Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 5 Hlakubele 2014

1.  Diqeto tsa Kabinete mabapi le dintlha tsa ha jwale le diketsahalo tse tlang

1.1 Kabinete e hatella kgoeletso ya Mopresidente Jacob Zuma ho mmuso, kgwebo le mesebetsi ho sebetsa mmoho ho hodisa moruo wa rona ka sekgahla se kgonang ho hlahisa mesebetsi e meng.

Puo ya Boemo ba Naha le Puo ya Ditekanyetso di beile motheo bakeng sa ho kengwa tshebetsong ho potlakileng ha Morero wa Ntshetsopele ya Naha nakong ya kotara e tlang ya tsamaiso e ntjha.

Tekanyetso ya bo 21 ya Naha ya tsamaiso ena ya demokrasi efeela e hlahisa pale e monate ya hore na re fetola naha jwang le ho tswelapele kgahlano le mathata a bohlokwa a bofuma, tlhokeho ya tekatekano le tlhokeho ya mesebetsi – mme, hwa bohlokwa, re etsa jwalo ka disebediswa tsa rona tse fokolang.

1.2 Kabinete e hlahisitse ho nyahama ha yona ho ho holo mabapi le dipolao tsa bacha ba babedi ba banana bakeng sa diketso tse ho thweng ke tsa boloi.  Diketso tse tjena ha di amohelwe naheng ya rona. Ka hore Molaotheo o hatella tokelo ya bophelo, motho mang kapa mang ya fumanwang a tlotse molao o tla qoswa ka matla a felletseng a molao.

1.3  Kabinete e leboha maAforika Borwa ohle le dikhamphani bakeng sa diteko tsa bona tsa poloko ya motlakase, haholo ha phepelo ya naha e le tlasa kgatello. Leha naha e na le bokgoni ba ho kgotsofatsa tlhoko ya ha jwale, basebedisi bohle ba motlakase ba kgothaletswa ho kenyeletsa poloko ya motlakase jwalo ka mokgwa wa bophelo.

1.4 Kabinete e lebohela dikolo le matitjhere ohle ba thongweng bakeng sa Dikgau tsa Naha tsa ho Ruta 2013: Dikgau tsa Via Afrika People's Choice tse tla tshwarwa ka la 6 Hlakubele 2014 Setsing sa Dikopano sa Birchwood se Gauteng. Dikgau tsena ke tsela e le nngwe feela eo ka yona Lefapha la Thuto ya Motheo le tlotlang le ho kgothaletsa matitjhere a kgothetseng a tsotellang ditekong tsa bona tsa ho ntshetsapele baithuti jwalo ka baahi ba nang le boikarabello ba Aforika Borwa e nang le demokrasi, e se nang kgethollo ya morabe kapa ya bong. Kabinete hape e thatisella ditokelo tsa bana tsa ho ithuta tikolohong e bolokehileng hape e kgothaletsang thuto.

1.5 Kabinete e amohela tshehetso e tswellang ya Lefapha la Saense le Theknoloji ya Mokete wa Naha wa Saense, o bitswang Scifest Africa, o tla tshwarwa ho tloha ho la 12 ho isa ho la 18 Hlakubele 2014 ho la Grahamstown e Kapa Botjhabela tlasa tema ya “Ho kena Sebakeng.” Ketsahalo ena ya selemo le selemo e tsebahatsa saense, theknoloji, boenjineri le mmetse jwalo ka menyetla ya mesebetsi ho batjha ba rona hape e theha kutlwisiso e ntlafetseng ya mafapha ana hara maAforika Borwa. Mmuso o tswelapele ho beha kapele le ho tsebahatsa kgetho ya Mmetse le Disaense tsa Tshwaro jwalo ka karolo ya ho ntshetsapele bokgoni ba bohlokwa bo hlokwang ke moruo wa rona o ntseng o hola.

1.6 Kabinete e amohela phatlalatso e entsweng ke Mokgatlo wa Setsha sa Lenaneo la Dipatlisiso tsa AIDS ka hare ho Aforika Borwa ka tshibollo ya dianthibodi tse matla tsa HIV. Patlisiso e mabapi le kamoo mmele wa mosadi wa KwaZulu-Natal o ileng wa arabela tshwaetso ya hae ya HIV ka ho etsa dianthibodi tse matla. Phuputso, e hatisitsweng ho jenaleng ya maemo a hodimo ya saense e bitswang, Nature, e hlalosa kamoo sehlopha sa patlisiso se fumaneng sa ba sa supa dianthibodi tseo mading a mosadi eo ya ba ba etsa dianthibodi tse tshwanang le tseo hantle ka laborathoring. Dianthibodi tsena tse iketseditsweng di ile tsa sebediswa letotong la diteko ka laborathoring ho hlakisa tsela e latetsweng ke masole a mmele wa mosadi eo ho etsa dianthibodi tsena tse matla. Ditsebo tse ntjha tse fumanweng ho tswa ho mosadi enwa wa KwaZulu-Natal mabapi le dikarabelo tsa masole a mmele kgahlano le HIV di tlisa tshepo bakeng sa thibelo ya HIV le maano a kalafo a nako e tlang. Tshibollo ena ha se pheko ya HIV/AIDS ka tsela efe kapa efe mme kahoo mmuso o kopa maAforika Borwa ho tswelapele ho etsa diteko bakeng sa HIV kapa ho tswelapele ka kalafo ya dianthiretrovaerale e fuwang batho bao diteko tsa bona di hlahisang hore ba na le HIV.

1.7 Mopresidente Jacob Zuma o tla bua ketekelong ya Letsatsi la Ditokelo tsa Botho tsa selemo sena ka la 21 Hlakubele 2014 tlasa tema ya “Ho ketekela Dilemo tse 20 tsa ho fetola maphelo ka ditokelo tsa botho!” Lebaleng la Kirikete la Sharpeville le Gauteng. Kabinete e kopa maAforika Borwa ho ketekela ho phela naheng e netefatsang hore le ka mohla botho ba rona bo ke ke ba nkuwa ho moAforika Borwa ofe kapa kapa, ho sa natswe morabe, bong, bodumedi kapa tshekamelo ya ho ratana. Kaofela re na le boikarabello ba ho netefatsa hore rekote ya rona ya ditokelo tsa botho le nalane di bolokwa le ho matlafatswa bakeng sa meloko e tlang.

1.8 Beke ya Naha ya Metsi e tla phatlalatswa ho la Bushbuckridge ka la 14 Hlakubele mme e tla tswelapele ka diketsahalo tse mmalwa ho fihlela la 23 Hlakubele 2014. Ketsahalo ya phatlalatso e tla be e le mabapi le ho theolwa ha dipompo Mokoting wa South Vertical e leng mmaene wa kgale wa ERPM ho sebetsana le taba ya Phallo ya Asiti ya Mmaene ho Central Witwatersrand Basin. Matsatsing a mang a beke eo ho tla fanwa ka tshebeletso ya tlhwekiso ya metsi a ditshila le merero ya phepelo ya metsi ka bongata diporofenseng tse itseng. Tema ya selemo sena ke “Metsi ke Bophelo – Dilemo tse 20 tsa Phepelo ya Metsi bakeng sa Ntshetsopele ya Setjhaba le Moruo.” Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho boloka metsi hape e hatella tlhokomelo ya tsamaiso ya nako e telele ya sesebediswa sena se fokolang, ele ho ka atolosa phihlello ho maAforika Borwa a mangata.

1.9 Kabinete e bolelletswe ka Presidential Youth Indaba e atlehileng ya pele e tshwaretsweng ho la Ekurhuleni ho tloha la 28 Hlakola ho isa la 03 Hlakubele 2014.  Indaba e ne e tshwerwe ke Kantoro ya Mopresidente, Lefapha la Ntshetsopele ya Moruo (EDD) le Akgente ya Ntshetsopele ya Batjha ba Naha (NYDA). Indaba e kentse tshebetsong Tumellano ya Khiro ya Batjha e tekennwe ka Mmesa 2013 ke mmuso, kgwebo le mesebetsi. Mopresidente Jacob Zuma o fane ka puo ya sehlooho ho Indaba, moo teng ho bileng le bonyane batjha ba 500 ho tswa diporofenseng tsohle. Matona a fapaneng a nkile karolo dipuisanong ho hlalosetsa batjha ka mananeo a mmuso bakeng sa khiro ya batjha. Ho feta moo, meralo e tiileng e ile ya amohelwa e tla etsa hore Mopresidente le Matona a fapaneng ba dule ba sebetsa mmoho le batjha ho netefatsa theho ya mesebetsi.

1.10 Kabinete e lemohile Kopano ya Naha ya Tshekatsheko moo ho ileng batho ba bangata hape e atlehileng e neng e le mabapi le Pampiri e Tala ya Molawana wa Thekenoloji ya Kgokahanyo ya Tlhahisoleseding (ICT) o Kopaneng wa Naha, e neng e le ka la 3 Hlakubele 2014. Kabinete e kgothaletsa setjhaba ho nka karolo dipuisanong tsa Pampiri e Tala diporofenseng tse qalang ho la Rustenburg ka la 7 Hlakubele. Pampiri e Tala e tla lebisa ho phethelo ya Pampiri e Tshweu hara selemo, e tlang ho fana ka moralo wa ho fetola molao ka ditsela tse tla ananela diphetoho tse kgolo lekaleng la ICT dilemong tsa morao tjena.

1.11 Kabinete e thabetse hore esale ho amohelwa “SA Connect”, e leng Morero wa Broadband ka la 4 Tshitwe 2013, dikolo tse 782 di se di hoketswe ka dikhomphutha le dilaborathori tsa inthanete; Setsi sa Ikamva e-Skills se tsebisitswe le Lekgotla la Naha la Boeletsi ba Broadband le thehilwe.

1.12 Lefapha la Merero ya Tikoloho le tla tshwara Kopano ya Mekgatlo ya bo 11 (COP11) ho tloha la 17 ho isa la 21 Hlakubele 2014, Setsing sa Matjhaba sa Motse Kapa, tlasa tema ya: “Tsebahatso ya Kgolo e Putswa Aforika: Ho isa Tsamaisong ya Nako e Telele ya Dihlahiswa tsa Mawatleng.” COP11 e tlang hanngwe kamora dilemo tse pedi e kgobokanya matona a tikoloho ho tswa dinaheng tse 22 tse tlasa Tumellano ya Tshebedisanommoho Tshireletsong, Tsamaisong le Ntshetsopeleng ya Tikoloho ya Mawatle le Mabopo a Lebopo la Atlelanthiki a Sebaka sa Aforika e Bophirima, Bohareng le e Borwa. Kopano ya 2014 e tla sheba botjha mesebetsi le diqeto tse nkilweng nakong ya sebaka sa 2012/13; tekanyetso ya 2014/15, hape e nke qeto mabapi le ketso e hlokehang ho kenya tshebetsong Tumellano le Morero wa yona wa Tshebetso. E boetse e tla nka qeto ya hore na mahlakore a amohela mohopolo wa “Kgolo e Putswa” jwang jwalo ka mokgwa wa ho tsamaisa dihlahiswa tsa mawatle le mabopo ka nako e telele.

1.13 Kabinete e lebohetse sehlopha sa Aforika Borwa sa kirekete sa ba Tlasa 19 ka boiphihlelo ba bona bo makatsang ka ho hapa Mohope wa Lefatshe wa Mokgatlo wa Matjhaba wa Kirekete (ICC) wa ba Tlasa 19 wa pele ho la Dubai. Tshebetso ya sehlopha e kgothatsang e lokela ho kgothaletsa dibapadi tsohle tsa batjha ho sebeletsa ho fihlela maemo a hodimo le ho feta.

1.14 Kabinete e amohetse Letsatsi la Matjhaba la Basadi – la 8 Hlakubele 2014. Letsatsi leo le fana ka monyetla wa ho maAforika Borwa hore a tlotle boiphehlelo le boinehelo ba basadi ba maAforika Borwa ditjhabeng tsa bo rona. Aforika Borwa e hloka ho nahana ka tswelopele e entsweng ke ditjhaba, matjhaba le naha ka bophara ho ntshetseng pele ditokelo tsa basadi.

Leha Molaotheo o fana ka motheo wa boleng le melawana, ke boikarabello ba rona bohle ho boloka le ho sireletsa basadi le ho netefatsa hore ba fuwa matla a ho nka karolo jwalo ka baahi ba lekanang le bohle ntshetsopeleng ya moruo le naha ya rona.

2 Dipuisano le dikamohelo tsa Kabinete

2.1  Kabinete e amohetse qaleho ya tshebetso ya puisano ka maikemisetso a ho hlahisa baithuti ba dikolo tse kgolo ba nang le boporofeshenale ho feta. Sena se tla tsebisa moralo wa tshebedisanommoho e eketsehileng, kgokahanyo le kopano pakeng tsa mekgatlo ya seporofeshenale, dikhansele tsa boleng, indasteri, ditsi tsa thuto e phahameng le mmuso.

Sena se tla kenya letsoho ho ntshetsopele ya basebetsi ba nang le bokgoni hape ba kgonang ho sebetsa ho tshehetsa tsela e akaretsang ya kgolo.

2.2 Kabinete e amohetse Bili ya Tokiso ya Inshorense ya Tlhoko ya Mosebetsi ya 2014 bakeng sa ho iswa Palamente. Ena ke tokiso ya bobedi ho Molao wa Tokiso wa Inshorense ya Tlhoko ya Mosebetsi, wa bo 63 wa 2001.

Ditokiso di tla tswelapele ho fokotsa dikamo tse mpe tsa moruo le setjhaba tsa tlhoko ya mesebetsi, ka ho latela maemo a Mokgatlo wa Matjhaba wa Mesebetsi, a ho kenyeletsa baithuti ba ithutang mesebetsing le basebeletsi ba mmuso bao ha jwale ba sa kenyeletswang ho latela Molao.

Ho kengwa tshebetsong ha Bili ya Tokiso, 2014, hara tse ding, ho tla eketsa nako ya tefo ya ditsiane ho monka karolo ho tloha ho dikgwedi tse 8 ho ya ho tse 12, mme hoo ho tla mo dumella hore a batle mosebetsi o mong e bile hape a kgole ditsiane nakong e telele ho feta.

Molefi o boetse o tla ba le nako e eketsehileng ya ho kenya tseko, ho tloha ho dikgwedi tse 6 ho ya ho dikgwedi tse 12. E boetse e tla dumella thonyo ya bajalefa sebakeng sa ditsiane tsa lefu.

3 Dithonyo

Kabinete e amohetse dithonyo tse latelang:

3.1 Monghadi Daan du Toit jwalo ka Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo: Kgokahanyo ya Matjhaba le Dihlahiswa Lefapheng la Saense le Theknoloji.

3.2 Monghadi Garth Strachan jwalo ka Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo: Ntshetsopele ya Melawana ya Indasteri Lefapheng la Kgwebisano le Indasteri
.
3.3  Mofumadi Malebo Mabitje-Thompson Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo: Ntshetsopele ya Indasteri ho Tsamaiso ya Ditsiane Lefapheng la Kgwebisano le Indasteri.

3.4   Boto ya Aforika Borwa ya Mokgatlo wa Inshorense ya Kotsi e Kgethehileng (SASRIA) Khamphani ya Mmuso (SOC) Limited
a) Thonyo botjha ya Monghadi Cedrick Mnwabisi Masondo jwalo ka Motsamaisi e Moholo le Motsamaisi wa Phethahatso ho Boto.
b) Thonyo botjha ya Mofumadi Karen Pepler jwalo ka Motsamaisi wa Phethahatso ho Boto.
c) Thonyo ya Mofumahadi Tando Mbatsha jwalo ka Motsamaisi eo e Seng wa Phethahatso.
d) Thonyo ya Mofumahadi Tshwarelo Moutlane jwalo ka Motsamaisi eo e Seng wa Phethahatso.

Dipotso: Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore