Le se ke la Siya Mang kapa Mang ka Morao”. Imbizo e ne e etelletswe pele ke ketelo ya Mopresidente sebakeng sa Ntlafatso ya Bodulo ba Batho Vlakkeland Catalytic e haufi, e leng ntshetsopele ya matlo a setjhaba e kgolo ka ho fetisisa ho fihle jwale Masepaleng wa Lehae wa Drakenstein. Ntlafatso e tswetseng pele ka 2017 ha e feela e tla fana ka matlo a 2 556 ho batho ba tshwanelehang. 
6.3.  Kaho ya matlo a 942 a Karolo ya Pele e ntse e tswela pele, a 454 a se a phethilwe mme a 301 a ntse a hahwa. Bohlokwa ba projeke ena ke hore e haha mefuta e fapaneng ya dikgetho tsa matlo ho tloha ho a batho ba fumanang moputso wa R0 ho ya ho R3 500 (tlasa Ho Qetella Motheo o Motjha), ho Lenaneo la Ditjhelete le Hokahaneng le Motho ka Mong, bakeng sa batho ba fumanang moputso o pakeng tsa R3 501 le R22 000 ka selemo. Monyetla wa Bodulo ba Setjhaba hammoho le wa Bahlabani ba Sesole e teng projekeng ena.

7.  Ketelo ya Bolebedi ya Mmasepala wa Motsemoholo wa eThekwini le Mmasepala wa Setereke sa uMgungundlovu ka la 18 le la 19 Motsheanong 2023
7.1.  Motlatsi wa Mopresidente Paul Mashatile o ile a buisana le batshehetsi ba amehang ho tsa thuto le thupello, temo, kgwebo le diindasteri nakong ya leeto la bookamedi Mmasepaleng wa Motsemoholo wa eThekwini le Mmasepaleng wa Setereke sa uMgungundlovu e le karolo ya DDM ya ketelo ya bolebedi.
7.2.  Diprojeke tse ka sehloohong tse etetsweng e ne e le tsa sebaka sa Projeke ya Ntshongweni Catalytic, moo Smart City e ntse e ahwa pakeng tsa Durban le Pietermaritzburg. Projeke ena e tla tsosolosa mosebetsi wa moruo sebakeng seo, e tla ba le tlatsetso ya diranta tse dibilione tse ka bang 15 tsa letsete dilemo tse latelang tse 10 ho isa ho tse 15.

8.  Tsamaiso ya Phepelo ya Metsi
8.1.  Mopresidente Ramaphosa o ile a etela Morero wa Metsi a Dihlaba tsa Lesotho ka Labobedi la 23 Motsheanong 2023 e leng moo a ileng a kenya letsoho moketeng wa ho fetola lekote la Mohato wa 2 wa projeke. O saennwe dilemong tse mmalwa tse fetileng mme o ile wa dieha, mokete ona ke pontsho ya ho potlakisa mohato wa dinaha tsena tse pedi. Morero wa Metsi a Dihlaba tsa Lesotho o bohlokwa bakeng sa ho netefatsa polokeho ya phepelo ya metsi Gauteng, Foreistata, Mpumalanga, Leboya Bophirima le Kapa Bophirima.
8.2.  Letsete tsamaisong ya phepelo ya metsi bakeng sa ho ntlafatsa bophelo ba MaAfrika Borwa le ntse le tswela pele, ka phano ya diranta tse ka hodimo ho dibilione tse 14 ho bomasepala bakeng sa ho shebana le ditsamaiso tsa phepelo ya metsi tse saletseng morao, ka Thuso ya Infrastraktjha e Kgolo ya Mabatowa a Mangata (RBIG) le Thuso ya Infrastraktjha ya Ditshebeletso tsa Metsi (WSIG). RBIG e tla sebediswa diprojekeng tse 130 mme WSIG yona e abelwe diprojeke tse fetang 400 ho phatlalla le naha.
8.3.  Kabinete e boetse e thabisitswe ke hore Lefapha la Metsi le Bohlweki (DWS) le nka mehato ya ho lwantsha bobodu ka ho busetswa ha dimilione tse ka bang R600 ke dikhamphani tse unneng molemo ka ho fumana dithendara tse sa tlwaelehang. Kabinete e boetse e hokometse mehato ya taolo ya thibelo e behilweng ke lefapha ho fedisa ditshenyehelo tse sa tlwaelehang, tse se nang ditholwana le tse se nang thuso.

9.  Kgau ya Tshireletso ya Setjhaba
9.1.  Afrika Borwa e fumane Kgau ya Mokgatlo wa Matjhaba ya Tshireletso ya Setjhaba (ISSA) le Ditlwaelo tse Ntle ya maemo ho Tshireletso ya Setjhaba bakeng sa Afrika 2023, e elang hloko letsete la mmuso bophelong ba bana ba rona, haholo ba tswang malapeng a futsanehileng le a nang le mathata.
9.2.  Tokelo ya ho kena ha Afrika Borwa bakeng sa kgau ena ya maemo e ne e na le sehlooho se reng: “Katoloso ya hanyane ka hanyane ya kakaretso ya tshireletso ho bana ba nang le mathata: Taba ya Krante ya Tlhokomelo ya Ngwana, Afrika Borwa”. Kakaretso ya dikenyeletso tse 138 e ile ya fumanwa ho tswa ho ditho tse 48 tsa mekgatlo e tswang dinaheng tse fetang 30 tse Afrika.
9.3.  Thuso ya rona ya setjhaba ke motheo wa mmuso wa leano la ho fedisa tlala mme e ka sehlohong bakeng sa ho kgutlisa seriti sa batho ba habo rona. Tsamaiso ya tshireletso ya Afrika Borwa e hara tse kgolo ka ho fetisisa lefatsheng, mme e na le baamohedi ba fetang dimilione tse 18. 

10. Ditlhophiso tsa Bajete
10.1. Kabinete e thabisitswe ke hore Ditlhophiso tsa Bajete tsa mafapha a mmuso di tswela pele hantle. Sejule ya Ditlhophiso tsa Bajete tse latelang le tshehetso ya dipuisano tsa boraditaba: 
10.1.1.  Ka Labohlano la 26 Motsheanong 2023 ka 13:00, Letona la Tsamaiso ya Tshebedisano le Ditaba tsa Setso (CoGTA), Mofumahadi Thembi Nkadimeng, o tla tsamaisa puisano le boraditaba e mabapi le Ditlhophiso tsa Bajete tsa CoGTA e tla bontsha mehato e reretsweng ho matlafatsa tshebetso ya bommasepala. 
10.1.2.  Ka Labobedi la 30 Motsheanong 2023, Letona la Ntlafatso ya Setjhaba, Mofumahadi Lindiwe Zulu, le Letona la Toka le Tshokollo ya Batshwaruwa, Monghadi Ronald Lamola, ba tla tshwara seboka sa Ditlhophiso tsa Bajete mme dintlha tsa puisano ya bona le boraditaba di tla fanwa ka nako e loketseng.
10.1.3.  Ditlhophiso tsa Bajete ya Mopresidente di tla tekwa ka Laboraro la 31 Motsheanong 2023, mme puisano le boraditaba mabapi le Kgatelopele ka Diphetoho tsa Moralo le Mehato ya Khiro ka kgokahano le Operation Vulindlela, di tla tshwarwa ka Labobedi la 30 Motsheanong 2023.

11.  Sehopotso sa Dilemo tse 20 sa Letsatsi la Afrika le Tsela ya Tekolo ya Semphato ya Afrika (APRM) 
11.1.  Kabinete le maAfrika Borwa ohle a ikopantse le kontinente ya Afrika le lefatshe lohle ho keteka Letsatsi la Afrika ka Labone la 25 Motsheanong. Selemo sena se bohlokwa ka ho kgetheha kaha se tshwaya sehopotso sa bo-60 sa ho saenwa ha molao wa motheo wa Mokgatlo wa Kopano ya Afrika, e leng selelekela sa Kopano ya Afrika. Mookotaba bakeng sa mekete ya 2023– “Ho kenngwa tshebetsong ha Potlakiso ya Sebaka sa Kgwebo e Lokolohileng Kontinenteng ya Afrika” – ho ela hloko mehato e nkilweng bakeng sa ho kenya tshebetsong sebaka se seholo ka ho fetisisa lefatsheng sa tokoloho ya kgwebo.
11.2.  Sehopotso sa Kgwedi ya Afrika sa selemong sena se dumellanang le sehopotso sa bo-20 sa APRM, se reretswe ho sebedisa taolo e ntle ka hara kontinente ka thuto ya papiso e hlophisitsweng le boitekolo. 

B. Diqeto tsa Kabinete 

1.  Namakwa Special Economic Zone (SEZ)

1.1.  Kabinete e tjhaelletse monwana ho qollwa ha Namakwa SEZ e Aggeneys, Kapa Leboya. Tlhahiso ya ho qolla e etswa tumellanong le Molao wa Dibaka tse Kgethehileng tsa Moruo wa 2014 (Molao 16 wa 2014) mme SEZ e sisintsweng, ke karolo ya Tshebetso ya Matsete ya Mopresidente.
1.2.  Namakwa SEZ e tla ba senotlolo sa melemo ya morafo, tlhahiso ya hydrogen e tala, ntlafatso ya infrastraktjha, eneji e ka ntjhafatswang le tshebetso ya temo. Mafapha a bohlokwa bakeng sa tlhahiso ya mosebetsi le ntlafatso ya moruo wa Kapa Leboya le naha. 
1.3.  Matsete a fetang diranta tse dibilione tse 29 a se a ntse a behetswe thoko bakeng sa mohato wa pele wa SEZ. Ona a kenyeletsa boitlamo ho tswa ho Vedanta Zinc (Diranta tse dibilione tse 16), Frontier Rare Earth (Diranta tse dibilione tse 13), Hive Energy (Diranta tse dimilione tse 200) le RRS Trade and Investment (Diranta tse dimilione tse 100). 

2.  Kgatiso ya Boraro ya Leano la Mohlodi wa Metsi a Setjhaba (NWRS-3) 2023
2.1.  Kabinete e tjhaelletse monwana NWRS-3 ya 2023, bakeng sa phethahatso, mme leano lena ke le tlamang ho bolaodi bohle le mekgatlo ho kenya tshebetsong Molao wa Naha wa Metsi wa 1998 (Molao 36 wa 1998).
2.2.  Leano lena le susumeditswe ke tlhahlobo ya dilemo tse tharo ya NWRS-2, e qollotseng dibaka tsa katleho le dibaka tse ntseng di tobana le mathata. 
2.3.  NWRS-3 e na le merero e meraro ya sehlooho, e leng ntlafatso ya metsi le bohlweki e lokelang ho tshehetswa, ho fediswa ha tlala le ho se lekalekane, tlatsetso moruong le tlhahiso ya mosebetsi, mme metsi a lokela ho sireletswa, ho sebediswa, ho ntlafatswa, ho hlokomelwa le ho laolwa ka tsela e tsitsitseng le ka ho lekana.
2.4.  Leano lena le etsa ditshisinyo tse tshwarehang bakeng sa ho eketsa phepelo ya metsi, ho fokotsa tlhokeho ya metsi, taolo e atlehang ya metsi le bohlweki, ho laola lefapha la metsi le bohlweki, ho aba metsi bakeng sa phetoho, ho kgothaletsa tshebedisano ya matjhaba, le ho laola metsi le bohloweki tlasa maemo a lehodimo a ntseng a fetoha. 
2.5.  NWRS-3 e phatlaladitswe websaeteng ya DWS ho www.dws.gov.za. 

3.  Tlaleho ya Mehato e Kentsweng Tshebetsong ke Lefapha la Tshireletso (DoD) ho Sebetsana le Diketso le Boitshwaro ba Ditho tsa Sesole sa Naha sa Tshireletso sa Afrika Borwa (SANDF) tse Romelwang Mererong ya ho Boloka Kgotso
3.1.  Kabinete e amohetse tlaleho mabapi le kgatelopele eo Afrika Borwa e e etsang ho sebetsana le boitshwaro ba ditho tse ding tsa SANDF tse rometsweng bakeng sa ho boloka kgotso ho phatlalla le kontinente.
3.2.  SANDF e se e hlokometse mohlodi wa boikgantsho ba naha ha e ntse e kenya letsoho mererong ya ho boloka kgotso kontinenteng, bakeng sa tshireletso e tsitsitseng le kgotso dinaheng tsa Afrika tse ruthuthilweng ke ntwa tse tlasa dithuso tsa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN). 
3.3.  Ka diqoso tsa ditlolo tsa thobalano tse amang masole a bolokang kgotso tse qadileng ho hlahella ka 2015, Sehlopha sa Tshebetso sa Matona se ile sa thehwa ka 2019 bakeng sa ho etsa dipatlisiso ka diqoso tsa tlhekefetso ya peto le tlhekefetso (SEA) ka hare ho DoD. 
3.4.  Kabinete e kgotsofaditswe ke letoto la mehato e kentsweng tshebetsong ya ho sebetsana le diketsahalo tsa SEA mererong ya ho boloka kgotso ya SANDF. UN e nka Afrika Borwa e na le ditlwaelo tse ntle ka ho fetisisa mme e thoholeditse naha ka kgatelopele eo e e entseng ya ho hlakola SEA ka hare ho SANDF.
3.5.  Kabinete e hatisitse hore ditlwaelo tsa SEA di ke ke tsa dumellwa ho senya tlaleho e ntle ya SANDF kontinenteng. 

4.  Kgwedi ya Batjha ya 2023 
4.1.  Kabinete e tjhaelletse monwana Lenaneo la Kgwedi ya Batjha la 2023 tlasa mookotaba: “Ho potlakisa tokoloho ya moruo wa batjha bakeng sa bokamoso ba moshwelella”.
4.2.  Motlatsi wa Mopresidente Mashatile o tla beha puo Letsatsing la Setjhaba leo selemong sena le tla ketekwa ka matsatsi a mabedi ho tloha ka la 16 ho isa ho la 17 Phuptjane 2023, Setsing sa Dipapadi sa Mangaung, Bloemfontein, Foreistata.  Matsatsing ao a mabedi, ho tla ba le monyetla wa hore batjha ba nke karolo puisanong le Matona, Batlatsi ba Matona le baamehi ba bang ho dithupello tse fapafapaneng, menyetla ya kgwebo le ntlafatso e fumanehang ka hara mmuso le balekane ba setjhaba. 
4.3.  Kgwedi ya Batjha e tla thakgolwa ka Labone la 1 Phuptjane ke Letona la Kantoro ya Mopresidente wa Basadi, Batjha le Batho ba Nang le Boqhwala, ke Ngaka Nkosazana Dlamini Zuma a le Hector Pieterson Memorial le Musiamong wa Soweto. 
4.4.  Kabinete e ipileditse ho baahi hore ba matlafatse boiteko ba ho netefatsa hore batjha ba fumana menyetla e tla ba dumella ho ba le seabo moruong.
4.5.  Mmuso, jwaloka mohiri ya itlhommeng pele, o arabetse tlhokong ya ntlafatso ya bokgoni le khiro ya batjha ka ho dumella ho hirwa ha baithuti ba sa sebetseng hore ba fumane boiphihlelo ho Lenaneo la Boithuti la Tshebeletso ya Mmuso. Mmuso o boetse o kentse tshebetsong Letlole la Khiro ya Setjhaba (SEF) mme wa tsosolosa boiteko ba tlhahiso ya mesebetsi ya Tshebeletso ya Naha ya Batjha (NYS) e hulelang dikete tsa batjha ho tsa moruo.
4.6.  Kenello ya Mopresidente Khirong ya Batjha, e se e ntse e atlehile ho tshehetsa ho fumaneha ha menyetla e dimilione tse 1.5 ya meputso ya nakwana, milione e le nngwe ya dibaka tse thehilweng mosebetsing, menyetla e 250 000 ya thuto e kopantseng mosebetsi, menyetla e 250 000 ya ditshebeletso tse lefang mme batjha ba 500 000 ba tshwarehile ka mesebetsi e fanang ka moputso. Ha ntse re kena Kgweding ya Batjha, mmuso o hopotsa batjha ho ingodisa ho SAYouth.mobi kaha batjha ba bang ba dimilione tse nne ba se ba ntse ba ingodisitse, moo menyetla ya mosebetsi e ka fihlellwang.

5.  Seboka se Kopanetsweng sa Foramo Bakeng sa Patlisiso ya Seboka sa bo-8 sa Afrika (FARA) sa Kgwebo ya Temo Afrika le Beke ya Saense hammoho le Seboka sa sona sa Kakaretso sa bo-9
5.1.  Kabinete e amohetse hore Afrika Borwa e be motsamaisi mmoho wa Seboka sa FARA sa bo-8 sa Kgwebo ya Temo le Beke ya Saense Afrika hammoho le Seboka sa sona sa Kakaretso sa bo-9 Durban ho tloha ka la 5 ho ya ho la 9 Phuptjane 2023.
5.2.  FARA ke mokgatlo o hlophisitsweng wa dikontinente o ikarabellang ka ho thusa le ho hokahanya patlisiso ya temo le kgatelopele ya boqapi kontinenteng. 
5.3.  Ka ho tsamaisa ketsahalo ena, Afrika Borwa e tla rua molemo ka tshebedisano mmoho le dikamano le mekgatlo ya kontinente ya temo le patlisiso, ka ho arolelana ditlwaelo tsa saense ya temo le patlisiso. Afrika Borwa e nka patlisiso ya temo bakeng sa ntlafatso e le bohlokwa, haholo ho nahannwe ka phetoho maemong a lehodimo le dintlha tse ding tse amang bokgoni ba naha ba ho finyella kanetso ya dijo, ntlafatso ya moruo le khiro. Seboka se lebeletswe ho kgahla baeti ba 800 KwaZulu-Natal le Gauteng, mme sena se tla tlatsetsa ho tshebetso ya moruo. 

6.  Ditaba tsa kgwebo
6.1.  Kabinete e amohetse tlaleho e bontshang ntlafalo kgwebong ya naha ya lenaneo la thomello ya thepa. Tlaleho eo e bontshitse ha Afrika Borwa e rometse thepa ya boleng ba diranta tse dibilione di 300 ka 2022 ho leba dinaheng tse 12, e boloka mesebetsi e tobileng e akanyetswang ho 57 300. 

C. Khiro 
Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.

1.  Monghadi Bernard Scelo Duma jwaloka Motlatsi wa Motsamasi Kakaretso: Ditsamaiso tsa Mmuso wa Lehae le Tshehetso Lefapheng la Puso ya Tshebedisano.

2.  Boto ya Batsamaisi ba Lekgotla la Theknoloji ya Diminerale
(a)  Mofumahadi Ntombifuthi Zikalala-Mvelase (Motlatsi wa Modulasetulo le ho thonngwa hape); 
(b)  Mofumahadi Pontsho Maruping (o thontswe hape);
(c)   Monghadi Rudolf Heydenrich (o thontswe hape);
(d)  Ngaka Siyabonga Simayi;
(e)  Ngaka Takalani Madzivhandila;
(f)   Mofumahadi Azwinndini Mavis Thomani;
(g)  Monghadi Livhu Nengovhela; le
(h)  Mofumahadi Faith Ntokozo Ngcwabe (Moemedi wa Lefapha la Mehlodi ya Diminirale le Eneji). 

3.  Boto ya Batsamaisi ba Lekgotla bakeng sa Saense ya Lefatshe (Geoscience) 
(a)  Monghadi Kelepile Dintwe (Modulasetulo);
(b)  Monghadi Xolisa Mvinjelwa (Motlatsi wa Modulasetulo);
(c)  Moadvokheiti Ntika Maake;
(d)  Ngaka Mayshree Singh;
(e)  Ngaka Siyanda Mngadi;
(f)   Ngaka Ntombifuthi Nxumalo;
(g)  Mofumahadi Thobeka Njozela;
(h)  Monghadi Andries Moatshe;
(i)   Ngaka Moloko Matlala;
(j)   Monghadi Mandla Malindisa; 
(k)  Ngaka Mmboneni Muofhe; le
(l)   onghadi Mosa Mabuza (CEO). 

D. Bili

1.  Morero wa Lefapha le Ikemetseng la Dipatlisiso la Sepolesa (IPID) Sehlomathiso sa Bili sa 2023
1.1.  Kabinete e tjhaetse monwana morero wa Sehlomathiso sa Bili sa IPID sa 2023 e le tlhahiso ho Palamente. 
1.2.   Bili e fetola Molao wa IPID wa 2011 (Molao 1 wa 2011), mme e etsa ditshisinyo tse reretsweng ho matlafatsa setheo le tshebetso e ikemetseng ya IPID, ho etsa hore “kahlolo ho tswa nyeweng ya McBride” e sebetse.
1.3.   iphetoho di boetse di rarolla ditaba tse phahamisitsweng ke Lekgotla la Molao le boletseng hore ditokisetso tse ding tsa Molao wa IPID wa 2011 ha di sa sebetsa, e leng se fileng Letona la Mapolesa matla a ho fanyeha Motsamaisi ya ka Sehloohong, ho nka mehato ya kgalemelo kgahlanong le Motsamaisi ya ka Sehloohong ho latela ho kginwa ha hae mosebetsing, le ho tlosa Motsamaisi ya ka Sehloohong setulong.
1.4.  Bili e sisintse tshebetso e hlakileng le e bulehileng bakeng sa ho kgethwa ha Motsamaisi ya ka Sehloong le tshebetso e qaqileng le e phethahetseng bakeng sa tekolo ya botshepehi ba ba boholong ho IPID. Bili e boetse e fana ka diphetoho bakeng sa ditshebeletso tse ding tsa Molao o ka Sehloohong, e le ho netefatsa hore IPID e kenya tshebetsong taelo ya yona ka katleho. Moralo wa Bili o ka fumanwa ho www.policesecretariat.gov.za.

2.  Moralo wa Sehlomathiso sa Molao wa Melao ya Mautlwela ka Kakaretso (GILAB) wa selemo sa 2023 
2.1.  Kabinete e amohetse moralo wa GILAB wa selemo sa 2023 bakeng sa tlhahiso ho Palamente. GILAB e sisintse phetoho ho Molao wa Leano la Naha la Mautlwela wa (Molao 39 wa 1994). Bili e fana ka tshebetso ho dikgothaletso tsa Phanele ya Tekolo ya Boemo bo Phahameng ba Mopresidente ho Lekala la Tshireletso ya Naha (SSA) hammoho le ho kenya tshebetsong morero wa dikgothaletso tsa Khomishene ya Boahlodi bakeng sa Dipelaello tsa Tshusumetso e Mpe ya Diqeto tsa Puso, Bobodu le Bomenemene Lefapheng la Setjhaba ho kenyeletsa Mekgatlo ya Naha. 
2.2.  Hara tse ding Bili e batla ho: (a) aba botjha ditshebeletso tsa tebelo bakeng sa ho fana ka meaho ya mekgatlo e tla dumella tshebetso e atlehang ka ho theha lefapha la mautlwela malapeng le tshebeletso ya bolebedi dinaheng tse ding; (b) ho lokisa kgaello tshebetsong ya Bokgoni ba Matshwao a Elektroniki a Mautlwela jwalo ka ha ho netefaditse Lekgotla la Molao; (c) ho sebetsana le bofokodi bo hlokometsweng ka Lebotho la Tshebetso la Ditjhelete, ho kenyeletsa mehato ya ho lwantsha boshodu ba tjhelete le ho fana ka thuso ya ditjhelete ho baferekanyi, ka ho matlafatsa moralo wa tshireletso ya naha, ho etsa dipatlisiso le ho etsa ditekolo tsa tshireletso haeba motho kapa mokgatlo e le wa dithahasello tsa tshireletso ya naha; (d) Ho matlafatsa mehato ya taolo le kgokahanyo ya indasteri ya tshireletso ya poraefete e le karolo ya katamelo e batsi ya tshireletso ya naha; le (e) ho theha mehato ya ho laola boitshwaro ba ditho tsa tshebeletso le ba bang ba kgonang ho fumana tlhahisoleseding ya mautlwela.
2.3.  Bili e tla boela e tiise hore ditshebeletso tsa SSA ha di sebediswe bohlaswa ho kgotsofatsa dithasello kapa merero ya batho ba itseng. 
2.4.  Diphetoho di tla matlafatsa bohlokomedi ba mekgatlo e kang Mohlahlobi-Kakaretso wa Mautlwela (Inspector-General of Intelligence), Komiti ya Tshebetso e Kopanetsweng ho Mautlwela le Mohlahlobi-Kakaretso wa Afrika Borwa. Bili e a fumaneha ho www.gov.za. 

3.  Morero wa Bili ya Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba (PSC) ya 2023 
3.1.  Kabinete e amohetse phatlalatso ya morero wa Bili ya PSC ya 2023 bakeng sa maikutlo a setjhaba. Bili e hlakola Molao wa PSC, wa 1997 (Molaot 46 wa 1997) wa Molaotheo wa Rephabliki ya Afrika Borwa wa 1996. 
3.2.  Bili e fana ka theho bakeng sa bongodi ho PSC, ho matlafatsa boikemelo le ho hloka leeme ha mokgatlo. Hang ha Bili e se e kenyeleditswe molaong, taelo ya PSC e tla atolosetswa ho bommasepala le mekgatlong ya setjhaba. 
3.3.  Phetoho ena e tla fa PSC katamelo e tsepameng haholwanyane bakeng sa ho etsa tlatsetso e nang le moelelo ho haheng tshebeletso ya setjhaba e arabelang, le e tsamaellanag le mekgwa e metle. Bili e a fumahena ho www.dpsa.gov.za 

4.  Morero wa Phetoho ya Bili ya 2023 ho Molaodi wa Naha wa Nyutleleya 
4.1.  Kabinete e amohetse Morero wa Phetoho ya Bili ya 2023 ho Molaodi wa Naha wa Nyutleleya e le tlhahiso ho Palamente. Bili e fetola Molao wa Molaodi wa Naha wa Nyutleleya (NNR), 1999 (Molao 47 wa 1999). 
4.2.  Bili e batla ho sekaseka dikgeo tse teng Molaong wa NNR wa 1999 o teng hajwale. Molao sebopehong sa ona sa hajwale, ha o tsamaisane le tshebetso e molemo ka ho fetisisa ya melao ya polokeho ya sebaka sa nyutleleya, hobane ha e bue ka kgahlamelo ya mosebetsi wa basebetsi ba difofane ho mahlaseli a kotsi. 
4.3.  Bili e boetse e etseditswe ho amahanya Molao wa 1999 wa NNR le ditaelo tsa Setsi sa Matla a Athomo (IAEA) le tshebetso e ntle ka ho fetisisa. Afrika Borwa ke setho sa IAEA.

E.   Diketsahalo tse Tlang

1.  Tlhomamiso ya Mopresidente wa Rephabliki ya Bofederale ya Nigeria
1.1.  Ka Mantaha wa la 29 Motsheanong 2023, Mopresidente Ramaphosa o tla hlompha memo ya ho ya Tlhomamisong ya Mokgethwa wa Bopresidente ba Rephabliki ya Bofederale ya Nigeria Monghadi Bola Ahmed Tinubu.
1.2.  Bonkakarolo ba Mopresident bo tla bontsha tswelopele kamanong ya leano e pakeng tsa Afrika Borwa le Nigeria.
1.3.  Nigeria le Afrika Borwa ke balekane ba kgwebo ba baholo ka ho fetisisa Afrika Bophirimela. Letoto le difeme tsa Afrika Borwa tse ngata di tsetetse Nigeria, ha dikhampani tsa Nigeria tsona di ntshetsa pele sebaka sa tsona Afrika Borwa.

2.  Beke ya Tshireletso ya Bana
2.1  Afrika Borwa e tla tshwaya Beke ya Tshireletso ya Bana ho tloha ka la 28 Motsheanong ho isa ka la 4 Phuptjane 2023 tlasa mookotaba: “Ha re Sireletseng Bana nakong ya COVID-19 le ka Nqane ho Yona”. Letsholo lena le bokella mafapha ohle le setjhaba ho leba ntlafatsong, tlhokomelong le tshireletsong ya bana.
2.2  Selemong sena letsholo le tla tsepama ho RISIHA, e thehilweng setjhabeng bakeng sa thibelo le lenaneo la ho kenella kapele, ho reretsweng ho tlosa bana boemong ba ho ba tlokotsing ho isa ho bo matla.

3.  Leeto la Bookamedi la DDM Kapa Botjhabela
3.1  Motlatsi wa Mopresidente, Monghadi Paul Mashatile o tla tsamaisa Leeto la Bookamedi la DDM a le Seterekeng sa OR Tambo le Buffalo City Metro, Kapa Botjhabela ka la 26 le la 27 Motsheanong 2023.
3.2  Ketelo ena ke karolo ya mohato wa mmuso wa ho tiisa hore ntshetsopele ya setjhaba e etsahala ka tsela e kopaneng e tshehetswang ke mokgwa wa DDM.

4.  Palamente ya Botshelela ya Palamente ya Bo-Afrika (PAP)
4.1  Baetapele ho phatlalla le kontinente ba ile ba bokana ho tloha ka Mantaha wa la 15 Motsheanong 2023 Midrand, Afrika Borwa bakeng sa Palamente ya Botshelela ya PAP. Seboka se tla feela ka la 02 Phuptjane 2023.
4.2 PAP e batla ho bua ka mathata a tlwaelehileng ho phatlalla le kontinente mme e emetswe ke baetapele ba Afrika kontinenteng ka bophara.

5.  Komiti e Kopaneng ya Mebuso ya Mawatle (IOC)
5.1  Afrika Borwa e tla nka karolo sebokeng sa bo-56 sa lekgotla la phethahatso se tla tshwarwa Paris, Fora ho tloha ka la 16 ho ya ka la 30 Phuptjane 2023.
5.2  IOC ya Thuto ya UN, Mokgatlo wa Saense le Setso (IOC-UNESCO) ke mokgatlo wa UN o ikarabellang bakeng sa ho tshehetsa saense ya mawatle lefatsheng ka bophara le ditshebeletso.
5.3  Afrika Borwa e elellwa bohlokwa ba patlisiso le tsamaiso ya mawatle le tikoloho ya mabopo a lewatle bakeng sa ntshetsopele e tsitsitseng. Patlisiso ya mawatle e boetse e thusa ho fana ka ditemoso tsa pele kgahlanong le dikoduwa tsa mawatleng le ho thusa mebuso ho etsa diqeto tse nang le tsebo.

6.  Afrika Borwa e Tshwara Ditlhodisano tse Kgolo tsa Dipapadi 
6.1  Batshehetsi ba dipapadi ho tswa lefatsheng ka bophara ba ka lebella kamohelo e mofuthu ya Ubuntu le kamohelo ya baeti ya boemo ba lefatshe, ha ba le papading ya Mohope wa Lefatshe wa Netebolo, Mohope wa Lefatshe wa Karate wa Kimura Shukokai International (KSI) Afrika Borwa. Afrika Borwa e na le nalane e netefaditsweng ya ho atleha ho tshwara diketsahalo tse kgolo.
6.2  Thabo e tswela pele ho kgaphatseha kaha ho setse matsatsi a ka hodimonyana ho a mashome a tsheletseng (60) Mohope wa Lefatshe wa Netebolo o qala Cape Town ho tloha ka la 28 Phupu ho isa ka la 6 Phato 2023. Lena ke lekgetlo la pele tlhodisano ena e tummeng e tshwarelwa mobung wa Afrika.
6.3  Kabinete e ipiletsa ho bohle hore ba tshehetse letsholo la Netebolo la Labohlano, ka ho apara diaparo tsa batshehetsi kapa ho ikgabisa ka mebala ya naha bakeng sa ho etsa mokoloko ka mora Sehlopha sa Naha sa Netebolo sa Afrika Borwa.
6.4  KSI ya Afrika Borwa e boetse e tla tshwara Mohope wa Bompodi ba Lefatshe ba Karate wa KSI wa bo-20 Cape Town ho tloha ka la 10 ho ya ka la 15 Phupu 2023, mme ditakaletso tse ntle di lebiswa ho Sehlopha sa Afrika Borwa ha se ntse se itokisetsa ketsahalo ena e tummeng ya lefatshe ka bophara.
6.5  Afrika Borwa e motlotlo ka ho tshwara Dipapadi tsa ho qetela tsa Bompodi ba Table Tennis tsa 2023 Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Durban. Hoo e ka bang dibapadi tse 600 ho tswa dinaheng tse fapaneng lefatsheng ka bophara, hajwale di ntse di sebetsa mme tlhodisano ena e fa dibapadi monyetla wa hore di bontshe talente ya tsona. Tlhodisano e qadile ka la 20 Motsheanong 2023 mme e tla tswela pele ho fihlela ka la 28 Motsheanong 2023.

F.   Melaetsa

1.   Mahlohonolo
Kabinete e lebisa mahlohonolo a yona le ditakaletso tse molemo ho: 

  • Letona la Ditjhelete, Monghadi Enoch Godongwana, ya ileng a fuwa kgau ya boemo bo hodimo ya African Banker 2023 ya Kgau ya Letona la Ditjhelete la Selemo ho Sharm El Sheikh, Egepeta ka Laboraro la 24 Motsheanong 2023, bakeng sa boiteko ba hae selemong se fetileng ka ho laola moruo wa Afrika Borwa nakong ya moruo le tikoloho ya lapeng tse rarahaneng. Kgau e ile ya amohelwa ke Letona bakeng sa ho sebedisa leano la ditjhelete bakeng sa ho potlakisa matsete lefapheng la ntlafatso ya eneji.
  •  Hana Gammon, e leng mongodi ya dilemo tse 20 wa Afrika Borwa bakeng sa ho hapa Kgau ya Dipale tse Kgutshwane tsa Commonwealth ya 2023, sebakeng sa Afrika le ho ba e monyenyane ka ho fetisisa nalaneng ya ho fumana kgau. 
  • Sehlopha sa Stormers Rugby bakeng sa ho finyella ho makgaolakgang ho United Rugby Championship. Di-Stormers di tla bapala kgahlanong le sehlopha sa Irish Musters Lebaleng la Dipapadi la Cape Town ka Moqebelo wa la 27 Motsheanong 2023. 
  • Monghadi Zakes Mda, sengodi sa dibuka sa Afrika Borwa le Moprofesara Tshilidzi Marwala, Motlatsi wa mehleng wa Motlatsi wa Mokhanselara le Mosuwehlooho Univesithing ya Johannesburg, bao ka bobedi ba ileng ba kgethwa bakeng sa Dikgau tsa Bahlalefi Afrika tsa 2023. Monghadi Mda le Moprofesara Marwala ba kgethilwe hara maAfrika a mang a 19 a ipabotseng dikarolong tse fapaneng.


2.  Matshediso
Kabinete e fetisitse matshediso ho malapa le metswalle ya: 

  • Leqosa la naha naheng ya Rephabliki ya Algeria, Monghadi Billy Masetlha, ya ileng a sebeletsa Afrika Borwa mesebetsing e fapaneng mmusong, e kenyeletsang ho ba Motsamaisi-Kakaretso wa ditshebeletso tsa mautlwela. O ne a amehile ka botebo Ntweng bakeng sa tokoloho ya Afrika Borwa, ho kenyeletsa ho ba setho sa Umkhonto we Sizwe.
  • Murthi Naidoo, ya ileng a nehela bophelo ba hae ntweng ya tokoloho ya naha. O ile a kwallwa ke mapolesa a tshireletso ho tloha ka Pudungwana 1965 ho ya ho Mmesa 1966 ntle le diqoso mme a bapala karolo e mafolofolo bophahamong ba boemo ba tshohanyetso qetellong ya dilemo tsa bo-1980.
  • Barry Dwolatzky, e ne e le pulamadiboho lefapheng la tlhahisoleseding ya naha le theknoloji ya puisano. E ne e le Moprofesara (Emeritus) thutong ya School of Electrical and Information Engineering Lefapheng la Boenjiniere le Kaho ya Tikoloho Univesithing ya Wits.
  • Batho ba 15 ba lahlehetsweng ke bophelo ka lebaka la kholera Hammanskraal Toropong ya Tshwane.

 

Dipotso: Monghadi Michael Currin – Sebuelli sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo 
Mohala: 083 501 0139
 

Share this page

Similar categories to explore