Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 30 Mmesa 2013

1. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa bohlokwa maemong a ha jwale

1.1. Kabinete e hopotsa maAforika Borwa oohle hore molaotheo wa rona o tiisetsa tokelo ya ho teraeka le ho ipelaetsa ho imatahantswe le molao. Kabinete e lemohile ka ngongoreho sekgahla sa diteraeke tse tletseng dikgoka tse sa thsireletswang tso e ka nnang ya ba tshoso e kgolo ho demokerasi ya rona. Ditlhapa tse iponahaditseng mohwantong wa haufinyana tjena wa Mokgatlo wa Matitjhere wa Aforika Borwa e leng  (Sadtu) tse neng di lebisitswe ho Letona la Thuto le ho pepeswa ha seaparo sa ka hare sa basadi ha ba ntse ba ipelaetsa di bontsha ho se kgathalle basadi mme ha di hlokahale. MaAforika Borwa a lwanne ka nako e telele le ka matla bakeng sa demokerasi ya rona, mme ka tsela e jwalo re lokela ho se ikamahanye le mekgwa e nyonyehang ya kahisano e ka tshwantshwang le tshenyo.

Haufinyana Aforika Borwa e tla be e kene nakong ya ditherisano tsa mekgolo mme Kabinete e lakatsa ho ipiletsa ho badudi bohle, basebetsi le mekgatlo ya basebetsi ho se ikamahanye le diketso dife kapa dife tse nyedisang demokerasi ya rona. Kabinete e boela e toboketsa hore ntwa ya rona bakeng sa tokoloho le demokerasi di netefaditse hore melao ya naha ya rona di dumella hore ho be le diteraeke tse tshireleditsweng tsa kgotso. Kabinete e boela e pheta boipiletso ba yona ho basebetsi bohle hore ba sebedise metjha e teng e molaong bakeng sa ho sebetsana le ditletlebo le ditherisano tsa mekgolo ka moya wa demokerasi e lwanetsweng ka thata.

1.2. Kabinete e ile ya thoholetsa katleho ya maano le mananeo a reretsweng ho ho tiisa maemo a Aforika Borwa jwaloka tulo ya bohahlaodi ba matjhaba le diketsahalo tsa kgwebo. Sena se ile sa tiisetswa ke Dipalopalo tsa Selemo le Selemo tsa Bohahlaodi, tse ileng tsa kgakolwa ke Mopresidente Jacob Zuma. Dipalopalo di bontsha hore ka 2012, palo e etsang 9.2 ya dimilione tsa bahahlaodi ba matjhaba di etetse Aforika Borwa,ka hodimo ho tloha ho dimilione tse 8.3 ka 2011. Dipalo tsa bohahlaodi ho tla Aforika Borwa e nyolohile ka diphesente tse 10, 2 ka 2012 – ho menahana habedi ho feta palohare ya lefatshe ya 4%.

Kgolo ena e babatsehang ho tsa bohahlaodi ke pontsho e tiileng ya mofuthu le mokgwa wa kamohelo o mofuthu wa maAforika Borwa le letoto la maiphihlelo leo naha e fanang la lona. Lekgotla kapa Indaba ya Bohahlaodi ya 2013 ho la Thekong ho tloha ka la 11 ho ya ho la 14 Motsheanong e fana ka monyetla wa hore Aforika Borwa le batho ba yona ba ipabole. 

1.3. Aforika Borwa jwaloka tulo ya matsete e ile ya tswela pele ho itshupa ka ho hapa kgau ya ho bitswang European Outsourcing Association (EOA) e le tulo e ka ntle ho dinaha tse ding ka 2013. Sena se ile sa kgonahala ka lebaka la matsete a ntseng a tswela pele ho tswa basebedising ba lefatshe. Kgau e ananela ditulo le basebedisi ba sebeditseng ka bokgabane ditshebeletsong tsa dimmaraka tsa ka ntle. Kgau ena e tshwere bokgoni ba ho ka kgothaletsa phallelo ya matsete a matjha ka  2013 le ho feta.

1.4. Kabinete e thoholeditse katleho ya Lenaneo la Aforika Borwa la tshebediso ya matla botjha le bitswang South African Renewable Energy Independent Power Producer Procurement Programme (REIPPP) Programme eo e ileng ya ananelwa ha e ne e hapa Kgau e bitswang Green Project Infrastructure of the Year Award e tliswang ke Foramo ya Boetapele ba meaho ya motheo ya lefatshe..

1.5. Kabinete e ananela karolo e bapetsweng ke maAforika Borwa oohle ho thuseng naha ho boloka dimekawathe tse 3 586 tsa matla a motlakase ho tloha ka 2005, e leng se batlang se lekana le matla a seteishene se le seng sa motlakase.

Ka moya ona, Kabinete e etsa kgoeletso ho setjhaba sohle mariheng ana hore se tswele pele ho fokotsa tshebediso ya motlakase kaha tlhahiso ya motlakase e tla boela e ba ka tlasa kgatello ka lebaka la sehla sena. Mmoho, ha re bolokeng matla a motlakase ka ho tima disebediswa tseo e seng tsa bohlokwa. MaAforika Borwa oohle a na le matla a ho dula a kgantshitse mabone.

Kabinete e hlakisa hore ha jwale ha ho na merero ya ho tima motlakase. MaAforika Borwa a tla tsebiswa nako e sa le teng haeba ho ka hlokahala hore ho nkuwe mohato o jwalo, hore bohle re tsebe ho itokisa ka botlalo.

Kabinete e boela e pheta hore maemo a sa tsitsang a matla a motlakase e bakwa ka kopanelo ke ditokiso tse hlokahalang mmoho le mabaka a setekginiki a sa lebellwang ho kenyeletsa le ho utsuwa ha dikheibole.

Kabinete e netefaletsa maAforika Borwa hore mananeo a fapafapaneng a teng bakeng sa ho netefatsa hore tlhoko ya motlakase e kenngwa tshebetsong le hore maemo a matle a mokgwa wa matla a motlakase a dula a lokile ka matsatsi oohle. Lenaneo la meaho ya motheo le na le sepheo sa ho netefatsa hore moruo o tshehetswa ke dikaho tsa motheo tse hlokahalang bakeng sa dilemo tse tlang.

1.6. Kabinete e lakaletsa bohle ba amohetseng Dikgau tsa Naha (National Orders) le ho ba leboha ka nyehelo ya bona bakeng sa ho hodisa demokerasi ya rona le ho ntlafatsa maphelo a maAforika Borwa.

1.7. Kabinete e etsa kgoeletso ho batswadi le bahlokomedi bohle ba maAforika Borwa ba nang le bana ba ho tloha ho dikgwedi tse 9 ho ya ho ba dilemo tse 5 ho baballa bophelo ba bona ka ho sebedisa letsholo la naha ka bophara la ho entela lefu la pholio le mmokonyane bakeng sa bana.

Lefapha la Bophelo bo Botle le qadile letsholo lena la kentelo ka la 29 Mmesa 2013, le fana ka tekanyetso ya pheko bakeng sa bana bohle ba tshwanetseng, hodima kentelo e tlwaelehileng.

1.8. Kabinete e tshehetsa ka botlalo Beke ya Mokgatlo wa Matjhaba ya Boipaballo Mebileng e qalang ho tloha ka la 6 ho ya ho la 12 Motsheanong 2013 tlasa mookotaba o reng “Boipaballo ba Ditaaso”.

Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa oohle, haholoholo bakganni ba makoloi le ditaaso, ho nka boikarabelo bo fetang, ho fadimeha le ho ba sedi mebileng ya rona. Kabinete e hlakisitse hore ditaaso di nka palo e kgolo ya mafu a mebileng mona Aforika Borwa.

Kabinete e boela e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa oohle hore a fadimehe nakong ena le ho ikobela melao yohle ya tsela

1.9. Ho latela leeto le atlehileng la tshebetso la Mopresidente Jacob Zuma ho la Rephaboliki ya Kopanelo ya Nigeria mahareng a Mmesa ka 2013, Mopresidente wa Nigeria Goodluck Jonathan o tla nka leeto la Semmuso ho tla Aforika Borwa ho tloha ka la 6 ho ya ho la 7 Motsheanong 2013. Leetong lena, dikamano tsa dinaha ka bobedi di tla ntlafatswa le ho sekasekwa ka tlasa tataiso ya Khomishene ya Dinaha tse Pedi e leng Aforika Borwa le Nigeria.

Kabinete e thatiselletsa boitlamo ba mmuso wa Aforika Borwa ba ho matlafatsa dikamano tsa yona le Nigeria ho eketsa kgwebo ya naha tse pedi le tshebedisano mmoho bakeng sa Aforika Borwa e betere.

1.10. Kabinete e amohetse semolao kopo ya tshwarelo e tswang ho Tonakgolo ya Central African Republic, Monghadi Nicholas Tiangaye, mabapi le diketsahalo tse madimabe tse ileng tsa baka mafu a ditho tsa Lebotho la Tshireletso la Naha la Aforika Borwa (SANDF).

Kabinete e pheta boitlamo ba yona bakeng sa Aforika e nang le kgotso, tswelopele le botsitso ka ho kenella mananeong a fapafapaneng, ho kenyeletswa le mabaka a ho boloka kgotso.

1.11. Kabinete, lebitsong la Mmuso le batho ba Aforika Borwa, e fetisa matshediso a yona ho Riphaboliki ya Setjhaba ya China ho latela tshisinyeho ya lefatshe provenseng ya naha eo ya Sichuan ka la 20 Mmesa 2013. Kabinete hape e ile ya fetisetsa kutlwelobohloko ya yona ho batho ba  Bangladesh ba ileng ba angwa ke kotsi ya femeng.

1.12. Kabinete e ile ya amohela ketelo ya  mokga o busang ho Mopresidente wa mehleng   Nelson Mandela. Ketelo e ne e tsamaelana le ditlwaelo tse teng tsa  Ubuntu le kamoo re hlomphang maqheku a setjhaba sa rona. Bahlomphehi ba amehang ba bontshitse ho kgathalla ha setjhaba maemong a Mopresidente wa mehleng le ho sebedisetsa menyetla ho tsebisa setjhaba, kontinente le lefatshe ka ramebuso wa rona ya ratehang.

2. Dipuisano le diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e ile ya lekolwa ka ho nka karolo ha Aforika Borwa le ka dintlha tsa bohlokwa bakeng sa Foramo ya Lefatshe ya Moruo (WEF) Africa ya 2013 e tla tshwarelwa ho la Motse Kapa ho tloha ka la 8 ho ya la 10 Motsheanong 2013, tlasa mookotaba o reng: “Ho phethahatsa tshepiso ya Aforika”.

WEF ya Aforika ke foramo e tobaneng le tsa lebatowa e fanang ka monyetla bakeng sa dikgwebo tsa lehae le tsa lebatowa le boramatsete ba nang le kgahleho lebatoweng ya ho fapanyetsana hape le ho theha maqhama le mebuso.

Ho tshwara ketsahalo ena ho tla neha Aforika Borwa monyetla o eketsehileng wa ho kena ka sekgahla le ho hohela baetapele ba Aforika le borakgwebo ba matjhaba le ba lebatowa ka tsela tsa ho kenella bakeng sa ho kopanya le ho ntlafatsa kgolo Aforika Borwa le lebatoweng.

2.2. Kabinete e tjhaetse monwana ntlha ya hore mokgahlelo wa botshelela wa se bitswang Matshwao a Ntshetsopele (2012) o phatlalatswe. Matshwao a Ntshetsopele e se e le phatlalatso ya selemo ka seng mme mokgahlelo wa 2012 o kgutsufatsa lesedi mabapi le ditlwaelo haholoholo bakeng sa nako e ka isang ho ya ho mahareng a selemo sa 2012. Matshwao a thusa bakeng sa ho utlwisisa sekgahla sa maano a fapafapaneng a mmuso le mekutu ya phano ya ditshebeletso.

Mohlophollo wa ditlwaelo o kenyeleditsweng bakeng sa letshwao ka leng ho tiiseletsa kutlwisiso ya rona ya tswelopele ya ntshetsopele ya batho eo re e etsang jwalo ka setjhaba dibakeng tsa maano a bohlokwa le ho supa dibaka tseo re lokelang ho sebetsa ka matla ho tsona. Kopano ya boraditaba e tla hlophiswa bakeng sa ho qhaqholla tlaleho.

2.3. Kabinete e behile mohla la 31 Phato 2013 e le letsatsi la ho qetela ho la Riphaboliki ya Aforika Borwa bakeng sa baphaphathehi ba amehang ba Angola. Sena se tsamaelana le phethelo e behilweng ke Mokhomishenara wa Baphaphathehi ya Phahameng wa Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UNHCR) kgweding ya Mphalane 2009, le ho etsa mekutu ya ho ntlafatsa kopano ya lebatowa.

Diphethoho tsa motheo di etsahetse ho tloha qetellong ya ntwa ya baahi ho la Angola. Ho nketswe hloohong ntlha ya hore baphaphathehi ba  Angola ba loketse ho kgona ho tseka boahi ba bona ba naha ya tswalo, hobane maemo a neng a etsa hore motho a nkuwe e le mophaphathehi ha a sa leyo.

Mmuso wa Aforika Borwa o tla netefatsa hore moahi e mong le e mong wa  Angola ya ka hara Aforika Borwa o a tseba ka tsamaiso ya phethelo ho batho ba amehang le ho kgothaletsa baahi ba Angola ba amehang ho ithaopa ho busetswa hae.

2.4. Kabinete e lemohile hore Meaho ya Kopanelo e leng Union Buildings e tla keteka dilemo tse 100 ka Tshitwe. E tswetse pele ka ho tjhaella monwana hore mokete wa dilemo tse lekgolo o tshwauwe ka diprojeke tse fapafapaneng  tse jwaloka mekete ya Letsatsi la Poelano, 16 Tshitwe 2013, tlasa mookotaba wa ho kgothaletsa bonngwe ba kahisano, bonngwe ba setjhaba, kenyeletso le poelano.

2.5. Kabinete e tjhaeletse onwana ntlha ya hore tlaleho ka Tshebetso ya Sector Education and Training Authorities (di-SETA) e tswang ho Sehlopha sa Letona sa Tshebetso ka di-SETA lokollwe bakeng sa hore setjhaba se tshwaele ka yona. Tlaleho e fana ka dikgothaletso tsa kamoo tshebetso ya  di-SETA e ka ntlafatswang ka mohlophollo o tobaneng le dintlha tsa bohlokwa tse fapafapaneng, tse jwaloka Ho etsa meralo le Phano, Nepahalo le Tsamaiso, le Matlole le Botsamaisi ba Ditjhelete.

2.6. Kabinete e tjhaelletse monwana Diphuputso tsa Theknoloji ya Tlhahisoleseding (ICT), Tahupiso ya Ntshetsopele le Ntlafatso (RDI) jwaloka matsete a nako e telele le morero wa ho kenngwa tshebetsong ha  ICT RDI ka hara Aforika Borwa ho tshehetsa ntshetsopele ya moruo wa kahisano.

RDI ka hara lekala la ICT di bohlokwa bakeng sa ho phahamisa phehisano ya meruo. Jwaloka ha ho hlakisitswe Moralong wa Ntshetsopele ya Setjhaba wa 2012, Aforika Borwa e lahlehetswe ke maemo a yona jwaloka moetapele ho tsa inthanete le dikgokahanyo tsa marangrang a batsi.

Tshupiso ena ke mokgwa  o nepahetseng wa ho kenya maqheka  a moralo tshebetsong, a nang le sete ya meralo ya tshebetso le meralo ya ho kenngwa tshebetsong, bakeng sa ho tataisa le ho tsamaisa matsete a Aforika Borwa ho ICT RDI dilemong tse 10 tse tlang.

Maqheka a ICT RDI a se a qadile ho hlahisa diphihlello tse bonahalang  jwaloka projeke ya teko ya moo ho sebediswang theknoloji e sa sebediseng dithapo  ,e tshehetsang phano e bolokang tjhelete ya marangrang a batsi dikolong tse fetang  200 tsa metseng ya mahae ho la rural schools in Mpumalanga le Limpopo.

2.7. Kabinete e amohetse ho tshwarwa ha Khonkerese ya Kopano ya Bataki ba Meaho (UIA) ya 2014 ho la Thekong ke se bitswang South African Institute of Architects (SAIA).

SAIA e hapile boiketo ba ho tshwara Khonkerese ya Lefatshe bo neng bo tshwaretswe ho la Turin, Italy. Khonkerese ya 2014 e tla bapala karolo ya bohlokwa bakeng sa botaki ba meaho ka hara konitente le ho pepesetsa lefatshe bataki ba meaho tikolohong e rarahaneng le ho fapana ya botaki ba meaho.

3. Dithonyo

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana bathonngwa ba latelang:
a) Mong. Coceko Bambihlelo Johan Pakade mosebetsing wa Molaodi-Kakaretso ho Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
b) Mong Fhumulani Peter Netshipale mosebetsing wa Motlatsa Molaodi-Kakaretso: Ntshetsopele e Kopanetsweng ho Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.
c) Mong Harold Maloka mosebetsing wa Motlatsa Mohlanka ya ka Sehloohong wa Phethahatso: Tsamaiso ya Dikahare le Diphatlalatso ho Tsamaiso ya Mmuso ya Dikgokahano le Tlhahisoleseding.
d) Mof Mogogodi Doris Dioka mosebetsing wa Motsamaisi Kakaretso (Motlatsa Molaodi-Kakaretso) ho Ditshebeletso tsa Mmuso tsa Dikgatiso.
e) Mof Constance Glerah Nxumalo mosebetsing wa Motlatsa Molaodi-Kakaretso: Ditshebeletso tsa Thekolohelo ho Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba.

3.2. Kabinete e amohetse ho thonngwa ha Mong Asogan Moodley mosebetsing wa Mohlanka ya ka Sehloohong wa Phethahatso (NRCS) ho tloha ka la 01 Phuptjane 2013 le bakeng sa nako e setseng ya tshebetso e felang ka la  31 Tshitwe 2014.

3.3. Kabinete e amohetse ho thonngwa ha ditho tse latelang ho sebetsa Botong ya NRCS ho tloha ka la 1 Phuptjane 2013 bakeng sa nako e setseng ya tshebetso e felang ka la 23 Tlhakubele 2014.
a) Mong Jeff Molobela (Modulasetulo)
b) Mong Paul Kabelo Kgothatso Serote

3.4. Kabinete e dumellane ka ho thonngwa ha Boto e ntjha ya Metsi ya Sedibeng, bakeng sa dilemo tse 4 ho tloha ka la 30 Mmesa 2013.
a) Adv Shami Kholong
b) Derick Mboweni
c) Maemili J Ramataboe (Modulasetulo)
d) Goitse Griessel Ramakarane
e) Eric Atlholang Gaborone
f) Kgalalelo Gloria Sereko
g) Pulane Elsie Molokwane
h) Moses Mphahlele Mthombeni
i) Matshedisho David Dikoko (Motlatsa Modulasetulo)
j) Deon Daniel Madyo.

3.5. Kabinete e amohetse ntlha ya hore Banka ya Ntshetsopele ya Aforika  e e tla tshwara dikgetho tse akaretsang bakeng sa Balaodi ba Phethahatso nakong ya Kopano ya Selemo le Selemo ya 2013 ho la Marrakech, Morocco ka la 31 Motsheanong 2013.
a) Kabinete e tshehetsa ho tsebiswa ha  Mong Shahid Khan hore a sebetse lekgetlo la bobedi jwaloka Molaodi wa Phethahatso ya emetseng Aforika Borwa, Lesotho le Swatsing.

3.6. Kabinete e dumellane ka ho thonngwa ha Boto e ntjha ya Lekala la Ntjhafatso ya Theknoloji e leng Technology Innovation Agency bakeng sa nako ya dilemo tse nne ho tloha ka la 1 Motsheanong 2013.
a) Mof Khungeka Njobe (Modulasetulo)
b) Mof Rosetta Xaba
c) Ngaka Bonakele Mehlomakulu
d) Mong Mohamed Moolla
e) Mof Helen Brown (re appointed)
f) Moprofesara David Ellis Kaplan
g) Adv Motlatjo Josephine Ralefatane
h) Ngaka Petro Terblanche
i) Mong Fadl Hendricks
j) Ngaka Steve Lennon.

3.7. Kabinete e dumellana ka ho thonngwa ha ditho tse latelang bakeng sa nako e setseng ya Boto ya South African National Space Agency, e felang ka la 31 Motsheanong 2014.
a) Mofumahadi Esther Khambule
b) Mong Marius Rezelman
c) Moprofesara ADM Walker
d) Ngaka Daphney Mayindi
e) Ngaka Jonas Mphepya.

Dipatlisiso: Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore